KGAOLO YA 15
Ho Lwanela Bolokolohi ba Borapedi
1, 2. (a) Bopaki ba hore o moahi wa Mmuso wa Modimo ke bofe? (b) Ke hobaneng ha ka dinako tse ding Dipaki Tsa Jehova di ile tsa nna tsa tlameha ho lwanela bolokolohi ba borapedi?
NA O moahi wa Mmuso wa Modimo? Ka sebele o yena, kaha o e mong wa Dipaki Tsa Jehova! Bopaki ba hore o moahi wa Mmuso ke bofe? O ke ke wa paka seo ka phasepoto kapa ka tokomane leha e le efe ya mmuso. Ho e na le hoo, o paka hore o moahi wa Mmuso ka tsela eo o rapelang Jehova Modimo ka yona. Borapedi ba nnete hase feela seo o se dumelang. Bo akaretsa seo o se etsang, hore na o mamela melao ya Mmuso wa Modimo kapa tjhe. Ho rona kaofela, borapedi ba rona bo ama karolo e nngwe le e nngwe ya bophelo ba rona, tsela eo re hodisang bana ba rona ka yona esita le tsela eo re sebetsanang le ditaba tsa phekolo ka yona.
2 Leha ho le jwalo, hase kamehla lefatshe leo re phelang ho lona le hlomphang taba ya hore re baahi ba Mmuso wa Modimo le hore re lokela ho latela melao ya wona. Mebuso e meng e ile ya nna ya leka ho re sitisa ho rapela Jehova kapa hona ho re thibela ka ho feletseng. Ka dinako tse ding balatedi ba Kreste ba ile ba nna ba tlameha ho lwana e le hore ba be le bolokolohi ba ho phela ka melao ya Mmuso wa Kreste. Na seo sea makatsa? Tjhe. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, hangata batho ba Jehova ba ne ba tlameha ho lwana e le hore ba be le bolokolohi ba ho mo rapela.
3. Mehleng ya Mofumahadi Esthere, batho ba Modimo ba ile ba tobana le bothata bofe?
3 Ka mohlala, matsatsing a Mofumahadi Esthere, batho ba Modimo ba ile ba tlameha ho lwanela ho dula ba phela. Hobaneng? Tonakgolo Hamane ya kgopo, o ile a etsa tlhahiso ho Morena Assueruse wa Persia hore Bajuda bohle ba dulang dibakeng tse buswang ke morena, ba bolawe ka lebaka la hore “melao ya bona e fapane le ya batho ba bang bohle.” (Esth. 3:8, 9, 13) Na Jehova o ile a lahla bahlanka ba hae? Tjhe, o ile a hlohonolofatsa Esthere le Mordekai ha ba ne ba ipiletsa ho morena wa Persia, hore batho ba Modimo ba se ke ba bolawa.—Esth. 9:20-22.
4. Re tla buisana kang kgaolong ye?
4 Ho etsahalang mehleng ya rona? Jwalokaha re bone kgaolong e fetileng, ka dinako tse ding mebuso e ile ya nna ya hanyetsa Dipaki Tsa Jehova. Kgaolong ena re tla buisana ka ditsela tse ding tseo mebuso e ileng ya nna ya leka ho re sitisa ho rapela Jehova ka tsona. Re tla hlahloba dikarolo tse tharo: (1) tokelo ya
ho ngodiswa ka molao re le mokgatlo le ya ho rapela kamoo re batlang, (2) bolokolohi ba ho kgetha phekolo e dumellanang le melaomotheo ya Bibele le (3) tokelo ya batswadi ya ho hodisa bana ba bona ho latela melao ya Jehova. Karolong ka nngwe re tla bona kamoo baahi ba tshepahalang ba Mmuso o laolwang ke Kreste ba ileng ba nna ba lwana ka sebete e le hore ba tswele pele ba phela jwaloka baahi ba Mmuso, le kamoo Modimo a ileng a ba hlohonolofatsa kateng.Ho Lwanela ho Dumellwa ka Molao le ho ba le Bolokolohi
5. Ho ngodiswa ka molao ho thusa Bakreste ba nnete jwang?
5 Na re hloka hore mebuso e re fe tumello ya hore re rapele Jehova? Tjhe, empa ha re ngodisitswe ka molao, seo se etsa hore ho be bonolo ho ntshetsa pele borapedi ba rona. Ka mohlala, ho kopanela ka bolokolohi Diholong Tsa Mmuso le Diholong Tsa Kopano, ho hatisa le ho tsamaisa dingolwa tsa Bibele le ho bolella baahisani ba rona ditaba tse molemo ka bolokolohi. Dinaheng tse ngata, Dipaki Tsa Jehova di ngodisitswe ka molao mme di na le bolokolohi ba borapedi boo madumedi a mang a nang le bona. Leha ho le jwalo, ho ile ha etsahalang ha mebuso e hana ho re ngodisa ka molao kapa e hana ho re fa bolokolohi?
