KGAOLO YA 9
“Ke Tla ba Momahanya”
NTLHAKGOLO: Boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete le tsela eo bo manollwang ka yona bukeng ya Ezekiele
1-3. Bababilona ba soma barapedi ba Jehova jwang, hona hobaneng?
A RE re o Moiseraele ya tshepahalang ya dulang Babilona. E se e le dilemo tse ka bang 50 batho ba heno ba le botlamuweng. Jwale ke letsatsi la Sabatha. O yo rapela Jehova le batho ba bang ba heno jwalo ka ha le tlwaetse. Ha o ntse o tsamaya diterateng tse phetheselang, o feta ditempele tse kgolo le tse nyenyane tse bongata bo thibang letsatsi. Batho ba kgobokana ditempeleng tsena ebe ba etsa mahlabelo le ho binela medimo e kang Marduk difela.
2 Ha o se o le hole le batho, o kopana le sehlotshwana sa batho ba rapelang Jehova le wena. a Mohlomong le fumana sebaka se thotseng pela nokana moo le ka rapelang, la bina dipesaleme le ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo le le mmoho. Ha le ntse le rapela, le utlwa modumo o tlase wa diketswana tse ntseng di sisinyeha lehlakoreng la nokana. Ka ha mona ho thotse le utlwa le ditsebeng. Le tshepa hore ha ho na batho ba motse ba tla fihla ba le hlophe jwalo ka ha ba tlwaetse. Ke hobaneng ha ba dula ba le hlopha?
3 Bababilona ba tumme ka ho hlola dintwa tse ngata. Ka lebaka leo, ba dumela hore ba di hlola ka lebaka la medingwana ya bona ya bohata. Ka ha Bababilona ba ile ba fedisa Jerusalema, ba dumela hore modimo wa bona Marduk o matla ho feta Jehova. Ke ka hoo ba dulang ba soma Modimo wa hao le batho ba heno. Ka dinako tse ding ha ba le soma ba re: “Re bineleng e nngwe ya dipina tsa Sione.” (Pes. 137:3) Dipina tse ngata tsa Sione di rorisa Jehova hobane a hlotse dira tsa hae. E ka nna yaba ke tsona tseo Bababilona ba ratang ho di soma haholo. Empa dipina tse ding di bua ka bona Bababilona. E nngwe ya dipina tseo e re: “Di entse Jerusalema qubu ya majwe. . . . Ba re potolohileng ba a re soma ebile ba a re tsheha.”—Pes. 79:1, 3, 4.
4, 5. Boprofeta ba Ezekiele bo ne bo tshedisa Baiseraele jwang? Re tlo bua kang kgaolong ee? (Sheba setshwantsho se qalang.)
4 Ho boetse ho na le Baiseraele ba bang ba bakwenehi ba o somang hobane o dumela ho Jehova le ho baprofeta ba hae. Ho sa tsotellehe hore na ba le soma hakae, borapedi ba nnete bo a o tshedisa le ba lelapa la hao. Le a imoloha ha le rapela le ho bina ha mmoho. Ho bala Lentswe la Modimo ho le thoba dipelo. (Pes. 94:19; Bar. 15:4) Nahana feela e mong wa lona a tlile le ntho e ikgethang moo le bokaneng teng, e leng moqolo wa boprofeta ba Ezekiele. O thabela ho utlwa tshepiso ya Jehova ya hore o tla kgutlisetsa batho ba hae naheng ya habo bona. Pelo ya hao e tlolatlola ke thabo ha boprofeta boo bo ballwa hodimo. Ka hoo, o nahana ka tshepo eo o nang le yona ya hore mohlomong wena le ba lelapa la hao ka le leng le tla kgutlela habo lona ebe le kenya letsoho ha ho tsosoloswa borapedi ba nnete.
5 Boprofeta ba Ezekiele bo bua hangata le hangata ka ditshepiso tsa Modimo tse amanang le ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete. Re tlo utlwa hore na ditshepiso tseo di ile tsa phethahala jwang ho Baiseraele ba neng ba le botlamuweng le hore na di re ama jwang mehleng ena. Hape re tla ithuta hore na ditshepiso tseo di tla phethahala jwang ka moso.
“Ba Tla ya Botlamuweng”
6. Ke jwang Jehova a ileng a lemosa Baiseraele ba marabele ka makgetlokgetlo?
6 Jehova o ile a roma Ezekiele hore a bolelle Baiseraele hore na o tla ba otla jwang hobane ba sa ka ba mamela Jehova. O ile a re: “Ba tla ya botlamuweng.” (Ezek. 12:11) Jwalo ka ha re bone Kgaolong ya 6 ya buka ena, Ezekiele o ile a ba a tshwantshisa kahlolo eo. Empa e ne e se lekgetlo la pele Jehova a lemosa Baiseraele hore o tla ba ahlola. Dilemo tse ka bang sekete pele ho moo ho tloha mehleng ya Moshe, Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore haeba ba ka tswela pele ba sa mo mamele, ba tla ya botlamuweng. (Deut. 28:36, 37) Moprofeta Esaia le moprofeta Jeremia le bona ba ne ba kile ba bolella Baiseraele ntho e tshwanang.—Esa. 39:5-7; Jer. 20:3-6.
