SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 16
Mamela, Ithute Mme o be le Qenehelo
“Kgaotsang ho ahlola ka ponahalo ya ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.”—JOH. 7:24.
PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho
SEO RE TLO ITHUTA SONA *
1. Bibele e bontsha nnete efe e kgothatsang ka Jehova?
NA O NE o ka rata haeba motho e mong a ne a ka o ahlola ho ya ka tsela eo o shebahalang ka yona? Ka nnete o ne o ke ke wa rata seo. Ke ho kgothatsang ho tseba hore Jehova ha a ahlole ho ya ka seo a se bonang ka ntle jwalo ka batho. Ka mohlala ha Samuele a ne a sheba bara ba Jese, ha a a ka a bona seo Jehova a neng a se bona. Jehova o ne a bolelletse Samuele hore e mong wa bara ba Jese e ne e tla ba morena wa Iseraele. Empa e ne e tla ba mora ofe? Ha Samuele a bona mora wa Jese ya moholo e leng Eliabe o ile a re: “Ka sebele motlotsuwa wa Jehova o ka pela hae.” Eliabe o ne a shebahala jwalo ka morena. “Empa Jehova a re ho Samuele: ‘O se ke wa tadima ponahalo ya hae le bophahamo ba seemo sa hae, ka ha ke mo lahlile.’ ” Jwale re ithutang tabeng ena? Jehova o ile a tswela pele a re: “Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”—1 Sam. 16:1, 6, 7.
2. Jwalo ka ha Johanne 7:24 e bontsha, ke hobaneng ha re sa lokela ho ahlola motho ho ya ka moo a shebahalang ka teng? Fana ka mohlala.
2 Ka ha ha re a phethahala, hangata re tatela ho ahlola batho ho ya ka moo ba shebahalang ka teng. (Bala Johanne 7:24.) Empa re ke ke ra tseba ntho e nngwe le e nngwe ka motho ka ho mo sheba feela. Ka mohlala, esita le ngaka e bohlale le e nang le tsebo e ke ke ya tseba ntho e nngwe le e nngwe ka mokudi ka hore feela e mo shebe. Empa e le hore e tsebe hore na mokudi o kile a ba le mathata afe nakong e fetileng, hore na o ikutlwa jwang le hore ke matshwao afe a bontshang hore o a kula, o tlameha ho mo mamela ka hloko. Ngaka e ka ba ya mo kopa hore a etse X-ray e le hore e bone ho re na ho etsahalang ka hare ho mokudi. Ho seng jwalo, ngaka e ka fa mokudi meriana kapa dipidisi tse fosahetseng. Ka ho tshwanang, re ke ke ra tseba bara le baradibabo rona ka ho ba sheba feela. Ka hoo, re tlameha ho tseba hore na ke batho ba jwang. Ke nnete hore ha re kgone ho bona se ka pelong ya motho, ka hoo re ke ke ra tseba batho jwalo ka Jehova. Empa re ka leka ka hohle ka moo re ka kgonang ho mo etsisa. Re ka etsa seo jwang?
3. Ditlaleho tsa Bibele tse hlahang sehloohong sena di tla re thusa jwang hore re etsise Jehova?
3 Jehova o tshwara bahlanka ba hae jwang? O a ba mamela. O utlwisisa maemo a bona le hore na ke hobaneng ha ba etsa dintho tse itseng. Ebile o a ba qenehela. Ha re ntse re ithuta ka moo Jehova a ileng a etsa dintho tsena ho Jonase, Elia, Hagare le Lota, a re boneng ka moo re ka mo etsisang tseleng eo re tshwarang bara le baradibabo rona ka yona.
MAMELA KA HLOKO
4. Ke hobaneng ha re ka ba le maikutlo a fosahetseng ka Jonase?
4 Ka ha ha re tsebe ntho e nngwe le e nngwe ka boemo ba Jonase, re ka nna ra nahana hore o ne a sa tshepahale. Jehova o ile a mo fa taelo e tobileng ya hore a bolele kahlolo ya hae Ninive. Empa ho e na le hore a mo mamele, o ile a palama sekepe se neng se sa ye moo a neng a ronngwe teng mme a “tloha ka pela Jehova.” (Jon. 1:1-3) Na o ne o ka fa Jonase monyetla o mong wa hore a mamele taelo ya Jehova? Mohlomong o ne o ke ke wa etsa jwalo. Empa Jehova o ile a bona hore Jonase o hloka monyetla o mong.—Jon. 3:1, 2.