6. Dipaki Tsa Jehova tsa Australia di ile tsa tobana le bothata bofe qalong ya bo 1940?
6 Australia. Qalong ya dilemo tsa bo 1940, mmusisi e moholo wa Australia o ile a re dithuto tsa rona di “leeme” mabapi le ntwa. Mosebetsi wa rona o ile wa thibelwa. Dipaki di ne di sa kgone ho ya dibokeng kapa hona ho bolela phatlalatsa, mahae a Bethele a ile a kwalwa mme Diholo Tsa Mmuso di ile tsa nkwa ka mahahapa. Esita le ho ba le dingolwa tse thehilweng Bibeleng feela e ne e le tlolo ya molao. Ka mora ho sebetsa ka sekgukgu ka dilemo tse seng kae, qetellong Dipaki tsa Australia di ile tsa lokoloha. Ka la 14 June, 1943, Lekgotla le Phahameng la Australia le ile la fedisa thibelo eo.
7, 8. Hlalosa kamoo barababo rona ba Russia ba ileng ba nna ba lwanela bolokolohi ba bodumedi kateng dilemong tse fetileng.
7 Russia. Ka dilemo tse mashome, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa thibelwa tlasa mmuso wa Makomonisi empa qetellong di ile tsa ngodiswa ka molao ka 1991. Ka mora hore dinaha tsa Soviet Union di arohane, re ile ra dumellwa ka molao Mmusong wa Russia, ka 1992. Empa ho e so ye kae, bahanyetsi ba bang, bao ka ho kgetheha e neng e le ditho tsa Kereke ya Orthodox ya Russia, ba ile ba teneha ha ba bona Dipaki di ntse di eketseha ka sekgahla. Bahanyetsi bao ba ile ba hlahlela dinyewe tsa tlolo ya molao tse hlano kgahlanong le Dipaki Tsa Jehova, pakeng tsa 1995 le 1998. Motjhotjhisi ha aa ka a fumana bopaki ba hore Dipaki di molato. Bahanyetsi bao ba manganga ba ile ba hlahlela nyewe e nngwe ka 1998. Qalong Dipaki di ile tsa hlola, empa bahanyetsi bao ba ile ba hana qeto ya lekgotla mme Dipaki di ile tsa hlolwa ha bahanyetsi bao ba ipiletsa ka May 2001. Ho ile ha e ba le nyewe e nngwe ka October selemong seo, e ileng ya etsa hore ka 2004 ho nkwe qeto ya ho fedisa mokgatlo o molaong wa Dipaki wa Moscow le ho thibela mosebetsi wa tsona.
8 Ho ile ha latela mahloriso. (Bala 2 Timothea 3:12.) Dipaki di ile tsa hlekefetswa le ho hlaselwa. Di ile tsa nkelwa dingolwa mme ka sehloho tsa thibelwa ho hira kapa ho haha dibaka tsa borapedi. O ka inahanela hore na bara le baradibabo rona ba ne ba ikutlwa jwang ha ba tobana le mathata ao! Ka 2001, Dipaki di ile tsa isa nyewe Lekgotleng la Europe la Ditokelo Tsa Botho (ECHR) mme ka 2004, di ile tsa fana ka boitsebiso bo eketsehileng Lekgotleng. Ka 2010 ECHR e ile ya diha kahlolo. Lekgotla le ile la hlokomela hore lebaka le neng le etsa hore Dipaki di thibelwe Russia, ke hore mmuso o ne o hloile bodumedi ba tsona, kahoo ha lea ka la dumellana le qeto ya makgotla a tlasana kaha ho ne ho se na bopaki ba hore Dipaki di molato. Ho feta moo, Lekgotla le ile la hlokomela hore thibelo eo e ne e etseditswe ho amoha Dipaki ditokelo tsa tsona. Kahlolo eo e ile ya etsa hore Dipaki di be le bolokolohi ba bodumedi. Le hoja mmuso wa Russia o sa ka wa sebetsa tumellanong le qeto ya ECHR ka ho feletseng, batho ba Modimo naheng eo ba kgothala haholo ha ba ntse ba hlola dinyewe tse jwalo.
9-11. Batho ba Jehova ba dulang Greece ba ile ba lwanela bolokolohi ba hore ba kopanele hammoho borapeding jwang, hona diphello e bile dife?
