Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 8

“Ke Tla di fa Modisa a le Mong”

“Ke Tla di fa Modisa a le Mong”

EZEKIELE 34:23

NTLHAKGOLO: Dintho tse nne tse profetilweng ka Mesia le ka moo Kreste a di phethahaditseng ka teng

1-3. Keng e ileng ya utlwisa Ezekiele bohloko, hona ho ile ha thwe a tlalehe eng?

 KE DILEMO tse tsheletseng Ezekiele a le botlamuweng Babilona. a Moprofeta enwa o utlwile bohloko haholo ha a nahana ka tsela eo naha ya habo ya Juda e buswang ka yona. Ho busitse marena a mangata mehleng ya hae.

2 Ezekiele o hlahile nakong eo ho neng ho busa Morena Josiase ya tshepahalang. E tlameha ebe Ezekiele o ne a thabile haholo ha a utlwa hore Josiase o tswile letsholo la ho senya ditshwantsho tse rapelwang le ho tsosolosa borapedi ba nnete Juda. (2 Dikron. 34:1-8) Le ha ho le jwalo, boiteko ba Josiase ha bo a ka ba ya le kae hobane ka mora hae ho ile ha busa marena a rapelang ditshwantsho. Ha ho makatse hore ha ho busa marena ao a kgopo, setjhaba sohle se ile sa itshwara hampe sa ba sa senya setswalle sa sona le Jehova. Na tharollo e tla ba teng? Ho jwalo.

3 Jehova o ile a re moprofeta wa hae ya tshepahalang a tlalehe boprofeta ba pele bo buang ka Mesia eo e neng e tla ba Morena ka moso le Modisa wa ka ho sa feleng ya tla tsosolosa borapedi ba nnete le ho hlokomela dinku tsa Jehova. E ka ba hantle hore re ithute ka boprofeta bona hobane phethahatso ya bona e ama bokamoso ba rona. A re ke re hlahlobeng dintho tse nne tse profetilweng ka Mesia bukeng ya Ezekiele.

“Lekgasi” e Eba “Sefate se Seholo sa Kedare”

4. Ezekiele o ile a profetang? Jehova o ile a tlisa boprofeta boo jwang?

4 Hoo e ka bang ka selemo sa 612 pele ho mehla ya Jesu, Jehova o ile a re Ezekiele a ngole boprofeta bo buang ka Mesia le bohlokwa ba ho tshepa Mmuso wa hae. O ile a re Ezekiele a bolelle batho ba botlamuweng le yena boprofeta bona bo bontshang hore marena a Juda a ne a sa tshepahale. Hape boprofeta bona bo ne bo bontsha hore batho ba hloka ho buswa ke Mmusi ya lokileng e leng Mesia.—Ezek. 17:1, 2.

5. Akaretsa boprofeta ba Ezekiele.

5 Bala Ezekiele 17:3-10. Kakaretso ya boprofeta bona ke ena: “Ntsu e kgolo” e kgaola lekala le ka hodimodimo la sefate sa kedare ebe e le isa “naheng ya bo rakgwebo.” Yaba ntsu eo e “nka peo e nngwe naheng eo” ya e jala tshimong e nang le mobu o motle “pela metsi a mangata.” Peo eo e ile ya mela yaba e eba “sefate sa morara se sekgutshwanyane.” Ka mora moo, ha hlaha “ntsu e nngwe hape e kgolo.” Sefate sa morara se ile sa otlollela metso ya sona ho ntsu ya bobedi hobane se batla e se leme nqa e nngwe pela metsi a mangata. Jehova o ile a kgalemela sefate sena sa morara, a bontsha hore metso ya sona e tla kgaolwa le hore ‘makgasi a sona a tla omella.’

