KGAOLO YA 6
Baboledi —Basebetsi ba Itlhahisa ka ho Rata
1, 2. Ke mosebetsi ofe oo Jesu a ileng a profeta hore o tla etswa, hona ho hlaha potso efe ya bohlokwa?
HANGATA boradipolotiki ba etsa ditshepiso tseo ba hlolehang ho di phetha. Esita le ba nang le sepheo se setle ha ba kgone ho phethahatsa ditshepiso tsa bona. Ho fapana le boradipolotiki bao, se thabisang ke hore kamehla Morena wa Mmuso wa Modimo, Jesu Kreste o phethahatsa seo a se tshepisang.
2 Ka mora ho ba Morena ka 1914, Jesu o ne a se a phethahaditse seo a ileng a se profeta dilemo tse 1 900 pele ho moo. Nakwana pele a shwa, Jesu o ile a re: “Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.” (Mat. 24:14) Ho phethahala ha mantswe ao e ne e tla ba pontsho ya ho busa ha hae. Empa, potso ya bohlokwa ke ena: Morena o ne a tla hlophisa lebotho la baboledi ba tla itlhahisa ka ho rata jwang matsatsing a ho qetela, eleng nako eo batho e neng e tla ba baithati, ba se nang lerato, le ba sa batleng bodumedi? (Mat. 24:12; 2 Tim. 3:1-5) Re hloka ho tseba karabo ya potso ena kaha e ama Bakreste bohle ba nnete.
3. Jesu o ne a kgodisehile ka eng, hona ke eng se neng se etsa hore a kgodisehe jwalo?
3 Ako boele o hlahlobe seo Jesu a ileng a se profeta. Na mantswe a reng “di tla bolelwa” a bontsha hore o ne a kgodisehile? Ka sebele a bontsha seo! Jesu o ne a kgodisehile hore o tla ba le batho ba mo tshehetsang matsatsing a ho qetela. Keng se neng se etsa hore a kgodisehe jwalo? O ne a ithutile ho Ntate wa hae. (Joh. 12:45; 14:9) Pele a phela lefatsheng e le motho, Jesu o ile a hlokomela hore Jehova o tshepa barapedi ba Hae ba mo sebeletsang ka ho rata. A re ke re bone kamoo Jehova a ileng a bontsha kateng hore o a ba tshepa.
“Batho ba Hao ba Tla Itlhahisa ka ho Rata”
4. Jehova o ile a kopa Baiseraele hore ba tshehetse mosebetsi ofe, hona ba ile ba etsang?
4 Hopola se ileng sa etsahala ha Jehova a laela Moshe hore a hahe tabernakele kapa tente, e leng moo setjhaba sa Iseraele se neng se tla ya teng ho rapela Jehova. Jehova o ile a laela Moshe hore a kope setjhaba ho tshehetsa mosebetsi oo. Moshe o ile a re ho bona: “E mong le e mong ya nang le pelo e ratang a ke a o tlise e le monehelo wa Jehova.” Phello e ile ya ba efe? Batho ‘ba nna ba tlisa nyehelo ya boithaopo hoseng ho hong le ho hong.’ Ba ile ba tlisa dintho tse ngata hoo ‘setjhaba se ileng Ex. 35:5; 36:3, 6) Baiseraele ba ile ba bontsha Jehova hore o ne a sa etsa phoso ka hore a ba tshepe.
sa thibelwa ho tlisa tse ding.’ (5, 6. Ho latela Pesaleme ya 110:1-3, Jehova le Jesu ba ne ba lebeletse hore barapedi ba nnete ba bontshe moya ofe matsatsing a bofelo?
5 Na Jehova o ne a lebeletse hore barapedi ba hae ba tla bontsha moya o jwalo wa boithaopo matsatsing a ho qetela? E! Dilemo tse fetang sekete pele Jesu a tswalwa lefatsheng, Jehova o ile a budulela Davida hore a ngole ka nako eo Mesia a neng a tla busa ka yona. (Bala Pesaleme ya 110:1-3.) Ka mora hore Jesu a hlomamiswe e le Morena, o ne a tla ba le dira tse mo hanyetsang. Leha ho le jwalo, o ne a tla ba le lebotho la batho ba mo tshehetsang. Ba ne ba ke ke ba qobellwa hore ba sebeletse Morena. Esita le batjha ba hara bona ba ne ba tla ithaopa ka bongata hoo ka nepo ba neng ba tla tshwantshwa le marothodi a phoka hoseng. *
6 Jesu o ne a tseba hore boprofeta bo ho Pesaleme ya 110 bo ne bo bua ka yena. (Mat. 22:42-45) Ke kahoo a neng a e na le lebaka la ho tshepa hore balatedi ba hae ba tshepahalang ba tla inehela ka ho rata mosebetsing wa ho bolela ditaba tse molemo lefatsheng lohle. Dintho tse ileng tsa etsahala di bontsha eng? Na ka sebele Morena o ile a hlophisa lebotho la baboledi ba itlhahisang ka ho rata matsatsing aa a ho qetela?