9 Greece. Ka 1983, Titos Manoussakis, o ile a hira phaposi motseng wa Heraklion, o sehlekehlekeng sa Kreta, e le hore sehlopha se senyenyane sa Dipaki Tsa Jehova se ka kopanela moo. (Baheb. 10:24, 25) Leha ho le jwalo, ho e so ye kae, moruti wa kereke ya Orthodox o ile a tletleba ho ba boholong mmusong, e le ha a tseka hore Dipaki di se ke tsa sebedisa phaposi eo. Hobaneng? Hobane feela dithuto tsa Dipaki di sa tshwane le tsa Kereke ya Orthodox! Ba boholong ba ile ba hlahlela nyewe kgahlanong le Titos Manoussakis le barababo rona ba bararo. Ba ile ba lefiswa tjhelete e itseng mme ba ahlolelwa dikgwedi tse pedi tjhankaneng. Jwaloka baahi ba Mmuso wa Modimo, Dipaki di ile tsa nka hore qeto ya lekgotla e ne e hataketse tokelo ya tsona ya bolokolohi ba bodumedi, kahoo di ile tsa isa nyewe makgotleng a naha mme qetellong nyewe e ile ya fihla ECHR.
10 Qetellong ka 1996, ECHR e ile ya diha kahlolo eo bahanyetsi ba borapedi bo hlwekileng ba neng ba sa e lebella. Lekgotla le ile la hlokomela hore “Dipaki Tsa Jehova di wela hara madumedi a dumeletsweng ka molao ho latela se ngotsweng molaong wa mmuso wa Greece” mme kahlolo ya makgotla a tlasana e ne e “amme ka ho toba bolokolohi ba bodumedi ba Dipaki.” Ho feta moo, Lekgotla le ile la fumana hore mmuso wa Greece ha o a lokela ho “bolela hore dithuto kapa ditsela tse sebediswang ho phatlalatsa dithuto tse jwalo di molaong kapa tjhe.” Dikahlolo tse kgahlanong le Dipaki di ile tsa hlakolwa mme Dipaki di ile tsa fumana bolokolohi ba borapedi!
11 Na tlholo eo e ile ya etsa hore maemo a loke Greece? Ka maswabi, ha ho a ka ha e ba jwalo. Ka 2012, ka mora ho hlola nyewe e ileng ya nka dilemo tse ka bang 12, ho ile ha e ba le nyewe e tshwanang motseng wa Kassandreia, Greece. Nyewe eo e ile ya fehlwa ke mobishopo wa kereke ya Orthodox. Lekgotla la Naha, e leng lekgotla le ka hodimodimo la Greece, le ile la diha
kahlolo e emelang batho ba Modimo. Lekgotla le ile la bua ka molaomotheo wa Greece o dumellang hore batho ba be le bolokolohi ba bodumedi mme la hanyetsa qoso e neng e phetaphetwa ya hore Dipaki Tsa Jehova hase bodumedi bo molaong. Lekgotla le ile la re: “ Dithuto tsa ‘Dipaki Tsa Jehova’ hase patuwe mme bodumedi ba tsona bo molaong.” Ditho tsa phutheho ya Kassandreia di ile tsa thaba hobane jwale di ne di tla kgona ho kopanela dibokeng Holong ya Mmuso.12, 13. Bahanyetsi ba ile ba leka jwang ho “rera kgathatso ka molaotaelo” naheng ya Fora, hona phello e bile efe?
12 Fora. Bahanyetsi ba bang ba batho ba Modimo ba ile ba nna ba sebedisa leqheka la ho “rera kgathatso ka molaotaelo.” (Bala Pesaleme ya 94:20.) Ka mohlala bohareng ba dilemo tsa bo 1990, balaodi ba lekgetho Fora, ba ile ba qala ho etsa tlhahlobo ya dibuka tsa kgwebo tsa Association Les Témoins de Jéhovah (ATJ), e leng o mong wa mekgatlo ya molao ya Dipaki Tsa Jehova, Fora. Letona la tsa ditjhelete le ile la bolela morero wa tlhahlobo eo, la re: “Tlhahlobo ena e ka lebisa hore Dipaki di qosetswe tlolo ya molao kapa mehaho ya tsona e rekiswe . . . , e leng se neng se tla etsa hore mokgatlo ona o se ke wa tswela pele o sebetsa naheng ya rona.” Le hoja Dipaki di sa ka tsa fumanwa di le molato, balaodi ba lekgetho ba ile ba lefisa ATJ lekgetho le phahameng haholo. Haeba leqheka leo le ne le ka atleha, barababo rona ba ne ba tla tlameha ho kwala ofisi ya lekala le ho rekisa mehaho e le hore ba lefe lekgetho leo le phahameng. Seo se ile sa thefula barababo rona haholo empa batho ba Modimo ha ba a ka ba tela. Dipaki di ile tsa lwana ya kgumamela ho hanyetsa seo mme qetellong nyewe eo e ile ya iswa ECHR ka 2005.