Ntsu ya pele e kgolo e ne e emela Morena Nebukadnezare wa Babilona (Sheba serapa sa 6)

6. Hlalosa hore na boprofeta bona bo bolelang.

6 Boprofeta boo bo bolelang? (Bala Ezekiele 17:11-15.) Ka selemo sa 617, Morena Nebukadnezare wa Babilona (e leng “ntsu e kgolo” ya pele) o ile a thibella Jerusalema. O ile a tlosa Morena Jojakine wa Juda (e leng “lekala le ka hodimodimo”) boreneng a mo isa Babilona (e leng ‘naha ya bo rakgwebo’). Nebukadnezare o ile a etsa Tsedekia (wa leloko la boreneng e leng “peo e nngwe naheng”) morena wa Jerusalema. Ho ile ha thwe morena enwa e motjha wa Juda a ikane ka lebitso la Modimo hore o tla tshepahalla morena wa Babilona le ho mo sebeletsa. (2 Dikron. 36:13) Empa Tsedekia o ile a tswa kano ena tlase, a kwenehela morena wa Babilona yaba o kopa thuso ya sesole ho Faro morena wa Egepeta (e leng “ntsu e kgolo” ya bobedi). Le ha ho le jwalo, ha a ka a atleha. Jehova o ile a kgalemela Tsedekia hobane o ile a tswa kano ena tlase. (Ezek. 17:16-21) Qetellong Tsedekia o ile a tloswa boreneng yaba o shwella teronkong Babilona.—Jer. 52:6-11.

7. Re ithutang boprofeteng boo?

7 Re ithutang boprofeteng boo? Ntho ya pele, ka ha re barapedi ba nnete, re lokela ho tshepahala. Jesu o ile a re: “Ha le re le tla etsa ntho, le fele le e etse. Ha le re le ke ke la etsa ntho, le se ke la e etsa”. (Mat. 5:37) Haeba ho hlokahala hore re ikane ka pela Modimo hore re tla bua nnete, (mohlala e ka ba haeba re fana ka bopaki ka kgotla) ha re a lokela ho nka kano eo hanyane. Ntho ya bobedi, re be hlokolosi hore na re tshepa mang. Bibele e re: “Le se ke la tshepa dikgosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa.”—Pes. 146:3.

8-10. Jehova o ile a reng ha a hlalosa Mesia, hona boprofeta boo bo ile ba phethahala jwang? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta bo Buang ka Mesia—Sefate se Seholo sa Kedare.”)

8 Ho na le morena eo re ka mo tshepang ka botlalo. Ka mora hore Jehova a bue ka boprofeta ba lekala le kgaotsweng, o ile a sebedisa boprofeta bo tshwanang ho hlalosa Mesia ya tla busa ka moso.

9 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 17:22-24.) Lekgetlong lena ke Jehova ya tla nka kgato eseng dintsu tse kgolo. O tla nka lekgasi “karolong e ka hodimodimo ya sefate sa kedare” a le leme “thabeng e telele.” Lekgasi leo le tla hola e be “sefate se seholo sa kedare” seo “dinonyana tsa mefuta yohle di tla dula tlasa sona.” Ka mora moo, “difate tsohle” di tla tseba hore ke Jehova ya hodisitseng sefate seo se seholo.

10 Boprofeta boo bo phethahala jwang? Jehova o ile a nka Mora wa hae Jesu Kreste ya tswang lelokong la borena la Davida (e leng “sefate se seholo sa kedare”) a mo lema Thabeng ya Sione e lehodimong (e leng “thaba e telele”). (Pes. 2:6; Jer. 23:5; Tshen. 14:1) A boela a phahamisa Jesu Mora wa hae ka hore a mo fe “terone ya ntate wa hae Davida” le hoja dira tsa hae di ne di mo nka e le “motho ya tlase ka ho fetisisa.” (Dan. 4:17; Luka 1:32, 33) Morena Jesu Kreste eo e leng yena Mesia, o tla phahamela lefatshe lohle jwalo ka sefate sa kedare se seholo mme a hlohonolofatse batho bohle bao a tlo ba busa. Enwa hee ke yena Morena eo re ka mo tshepang! Batho bohle ba tla beng ba le teng lefatsheng ha Jesu a busa ba tla ‘dula ba sireletsehile, ba ke ke ba kgathatswa ke ho tshaba tlokotsi.’—Diprov. 1:33.

