Etsisa Qenehelo ya Jehova
“Jehova, Jehova, Modimo ya mohau le ya nang le qenehelo.”—EX. 34:6, NW.
DIPINA: 142, 12
1. Jehova o ile a itlhahisa ho Moshe ka tsela efe e ikgethang, hona ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa?
KA LEKGETLO le leng, Modimo o ile a itlhahisa ho Moshe ka ho mo tsebisa lebitso le makgabane a hae. Makgabane a pele ao a buileng ka ona ke mohau le qenehelo ya hae. (Bala Exoda 34:5-7.) Kaha Moshe o ne a batla ho kgodiseha hore Modimo o ne a tla mo thusa, Jehova a ka be a ile a bua ka matla le bohlale ba hae. Empa Jehova o ile a kgetha ho bua ka mohau le qenehelo ya hae ho bontsha hore o ikemiseditse ho thusa bahlanka ba hae. (Ex. 33:13) Na ha ho kgothatse ho tseba hore Modimo o ile a qala ho bua ka makgabane ana pele ho a mang? Sehloohong sena re tlo bua ka qenehelo, e leng ho utlwela batho ba bang bohloko ha ba le mathateng le ho lakatsa ho ba thusa.
2, 3. (a) Keng se bontshang hore ka tlhaho batho ba na le qenehelo? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho tseba seo Bibele e se buang ka qenehelo?
2 Batho ba entswe ka setshwantsho sa Modimo. Kaha Jehova o na le qenehelo, batho le bona ba mo futsitse. Esita le batho ba sa tsebeng letho ka Modimo ba tlwaetse ho bontsha Gen. 1:27) Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ya batho ba ileng ba bontsha qenehelo. Nahana ka basadi ba babedi ba ileng ba tseka ngwana ka pela Solomone. Ha Solomone a ba leka mme a re ngwana a kgaolwe ka lehare, eo e neng e hlile e le mme wa ngwana o ile a qenehela lesea leo. O ile a qenehela bophelo ba ngwana, a se na taba le hore ngwana wa hae o fuwa mosadi eo e mong. (1 Mar. 3:23-27) Kapa nahana ka moradi wa Faro ya ileng a pholosa Moshe ha e sa le lesea. Le hoja a ile a lemoha hore ngwana eo ke wa Moheberu mme o lokela ho bolawa, o ile “a mo qenehela” yaba o ikgudisetsa yena.—Ex. 2:5, 6.
qenehelo. (3 Ke hobaneng ha re lokela ho nka ho bontsha qenehelo e le ha bohlokwa? Hobane Bibele e re kgothalletsa ho etsisa Jehova. (Baef. 5:1) Le hoja re bopilwe re na le qenehelo, hangata re bontsha boithati kaha ha re a phethahala. Ka dinako tse ding ha ho bonolo ho etsa qeto ya hore re tla thusa ba bang kapa tjhe. Re ka etsang hore re bontshe ba bang qenehelo? Re ka qala ka ho hlahloba hore na Jehova le batho ba bang ba bontsha qenehelo jwang. Hape, re ka hlahloba hore na re ka etsisa qenehelo ya Jehova jwang le hore re tla rua molemo jwang ha re etsa jwalo.
JEHOVA O RE BEHELA MOHLALA O PHETHAHETSENG WA QENEHELO
4. (a) Ke hobaneng ha Jehova a ile a romela mangeloi Sodoma? (b) Tlaleho ya Lota le baradi ba hae e re rutang?
4 Ho na le maemo a mangata ao Jehova a ileng a bontsha qenehelo ho ona. Nahana ka seo a ileng a se etsetsa Lota. Monna eo ya lokileng o ile a ba “mahlomoleng haholo” ka lebaka la boitshwaro bo hlephileng ba batho ba Sodoma le Gomora. Ke kahoo Modimo a ileng a etsa qeto ya ho timetsa batho bao ba kgopo. (2 Pet. 2:7, 8) Modimo o ile a romela mangeloi ho tla pholosa Lota. Mangeloi a ile a re Lota le lelapa la hae ba balehe metseng eo. Bibele e re: “Ha a ntse a dieha, jwale ka lebaka la qenehelo ya Jehova ho yena, banna bao [kapa mangeloi] ba mo tshwara ka letsoho mme ba tshwara mosadi wa hae le baradi ba hae ba babedi ka matsoho mme ba mo ntsha ba mo beha ka ntle ho motse.” (Gen. 19:16) Kaha Jehova o ile a utlwisisa maemo a thata ao Lota a neng a le ho ona, re ka kgodiseha hore o utlwisisa mathata a rona kajeno.—Esa. 63:7-9; Jak. 5:11; 2 Pet. 2:9.