13 Lekgotla le ile la diha kahlolo ka la 30 June, 2011. Le ile la bontsha hore ka lebaka la hore batho ba na le bolokolohi ba bodumedi, Mmuso ha o a lokela ho hlahloba hore bodumedi bo itseng kapa tsela eo bodumedi boo bo etsang dintho ka yona e molaong kapa tjhe, ntle le maemong a feteletseng. Ho feta moo, Lekgotla le ile la re: “Ho lefisa hoo ha lekgetho . . . ho ne ho ka etsa hore thepa ya mokgatlo e kgaotse ho sebetsa mme seo se ne se ka thibela basebetsi ba mokgatlo hore ba be le bolokolohi ba ho kopanela borapeding ba bona.” Lekgotla le ile la diha kahlolo e emelang Dipaki Tsa Jehova. Batho ba Jehova ba ile ba thaba ha qetellong mmuso wa Fora o kgutlisa lekgetho leo o le lefisitseng ATJ le e na le phaello ya lona mme tumellanong le taelo ya Lekgotla, mmuso o ile wa kgutlisetsa mehaho ya lekala ho Dipaki.
O ka rapella bara le baradibabo rona bao hona jwale ba utlwiswang bohloko ke ho kgethollwa ke makgotla a dinaha tsa habo bona
14. Keng seo o ka se etsang ho thusa barababo rona ho lwanela bolokolohi ba borapedi?
14 Jwaloka Esthere le Mordekai ba mehleng ya kgale, kajeno batho ba Jehova ba lwanela hore ba lokolohe ho rapela Jehova ka tsela eo a e laetseng. (Esth. 4:13-16) Na ho na le seo o ka se etsang? E. O ka rapella bara le baradibabo rona bao hona jwale ba utlwiswang bohloko ke ho kgethollwa ho etswang ke makgotla a dinaha tsa habo bona. Dithapelo tseo e ka ba thuso e matla ho bara le baradibabo rona ba tobaneng le mathata le mahloriso. (Bala Jakobo 5:16.) Na Jehova o tla araba dithapelo tseo? Taba ya hore re ntse re hlola dinyewe e bontsha hore ka sebele o a di araba.—Baheb. 13:18, 19.
Bolokolohi ba ho Kgetha Phekolo e Dumellanang le Seo re se Dumelang
15. Batho ba Modimo ba lokela ho nahana ka dintlha dife mabapi le ho sebedisa madi?
15 Jwalokaha re hlokometse Kgaolong ya 11, baahi ba Mmuso wa Modimo ba fumane tataiso e hlakileng ya Mangolo ya ho qoba ho tshela madi, e leng se atileng kajeno. (Gen. 9:5, 6; Lev. 17:11; bala Liketso 15:28, 29.) Le hoja re sa amohele tshelo ya madi, re batla phekolo e molemo ka ho fetisisa, bakeng sa rona le batho bao re ba ratang, hafeela phekolo eo e se kgahlanong le melao ya Modimo. Dinaheng tse ngata, makgotla a phahameng a hlokometse hore batho ba na le tokelo ya ho kgetha kapa ho hana phekolo e itseng ho latela letswalo la bona le bodumedi ba bona. Leha ho le jwalo, dinaheng tse ding batho ba Modimo ba ile ba nna ba e ba le mathata a maholo tabeng ena. Hlokomela mehlala e latelang.
16, 17. Keng seo dingaka di ileng tsa se etsa se ileng sa tshosa moradiwabo rona ya dulang Japane, hona Jehova o ile a araba dithapelo tsa hae jwang?
16 Japane. Misae Takeda, mme ya dilemo di 63, ya dulang Japane, o ne a lokela ho etswa opereishene e kgolo. Kaha ke moahi ya tshepahalang wa Mmuso wa Modimo, o ile a bolella dingaka ka ho hlaka hore ha a batle ho tshelwa madi. Leha ho le jwalo, dikgwedi hamorao, o ile a tshoha ha a bolellwa hore dingaka di ile tsa mo tshela madi nakong ya opereishene. Moradiwabo rona Takeda o ile a utlwa ditokelo tsa hae di hataketswe a bile a thetsitswe mme ka June 1993, o ile a bula nyewe kgahlanong le dingaka le sepetlele seo. Mme enwa, ya neng a le bonolo a bile a ikokobeditse o ne a e na le tumelo e matla. Ka sebete, o ile a fana ka bopaki lekgotleng, a eme lebokoseng la bopaki ka nako e fetang hora le hoja a ne a kula. Kgwedi pele a hlokahala, o ile a hlaha ka pela lekgotla ka lekgetlo la ho qetela. Na ha re tsote kamoo a ileng a bontsha sebete le tumelo kateng? Moradiwabo rona Takeda o re o ne a dula a rapela Jehova hore a mo hlohonolofatse ntweng ena. O ne a kgodisehile hore Jehova o tla araba dithapelo tsa hae. Na o ile a di araba?