11. Boprofeta ba “lekgasi” le fetohang “sefate se seholo sa kedare” bo re rutang?

11 Boprofeta boo bo re rutang? Boprofeta bo buang ka “lekgasi” le fetohang “sefate se seholo sa kedare” bo re thusa ho utlwisisa taba ya bohlokwa ka ho fetisisa, e leng hore na re lokela ho tshepa mang. E tla be e le ho hloka kelello ho tshepa mebuso ya batho le masole a yona. E le hore re sireletsehe e le ka nnete, re lokela ho tshepa Morena Jesu Kreste eo e leng yena Mesia. Mathata ohle a batho a tla rarollwa ke puso ya hae feela.—Tshen. 11:15.

“Motho ya Nang le Tokelo ya Molao”

12. Jehova o ile a etsang ho bontsha hore o ntse a hopotse selekane seo a se entseng le Davida?

12 Tlhaloso e tswang ho Modimo ya boprofeta ba dintsu tse pedi, e ile ya thusa Ezekiele ho utlwisisa hore Tsedekia morena ya sa tshepahaleng ya tswang lelokong la borena la Davida, o ne a tla tloswa boreneng a be a iswe botlamuweng Babilona. E ka nna yaba Ezekiele o ile a ipotsa a re: ‘Ho tla etsahalang ka selekane seo Modimo a se entseng le Davida sa hore morena ya tswang lelokong la hae o tla busa ka ho sa feleng?’ (2 Sam. 7:12, 16) Haeba Ezekiele o ile a fela a ipotsa potso eo, karabo e ile ya fihla kapele. Hoo e ka bang ka selemo sa 611, e leng selemo sa bosupa Baiseraele ba le botlamuweng, ha Tsedekia a ntse a busa Juda, Jehova o ile a bua le Ezekiele. (Ezek. 20:2) Jehova o ile a re a fane ka boprofeta bo bong bo buang ka Mesia bo hlakisang hantle hore o ntse a hopotse selekane seo a se entseng le Davida. Boprofeta boo bo ne bo bontsha hore Mesia ke yena mojalefa wa Davida ya neng a tla ba le tokelo ya molao ya ho busa ka moso.

13, 14. Boprofeta bo ho Ezekiele 21:25-27 bo bolelang, hona bo ile ba phethahala jwang?

13 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 21:25-27.) Nako ya hore Tsedekia a otlwe e fihlile. Ka hoo, Jehova o roma Ezekiele hore a bue a sa potapote le morena enwa eo e leng “kgosana ya Iseraele” e kgopo. Jehova o bolella morena enwa ya kgopo hore o tla nkelwa “tuku” le “korone,” e leng dintho tse emelang matla a ho busa. Ka mora moo, mebuso e neng e le “tlase” e ne e tla phahamiswa ebe e “phahameng” e a theolwa. Mebuso eo e phahamisitsweng e ne e tla busa ho fihlela “motho ya nang le tokelo ya molao a fihla” mme ke yena eo Jehova a tla mo fa Mmuso.

14 Boprofeta boo bo phethahala jwang? Ka selemo sa 607 ha Jerusalema e fediswa, mmuso wa Juda o “phahameng” o neng o le Jerusalema o ile wa theolwa ha Bababilona ba fedisa Jerusalema, ba theola Morena Tsedekia teroneng le ho mo hapa. Ka ha jwale ho ne ho se ho se na morena wa leloko la Davida ya neng a busa Jerusalema, mebuso ya Baditjhaba e “tlase” e ile ya phahamiswa yaba e laola lefatshe empa ha e a ka ya busa ho ya ho ile. “Dinako tse behilweng tsa ditjhaba” di ile tsa fela ka 1914 ha Jehova a fa Jesu Kreste marapo a puso. (Luka 21:24) Ka ha Jesu ke setloholo sa Morena Davida, ke yena ya nang le “tokelo ya molao” ya ho busa. b (Gen. 49:10) Ka hoo, Jehova o ile a sebedisa Jesu ho phethahatsa tshepiso ya hae ya ho fa Davida mojalefa ya tla busa ka ho sa feleng.—Luka 1:32, 33.