7. Jehova o ile a otla batho ba hae jwang?
7 Ka bomadimabe, Baiseraele ba bangata ba ile ba iphapanyetsa ditemoso tseo. Jehova o ile a qetella a utlwile bohloko haholo hobane batho ba hae ba ne ba sa mo mamele, ba rapela ditshwantsho, ba sa tshepahale ebile ba tletse bobodu ka lebaka la badisa ba bona ba sa lokang. Ka hoo, o ile a ba tlohela hore ba bolawe ke tlala. Ntho eo e ne e le koduwa e kgolo ebile e swabisa, haholo hobane naha ya bona e ne e kile ya eba naha e “phallang lebese le mahe a dinotshi.” (Ezek. 20:6, 7) Ka mora moo, ho ile ha etsahala ntho eo Jehova a neng a e boletse: A tlohela batho ba hae hore ba iswe botlamuweng. Ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu, Morena Nebukadnezare wa Babilona o ile a qetela Jerusalema ka ho e fedisa le ho fedisa tempele ya yona. Bajuda ba bangata ba phonyohileng ba ile ba iswa botlamuweng Babilona. Ha ba le moo ba ile ba songwa le ho sotlwa jwalo ka ha ho boletswe qalong ya kgaolo ena.
8, 9. Modimo o ile a etsang ho lemosa phutheho ya Bokreste ka bokwenehi?
8 Ntho e etsahaletseng Baiseraele e ile ya etsahalla le phutheho ya Bokreste. Jwalo ka Baiseraele ba mehleng ya kgale, barutuwa ba Kreste ba ile ba lemoswa esale pele. Nakwana ka mora hore Jesu a qale ho ruta batho Lentswe la Modimo, o ile a re: “Hlokomelang baprofeta ba bohata ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku empa ka hare e le diphiri tse harolang.” (Mat. 7:15) Dilemo tse ngata ha morao, moapostola Pauluse o ile a susumetswa ke moya wa Modimo hore a ngole mantswe a tshwanang le ao, a reng: “Ke a tseba hore ka mora hore ke tlohe, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona mme di ke ke tsa tshwara mohlape ka mosa. Le hona hara lona mona ho tla hlaha batho ba tla sotha nnete ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao.”—Dik. 20:29, 30.
9 Bakreste ba ile ba rutwa hore na ba tla bona batho bana ba kotsi jwang le hore ba etseng ho ba qoba. Baholo ba ile ba laelwa hore ba tlose bakwenehi ka hara phutheho. (1 Tim. 1:19; 2 Tim. 2:16-19; 2 Pet. 2:1-3; 2 Joh. 10) Le ha ho le jwalo, butlebutle Bakreste ba bangata ba ile ba etsisa Baiseraele ba mehleng ya kgale ka hore ba se ke ba mamela dikeletso tseo ba di fuwang. Qetellong ya selemo sa bo100 bokwenehi bo ne bo se bo le bongata ka phuthehong. Johanne, moapostola wa ho qetela ya neng a ntse a phela ho elella qetellong ya selemo sa bo100, o ile a hlokomela hore phutheho e maqakabetsing ka lebaka la bobodu bona le borabele bo neng bo jele setsi. E ne e le yena feela ya setseng a thibela bobodu bona. (2 Bathes. 2:6-8; 1 Joh. 2:18) Ho ile ha etsahalang ka mora hore a hlokahale?
10, 11. Papiso ya Jesu ya koro le mofoka e ile ya phethahala jwang ho tloha selemong sa bo100 ho ya pele?
10 Ka mora hore Johanne a hlokahale, papiso ya Jesu ya koro le mofoka e ile ya phethahala. (Bala Matheu 13:24-30.) Feela jwalo ka ha Jesu a ne a boletse, Satane o ile a lema “mofoka” ka hara phutheho, e leng Bakreste ba bohata yaba bobodu bo eketseha ka lebelo le tshabehang. E tlameha ebe Jehova o ne a utlwile bohloko haholo ha a bona phutheho eo Mora wa hae a e qadileng e silafatswa ke borapedi ba ditshwantsho, matsatsi a phomolo le ditlwaelo tsa bohetene le dithuto tsa bohata tse rutwang ke barutehi ba sa hlompheng Modimo le tse tswang madumeding a bosatane. Jehova o ile a etsang? O ile a tlohela bahlanka ba hae hore ba ye botlamuweng feela jwalo ka ha a ile a etsa ka Baiseraele bane ba sa tshepahaleng. Nakwana ka mora selemo sa 100 ho ya pele, Bakreste ba bohata ba ne ba se ba le bangata hoo ho neng ho le thata ho fumana Bakreste ba nnete ba tshwantshwang le koro. Ho ne ho tshwana le ha eka phutheho ya nnete ya Bokreste e ile botlamuweng Babilona e Moholo e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Bakreste ba bohata bona e ile ya eba karolo ya mmuso oo o bodileng. Ha Bakreste bana ba bohata ba ntse ba eketseha, madumedi a Bokreste ba bohata a ile a hlahella.