5. Lengolo la 1 Johanne 3:17 le re thusa jwang hore re be le qenehelo?
5 Jehova o na le qenehelo ebile o rutile batho ba hae hore ba be le yona. Molao o neng o filwe Baiseraele o ne o re haeba motho a nka seaparo sa motho ya mo kolotang, a se kgutlise pele letsatsi le dikela. (Bala Exoda 22:26, 27.) Haeba motho ya kolotwang a se na qenehelo, o ne a ka nna a hana ho kgutlisa seaparo seo, ebe motho ya mo kolotang o sala a hatsela bosiu. Empa Jehova o ile a ruta batho ba hae hore ba be le qenehelo. Molao oo o re rutang? Ha re a lokela ho iphapanya mathata a bara le baradibabo rona, empa re lokela ho ba thusa.—Bakol. 3:12; Jak. 2:15, 16; Bala 1 Johanne 3:17.
6. Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a qenehela Baiseraele ba baetsadibe ka yona?
6 Jehova o ne a qenehela Baiseraele le ha ba etsa sebe. Bibele e re: “Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a romeletsa kgahlanong le bona ka 2 Likron. 36:15) Le rona re lokela ho bontsha batho ba bang qenehelo, esita le haeba e le baetsadibe, ka tshepo ya hore ba tla baka. Jehova ha a batle hore le ha e le mang a timetswe. (2 Pet. 3:9) Kahoo pele Modimo a nka kgato ya ho fedisa batho ba kgopo, ha re nneng re bolelle batho molaetsa wa hae wa qenehelo.
manqosa a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho ba hae le sebaka sa hae sa bodulo.” (7, 8. Ke hobaneng ha lelapa le leng le ne le kgodisehile hore Jehova o ba bontshitse qenehelo?
7 Dipaki tse ngata di ile tsa bona ha Jehova a di bontsha qenehelo. Nahana ka se ileng sa etsahalla lelapa labo moshanyana ya dilemo di 12, eo re tla mmitsa Milan. Ka bo 1990 merabe e ne e lwantshana naheng ya Bosnia. Kahoo ka letsatsi le leng Milan, ngwanabo wa moshemane, batswadi ba hae hammoho le Dipaki tse ding ba ne ba le ka beseng, ba tloha Bosnia ba ya Serbia. Ba ne ba ya kopanong mme batswadi ba Milan ba ne ba ilo kolobetswa. Ha ba fihla bodareng, masole a ile a hlokomela hore lelapa labo Milan ke la morabe osele kahoo a re ba theohe empa ba bang ba tsamaye. Ka mora hore lelapa leo le qete matsatsi a mabedi le tshwerwe, lesole le leng le ile la botsa mookamedi wa lona hore na le etseng ka lelapa leo. Lesole leo le ne le eme ka pela bona kahoo ba ile ba utlwa ha mookamedi a le araba a re: “Ba ntshetse ka ntle o ba thunye!”
8 Ha lesole leo le ntse le bua le mookamedi wa lona, banna ba babedi ba ile ba atamela lelapa leo, ba ba sebela ba re le bona ke Dipaki. Batho ba ka beseng ba ne ba ba bolelletse se etsahetseng bodareng. Kaha dipampiri tsa bana di ne di sa shejwe, Dipaki tseo tse pedi di ile tsa re Milan le ngwanabo ba ye koloing ya tsona hore ba fete bodareng. Di ile tsa boela tsa re batswadi ba Milan ba pote ka mora bodara mme ba re ba tla kopana ka lehlakoreng le leng. Milan o ne a tshohile hoo a neng a sa tsebe hore a etseng. Batswadi ba hae ba ile ba re: “Le nahana hore ba tla re tlohela re tsamaye?” Masole ao a ile a ba bona ha ba potela ka morao empa ba ba tlohela. Batswadi bao ba ile ba kopana le bana ba bona ka nqane ho bodara. Ba ile ba ya kopanong ba kgodisehile hore Jehova o arabile thapelo ya bona. Re a tseba hore Bibele e bontsha hore ha se kamehla Jehova a sireletsang bahlanka ba hae ka tsela e tobileng. (Lik. 7:58-60) Le ha ho le jwalo, Milan o re: “E ne eka mangeloi a ne a foufaditse masole ao mme ha hlaka hore Jehova o ne a re pholosa.”—Pes. 97:10.