5. Keng eo o ithutang yona ka Jonase mantsweng a hae a hlahang ho Jonase 2:1, 2, 9?
5 Thapelo eo Jonase a ileng a e etsa e bontsha hore na e ne e le motho ya jwang. (Bala Jonase 2:1, 2, 9.) Ha ho pelaelo hore Jonase o ile a rapela Jehova hangata. E nngwe ya dithapelo tseo a ileng a di etsa ha a le ka mpeng ya tlhapi, e re thusa ho utlwisisa hore e ne e le monna ya ikokobeditseng, ya lebohang le ya ikemiseditseng ho mamela Jehova. Ka hoo ha ho makatse hore Jehova ha a a ka a sheba diphoso tsa Jonase. Ho e na le hoo, o ile a araba thapelo ya hae mme a tswela pele ho mo sebedisa e le moprofeta.
6. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re etse boiteko ba ho mamela batho ba bang ka hloko?
6 E le hore re mamele batho ba bang ka hloko, re lokela ho ikokobetsa le ho ba le mamello. Ho na le mabaka a mararo ao re lokelang ho etsa sena ka ona. La pele, re ke ke ra tatela ho ahlola batho ba bang. La babedi, re tla tseba ka moo bara le baradibabo rona ba ikutlwang ka teng le hore na ke hobaneng ha ba etsa dintho tse itseng, Liprov. 20:5) Moholo e mong ya dulang Asia, ha a dumellana le sena o re: “Ke ile ka etsa phoso ya ho bua pele ke tseba dintlha kaofela. Ke ile ka bolella moradiwabo rona e mong hore o hloka ho ntlafatsa tsela eo a arabang ka yona dibokeng. Ha morao ke ile ka hlokomela hore ha a tsebe ho bala hantle le hore ho ne ho se bonolo hore a arabe.” Ka nnete ke ha bohlokwa hore moholo e mong le e mong a tsebe dintlha kaofela pele a ka fana ka keletso.—Liprov. 18:13.
e leng se tla re thusa hore re ba qenehele. La boraro, haeba re mamela ha motho e mong a bua le rona, a ka nna a ithuta hore na ke motho ya jwang. Ka dinako tse ding motho a ka nna a se ke a tseba hore na o ikutlwa jwang ho fihlela a bua le motho e mong. (7. Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a tshwara Elia ka yona?
7 Bara le baradibabo rona ba bang, ba utlwa ho le thata hore ba bue hore na ba ikutlwa jwang ka lebaka la dintho tse ileng tsa ba etsahalla kapa botho ba bona. Ke jwang re ka etsang hore ho be bonolo hore ba re bolelle hore na ba ikutlwa jwang? Hopola hore na Jehova o ile a etsang ha Elia a ne a baleha Jezebele. Elia o ile a nka matsatsi a mangata pele a ka bolella Ntate wa hae ya lehodimong hore na o ikutlwa jwang. Jehova o ile a mo mamela ka hloko. Ka mora moo o ile a mo kgothatsa mme a mo fa mosebetsi wa bohlokwa. (1 Mar. 19:1-18) Ho ka nka nako pele Bakrestemmoho ba phutholoha hore bolella ho re na ba ikutlwang jwang. Empa ke feela ka mora hore ba bue le rona re ka tsebang hore na ba ikutlwa jwang. Haeba re ena le mamello jwalo ka Jehova, bara le baradibabo rona ba tla re tshepa mme ba tla re bolella hore na ba ikutlwa jwang. Ha ba re bolella maikutlo a bona, re lokela ho ba mamela ka hloko.