11 Nakong eo madumedi a Bokreste ba bohata a neng a atile mme batho ba bangata ba le lefifing, ho ne ho ntse ho e na le Bakreste ba nnete bao papisong ya Jesu ho thweng ke “koro.” Ba ile ba hopola Modimo wa nnete jwalo ka Baiseraele ba neng ba isitswe botlamuweng bao Ezekiele 6:9 e buang ka bona. Ba bang ba bona ba ile ba eba sebete mme ba hanyetsa mashano a neng a rutwa ke madumedi a Bakreste ba bohata. Ba ile ba songwa le ho sotlwa. Na Jehova o ne a rerile ho tlohela batho ba hae hore ba dule ba le ka hara bodumedi ba bohata ho ya ho ile? Ho hang! Jehova o ile a kgalemela batho ba hae ka tsela e nepahetseng ebile e le ka nako e lekaneng hantle feela jwalo ka ha a ile a etsa ka Baiseraele ba mehleng ya kgale. (Jer. 46:28) Hape o ile a ba fa tshepo. Ere re boele re bue ka Baiseraele bane ba neng ba le botlamuweng Babilona re bone hore na Jehova o ile a etsang e le ho ba fa tshepo ya hore ba tla lokollwa botlamuweng.
“Kgalefo ya ka e Tla Fela”
12, 13. Ke hobaneng ha Jehova a ne a tla emisa ho halefela Baiseraele ba mehleng ya Ezekiele ba neng ba le botlamuweng?
12 Jehova o ile a bolella batho ba hae a sa potapote hore o ba halefetse empa o ile a boela a ba bolella hore a ke ke a ba halefela ka ho sa feleng. O ile a bua mantswe ana: “Kgalefo ya ka e tla fela le bohale ba ka bo tla kokobela mme ke tla be ke kgotsofetse. Ka mora hore ke ba halefele, ba tla tseba hore nna Jehova, ke buile mme ke batla hore ba rapele nna feela.” (Ezek. 5:13) Ke hobaneng ha Jehova a ne a tla emisa ho halefa?
13 Hara batho ba isitsweng botlamuweng, ho ne ho e na le Baiseraele ba tshepahalang ba neng ba hapeletswe le Baiseraele ba sa tshepahaleng. Ntle le moo, Jehova o ile a re Ezekiele a profete hore ba bang ba batho ba hae ba ne ba tla baka ba se ba le botlamuweng. Baiseraele bao ba ne ba tla hopola dintho tse mpe tseo ba di entseng ha ba ne ba sitelwa Modimo ebe ba a swaba, ba kopa Jehova hore a ba tshwarele le hore a ba amohele. (Ezek. 6:8-10; 12:16) Ezekiele, moprofeta Daniele le metswalle ya hae e meraro e ne e le ba bang ba Baiseraele ba neng ba tshepahalla Modimo. Daniele o phetse nako e telele hoo a ileng a bona ha Baiseraele ba iswa botlamuweng ka lekgetlo la pele le ha ba lokollwa. Thapelo e tswang pelong eo a ileng a e etsa molemong wa Baiseraele ba neng ba baketse dibe tsa bona e hlaha ho Daniele kgaolo ya 9. E tlameha ebe mantswe a hlahang thapelong eo a ne a fetisa maikutlo a Baiseraele ba bangata ba neng ba lakatsa hore Jehova a ba tshwarele le hore a ba hlohonolofatse hape. E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba thaba ha ba utlwa Ezekiele a ba bolella ditshepiso tse tswang ho Modimo tsa hore ba tla lokollwa le ho kgutlisetswa habo bona mme ba tsosolose borapedi ba nnete.
14. Ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella hore Baiseraele ba lokollwe?
14 Ho ne ho e na le lebaka la bohlokwa le ho feta le entseng hore Baiseraele ba lokollwe le hore ba yo tsosolosa borapedi ba nnete. Ba ne ba sa lokollwe hobane ba tshwanelwa ke ho lokollwa empa e ne e le hobane Jehova a batla ho halaletsa lebitso la hae ka pela ditjhaba tsohle. (Ezek. 36:22) Bababilona ba ne ba tla tseba hore medimo ya bona ya bademona e kang Marduk ha e na matla ha e bapiswa le Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. A re ke re bueng ka ditshepiso tse hlano tseo Jehova a ileng a re Ezekiele a di bolelle Baiseraele ba neng ba le botlamuweng le yena. Re tla qala pele ka ho bua ka hore na tshepiso ka nngwe e tla ama bahlanka ba Modimo jwang. Re tla boela re bone ha ditshepiso tseo di phethahala ka tsela e kgolwanyane.
15. Batho ba lokolotsweng botlamuweng ba ne ba tla etsa phetoho efe bodumeding?
15 TSHEPISO YA PELE. Ha ho sa tla rapelwa ditshwantsho kapa ha etswa dintho tse nyonyehang tse amanang le borapedi ba bohata. (Bala Ezekiele 11:18; 12:24.) Kgaolong ya 5 ya buka ena, re bone hore Jerusalema le tempele ya yona di ne di silafetse ke ditlwaelo tsa bodumedi ba bohata tse kang borapedi ba ditshwantsho. Ke ka hoo Baiseraele ba neng ba se ba bodile hakana ebile ba suthetse hole le Jehova. Jehova o ile a re Ezekiele a bolele hore batho ba lokolotsweng botlamuweng ba ne ba tla boela ba rapele Jehova ka tsela e hlwekileng eo ba neng ba e tseba. Ditlhohonolofatso tse ding tsohle di ne di tla ba teng ka lebaka la ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete.