Jesu o na le tokelo ya molao ya ho ba Morena wa Mmuso wa Modimo (Sheba serapa sa 15)

15. Ke hobaneng ha re ka tshepa Morena Jesu Kreste ka ho feletseng?

15 Boprofeta boo bo re rutang? Jesu Kreste ke Morena eo re ka mo tshepang ka ho felletseng. Hobaneng? Hobane ho fapana le marena a lefatshe ao ka dinako tse ding a kgethwang ke batho kapa a ka inkelang matla a puso, Jesu yena o kgethilwe ke Jehova yaba o “fuwa . . . mmuso” oo a nang le tokelo ya molao ya ho o fumana. (Dan. 7:13, 14) Ka nnete Morena enwa ya kgethilweng ke Jehova ka boyena ke Morena eo re ka mo tshepang ka hohlehohle!

“Mohlanka wa ka Davida” e Tla ba “Modisa wa Tsona”

16. Jehova o ikutlwa jwang ka dinku tsa hae? “Badisa ba Iseraele” ba mehleng ya Ezekiele ba ne ba tshwara dinku tsa Modimo jwang?

16 Jehova Modisa e Moholo o rata dinku tsa hae haholo, e leng bahlanka ba hae ba lefatsheng. (Pes. 100:3) Ha a kgetha batho hore ba di etelle pele le hore ba di hlokomele, o sheba ka hloko hore na ba di tshwara jwang. Nahana feela hore na Jehova o ile a ikutlwa jwang ka “badisa ba Iseraele” ba mehleng ya Ezekiele. Ba ne ba busa dinku tsa Modimo ‘ka thata ebile ba di hateletse.’ Ka lebaka leo, mohlape wa Modimo o ile wa ba le mathata mme ba bangata ba tlohela borapedi ba nnete.—Ezek. 34:1-6.

17. Jehova o ile a pholosa dinku tsa hae jwang?

17 Jehova o ne a tla etsang? O ile a re ho badisa bao ba sehloho ba Iseraele: ‘Ke tla etsa hore ba ikarabelle.’ O ile a boela a re: “Ke tla pholosa dinku tsa ka.” (Ezek. 34:10) Jehova o dula a phethahatsa ditshepiso tsa hae. (Josh. 21:45) Ka selemo sa 607 ha Bababilona ba hlasela Jerusalema, Jehova o ile a pholosa dinku tsa hae ka hore a sebedise Bababilona ho tlosa badisa bao ba itjhebileng bobona feela ditulong. Ka mora dilemo tse 70, o ile a pholosa dinku tsa hae Babilona a di kgutlisetsa naheng ya habo tsona e le hore di ka tsosolosa borapedi ba nnete. Empa dinku tsa Jehova di ne di ntse di sa sireletseha hobane di ne di tlo tswela pele ho buswa ke batho. Ho ne ho sa setse dilemo tse makgolo pele “dinako tse behilweng tsa ditjhaba” di fela.—Luka 21:24.

18, 19. Ezekiele o ile a profetang ka selemo sa 606? (Sheba setshwantsho se qalang.)

18 Ka selemo sa 606, Jehova o ile a re Ezekiele a phatlalatse boprofeta bo bontshang hore yena jwalo ka Modisa e Moholo, o tsotella dinku tsa hae haholo ka dinako tsohle. Ka nako eo, Jerusalema e ne e se e ena le ntho e ka etsang selemo e fedisitswe ebile ho ne ho setse dilemo tse mashome pele Baiseraele ba lokollwa botlamuweng Babilona. Boprofeta boo bo bontsha hore na Mesia o ne a tla tshwara dinku tsa Jehova jwang ha a se a busa.