17 Dilemo tse tharo ka mora hore Moradiwabo rona Takeda a hlokahale, Lekgotla le Phahameng la Japane le ile la diha kahlolo e mo emelang, la dumela hore ho ne ho fosahetse hore dingaka di mo tshele madi le hoja moradiwabo rona a ile a bolela ka ho toba hore a se ke a tshelwa madi. Ka la 29 February, 2000, qeto ya lekgotla e ile ya bontsha hore maemong a jwalo “tokelo ya motho ya ho etsa qeto e lokela ho hlomphuwa.” Ka lebaka la hore Moradiwabo rona Takeda o ile a ikemisetsa ho lwanela bolokolohi ba ho kgetha phekolo e dumellanang le letswalo le kwetlisitsweng ke Bibele, kajeno Dipaki tsa Japane di amohela phekolo ntle le ho tshoha hore di tla qobellwa ho tshela madi.
18-20. (a) Lekgotla la maipiletso la Argentina le ile la tshehetsa jwang tokelo ya hore motho a ka hana tshelo ya madi a sebedisa karete ya medical directive? (b) Re ka bontsha jwang hore re ikokobelletsa bobusi ba Kreste ka ho hana ho sebedisa madi hampe?
18 Argentina. Baahi ba Mmuso ba ka lokisetsa jwang haeba ba tlameha ho etsa qeto mabapi le phekolo e itseng empa ba sa
kgone ho ipuella? Re ka dula re tshwere karete ya molao e tla re buella. Ke seo Pablo Albarracini a ileng a se etsa. Ka May 2012, o ile a tshwarwa poho mme a thunngwa ka makgetlokgetlo. O ile a kena sepetlele a sa kgone ho bua kahoo o ne a sa kgone ho hlalosa boemo ba hae mabapi le tshelo ya madi. Leha ho le jwalo, o ne a tshwere karete e hlalosang hore na o tla amohela phekolo ya mofuta ofe, eo a ileng a e saena dilemo tse nne pele ho moo. Le hoja boemo ba hae bo ne bo le kotsi mme dingaka tse ding di ne di batla ho mo tshela madi e le hore a se ke a shwa, di ile tsa hlompha maikutlo a hae. Leha ho le jwalo, ntate wa Pablo, eo e neng e se Paki, o ile a batla taelo ya lekgotla hore a fetole seo mora wa hae a se batlang.19 Hanghang mmuelli ya neng a emela mosadi wa Pablo o ile a ipiletsa lekgotleng. Ka mora dihora tse seng kae, lekgotla la maipiletso le ile la hanyetsa qeto ya lekgotla le tlasana mme la diha kahlolo ya hore maikutlo a mokudi, jwalokaha a hlalositswe kareteng e hlalosang hore na o batla phekolo ya mofuta ofe, a lokela ho hlomphuwa. Ntate wa Pablo o ile a ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la Argentina. Leha ho le jwalo, Lekgotla le Phahameng ha le a ka la fumana “lebaka la ho belaela hore [karete ya Pablo e hlalosang hore ha a batle tshelo ya madi] e ngotswe a hlaphohetswe kelellong, ka morero a bile a sa hatellwe.” Lekgotla le ile la re: “Motho e mong le e mong ya hodileng ya nang le bokgoni ba ho hlalosa esale pele hore na o batla phekolo ya mofuta ofe a ka amohela kapa a hana phekolo e itseng ya meriana . . . Ngaka e phekolang mokudi e lokela ho amohela seo karete ya mokudi e se bolelang.”
20 Morabo rona Albarracini o ile a fola. Yena le mosadi wa hae ba ile ba thaba haholo hore ebe o ile a tlatsa karete ya hae ya medical directive. Ka ho nka mohato ona o bonolo empa e le wa bohlokwa, o ile a bontsha hore o ikokobelletsa bobusi ba Kreste. Na wena le ba lelapa la hao le se le tlatsitse dikarete tsa lona?
21-24. (a) Ho tlile jwang hore Lekgotla le Phahameng la Canada le etse qeto ya bohlokwa mabapi le bana le ho sebedisa madi? (b) Nyewe ye e ka kgothatsa batjha ba sebeletsang Jehova jwang?
21 Canada. Ka kakaretso, makgotla aa hlokomela hore batswadi ba na le tokelo ya ho etsa qeto ya hore ke phekolo efe e molemo bakeng sa bana ba bona. Ka dinako tse ding, makgotla a ile a tshehetsa taba ya hore diqeto tsa bana ba hodileng di lokela ho hlomphuwa ditabeng tsa phekolo. Ke se ileng sa etsahalla April Cadoreth. Ha a le dilemo di 14, April o ile a kena sepetlele kaha madi a hae a ne a tswela ka hare. Dikgwedi tse mmalwa pejana, o ile a tlatsa karete ya Advance Medical Directive e nang le ditaelo tsa hore ha a batle ho tshelwa madi esita le boemong ba tshohanyetso. Ngaka e neng e mo sebetsa e ile ya iphapanyetsa qeto ya April mme e ile ya batla taelo ya lekgotla hore e mo tshele madi. O ile a tshelwa dipaente tse tharo tsa disele tse kgubedu ka nkane. April o re ho ne ho tshwana leha a betilwe.