TSEBA BARA LE BARADIBENO HANTLE
8. Ho ya ka Genese 16:7-13, Jehova o ile a thusa Hagare jwang?
8 Mosebeletsi wa Sarai e leng Hagare o ile a etsa bowatla ka mora hore a nyalwe ke Abrame. Ka mora hore e be moimana ha a a ka a hlompha Sarai hobane a ne a sena bana. Boemo bo ile ba mpefala hoo Sarai a ileng a leleka Hagare. (Gen. 16:4-6) Ka lebaka la ho se phethahale, re ka nna ra nahana hore ke hantle ha Sarai a ile a mo leleka hobane o ne a se a ikgohomosa. Empa Jehova ha a a ka a ikutlwa jwalo ka Hagare. O ile a romela lengeloi ho yena hore le mo thuse ho fetola tsela eo a itshwereng ka yona le ho mo hlohonolofatsa. Hagare o ile a hlokomela hore Jehova o ne a mmona ebile a tseba boemo ba hae. O ile a thaba hoo a ileng a mmitsa “Modimo wa pono, . . . ya mponang.”—Bala Genese 16:7-13.
9. Ke hobaneng ha Modimo a ile a tshwara Hagare ka tsela eo?
9 Jehova o ile a hlokomelang ka Hagare? O ne a tseba dintho tsohle tse ileng tsa mo etsahalla le tseo a ileng a di mamella. (Liprov. 15:3) Hagare e ne e le Moegepeta ya neng a dula ntlong ya Moheberu. Na ka dinako tse ding o ne a utlwa eka o lahlehile? Na o ne a hopola naha le lelapa labo? Hagare e ne e se yena feela mosadi wa Abrame. Ka nako eo banna ba bang ba tshepahalang ba ne ba sa be le mosadi a le mong. Empa eo e ne e se ntho eo Jehova a neng a e batla ho tloha qalong. (Mat. 19:4-6) Ka hoo ha ho makatse hore boemo bona bo ne bo etsa hore ho be le lehloyo le mona ka lapeng. Jehova o ne a tseba hore Hagare o phoso ka ho se hlomphe Sarai. Empa o ne a boetse a utlwisisa maikutlo le boemo ba Hagare, ka hoo o ile a mmontsha mosa.
10. Re ka tseba bara le baradibabo rona jwang?
10 Re ka etsisa Jehova ka hore re leke ho utlwisisa bara le baradibabo rona. Tseba bara le baradibeno. Bua le bona pele le ka mora diboka, sebetsa le bona tshimong mme ha ho kgoneha o ba memele dijong. Ha o etsa jwalo o tla hlokomela hore moradiwabo rona eo o neng o bona eka ha a na botswalle ha e le hantle o dihlong, morabo rona eo o neng o bona eka o rata tjhelete ha e le hantle o a fana, lelapa le dulang le le lata dibokeng ha e le hantle le a hanyetswa. (Jobo 6:29) Ke nnete hore ha re a lokela ho ‘kenakena ditaba tsa batho ba bang.’ (1 Tim. 5:13) Le ha ho le jwalo, ke hantle hore re tsebe bara le baradibabo rona le dintho tse ba etsahalletseng mme sena se tla etsa hore re ba utlwisise haholwanyane.
11. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore baholo ba tsebe bara le baradibabo rona hantle?
11 Ka ho kgetheha baholo ba lokela ho tseba maemo a bara le baradibabo rona. Nahana ka mohlala wa morabo rona ya bitswang Artur eo e neng e le molebedi wa potoloho. O ile a ya le moholo e mong ho moradiwabo rona ya neng a bonahala a le dihlong. Artur o re: “O ile a re bolella hore monna wa hae o ile a hlokahala e se kgale ba nyalane. O ile a ruta baradi ba hae ba babedi hore ba rate Jehova mme hona jwale ba mo sebeletsa ka botshepehi. Moradi eo wabo rona ha a sa bona hantle ebile o na le kgatello ya maikutlo. Le ha ho le jwalo, o ntse a rata Jehova ebile tumelo ya hae e matla. Re ile ra hlokomela hore ho na le dintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona mohlaleng o motle wa moradi enwa wa bo rona.” (Bafil. 2:3) Molebedi enwa wa potoloho o ne a latela mohlala wa Jehova. Jehova o tseba bahlanka ba hae ba tshepahalang le bohloko boo ba bo utlwang. (Ex. 3:7) Ha baholo ba tseba bara le baradibabo rona hantle ba tla kgona ho ba thusa.
