Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Etsang Hore o Natefelwe ke ho Ithuta Bibele?

O ka Etsang Hore o Natefelwe ke ho Ithuta Bibele?

JOSHUA o ne a tadimane le phephetso e boima. O ne a lokela ho tataisa Baiseraele ho ba isa Naheng e Tshepisitsweng mme dintho di ne di ke ke tsa mo tsamaela bolatjha feela. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a mo matlafatsa le ho mo kgothatsa ha a re: ‘O be sebete mme o be matla o mamele Molao wa ka. O o bale ka lentswe le tlase bosiu le motshehare, e le hore o ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngodilweng ho wona etswe ka ho etsa jwalo o tla atlehisa tsela ya hao mme ka ho etsa jwalo o tla etsa ka bohlale.’—Josh. 1:7, 8.

Le rona re thulana le mathata dinakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsang le tsona. (2 Tim. 3:1) Ka hoo, haeba re batla ho atleha jwalo ka Joshua, re lokela ho latela keletso eo Jehova a ileng a mo fa yona. Re lokela ho bala Bibele letsatsi le leng le leng mme re sebedise seo re ithutileng sona ha re etsa diqeto.

Le ha ho le jwalo, ba bangata ba rona re ka nna se ke ra tseba hore na re lokela ho qala kae, ebe jwale seo se etsa hore ho bala Bibele ho se ke ha re natefela. Ka ha ho bala Bibele ke habohlokwa, ho hlahloba lebokose le nang le sehlooho se reng “ Ako Leke Ditlhahiso Tsena,” ho tla o thusa hore o bone hore na o ka etsa jwang hore o natefelwe ke ho bala Bibele.

Mongodi e mong wa pesaleme o kile a re: “Etsa hore ke hate tseleng ya ditaelo tsa hao, etswe ke kgahlilwe ke yona.” (Pes. 119:35) Ho bala Bibele ho ka o natefela. O tla fumana matlotlo a bohlokwa ha o ntse o ithuta Bibele.

Le hoja re sa etelle setjhaba pele jwalo ka Joshua, le rona re ntse re na le mathata a rona. Ka hona, o lokela ho etsisa Joshua ka hore o ithute o be o hlahlobisise seo o se ngoletsweng. Haeba o etsa jwalo, o tla atleha mme o etse dintho ka bohlale.