22 April le batswadi ba hae ba ile ba ya makgotleng e le hore ba fumane toka. Ka mora dilemo tse pedi, nyewe e ile ya fihla Lekgotleng le Phahameng la Canada. Le hoja April a ile a hlolwa
ke nyewe, Lekgotla le ile la mo kgutlisetsa tjhelete eo a e sebedisitseng nyeweng eo mme la diha kahlolo e emelang April le bana ba bang ba hodileng ba batlang tokelo ya ho iketsetsa qeto mabapi le phekolo. Lekgotla le ile la re: “Tabeng ya phekolo, batjha ba ka tlase ho dilemo di 16 ba lokela ho dumellwa ho ntsha maikutlo a bona ka phekolo e itseng mme seo se bontsha hore batjha ba na le bolokolohi ba ho inahanela ebile ba hodile ka ho lekaneng.”23 Nyewe ena e ne e le ya bohlokwa hobane Lekgotla le Phahameng le ile la phatlalatsa hore ho latela molaomotheo, bana ba hodileng ba na le ditokelo. Pele ho qeto eo ya lekgotla, lekgotla la Canada le ne le ka dumella hore ngwana ya dilemo tse ka tlase ho 16 a fuwe phekolo e itseng, hafeela lekgotla le ne le nka hore phekolo eo e tla mo tswela molemo. Empa ka mora qeto ena, lekgotla le ke ke la fana ka phekolo leha e le efe ho bana ba dilemo tse ka tlase ho 16 pele le ba fa monyetla wa ho bontsha hore ba hodile ka ho lekaneng ho iketsetsa diqeto.
“Ho tseba hore ke ile ka ba le karolo e nyenyane ho tlotliseng lebitso la Modimo le ho paka hore Satane o leshano ho nthabisa e le kannete”
24 Na ho ne ho hlokahala hore ho lwanwe nyewe eo e ileng ya nka dilemo tse tharo? Ho ya ka April, ho ne ho hlokahala. Mat. 21:16.
Hona jwale ke pulamadiboho ya phetseng hantle mme o re: “Ho tseba hore ke ile ka ba le karolo e nyenyane ho tlotliseng lebitso la Modimo le ho paka hore Satane o leshano ho nthabisa e le kannete.” Phihlelo ya April, e bontsha hore batjha ba rona ba ka kgona ho ba sebete mme ha ba etsa jwalo ba paka hore ke baahi ba sebele ba Mmuso wa Modimo.—Bolokolohi ba ho Hodisa Bana ho Latela Melao ya Jehova
25, 26. Ke boemo bofe bo ka hlahang ha batswadi ba hlalana?
25 Jehova o file batswadi boikarabelo ba ho hodisa bana ba bona ho latela melao ya hae. (Deut. 6:6-8; Baef. 6:4) Mosebetsi oo o boima, empa o ka ba boima le ho feta ha batswadi ba hlalana. Batswadi ba ka ba le maikutlo a fapaneng haholo tabeng ya hore bana ba lokela ho hodiswa jwang. Ka mohlala, motswadi wa Paki a ka nna a ba le maikutlo a hore ngwana o lokela ho hodiswa ho latela melao ya Bokreste, ha motswadi eo eseng Paki a ka nna a se ke a dumellana le seo. Ke nnete hore motswadi wa Paki o lokela ho hlompha taba ya hore le hoja a hlalane le molekane wa hae, bana ba lokela ho dula ba e na le kamano le motswadi wa bona.
26 Motswadi eo e seng Paki a ka nna a ipiletsa lekgotleng e le hore a fumane tokelo ya molao ya ho hodisa ngwana kapa bana mme a etse qeto ya hore na bana ba holela bodumeding bofe. Ba bang ba dumela hore ho hodisa ngwana jwaloka Paki ya Jehova ho kotsi. Ba ka nna ba bolela hore bana ba tla hanelwa ho keteka matsatsi a tswalo, matsatsi a phomolo hape maemong a tshohanyetso bana ba ke ke ba fumana ntho e ka “pholosang bophelo” ba bona, e leng tshelo ya madi. Se thabisang ke hore makgotla a mangata a hlahloba se molemong wa ngwana ho e na le ho ahlola hore na bodumedi ba motswadi e mong bo kotsi kapa tjhe. A re ke re hlahlobe mehlala e meng.
27, 28. Lekgotla le Phahameng la Ohio le ile la arabela jwang qosong ya hore ho hodisa ngwana jwaloka Paki ya Jehova ho kotsi?