12. Moradiwabo rona ya bitswang Yip Yee o fumane molemo ofe ka hore a tsebe moradiwabo rona e mong ka phuthehong?
12 Haeba o tseba maemo a Mokrestemmoho eo o utlwang a o tena, ho ka ba bonolo hore o mo qenehele. Nahana ka mohlala ona. Moradiwabo rona Yip Yee ya dulang Asia o re: “Moradiwabo rona e mong phuthehong ya rona, o etsa lerata ha a bua. Ke ne ke bona e le motho ya sa kgoneng ho itshwara. Empa ha ke ne ke 1 Tim. 2:3, 4; 2 Bakor. 6:11-13.
sebetsa le yena tshimong o ile a mpolella hore o ne a thusa batswadi ba hae ho rekisa tlhapi mmarakeng. Ka hoo o ne a lokela ho hweletsa e le hore batho ba reke.” Yip Yee o tswela pele ka hore: “Ke ile ka hlokomela hore e le hore ke utlwisise bara le baradibabo rona, ke lokela ho ba tseba hantle.” Ho hlokahala boiteko e le hore o tsebe bara le baradibabo rona hantle. Ka hoo ha re mamela keletso ya Bibele ya hore re atolohe, re tla etsisa Jehova ya ratang “batho ba mefuta yohle.”—EBA LE QENEHELO
13. Ho ya ka Genese 19:15, 16, mangeloi a ile a etsang ha Lota a ne a dieha, hona hobaneng?
13 Lota o ile a dieha ho mamela ditaelo tsa Jehova boemong boo a neng a le ho bona bo kotsi. Mangeloi a mabedi a ile a ya ho Lota mme a mo bolella hore a ntshe lelapa la hae Sodoma. Hobaneng? A ile a re: “Re tlilo fedisa sebaka sena.” (Gen. 19:12, 13) Hoseng ho latelang, Lota le ba lelapa la hae ba ne ba ntse ba le ntlong. Ka hoo mangeloi a ile a boela a mo eletsa empa a nna a “dieha.” Re ka nna ra ahlola Lota ka hore o ne a se na taba le seo Jehova a mo bolelletseng sona ebile o ne a sa mamele. Ho ntse ho le jwalo, Jehova ha a a ka a mo fella pelo. “Ka lebaka la qenehelo ya Jehova ho yena,” mangeloi a ile a ba tshwara ka matsoho mme a ba ntsha motseng.—Bala Genese 19:15, 16.
14. Ke hobaneng ha Jehova a ile a qenehela Lota?
14 Ho na le mabaka a mangata a neng a ka etsa hore Jehova a qenehele Lota. E ka nna yaba Lota o ne a tshohile batho ba neng ba le ka ntle ho motse, ke ka hoo a ileng a dieha ho tsamaya. Ho ne ho ena le dikotsi tse ding. Mohlomong Lota o ne a tseba ka marena a mabedi a ileng a wela dikoting tsa sekontiri se thata tse neng di le pela phula. (Gen. 14:8-12) Ka ha Lota o ne a ena le mosadi le bana, e tlameha ebe o ile a tshwenyeha ka bona. Ho feta moo Lota o ne a ruile mme e tlameha hore ebe o ne a ena le ntlo e ntle Sodoma. (Gen. 13:5, 6) Ke nnete hore dintho tsena ha se tsona tse neng di ka mo fa lebaka la hore a se ke a mamela Jehova. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a a ka a sheba phoso ya Lota, empa o ile a mo nka e le ‘monna ya lokileng.’—2 Pet. 2:7, 8.