19 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 34:22-24.) Modimo o tla fana ka “modisa a le mong,” eo a reng ke “mohlanka wa ka Davida.” Mantswe a reng “modisa a le mong” le “mohlanka wa ka” a a bontsha hore Morena enwa ke yena feela mojalefa wa Davida ya neng a tla busa ka ho sa feleng. O ne a sa tlo tsosolosa puso ya marena a leloko la Davida. Morena enwa eo hape e leng Modisa o tla fepa dinku tsa Modimo mme e be “kgosana ya tsona.” Jehova o tla “etsa selekane sa kgotso” le dinku tsa hae. O tla di ‘nesetsa ditlhohonolofatso jwalo ka pula’ mme di tla phela di thabile, di sireletsehile ebile di tla atleha. Batho kaofela ba tla ba le kgotso ebile ho tla ba le kgotso pakeng tsa batho le diphoofolo.—Ezek. 34:25-28.

20, 21. (a) Boprofeta bo buang ka “mohlanka wa ka Davida” bo ile ba phethahala jwang? (b) Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka “selekane sa kgotso” bo re ruta hore ho tla etsahalang ka moso?

20 Boprofeta boo bo ile ba phethahala jwang? Ha Jehova a ne a bitsa Morena enwa “mohlanka wa ka Davida,” o ne a bua ka Jesu, e leng yena ya nang le tokelo ya molao ya ho busa ebile e le setloholo sa Davida. (Pes. 89:35, 36) Ha Jesu a le lefatsheng, o ile a bontsha hore ke “modisa ya molemo” ka hore a tele bophelo ba hae “molemong wa dinku.” (Joh. 10:14, 15) Hona jwale o re disa a le lehodimong. (Baheb. 13:20) Ka 1914, Modimo o ile a etsa Jesu morena a ba a mo fa boikarabelo ba hore a dise le ho fepa dinku tsa Modimo tse lefatsheng. Nakwana ka mora moo ka 1919, Morena enwa e motjha o ile a kgetha “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” hore a fepe “bahlanka ba ntlo” e leng bahlanka ba Jehova ba nang le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng. (Mat. 24:45-47) Esale mohlanka enwa ya tshepahalang a tataiswa ke Kreste ho hlokomela dinku tsa Modimo hantle ka ho di fa dijo tse tswang ho Modimo. Dijo tsena di thusitse bahlanka ba Jehova lefatsheng lohle hore ba dule ba ena le kgotso le setswalle se matla le Jehova.

21 Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka “selekane sa kgotso” le ditlhohonolofatso tse tla neswa jwalo ka pula bo re ruta hore ho tla etsahalang ka moso? Lefatsheng le letjha le tlang, barapedi ba Jehova ba tla fumana ditlhohonolofatso tsohle tse tla tliswa ke “selekane sa kgotso.” Ha lefatshe e se e le paradeise, bahlanka ba Jehova ba ke ke ba hlola ba phela ba tshohile ka lebaka la dintwa, tlolo ya molao, tlala, bokudi kapa diphoofolo tse hlaha. (Esa. 11:6-9; 35:5, 6; 65:21-23) Na ha o thabe ha o nahana ka hore o tla phela ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise moo bahlanka ba Modimo ba tla “dula ba sireletsehile ho se na motho ya ba tshosang”?—Ezek. 34:28.

Ka ha Jesu ke Modisa, o a sheba hore na dinku tsa Modimo di tshwerwe jwang (Sheba serapa sa 22)

22. Jesu o ikutlwa jwang ka dinku tsa Modimo? Batho ba kgethilweng hore ba hlokomele dinku tsa Modimo ba ka bontsha jwang hore ba a di rata jwalo ka ha Jesu a di rata?