16. Jehova o ile a tshepisang ka naha ya Baiseraele?
16 TSHEPISO YA BOBEDI. Ba tla kgutlela naheng ya habo bona. Jehova o ile a re ho Baiseraele ba botlamuweng: ‘Ke tla le fa naha ya Iseraele.’ (Ezek. 11:17) Tshepiso ena e ne e thabisa hobane Bababilona ba ne ba soma batho ba Modimo ebile ba etsa hore ba dumele hore ha ho na mohla ba tla kgutlela habo bona. (Esa. 14:4, 17) Ho ekelletsa moo, ha feela Baiseraele ba lokolotsweng ba ne ba dula ba tshepahala, ba ne ba tla ba le naha e mobu o nonneng mme ba be le dijo le mosebetsi. Ba ne ba ke ke ba hlola ba hlajwa ke dihlong ka lebaka la tlala hobane ba ne ba ke ke ba lapa ho hang.—Bala Ezekiele 36:30.
17. Ho ne ho tla etsahalang ka mahlabelo a etsetswang Jehova?
17 TSHEPISO YA BORARO. Baiseraele ba ne ba tla boela ba etsetse Jehova mahlabelo aletareng ya hae. Kgaolong ya 2 bukeng ena re bone hore Molaong wa Moshe, dinyehelo le mahlabelo e ne e le karolo ya bohlokwa ya borapedi ba nnete. Jehova o ne a tla amohela mahlabelo a Baiseraele bao ba kgutlileng botlamuweng haeba ba ne ba ka dula ba mo mamela le ho rapela yena feela. Mahlabelo ao a ne a tla etsa hore ba tshwarelwe dibe le hore ba dule e le metswalle ya Modimo. Jehova o ile a etsa tshepiso ena: “Baiseraele bohle ba tla ntshebeletsa thabeng e phahameng ya Iseraele e leng thaba ya ka e halalelang. Ke tla le amohela mme ke batle monehelo ho lona le dinyehelo tsa dihlahiswa tsa lona tsa pele e leng dintho tsohle tsa lona tse halalelang.” (Ezek. 20:40) Borapedi ba nnete bo ne bo tla tsosoloswa mme bo etse hore batho ba Modimo ba hlohonolofatswe.
18. Jehova o ne a tla hlokomela dinku tsa hae jwang?
18 TSHEPISO YA BONE. Badisa ba kgopo ba ne ba tla tloswa. Lebaka le ka sehloohong le entseng hore Baiseraele ba kgelohe ke hore ba ne ba etellwa pele ke banna ba kgopo. Empa Jehova o ile a tshepisa hore o tla ba nkela bohato. O ile a bua tjena ka badisa bao ba sa lokang: “Nke ke ka ba dumella hore ba fepe [dinku tsa ka] . . . ke tla pholosa dinku tsa ka ho bona.” Jehova o ile a tshepisa bahlanka ba hae ntho ena: “Ke tla hlokomela dinku tsa ka.” (Ezek. 34:10, 12) O ne a tla di hlokomela jwang? O ne a tla kgetha banna ba tshepahalang hore ba di dise.
19. Jehova o ile a tshepisang ka ho momahana ha setjhaba sa hae?
19 TSHEPISO YA BOHLANO. Barapedi ba Jehova ba ne ba tla momahana. Nahana feela hore na ho ne ho le bodutu hakaakang pele Baiseraele ba ya botlamuweng ha batho ba Jehova ba tshepahalang ba bona setjhaba sa Modimo se sa momahana. Ka ha Baiseraele ba ile ba susumetswa ke baprofeta ba bohata le badisa ba bodileng, ba ile ba fetohela baprofeta ba nnete ba neng ba ronngwe ke Jehova. Hape ba ile ba qetella ba se ba fetohile maqulwana a lwantshanang. Ka hoo, e nngwe ya dintho tse ikgethang ka ho fetisisa ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete e ne e le tshepiso ena eo Modimo a ileng a re Ezekiele a bue ka yona: “Ke tla ba momahanya, ke fetole dipelo tsa bona le tsela eo ba nahanang ka yona.” (Ezek. 11:19) Ha feela Baiseraele bao ba kgutlileng botlamuweng ba ne ba ka dula ba momahane le Jehova Modimo le bana ba bo bona, dira tsa bona di ne di se na monyetla wa ho ba hlola. Kaofela ha bona ba ne ba ka boela ba etsa hore lebitso la Jehova le roriswe ho e na le ho etsa hore le rohakwe kapa le hlomphollwe.
20, 21. Ditshepiso tsa Modimo di ile tsa phethahala jwang ha Baiseraele ba kgutla botlamuweng?