27 United States. Ka 1992, Lekgotla le Phahameng la Ohio le ile la hlahloba nyewe eo ho yona ntate eo e neng e se Paki a neng a bolela hore ho ka ba kotsi hore ngwana hae wa moshanyana a hodiswe jwaloka e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Lekgotla le tlasana le ile la mo fa tokelo ya hore a hodise ngwana hae. Mme wa ngwana, e leng Jennifer Pater, o ne a dumeletswe ho etela ngwana hae ka dinako tse itseng, empa o ne a laetswe hore a se ke a “ruta kapa ho bua le ngwana ka dithuto tsa Dipaki Tsa Jehova ka mokgwa leha e le ofe.” Taelo ena ya lekgotla le tlasana e ne e pharalletse hoo e neng e bolela hore Moradiwabo rona Pater o ne a sa lokela le hore a bue le mora hae Bobby ka Bibele kapa melao ya boitshwaro e tswang ka Bibeleng! O ka inahanela feela hore na o ne a ikutlwa jwang! Jennifer o ne a sithabetse, empa o re o ile a ithuta hore a be le mamello mme a letele Jehova hore A nke kgato. O re, “Ha ho mohla Jehova a ileng a ntlohela.” Mmuelli wa hae, ya neng a thuswa ke mokgatlo wa Jehova, o ile a ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la Ohio.
28 Lekgotla le ile la hanyetsa qeto ya lekgotla le tlasana mme la re “batswadi ba na le tokelo ya ho ruta bana ba bona, ho akaretsa le tokelo ya ho bua le bana ba bona ka melao ya boitshwaro le ya bodumedi.” Lekgotla le ile la bolela hore ntle leha ho ka bontshwa hore melao ya bodumedi e rutwang ke Dipaki Tsa Jehova e ka ntsha ngwana kotsi mmeleng le kelellong, lekgotla le tlasana ha le na tokelo ya ho thibela motswadi hore a hodise ngwana hae hobane feela a le bodumeding bo itseng. Lekgotla ha le a ka la fumana bopaki ba hore dithuto tsa Dipaki di ka ntsha ngwana kotsi kelellong kapa mmeleng.
29-31. Ke hobaneng ha moradiwabo rona ya dulang Denmark a ile a hanelwa ho hodisa ngwana hae, hona Lekgotla le Phahameng la Denmark le ile la fihlela qeto efe?
29 Denmark. Anita Hansen o ile a tobana le bothata bo tshwanang, ha monna eo a hlalaneng le yena a ipiletsa lekgotleng, hore a fuwe tumello ya ho hodisa Amanda ya dilemo di supileng. Le hoja lekgotla la motse le ile la dumella Moradiwabo rona Hansen hore a hodise ngwana hae ka selemo sa 2000, ntate wa Amanda o ile a ipiletsa lekgotleng le phahameng, le ileng la hanyetsa qeto ya lekgotla la motse mme la mo dumella hore a nke ngwana. Lekgotla le phahameng le ile la bolela hore kaha batswadi ha ba latele dithuto tse tshwanang tsa bodumedi, ho molemo hore ntate ebe yena ya etsang qeto ya hore na bana ba hodisetswa bodumeding bofe. Se ileng sa etsa hore Moradiwabo rona Hansen a hanelwe ho hodisa Amanda, ke hore ke e mong wa Dipaki Tsa Jehova!
Baroma 8:26 le 27 ho ne ho ntshedisa haholo. Kamehla ke ne ke ikutlwa eka Jehova o utlwisisa seo ke se buang. Leihlo la hae le ne le le hodima ka mme ha ho mohla a kileng a ntahla.”—Bala Pesaleme ya 32:8; Esaia 41:10.
30 Ha a ntse a le boemong bona, Moradiwabo rona Hansen o ne a tsieleha hoo a neng a sa tsebe hore na ha a rapela a reng. Empa o re: “Ho nahana ka mantswe a ho31 Moradiwabo rona Hansen o ile a ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la Denmark. Ha Lekgotla le diha kahlolo le ile la re: “Taba ya hore na ke mang ya lokelang ho hodisa ngwana e lokela ho etswa ho itshetlehilwe ka hore na se molemo bakeng sa ngwana ke sefe.” Ho feta moo, Lekgotla le ile la bolela hore qeto ya hore na ke mang ya hodisang ngwana e lokela ho itshetleha ka tsela eo motswadi ka mong a hodisang ngwana ka yona, eseng motheong wa “dithuto kapa boemo” ba Dipaki Tsa Jehova. Moradiwabo rona Hansen o ile a thaba ha Lekgotla le hlokomela hore o a tshwaneleha ho hodisa ngwana hae, yaba o dumellwa hore e be yena ya hodisang Amanda.