22 Boprofeta boo bo re rutang? Jesu o rata dinku tsa Modimo haholo jwalo ka Ntate wa hae. Ka ha ke Modisa le Morena wa tsona, o etsa bonnete ba hore o a di hlokomela ka ho di fa dijo tse tswang ho Modimo. Hape o etsa bonnete ba hore di sireletsehile, di na le kgotso le setswalle se matla le Jehova. Ho a kgothatsa ho buswa ke Morena ya jwalo. Batho ba kgethilweng hore ba hlokomele dinku tsa Modimo ba lokela ho bontsha hore ba di rata jwalo ka Jesu. Baholo ba lokela ho disa mohlape ‘hobane ba rata’ ebile e le ‘ka lerato,’ hape ba lokela ho behela dinku mohlala. (1 Pet. 5:2, 3) Le ka mohla moholo ha a lokela ho tshwara nku ya Jehova hampe. Re hopole hore mehleng ya Ezekiele, Jehova o ile a re ho badisa ba Iseraele ba neng ba hatella setjhaba: ‘Ke tla etsa hore ba ikarabelle.’ (Ezek. 34:10) Jehova Modisa e Moholo o shebile ka hloko hore na dinku tsa hae di tshwarwa jwang, le Mora wa hae o shebile.

“Mohlanka wa ka Davida o Tla Dula e le Kgosana ya Bona”

23. Jehova o ile a tshepisa hore o tla etsang ka setjhaba sa Iseraele, hona o ile a phethahatsa tshepiso eo jwang?

23 Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba mo sebeletse ba momahane. Boprofeteng bo buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete, Modimo o ile a tshepisa hore o tla kopanya batho ba hae e leng Baiseraele ba mmuso wa maloko a mabedi a Juda le wa maloko a leshome a Iseraele. O ne a tla ba etsa “setjhaba se le seng” jwalo ka ha eka o etsa hore “dithupa” tse pedi “e be thupa e le nngwe” letsohong la hae. (Ezek. 37:15-23) Ka selemo sa 537, boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Modimo a kgutlisetsa Baiseraele Naheng e Tshepisitsweng e se e le setjhaba se le seng se momahaneng. c Empa ho momahana hoo e ne e mpa e le mohlala feela o bontshang hore ka moso batho ba Modimo lefatsheng lohle ba tla momahana ka ho sa feleng. Ka mora hore Jehova a tshepise hore o tla kopanya Baiseraele, o ile a bolella Ezekiele boprofeta bo bontshang hore na Morena ya tla busa ka moso o tla etsang e le hore barapedi ba nnete lefatsheng lohle ba momahane ho ya ho ile.

24. Jehova o hlalosa Mesia jwang, hona puso ya Mesia e tla ba jwang?

24 Boprofeta bo buang ka Mesia. (Bala Ezekiele 37:24-28.) Jehova o boetse o re Mesia ke “mohlanka wa ka Davida,” “modisa a le mong” le “kgosana” empa lekgetlong lena o eketsa ka ho re ke “morena.” (Ezek. 37:22) Puso ya hae e tla ba jwang? O tla busa ka ho sa feleng. Taba ya hore ebe ho sebedisitswe polelwana e reng “ka ho sa feleng” e a bontsha hore ditlhohonolofatso tse tla tliswa ke puso ya morena enwa di tla dula di le teng. d Mmusong wa hae batho ba tla momahana. Ka ha ba tla be ba buswa ke “morena a le mong,” ba tla mamela “melao” e tshwanang, hape “ba tla dula naheng” eo ba e filweng ha mmoho. O tla etsa hore batho bao a ba busang ba be le kgotso le Jehova. Jehova o tla etsa “selekane sa kgotso” le bona, e be Modimo wa bona mme bona e be setjhaba sa hae. Le tempele ya hae e tla ba “hara bona ka ho sa feleng.”