20 Na ditshepiso tseo tse amang Baiseraele ba kgutlileng botlamuweng di ile tsa phethahala? Re hopole hore Joshua mohlanka wa Modimo o ile a re: “Ha ho na lentswe le ha le le leng le hlolehileng ho phethahala ditshepisong tsohle tse molemo tseo Jehova Modimo wa lona a le boleletseng tsona. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentswe le ha le le leng la tsona le hlolehileng ho phethahala.” (Josh. 23:14) Jehova o ne a tla phethahatsa ditshepiso tsa hae mehleng ya Baiseraele bana ba ileng ba kgutlela habo bona feela jwalo ka ha a ile a di phethahatsa mehleng ya Joshua.
21 Baiseraele ba ile ba tlohela ho rapela ditshwantsho le ho etsa dintho tse ding tse nyonyehang tse amanang le bodumedi ba bohata tse neng di ba arohantse le Jehova. Ba ile ba kgutlela habo bona, ba phela teng, ba lema le ho kotula dihlahiswa tse nonneng le hoja ho ne ho bonahala eka dintho tsena di ke ke tsa etsahala. E nngwe ya dintho tsa pele tseo ba ileng ba di etsa ke ho haha botjha aletare ya Jehova e Jerusalema le ho mo etsetsa mahlabelo hodima yona. (Esdr. 3:2-6) Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka ho ba fa badisa ba tshepahalang ba kang Esdrase eo e neng e le moprista le mokopitsi, mmusisi Nehemia le Zorobabele, Moprista ya Phahameng Joshua le baprofeta ba sebete ba kang Hagai, Zakaria le Malakia. Ha ba ne ba dula ba mamela melao ya Jehova, ba ne ba dula ba momahana ka tsela eo ba neng ba eso ka ba momahana ka yona ka nako e telele.—Esa. 61:1-4; bala Jeremia 3:15.
22. Re tseba jwang hore ho phethahala ha boprofeta ba Modimo mehleng ya Baiseraele e ne e le bohashana feela ba ntho e kgolo e tla etsahala?
22 Re kgodisehile hore taba ya hore ebe Jehova o ile a phethahatsa ditshepiso tsa hae tsa ho tsosolosa borapedi ba nnete ka nako eo e ne e kgothatsa. Empa ho phethahala ha tsona ka nako eo e ne e le bohashana feela ba ntho e kgolo e tla etsahala. Re tseba jwang? Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa ho hong e le hore ditshepiso tseo di phethahale. Jehova o ne a tla di phethahatsa haeba feela ba ne ba ka dula ba mo mamela. Ka mora nako, Baiseraele e ile ya boela ya eba marabele yaba ha ba sa mamela Jehova. Empa feela jwalo ka ha Joshua a boletse, ditshepiso tsa Jehova di dula di phethahala. Ka hoo, ditshepiso tseo di ne di tla phethahala ka tsela e kgolwanyane ebile e le ka nako e telele le ho feta. A re bone hore na seo se ile sa etsahala jwang.
“Ke Tla le Amohela”
23, 24. Nako ya hore “ho ntjhafatswe dintho tsohle” e qadile neng, hona e qadile jwang?
23 Ka ha re diithuti tse hlwahlwa tsa Bibele, re a tseba hore mehla ya bofelo ba lefatshe lena le senyehileng e qadile ka 1914. Empa bahlanka ba Jehova ha ba utlwiswe bohloko ke taba ena. Bibele e bile e bontsha hore ka 1914 ho ile ha qala nako e thabisang haholo e leng nako ya hore “ho ntjhafatswe dintho tsohle.” (Dik. 3:21) Re e tseba jwang taba eo? Na o sa hopola hore na ho ile ha etsahalang lehodimong ka 1914? Jesu Kreste o ile a hlomamiswa hore e be Morena. Ketsahalo eo e kopana kae le ho ntjhafatswa ha dintho tsohle? Hopola hore Jehova o ne a tshepisitse Morena Davida hore borena bo tla dula lelokong la hae ka ho sa feleng. (1 Dikron. 17:11-14) Borena boo bo ile ba emisa ka 607 pele ho mehla ya Jesu ha Bababilona ba fedisa Jerusalema mme ba emisa puso ya marena a tswang lelokong la Davida.
24 Ka ha Jesu e ne e le “Mora motho” ebile e le setloholo sa Davida, e ile ya eba yena mojalefa wa molao wa borena ba Davida. (Mat. 1:1; 16:13-16; Luka 1:32, 33) Ka 1914 ha Jehova a ne a hlomamisa Jesu hore e be Morena lehodimong, e ne e le ha nako ya hore “ho ntjhafatswe dintho tsohle” e qala. Ka tsela ena Jehova o ne a tla sebedisa Morena enwa ya phethahetseng hore a ntshetse pele mosebetsi wa ho tsosolosa kapa ho ntjhafatsa dintho tsohle.
25, 26. (a) Batho ba Modimo ba ile ba lokollwa neng Babilona e Moholo, hona re tseba jwang? (Sheba lebokose le reng “Hobaneng re re 1919?”) (b) Ho ile ha etsahalang ho tloha ka 1919?