“Tokelo ya ka le Boikarabelo ba ka ke ho Phatlalatsa Molaetsa Oo”
7. Ka mora hore Jesu a hlomamiswe e le Morena, o ile a nka mehato efe ho lokisetsa balatedi ba hae hore ba etse mosebetsi o moholo?
7 Nakwana ka mora hore Jesu a hlomamiswe e le Morena, o ile a nka mehato ya ho lokisetsa balatedi ba hae hore ba etse mosebetsi ona o moholo. Jwalokaha re bone Kgaolong ya 2, o ile a etsa mosebetsi wa ho hlahloba le ho hlwekisa, ho tloha ka 1914 ho ya qalong ya 1919. (Mal. 3:1-4) Yaba ka 1919, o kgetha lekgoba le tshepahalang hore le etelle balatedi ba hae pele. (Mat. 24:45) Ho tloha ka nako eo ho ya pele, lekgoba le ile la aba dijo tsa moya e leng dipuo tsa kopano le dingolwa tse hatisitsweng, tse neng di hatisa ka ho phetapheta bohlokwa ba hore Bakreste bohle ba etse mosebetsi wa boboledi.
8-10. Dikopano di ile tsa eketsa ho etswa ha mosebetsi wa boboledi jwang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “ Dikopano Tse Ileng Tsa Eketsa ho Etswa ha Mosebetsi wa Boboledi.”)
8 Dipuo tsa kopano. Kaha ba ne ba labalabela ho fumana tataiso, Baithuti ba Bibele ba ile ba ya kopanong ya bona ya pele ka mora Ntwa ya Pele ya Lefatshe, e neng e tshwaretswe Cedar Point, Ohio, U.S.A., ho tloha ka la 1 ho ya ho la 8 September, 1919. Ka letsatsi la bobedi, Morabo rona Rutherford o ile a fana ka puo mme o ile bolella ba neng ba tlile kopanong ka ho toba a re: “Mosebetsi wa Mokreste lefatsheng . . . ke ho phatlalatsa molaetsa wa mmuso wa Morena.”
9 Kopano eo e ile ya fihla sehlohlolong matsatsi a mararo hamorao ha Morabo rona Rutherford a fana ka puo e reng “Puo ho Basebetsimmoho” e ileng ya hatiswa makasineng ya The Watch Tower tlasa sehlooho se reng “Ho Phatlalatsa Mmuso.” O ile a re: “Mokreste o ye a ipotse moo a leng mong, Ke phelelang? Karabo ya hae e lokela ho ba ho re, ka mohau Morena o nkgethetse hore ke be moemedi wa hae, ke phatlalatse molaetsa wa Modimo wa hore lefatshe le boelane le yena mme tokelo ya ka le boikarabelo ba ka ke ho phatlalatsa molaetsa oo.”
10 Ha a beha puo eo e ke keng ya lebalwa, Morabo rona Rutherford o ile a phatlalatsa hore ho tla ba le makasine e ntjha e leng, The Golden Age ( eo hona jwale e bitswang Tsoha!) mme e ne e tla hatiswa e le hore e rute batho hore Mmuso ke wona feela tshepo ya batho. O ile a botsa hore na ke ba bakae ho ba neng ba tlile kopanong ba neng ba batla ho etsa mosebetsi wa ho aba makasine eo. Tlaleho ya kopano eo e re: “Batho bohle ba 6 000 ba neng ba tlile kopanong ba ile ba ema mme ho ne ho hlolla ho bona sena.” * Ho ile ha hlaka hore Morena o na le batshehetsi ba neng ba labalabela ho phatlalatsa Mmuso wa hae!
11, 12. Makasine ya The Watch Tower ya 1920 e ile ya re mosebetsi oo Jesu a ileng a bolela hore o ne o tla etswa, o ne o tla etswa neng?
11 Dingolwa tse hatisitsweng. Makasine ya The Watch Tower e ile ya hlakisa le ho feta bohlokwa ba mosebetsi oo Jesu a ileng a bua ka wona, e leng ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso. Nahana ka mehlala ya ho tloha qalong ya 1920.