25. Boprofeta bo buang ka Mesia bo phethahala jwang?

25 Boprofeta boo bo phethahala jwang? Ka 1919, bahlanka ba Jehova bao e leng batlotsuwa ba ne ba momahane ba etellwa pele ke “modisa a le mong” e leng Mesia, Morena Jesu Kreste. Ha morao, “bongata bo boholo” e leng “batho ba ditjhaba tsohle, maloko ohle, merabe yohle le dipuo tsohle” ba ile ba momahana le Bakrestemmoho le bona ba batlotsuwa. (Tshen. 7:9) Kaofela ha bona ke “mohlape o le mong” o buswang ke “modisa a le mong.” (Joh. 10:16) Kaofela ha bona ba mamela ditaelo tsa Jehova ho sa tsotellehe hore na ba tlo phela ka ho sa feleng lehodimong kapa lefatsheng. Ntho eo e etsa hore kaofela ha bona ba momahane jwalo ka bana ba motho le hore ba be le setswalle se matla le Jehova. Jehova o ba hlohonolofaditse ka ho etsa hore ho be le kgotso, hape tempele ya hae e emelang borapedi ba nnete e hara bona. Jehova ke Modimo wa bona ebile ba motlotlo hore ebe ba a mo sebeletsa hona jwale le hore ebe ba tla mo sebeletsa ka ho sa feleng.

26. Re ka etsang hore re dule re momahane?

26 Boprofeta boo bo re rutang? Ke tlotla e kgolo hore ebe re le barapedi ba nnete lefatsheng lohle, re momahane ebile re rapela Jehova. Empa re na le boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore re dula re momahane. E leng hore e mong le e mong wa rona o lokela ho etsa boiteko e le hore kaofela ha rona re dule re dumela ntho e le nngwe le ho itshwara ka tsela e tshwanang. (1 Bakor. 1:10) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re fumana thuto e tshwanang e tswang ho Modimo, re mamela melao e tshwanang ya boitshwaro e hlahang ka Lentsweng la Modimo ebile re etsa mosebetsi wa ho bolella batho ka Mmuso wa Modimo le ho ba etsa barutuwa. Ntho e ka sehloohong e etsang hore re momahane ke lerato. Haeba re lwanela ho ba lerato le ho le bontsha ka ditsela tse ngata tse fapaneng tse kang ho utlwelana bohloko, ho ba mosa le ho tshwarelana, re tla dula re momahane. Bibele e re: “Lerato le etsa hore batho ba utlwane.”—Bakol. 3:12-14; 1 Bakor. 13:4-7.

Jehova o hlohonolofatsa barapedi ba hae lefatsheng lohle ba ratanang (Sheba serapa sa 26)

27. (a) O ikutlwa jwang ka boprofeta bo buang ka Mesia bo hlahang bukeng ya Ezekiele? (b) Re tlo ithutang dikgaolong tse latelang?

27 Ka nnete re leboha Jehova hore ebe o re file boprofeta bo buang ka Mesia bo hlahang bukeng ya Ezekiele. Ha re bala le ho nahanisisa ka boprofeta boo, re a ithuta hore Morena wa rona eo re mo ratang Jesu Kreste ke Morena eo re ka mo tshepang, o na le tokelo ya molao ya ho busa, o re disa ka lerato ebile o tla re thusa hore re dule re momahane ho ya ho ile. Ka nnete ke tlotla hore ebe re buswa ke Mesia. Re hopole hore boprofeta bona bo buang ka Mesia ke karolo ya molaetsa o moholo o hlahang bukeng ya Ezekiele o buang ka ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete. Jehova o sebedisa Jesu ho bokella batho ba hae le ho etsa hore ba tsosolose borapedi ba nnete. (Ezek. 20:41) Dikgaolong tse latelang tsa buka ena, re tlo hlahloba boprofeta bo monate ba ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete re be re bone hore na buka ya Ezekiele e bo manolla jwang.

a Baiseraele ba pele ba isitswe botlamuweng Babilona ka selemo sa 617 pele ho mehla ya Jesu. E leng hore selemo sa botshelela se qadile ka 612.

b Baholoholo ba Jesu ho tloha ho Davida ba thathamisitswe dikosepeleng.—Mat. 1:1-16; Luka 3:23-31.

c Kgaolo ya 12 ya buka ena e tla bua ka boprofeta ba Ezekiele ba dithupa tse pedi le hore na bo ile ba phethahala jwang.

d Ha buka e nngwe e hlalosa lentswe la Seheberu le bolelang “ka ho sa feleng” e re: “Lentswe lena le fana ka maikutlo a hore ntho e tla dula e le teng ho ya ho ile le hore e ke ke ya fela kapa ya senyeha.”