25 E nngwe ya dintho tsa pele tseo Kreste a ileng a di etsa ka mora hore e be Morena ke hore a sebetse le Ntate wa hae ho hlahloba le ho lokisetsa hore borapedi ba nnete bo tsosoloswe lefatsheng. (Mal. 3:1-5) Feela jwalo ka ha Jesu a ne a boletse papisong ya hae ya koro le mofoka, ho ile ha feta nako e telele ho sa bonahale phapang pakeng tsa koro le mofoka e leng Bakreste ba nnete ba batlotsuwa le Bakreste ba bohata. b Empa ka 1914 nako ya kotulo e ne e fihlile mme ho ne ho se ho bonahala phapang. Dilemo tse ngata pele ho 1914, Diithuti tsa Bibele di ile tsa senola dibe tse tebileng tse entsweng ke madumedi a Bokreste ba bohata. Diithuti tseo di ile tsa ba tsa qalella ho ikarola madumeding ao a bohata. Nako ya hore Jehova a ba lokolle ka botlalo madumeding ao a bohata e ne e fihlile. Qalong ya 1919, dilemo tse seng kae ka mora hore “nako ya kotulo” e qale, Modimo o ile a lokolla batho ba hae ka ho feletseng Babilona e Moholo. (Mat. 13:30) Ba ne ba tswile botlamuweng.
26 Boprofeta ba Ezekiele ba ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo ile ba phethahala ka tsela e kgolo ho feta eo bo ileng ba phethahala ka yona mehleng ya Baiseraele. A re boneng hore na ditshepiso tse hlano tseo re seng re buile ka tsona di phethahetse jwang ka tsela e kgolwanyane.
27. Modimo o ile a thusa batho ba hae jwang ho tlohela borapedi ba ditshwantsho?
27 TSHEPISO YA PELE. Borapedi ba ditshwantsho le dintho tse ding tse nyonyehang tse etswang ke madumedi a bohata di tla fela. Qetellong ya dilemo tsa bo1800 ho ya qalong ya dilemo tsa bo1900, Bakreste ba tshepahalang ba ile ba qala ho kopana ha mmoho le ho kgaotsa ho etsa dintho tse neng di etswa bodumeding ba bohata. Ba ile ba kgaotsa ho dumela dithutong tse sa thehwang Bibeleng tse thehilweng bodumeding ba bohata tse kang boraro bo teroneng, hore moya ha o shwe le thuto ya dihele. Hape ba ile ba kgaotsa ho sebedisa ditshwantsho ha ba rapela hobane ho ne ho hlakile hore ho di sebedisa ke borapedi ba ditshwantsho. Ha nako e ntse e eya, batho ba Modimo ba ile ba boela ba hlokomela hore ho sebedisa sefapano ha ba rapela ke borapedi ba ditshwantsho.—Ezek. 14:6.
28. Batho ba Jehova ba ne ba le maemong afe ka mora ho tswa Babilona e Moholo?
28 TSHEPISO YA BOBEDI. Batho ba Modimo ba kgutlela borapeding ba nnete. Ha Bakreste ba nnete ba tswa Babilona e Moholo, ba ile ba boela ba rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang feela jwalo ka ha ba ne ba etsa pele. Jehova o ile a qetella a ba hlohonolofaditse mme ba fumana dintho tsohle tseo ba di hlokang e le hore ba be le setswalle se matla le yena. Ba ne ba sa haellwe ke letho. (Bala Ezekiele 34:13, 14.) Jwalo ka ha re tla bona Kgaolong ya 19 ya buka ena, Jehova o hlohonolofaditse batho ba hae ka ho ba fa matletsetletse a dijo tse ba thusang hore ba dule ba mo rata.—Ezek. 11:17.
29. Ho ile ha eba le phetoho efe mosebetsing wa ho ruta batho Bibele ka 1919?
29 TSHEPISO YA BORARO. Ho nyehelwa mahlabelo hape aletareng ya Jehova. Mehleng ya baapostola Bakreste ba ne ba se ba sa lokela ho etsa mahlabelo ka diphoofolo empa ba ne ba lokela ho fana ka mahlabelo a bohlokwa ka ho fetisisa e leng dintho tseo ba di buang ho rorisa Jehova le ho bolella ba bang ka yena. (Baheb. 13:15) Ka dilemo tse makgolo ha bahlanka ba Modimo ba ntse ba le Babilona e Moholo mahlabelo a jwalo a ne a sa etswe. Le ha ho le jwalo, ha bahlanka ba Modimo ba se ba ntse ba tlo lokollwa Babilona e Moholo, ba ne ba se ba ntse ba etsa mahlabelo a jwalo ho rorisa Jehova. Ba ne ba phathahane ka mosebetsi wa ho ruta batho ka Modimo le ho mo rorisa dibokeng ba thabile. Ho tloha ka 1919, haesale “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” a sebetsa ka thata ho hlophisa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele le ho bontsha bohlokwa ba ho o etsa. (Mat. 24:45-47) Batho ba bangata ba ile ba qala ho sebeletsa Jehova le ho ruta batho ba bang ka yena.