9. Jesu o ile a etsang ho batho ba neng ba mo latela? (Sheba setshwantsho se qalong.)
9 Re ka ithuta ntho ya bohlokwa ho Jesu. O ile a qenehela batho ba bangata ba neng ba mo setse morao, hobane ‘ba ne ba sohlokehile mme ba qhalakane jwalo ka dinku tse se nang modisa.’ O ile a etsang ho bontsha hore o ne a ba qenehela? O ile ‘a qala ho ba ruta dintho tse ngata.’ (Mat. 9:36; bala Mareka 6:34.) O ne a sa tshwane le Bafarisi ba neng ba sa rate ho thusa batho ba maemong a tlase. (Mat. 12:9-14; 23:4; Joh. 7:49) Na le wena o thabela ho thusa batho ba bang le ho ba ruta Bibele jwalo ka Jesu?
10, 11. Na re lokela ho bontsha qenehelo maemong ohle? Hlalosa.
10 Ho ba le qenehelo ha ho bolele hore re lokela ho e bontsha maemong ohle. 1 Sam. 15:3, 9, 15) Kaha Jehova o kgona ho bona se ka pelong, ke yena ya tsebang hore na qenehelo e hlokahala maemong afe. (Lillo 2:17; Ezek. 5:11) Haufinyane o tla fedisa batho bohle ba sa mo mameleng. (2 Bathes. 1:6-10) Ka nako eo, a ke ke a bontsha batho ba kgopo qenehelo. Empa o tla bontsha qenehelo ho ba ileng ba mo mamela, mme o tla ba pholosa.
Ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e bontshang hore Jehova o ne a bontsha qenehelo ha ho hlokahala. Ka mohlala, Morena Saule o ne a nahana hore o bontsha qenehelo ha a ne a sa bolae Agage morena wa Baamaleke ya neng a hloile batho ba Modimo. Hape ha a ka a bolaya diphoofolo tsohle tsa Baamaleke. Ka lebaka leo, Jehova o ile a tlosa Saule boreneng. (11 Ka hona, ha se mosebetsi wa rona ho ahlola batho hore na ba tlo fediswa kapa tjhe. Ho e na le hoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho thusa batho ba bang hona jwale. Re ka bontsha qenehelo ka ditsela dife? Ha re shebe tse mmalwa.
HO HLAOLELA LE HO BONTSHA QENEHELO
12. Re ka bontsha ba bang qenehelo jwang?
12 Thusa batho ba bang. Batho ba lwanelang ho etsisa Jesu ba lokela ho bontsha baahelane le Bakreste mmoho le bona qenehelo. (Joh. 13:34, 35; 1 Pet. 3:8) Qenehelo e boetse e bolela “ho utlwa bohloko hammoho le motho e mong.” Motho ya nang le qenehelo o thusa batho ba bang ha ba le mathateng. Kahoo le rona re lokela ho etsa jwalo! Ka mohlala, mohlomong re ka thusa motho e mong ka ho mo hlwekisetsa ntlo kapa ka ho mo ela dishopong.—Mat. 7:12.
13. Bahlanka ba Modimo ba bontsha makgabane afe ka mora hore ho be le dikoduwa tsa tlhaho?
13 Thusa ba bang ha ho na le dikoduwa tsa tlhaho. Ha batho ba bona ba bang ba hlahetswe ke koduwa, ba a ba qenehela. Batho ba Jehova ba tsebahala ka ho fana ka thuso ha ho hlahile dikoduwa. (1 Pet. 2:17) Moradiwabo rona e mong ya dulang Japan moo ho ileng ha ba le tshisinyeho ya lefatshe le tsunami ka 2011, o re o ile a kgothatswa le ho tshediswa ke baithaopi ba neng ba tswa dibakeng tse ding ho tla lokisa mehaho e neng e senyehile. O ile a boela a ngola a re: “Ketsahalo ena e nthusitse ho bona hore Jehova o a re tsotella le hore bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba a re rata ebile ba a re rapella.”