12 Ho ne ho tla bolelwa molaetsa ofe e le hore Matheu 24:14 e phethahale? Mosebetsi oo o ne o tla etswa neng? Makasine ya The Watch Tower ya July 1, 1920 e neng e e na le sehlooho se reng “Kosepele ya Mmuso” e ile ya bolela hore na molaetsa oo ke ofe, ha e re: “Ditaba tse molemo ke ho fela ha tsamaiso ya kgale le ho thehwa ha mmuso o buswang ke Kreste.” Sehlooho seo se ile sa bontsha ka ho hlaka hore na molaetsa oo o tla bolelwa neng, se ile sa re: “Molaetsa ona o lokela ho bolelwa dipakeng tsa nako ya ntwa e kgolo ya lefatshe [Ntwa ya Pele ya Lefatshe] le ya ‘matshwenyeho a maholo.’” Kahoo sehlooho seo se ile sa re: “Jwale ke nako . . . ya ho phatlalatsa ditaba tse molemo ho Bakreste ba bohata lefatsheng lohle.”
13. Makasine ya The Watch Tower ya 1921 e ile ya kgothatsa Bakreste ba batlotsuwa ba nang le moya wa ho ithaopa jwang?
Jer. 20:9) Kgothatso eo e mofuthu e ile ya bontsha hore Jehova le Jesu ba tshepa batshehetsi bana ba tshepahalang ba Mmuso.
13 Na batho ba Modimo ba ne ba tla qobellwa ho etsa mosebetsi oo Jesu a ileng a profeta hore o tla etswa? Tjhe. Sehlooho sa makasine ya The Watch Tower, ya March 15, 1921, se reng, “Ebang Sebete” se ile sa bua le Bakreste ba tlotsitsweng ba nang le moya wa boithaopo. E mong le e mong o ile a kgothalletswa hore a ipotse: “Na hase tokelo e kgolo ka ho fetisisa le boikarabelo ba ka hore ke etse mosebetsi oo?” Sehlooho seo se ile sa tswela pele ka ho re: “Re kgodisehile hore ha o nka [ho etsa mosebetsi ona e le tokelo] o tla ikutlwa jwaloka Jeremia, eo pelong ya hae lentswe la Morena le ileng ‘la e ba jwaloka mollo o tukang o kwaletsweng masapong a [hae].’” (14, 15. Makasine ya The Watch Tower ya 1922 e ile ya kgothalletsa Bakreste ba tlotsitsweng ho finyella batho ka tsela efe?
14 Bakreste ba nnete ba lokela ho finyella ba bang ka molaetsa wa Mmuso jwang? Sehlooho se se kgutshwane empa se le matla se reng “Tshebeletso e Bohlokwa” sa makasine ya The Watch Tower ya August 15, 1922, se ile sa kgothatsa Bakreste ba tlotsitsweng hore ka “mafolofolo ba isetse batho molaetsa o hatisitsweng mme ba bue le bona ka matlung a bona, ba ba bolelle hore mmuso wa lehodimo o haufi.”
15 Ho hlakile hore ho tloha ka 1919 ho ya pele, Kreste o ile a sebedisa lekgoba le tshepahalang le le masene ho hatisa ka ho phetapheta tokelo le boikarabelo boo Bakreste ba nang le bona lefatsheng, ba ho phatlalatsa molaetsa wa Mmuso. Leha ho le jwalo, Baithuti ba Bibele ba mehleng ya pele ba ile ba etsang ha ba kgothalletswa ho phatlalatsa Mmuso?
“Batho ba Tshepahalang ba tla Ithaopa”
16. Baholo ba bang ba ile ba etsang ha ba kgothalletswa hore ba etse mosebetsi wa boboledi?
16 Dilemong tsa bo1920 le tsa bo1930, ba bang ba ile ba hana hore Bakreste bohle ba tlotsitsweng ba lokela ho etsa mosebetsi wa boboledi. Ha e bolela se neng se etsahala, makasine ya Watch Tower ya November 1, 1927 e ile ya re: “Kajeno ho na le baholo ba kereke [phutheho] . . . ba hanang ho kgothalletsa bara babo bona hore ba etse mosebetsi wa boboledi mme le bona ba hana ho etsa mosebetsi oo. . . . Ba soma taba ya hore ba lokela ho ya ka ntlo le ntlo e le hore ba isetse batho molaetsa wa Modimo, wa Morena wa hae le wa mmuso wa hae.” Ka ho toba sehlooho seo se ile sa re: “Nako e fihlile ya hore batho ba tshepahalang ba tsebe batho ba jwalo, ba ba qobe mme ba ba bolelle hore re ke ke ra hlola re kgetha banna ba jwalo hore e be baholo.” *
17, 18. Batho ba bangata ka phuthehong ba ile ba etsang ha ba fumana tataiso e tswang ho lekgoba le tshepahalang, hona ba dimilione ba ile ba etsang dilemong tse lekgolo tse fetileng?