30. Jesu o ile a etsang e le hore dinku tsa hae di fumane badisa ba nepahetseng?
30 TSHEPISO YA BONE. Badisa ba kgopo ba ne ba tla tloswa. Kreste o ile a lopolla batho ba Modimo matsohong a badisa ba madumedi a Bokreste ba bohata ba sa tshepahaleng le ba itjhebileng bobona. Ka phuthehong ya Kreste, badisa ba neng ba etsisa badisa bao ba bohata ba ile ba tloswa maemong a bona a bodisa. (Ezek. 20:38) Ka ha Jesu ke Modisa ya Molemo, o ile a etsa bonnete ba hore dinku tsa hae di hlokometswe hantle. Ka 1919 o ile a kgetha mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale. Sehlopha seo se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsweng se ile sa hlokomela batho ba Modimo hantle ka hore se di hule pele tabeng ya ho ba fa dijo tse tswang ho Modimo. Ha nako e ntse e eya, baholo ba ile ba kwetliswa e le hore le bona ba kgone ho hlokomela ‘mohlape oo Modimo a ba fileng wona.’ (1 Pet. 5:1, 2) Mantswe a hlahang ho Ezekiele 34:15, 16 ao Jehova a ileng a susumelletsa Ezekiele hore a a ngole, a sebediswa hangata ho hopotsa badisa ba Bakreste mohlala oo Jehova Modimo le Jesu Kreste ba o behileng wa ho hlokomela dinku tsa Modimo.
31. Jehova o ile a phethahatsa boprofeta bo ho Ezekiele 11:19 jwang?
31 TSHEPISO YA BOHLANO. Barapedi ba Jehova ba ne ba tla momahana. Ka dilemo tse makgolo, madumedi a Bokreste ba bohata a kgephohile hore e be dikgetjhana tse ngata tsa dikereke tse bongata bo thibang letsatsi tse sa momahanang ebile di sa utlwane. Empa Jehova yena o entse mohlolo ka batho ba hae ka mora hore a ba tsosolose. Tshepiso ya hae eo a e fetisitseng ka Ezekiele e reng: “Ke tla ba momahanya” e phethahetse ka tsela e makatsang. (Ezek. 11:19) Balatedi ba Kreste lefatsheng lohle ba holetse dibakeng tse sa tshwaneng, ba tswa madumeding le ditsong tse fapaneng ebile ha ba tshwane le ka maemo a ditjhelete. Empa kaofela ha bona ba rutwa dithuto tse tshwanang ebile ba etsa mosebetsi o tshwanang ka tsela e tshwanang. Bosiu ba ho qetela Jesu a le lefatsheng, o ile a rapella hore barutuwa ba hae ba momahane. (Bala Johanne 17:11, 20-23.) Jehova o arabetse thapelo eo ka tsela e kgolo haholo mehleng ena.
32. O ikutlwa jwang ka hore ebe boprofeta bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete bo a phethahala? (Sheba le lebokose le reng “Boprofeta ba ho Iswa Botlamuweng le ho Tsosolosa Borapedi ba Nnete.”)
32 Na ha o thabe hore ebe o phela nakong ee e monate eo ka yona Jehova a tsosolositseng borapedi ba nnete? Re bona boprofeta ba Ezekiele bo phethahala karolong e nngwe le e nngwe ya borapedi ba rona mehleng ena. Re ka kgodiseha hore hona jwale Jehova o amohela batho ba hae feela jwalo ka ha a ile a profeta a sebedisa Ezekiele ha a ne a re: “Ke tla le amohela.” (Ezek. 20:41) Batho ba Jehova ba lokolohile ka mora ho qeta dilemo tse makgolo ba le botlamuweng Babilona e Moholo. Na o a elellwa hore na o fumane monyetla o ikgethang hakaakang wa ho ba karolo ya batho baa ba momahaneng, ba hlokometsweng hantle ebile ba rorisa Jehova lefatsheng lohle? Le ha ho le jwalo, tse ding tsa dintho tseo Ezekiele a di profetileng ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete ke hona di tla phethahala ka tsela e kgolo le ho feta.
“E Tshwana le Serapa sa Edene”
33-35. (a) Boprofeta bo ho Ezekiele 36:35 bo ne bo tla ama Baiseraele ba neng ba le botlamuweng jwang? (b) Boprofeta boo bo ama batho ba Jehova jwang mehleng ee? (Sheba le lebokose le reng “Nako ya Hore ho Ntjhafatswe Dintho Tsohle.”)
33 Jwalo ka ha re bone, ‘nako ya hore ho ntjhafatswe dintho tsohle’ e qadile ha Jesu e eba Morena ka 1914 mme puso ya marena a leloko la Davida e tsosoloswa. (Ezek. 37:24) Ka mora moo, Jehova o ile a fa Kreste matla a hore a tsosolose borapedi ba nnete ka mora hore batho ba Jehova ba qete dilemo tse makgolo ba le botlamuweng Babilona e Moholo. Empa na jwale e se e le phetho ka mosebetsi wa Kreste wa ho tsosolosa borapedi ba nnete? Ho hang! Ka moso mosebetsi oo o tla tswela pele ka tsela e kgolo le ho feta mme boprofeta ba Ezekiele bo re fa dintlha tse thabisang ka wona.