14. O ka thusa batho ba hodileng le ba kulang jwang?
14 Thusa ba hodileng le ba kulang. Ha re bona ba bang ba kula, re a ba qenehela. Re labalabela ho bona ho kula le botsofadi di se di fedisitswe. Kahoo re rapella hore Mmuso wa Modimo o tle. Ha jwale re thusa batho ba kulang le ba hodileng. Nahana ka seo mongodi e mong a ileng a se ngola ka mme wa hae ya neng a tshwerwe ke lefu le amang boko le bitswang Alzheimer. Ka letsatsi le leng o ile a silafatsa diaparo tsa hae. Eitse ha a ntse a leka ho hlwekisa, yaba baradibabo rona ba babedi ba neng ba tlwaetse ho mo etela ba a kokota. Ba ile ba mmotsa hore na a ka thabela hore ba mo thuse. O ile a re: “E, le hoja ke jewa ke dihlong.” Ba ile ba mo thusa ho hlwekisa. Ka mora moo ba etsa tee, yaba ba dula fatshe ba a qoqa. O ile a ananela seo haholo. O ile a re: “Dipaki tsena ke di rolela kgaebane. Ba etsa seo ba se rutang batho ba bang.” Na tsela eo o qenehelang batho ba hodileng le ba kulang ka yona e o susumelletsa hore o etse sohle se matleng a hao ho ba thusa?—Bafil. 2:3, 4.
15. Ho bolela ditaba tse molemo ho re fa menyetla efe?
15 Thusa batho ba bang hore ba be le kamano e ntle le Modimo. Mathata ao batho ba nang le ona a re susumelletsa hore re batle ho ba thusa. Tsela e molemo eo re ka etsang seo ka yona ke ka ho ba ruta ka Modimo le ka seo Mmuso wa hae o tla re etsetsa sona. Hape re ka ba thusa ho bona hore ho phela ka melao ya Modimo ho molemo. (Esa. 48:17, 18) Na o ka eketsa tshebeletso ya hao e le hore o tlotlise Jehova le hore o bontshe ba bang qenehelo?—1 Tim. 2:3, 4.
QENEHELO E KA O TSWELA MOLEMO
16. Motho ya nang le qenehelo o rua molemo jwang?
16 Ditsebi tsa mafu a kelello di re ho bontsha batho ba bang qenehelo ho ka etsa hore motho a phele hantle mmeleng le hore a sebedisane le batho hantle. Ha o thusa batho ba bang ha ba sotleha, o tla ba motho ya thabileng, ya sa jeweng ke bodutu hape o tla qoba ho nahana ka dintho tse nyahamisang. Ruri o tla rua molemo ha o na le qenehelo. (Baef. 4:31, 32) Bakreste ba tlwaetseng ho thusa batho ba bang ba ba le letswalo le letle kaha ba a tseba hore ba latela melaomotheo ya Modimo. Ha re na le qenehelo re tla ba batswadi, balekane le metswalle e molemo ho ba bang. Batho ba tlwaetseng ho bontsha ba bang qenehelo, ba fumana thuso le tshehetso kapele ha ba e hloka.—Bala Matheu 5:7; Luka 6:38.
17. Ke hobaneng ha o batla ho ba le qenehelo?
17 Ha o a lokela ho batla ho ba le qenehelo hobane feela o tseba hore e tla o tswela molemo. Lebaka la rona le ka sehloohong e lokela ho ba ho etsisa Jehova Modimo ya lerato le ya nang le qenehelo. (Liprov. 14:31) Modimo o re behela mohlala o motle. Kahoo e se eka re ka etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo etsisa ka ho bontsha barababo rona lerato le ho sebedisana hantle le baahelane ba rona ka ho ba bontsha qenehelo.—Bagal. 6:10; 1 Joh. 4:16.