17 Se thabisang ke hore ba bangata diphuthehong ba ile ba amohela tataiso eo e tswang ho lekgoba le tshepahalang ka tjheseho. Ba ile ba ho nka e le tokelo ho bolella ba bang molaetsa wa Mmuso. Makasine ya Watch Tower ya March 15, 1926 e re: “Batho ba tshepahalang ba tla ithaopela . . . ho bolella batho molaetsa.” Batho bao ba tshepahalang ba ile ba phelela mantswe Pesaleme ya 110:3 mme ba bontsha hore ba tshehetsa Morena ya kgethilweng ke Modimo ka ho rata.
a ho18 Dilemong tse lekgolo tse fetileng, batho ba dimilione ba inehetse ka ho rata ho etsa mosebetsi wa ho phatlalatsa Mmuso. Dikgaolong tse mmalwa tse latelang, re tla buisana ka hore na ba ile ba nna ba etsa mosebetsi wa boboledi jwang, mekgwa le dintho tseo ba ileng ba di sebedisa hammoho le seo ba se finyelletseng. Pele, a re ke re buisane ka hore na ke hobaneng ha batho ba dimilione ba ile ba etsa mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso le hoja ba phela lefatsheng la batho ba tletseng boithati. Ha re ntse re hlahloba lebaka la seo, re lokela ho ipotsa, ‘Ke hobaneng ha ke bolella ba bang ditaba tse molemo?’
“Le Nne le Batle Mmuso Pele”
19. Ke hobaneng ha re mamela keletso ya Jesu ya hore re “nne le batle Mmuso pele”?
19 Jesu o ile a eletsa balatedi ba hae hore ‘ba nne le batle Mmuso pele.’ (Mat. 6:33) Ke hobaneng ha re mamela keletso eo? Hobane ka hodima tsohle rea hlokomela hore Mmuso ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa morerong wa Modimo. Jwalokaha re bone kgaolong e fetileng, butlebutle moya o halalelang o ile wa nna wa senola dinnete tse thabisang mabapi le Mmuso. Ha dinnete tsena tsa bohlokwa tse amanang le Mmuso di fihla dipelong tsa rona, re utlwa re tlamehile hore re batle Mmuso pele.
20. Papiso ya Jesu ya letlotlo le patilweng e bontsha hore balatedi ba hae ba ne ba tla etsang ha ba eletswa hore ba batle Mmuso pele?
20 Jesu o ne a tseba hore na balatedi ba hae ba ne ba tla etsang ha ba eletswa hore ba batle Mmuso pele. Nahana ka papiso ya letlotlo le patilweng. (Bala Matheu 13:44.) Ha a ntse a etsa mosebetsi wa hae wa letsatsi le letsatsi, motho ya sebetsang masimong papisong eo o fumana letlotlo le patilweng mme hanghang o hlokomela bohlokwa ba lona. O etsang? ‘Ka lebaka la thabo eo a nang le yona o a ya mme o rekisa dintho tseo a nang le tsona mme o reka tshimo eo.’ Re ithutang? Ha re fumana nnete ya Mmuso mme re hlokomela bohlokwa ba yona, ka thabo re tela eng kapa eng eo ho hlokahalang hore re e tele e le hore re behe mesebetsi e amanang le Mmuso pele bophelong ba rona. *
21, 22. Batshehetsi ba tshepahalang ba Mmuso ba bontsha jwang hore ba batla Mmuso pele? Fana ka mohlala.
21 Batshehetsi ba tshepahalang ba Mmuso ba bontsha ka diketso, eseng ka mantswe feela hore ba batla Mmuso pele. Ba tela bophelo ba bona, ba sebedisa tsebo ya bona mme ba sebedisa le matlotlo a bona mosebetsing wa ho bolela ka Mmuso. Ba bangata ba itetse hore ba kenele tshebeletso ya nako e tletseng. Baboledi bao ba sebetsang ka ho rata ba inwesa ka nkgo hore Jehova o hlohonolofatsa batho ba behang Mmuso pele. Nahana ka mohlala wa dilemong tsa pele.