32. Lekgotla la Europe la Ditokelo Tsa Botho le ile la sireletsa batswadi ba Dipaki kgahlanong le kgethollo jwang?
32 Dinaha tse ding tsa Europe. Maemong a mang, dinyewe tse ding tse amanang le ho hodisa bana ha dia ka tsa fella feela makgotleng a ka hodimodimo a naha. Lekgotla la Europe la Ditokelo Tsa Botho (ECHR) le lona le ile la hlahloba dinyewe tseo. Dinyeweng tse pedi, ECHR e ile ya hlokomela hore makgotla a naha a tlasana a sebedisane le batswadi ba Dipaki le bao e seng Dipaki ka tsela e fapaneng hobane feela ba e na le bodumedi bo sa tshwaneng. ECHR e ile ya bitsa ketso e jwalo kgethollo mme ya diha kahlolo ya hore “hase ntho e amohelehang hore motho a tshwarwe ka tsela e fapaneng hobane feela a e na le bodumedi bo sa tshwaneng le ba ba bang.” Mme e mong wa Paki ya ileng a rua molemo qetong ena ya ECHR, o ile a bolela kamoo a ileng a imoloha kateng mme a re, “ke ile ka utlwa bohloko haholo ha ke ne ke qoswa ka hore ke ntsha bana ba ka kotsi, ha ke ne ke leka feela ho ba hodisa ka tsela ya Bokreste, e leng ntho eo ke neng ke nahana hore e molemong wa bona.”
33. Motswadi wa Paki a ka sebedisa molaomotheo o ho Bafilipi 4:5 jwang?
33 Ke nnete hore batswadi ba Dipaki ba lwanelang ho ruta bana ba bona melao ya Bibele ba leka kahohle ho bontsha moya wa ho nahanela. (Bala Bafilipi 4:5.) Jwalokaha ba thabela tokelo ya ho hodisa bana ba bona ka tsela ya Modimo, ba a hlokomela hore haeba motswadi eo eseng Paki a batla, ka bobedi ba ka jarisana boikarabelo ba ho hlokomela bana ba bona. Motswadi wa Paki o nka boikarabelo ba ho kwetlisa ngwana hae ka botebo hakae?
34. Mohlala wa Bajuda ba mehleng ya Nehemia o ka thusa batswadi ba Bakreste jwang kajeno?
34 Ho na le seo re ka ithutang sona mohlaleng wa mehleng ya Nehemia. Bajuda ba ne ba sebetsa ka thata ho lokisa le ho tsosolosa marako a Jerusalema. Ba ne ba tseba hore ha ba etsa jwalo ba ne ba tla itshireletsa le ba malapa a bona direng tsa bona. Ka lebaka leo, Nehemia o ile a ba phehella a re: “Le lwanele barababo lona, bara ba lona le baradi ba lona, basadi ba lona Neh. 4:14) Bajuda bao ba ile ba lwana ya kgumamela. Ka ho tshwanang, kajeno batswadi ba Dipaki Tsa Jehova ba sebetsa ka thata ho hodisetsa bana ba bona tseleng ya nnete. Ba a tseba hore bana ba bang ba sekolong le moo ba dulang teng ba kgothalletsa bana ba bona ho etsa dintho tse mpe. Metjha ya phatlalatso e fumanwang ka lapeng le yona e kgothalletsa bana hore ba etse dintho tse mpe. Batswadi, le lokela ho dula le lwana ya kgumamela ho sireletsa bana ba lona ka ho etsa hore ba phele lapeng le sireletsehileng le leo kamano ya bona le Modimo e tla hola ho lona.
le malapa a lona.” (Kgodiseha Hore Jehova o Tla Tshehetsa Borapedi ba Nnete
35, 36. Dipaki Tsa Jehova di fumane melemo efe ka lebaka la ho lwanela ditokelo tsa rona, hona o ikemiseditse ho etsang?
35 Ka sebele, Jehova o ile a nna a hlohonolofatsa boiteko boo mokgatlo wa hae o bo etsang ba ho lwanela bolokolohi ba borapedi mehleng ena. Ka ho lwana dinyewe tseo, hangata batho ba Modimo ba ile ba nna ba fana ka bopaki bo matla makgotleng le lefatsheng lohle. (Bar. 1:8) Molemo o mong o fumanweng ha re ntse re hlola dinyewe tsena ke hore ditokelo tsa batho ba bangata bao e seng Dipaki di ile tsa hlomphuwa. Leha ho le jwalo, kaha re batho ba Modimo ha re batle ho fetola melao ya setjhaba, kapa hona ho ipatlela thoriso. Ka hodima tsohle, Dipaki Tsa Jehova di lwanetse ditokelo tsa tsona makgotleng e le hore di thehe le ho ntshetsa pele borapedi bo hlwekileng.—Bala Bafilipi 1:7.
36 E se eka le ka mohla re ke ke ra kgella fatshe seo re ithutang sona ho batho ba nang le tumelo, ba lwanetseng bolokolohi ba ho rapela Jehova! A re duleng re tshepahala, re kgodisehile hore Jehova o tshehetsa mosebetsi wa rona mme o tswela pele ho re fa matla e le hore re etse thato ya hae.—Esa. 54:17.