34 Mohlala, nahana ka mantswe ana ao Modimo a ileng a a bua a reng: “Batho ba tla re: ‘Naha e neng e omeletse ebile e se na letho e se e tshwana le serapa sa Edene.’” (Ezek. 36:35) Tshepiso eo e ne e tla ama Ezekiele le batho bao a neng a le botlamuweng le bona jwang? Ho hlakile hore ba ne ba sa lebella hore naha ya habo bona e tla fetoha serapa sa Edene ebe batho ba qetella ba ferekane ba nahana hore ke yona Edene eo Jehova a neng a e lemme ka boyena. (Gen. 2:8) Empa e tlameha ebe ba ne ba utlwisisa hore Jehova o ne a re naha ya bona e tla ba ntle e be e behe ditholwana tse ngata.
35 Tshepiso eo e re ama jwang mehleng ee? Ha re a lebella hore lefatshe lena le senyehileng le fetohe paradeise hona jwale le ntse le buswa ke Satane Diabolose. Empa re a utlwisisa hore tshepiso eo e phethahala ho batho ba Jehova mehleng ena. Re le bahlanka ba Jehova, re phela nakong eo ka yona ho tsosolositsweng borapedi ba nnete. Ka lebaka leo, re sebeletsa Jehova ka mafolofolo ohle ebile re beha mosebetsi wa Jehova pele bophelong ba rona. Ka ha re na le setswalle se matla le Jehova, ho tshwana le ha eka re phela paradeiseng e ntseng e ntlafala le ho feta. Le ha ho le jwalo, tshepiso ee ya Jehova e tla phethahala jwang nakong e tlang?
36, 37. Ke ditshepiso dife tse tla phethahala Paradeiseng ka moso?
36 Ka mora ntwa e kgolo ya Armagedone, Jesu o tla tswela pele ka mosebetsi wa hae wa ho tsosolosa mme mosebetsi oo o tla akareletsa le ho lokisa lefatshe. Pusong ya hae ya Dilemo Tse Sekete o tla tataisa batho hore ba etse hore lefatshe lohle le tshwane le serapa sa Edene, ba le etse paradeise feela jwalo ka ha Jehova a ne a rerile ho tloha qalong. (Luka 23:43) Ka nako eo, batho bohle ba tla phela ka kgotso ebile ba tla hlokomela lefatshe. Hohle moo ba leng teng ba tla dula ba sireletsehile ho se na letho le ba tshosang. Nahana feela hore na ho tla ba jwang ha tshepiso ena e phethahala: “Ke tla etsa selekane sa kgotso le tsona. Ke tla tlosa diphoofolo tse kotsi tse hlaha e le hore [dinku tsa ka] di dule di sireletsehile naheng di be di robale merung.”—Ezek. 34:25.
37 Nahana feela o se o kgona ho ya kae kapa kae moo o ratang lefatsheng o sa tshoha letho! Ka nako eo, diphoofolo di ke ke tsa o ntsha kotsi. Ho tla be ho se na letho le ka o amohang kgotso. O tla kgona ho tsamaya o le mong o kenelle ka harehare merung e teteaneng, o bone botle ba yona o be o robale hona moo o sireletsehile, o tsohe o ntse o phetse hantle ho se na letho le o ntshitseng kotsi.
38. Taba ya hore tshepiso e hlahang ho Ezekiele 28:26 e tlo phethahala e etsa hore o ikutlwe jwang?
38 Tshepiso e nngwe e tla phethahala ke ena: “Ba tla dula ba sireletsehile ho yona, ba hahe matlo ba be ba leme dirapa tsa morara. Ba tla phela ka kgotso ha ke ahlola ditjhaba tse ba potolohileng tse ba somang. Ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona.” (Ezek. 28:26) Ka mora hore Jehova a fedise dira tsohle tsa hae, re tla phela ka kgotso re sireletsehile lefatsheng lohle. Ha re ntse re hlokomela lefatshe, re tla kgona le ho itlhokomela le ba malapa a rona, re hahe matlo a matle mme re dule ho wona re be re leme le dirapa tsa morara.
39. Ke bopaki bofe bo ka o kgodisang hore ditshepiso tse hlahang lengolong la Ezekiele tse buang ka Paradeise di tla phethahala?
39 Na o utlwa ditshepiso tsee e le ditoro feela? Haeba ho jwalo, hopola dintho tsohle tseo o di boneng nakong ena ya ha ho ‘ntjhafatswa dintho tsohle.’ Ho sa tsotellehe hore na Satane o re hanyetsa ka matla hakae, Jesu o fuwe matla a ho tsosolosa borapedi ba nnete nakong ena e thata ka ho fetisisa. Bona ke bopaki bo matla ba hore ditshepiso tsohle tseo Modimo a ileng a re Ezekiele a di bolele di tla phethahala.
a Boholo ba Bajuda ba botlamuweng ba ne ba dula hojana le Babilona. Ka mohlala, Ezekiele o ne a dula le Bajuda ba bang pela noka ya Kebare. (Ezek. 3:15) Le ha ho le jwalo, ho ne ho ntse ho ena le Bajuda ba bang ba fokolang ba neng ba dula motseng wa Babilona. Ba bang ba bona e ne e le “ba leloko la borena le la bahlomphehi.”—Dan. 1:3, 6; 2 Mar. 24:15.
b Ka mohlala, ha re a kgodiseha hore na hara Bakreste ba ileng ba tswa bodumeding ba bohata dilemong tsa bo1500 ke bafe bao e neng e le batlotsuwa.