22 Avery le Lovenia Bristow ba ile ba sebetsa hammoho e le barekisi ba dibuka (bopulamadiboho) ka borwa ho United States, ho tloha bofelong ba 1920. Dilemo hamorao Lovenia o ile a re: “Nna le Avery re ile ra qeta dilemo tse ngata re thabile
re le bopulamadiboho ho tloha ka nako eo. Ka dinako tse ding re ne re sa tsebe hore na re tla fumana tjhelete ya peterole le ya dijo hokae. Empa ka dinako tsohle Jehova o ne a re fa dintho tseo re di hlokang. Ha rea ka ra kgaotsa ho bula madiboho. Kamehla re ne re e na le seo re se hlokang.” Lovenia o hopola letsatsi le leng ha ba ntse ba sebeletsa motseng wa Pensacola, Florida mme ba ne ba se na tjhelete le dijo. Ha ba kgutlela moo ba neng ba dula teng ba ile ba fumana mekotla e meholo e mmedi ya korosari e neng e e na le lengolo le neng le re, “Ka lerato ho tswa Phuthehong ya Pensacola.” Ha a hopola dilemo tse mashome tseo a di qetileng a le tshebeletsong ya nako e tletseng, Lovenia o ile a re: “Ha ho mohla Jehova a ileng a re lahla. Ha ho mohla a kileng a re swetsa.”23. O ikutlwa jwang ka nnete ya Mmuso eo o e fumaneng, hona ke eng seo o ikemiseditseng ho se etsa?
23 Ke nnete hore re ke ke ra etsa mosebetsi o lekanang boboleding. Maemo a rona ha a tshwane. Leha ho le jwalo, kaofela ha rona re ho nka e le tokelo ho phatlalatsa ditaba tse molemo ka moya wohle. (Bakol. 3:23) Ka lebaka la hore re nka nnete ya Mmuso e le ya bohlokwa, re ikemiseditse ebile re labalabela ho tela eng kapa eng eo re lokelang ho e tela e le hore re sebetse ka hohle kamoo re ka kgonang. Na o ikemiseditse ho etsa seo?
24. Ke ntho efe e kgolo ka ho fetisisa eo Mmuso o e finyelletseng matsatsing a ho qetela?
24 Dilemong tse lekgolo tse fetileng, Morena o ile a phethahatsa mantswe a boprofeta a ho Matheu 24:14 mme o entse seo a sa qobelle batho. Ka mora hore a tlohe lefatsheng lena la batho ba tletseng boithati, balatedi ba hae ba ile ba nna ba itella ho etsa mosebetsi wa boboledi ka ho rata. Mosebetsi ona wa ho bolela ditaba tse molemo o etswang lefatsheng lohle ke karolo ya pontsho ya hore Jesu o a busa, ebile ke ntho e kgolo ka ho fetisisa eo Mmuso o e finyeletseng matsatsing a ho qetela.
^ ser. 5 Ka Bibeleng, phoka e amahanngwa le bongata.—Gen. 27:28; Mik. 5:7.
^ ser. 10 Pampitshana e reng Ho ba Tshepetsweng Mosebetsi e ile ya re: “Makasine ya The Golden Age e tla sebediswa mosebetsing wa ho tsamaisa molaetsa wa mmuso ka ntlo le ntlo. . . . Ka mora ho fana ka molaetsa, o lokela ho siela lelapa le leng le le leng makasine ya The Golden Age, ebang monga ntlo o batla peeletso kapa tjhe.” Ka dilemo tse ngata barababo rona ba ile ba kgothalletswa ho fana ka dipeeletso tsa makasine ya The Golden Age hammoho le ya The Watch Tower. Ho tloha ka la 1 February, 1940, batho ba Jehova ba ile ba kgothalletswa ho aba dimakasine tseo le ho tlaleha hore na ba tsamaisitse tse kae.
^ ser. 16 Ka nako eo baholo ba ne ba voutelwa ke phutheho. Kahoo, phutheho e ne e ka hana ho voutela banna ba neng ba hana ho etsa mosebetsi wa boboledi. Phetoho e ileng ya e ba teng ya ho kgetha baholo ho latela Mangolo e tla tshohlwa Kgaolong ya 12.
^ ser. 20 Jesu o ile a ruta se tshwanang papisong ya hae ya mohwebi ya tsamayang ho ya batla perela ya theko e phahameng. Ha mohwebi a e fumana, o rekisa sohle seo a nang le sona e le hore a e reke. (Mat. 13:45, 46) Dipapiso tseo tse pedi di boetse di re ruta hore re ka ithuta nnete ya Mmuso ka ditsela tse fapaneng. Ba bang ba welana le yona ha ba bang ba batlana le yona. Empa ho sa tsotellehe hore na re fumana nnete jwang, re ikemiseditse ho itela e le hore re behe Mmuso pele bophelong ba rona.