15. Ho e na le hore re ahlole tsela eo motho e mong a etsang dintho ka yona, keng seo re lokelang ho se etsa?
15 Ho e na le hore re ahlole tsela eo motho a etsang dintho ka yona leka hohle ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha a etsa dintho jwalo. Moradiwabo rona Veronica ya dulang Europe, o ile a leka ho etsa sena. O re: “Moradiwabo rona e mong o ne a dula a sa thaba ebile a ikarotse ho batho ba bang. Ka dinako tse ding ke ne ke tshaba ho bua le yena. Empa ke ile ka nahana hore haeba ke ne ke le boemong ba hae, ke ne ke tla hloka ho ba le motswalle. Ka hoo ke ile ka etsa qeto ya ho mmotsa hore na o ntse a ya jwang. Yaba o a mpolella hore na o ikutlwa jwang. Hona jwale ke se ke tseba dintho tse ngata ka yena.”
16. Ke hobaneng ha re lokela ho rapella hore re be le qenehelo?
16 Jehova ke yena feela ya re utlwisisang hantle. (Liprov. 15:11) Ka hoo, mo kope ho o thusa hore o bone batho jwalo ka yena le hore o tsebe hore na o ka ba bontsha qenehelo jwang. Ho rapela ho ile ha thusa moradiwabo rona e mong ya bitswang Anzhela hore a be le qenehelo. Phuthehong ya habo bona ho ne ho ena le moradiwabo rona eo ho neng ho le thata hore ba mo tlwaele. Anzhela o re: “Ho ne ho ka ba bonolo hore ke bue moradi eo wa bo rona hampe le ho mo qoba. Empa ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse hore ke mo utlwisise.” Na Jehova o ile a araba thapelo ya Anzhela? O tswela pele ka hore: “Ke ile ka ya tshimong le moradi eo wa bo rona mme ra nka dihora tse mmalwa re bua. Ke ile ka mo mamela ka hloko. Hona jwale ke mo rata haholo ebile ke ikemiseditse ho mo thusa.”
17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?
17 O ke ke wa kgetha hore na ke mora kapa moradiwabo rona ofe eo o hlokang ho mo qenehela. Empa kaofela ha bona ba ba le mathata jwalo ka Jonase, Elia, Hagare le Lota. Maemong a mangata mathata ao ba bang le ona ke ao ba ipaketseng ona. Nnete ke hore kaofela ha rona ho na le mathata ao re kileng ra ipakela ona. Ka hoo ke ho utlwahalang hore Jehova a re re bontshe ba bang qenehelo. (1 Pet. 3:8) Haeba re mamela Jehova, re etsa hore ho be le kgotso lelapeng le leholo lefatsheng lohle. Ka hoo e se e ka re ka ikemisetsa ho mamela, ho ithuta le ho qenehela bara le baradibabo rona.
PINA YA 87 Tloong le Kgathollwe
^ par. 5 Ka ha ha re a phethahala, hangata re tatela ho ahlola batho ka seo re se bonang le seo ba se etsang. Ka lehlakoreng le leng, Jehova yena “o bona seo pelo e leng sona.” (1 Sam. 16:7) Sehlooho sena se tla bontsha ka moo ka lerato Jehova a ileng a tshwara Jonase, Elia, Hagare le Lota ka teng. Hape se tla re thusa ho bona ka moo re ka mo etsisang tseleng eo re tshwarang bara le baradibabo rona ka yona.
^ par. 52 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona ya hodileng o kwatiswa ke ho bona ha morabo rona ya motjha a fihla lata dibokeng empa ha morao o a hlokomela hore o ile a ba lata ka lebaka la kotsi ya koloi.
^ par. 54 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Le hoja molebedi wa sehlopha sa tshimo pele a ne a nahana hore moradi e mong wabo rona ha a na botswalle, ha morao o ile a hlokomela hore ha a phutholohe ha a le hara batho bao a sa ba tlwaelang.
^ par. 56 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona ha a kopana le moradiwabo rona e mong ka lekgetlo la pele Holong ya Mmuso, o ile a nahana hore ke motho ya sa rateng batho empa ka mora hore a buisane le yena a hlokomela se fapaneng.