Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Qenehela “Batho ba Mefuta Yohle”

Qenehela “Batho ba Mefuta Yohle”

HA JESU a ruta balatedi ba hae ka moo ba lokelang ho bolela ditaba tse molemo kateng, o ile a re ka nako tse ding batho ba ka nna ba se ke ba amohela molaetsa. (Luka 10:3, 5, 6) Le rona re ka kopana le batho ba sa amoheleng molaetsa kapa ba re buisang hampe. Seo se ka etsa hore ho be thata hore re ba qenehele kapa re ba rute.

Motho ya nang le kutlwelobohloko, o utlwisisa ditlhoko le mathata a batho ba bang mme o a ba hauhela ebe o a ba thusa. Le ha ho le jwalo, haeba re sa qenehele batho bao re kopanang le bona tshimong, re ka qetella re se re se mafolofolo tshebeletsong ya rona. Ka lehlakoreng le leng, haeba re qenehela batho, ho tla be ho tshwana le ha eka re beselletsa patsi e eketsehileng mollong. Ka mantswe a mang, re tla ba mafolofolo le ho feta.—1 Bathes. 5:19.

Re ka ba le qenehelo jwang le maemong ao ho leng thata ho etsa jwalo? A re ke re hlahlobeng mehlala ena e latelang ya batho bao re ka ba etsisang, e leng Jehova, Jesu le moapostola Pauluse.

QENEHELA BATHO JWALO KA JEHOVA

Haesale Jehova a mamelletse ha lebitso la hae le nyefolwa ka dilemo tse dikete. Empa o ntse a le “mosa ho ba se nang teboho le ba kgopo.” (Luka 6:35) O bontsha jwang hore o mosa? Ka hore a be le mamello ho bohle. Jehova o labalabela ho bona “batho ba mefuta yohle” ba pholoha. (1 Tim. 2:3, 4) Le hoja a hloile bokgopo, o ntse a nka batho e le ba bohlokwa mme ka hoo ha a batle ho bona ba hlokahala.—2 Pet. 3:9.

Jehova o utlwisisa hantle hore Satane o foufaditse dikelello tsa batho bao e seng Dipaki Tsa Jehova. (2 Bakor. 4:3, 4) Ba bangata ba hotse ba rutwa mashano ho tloha bonyenyaneng, e leng se etsang hore ho be thata hore ba amohele nnete. Re thabela ho utlwa hore Jehova o ikemiseditse ho ba thusa ho ntse ho le jwalo. Empa re tseba jwang?

Ka mohlala, nahana ka moo Jehova a neng a ikutlwa kateng ka motse wa Ninive. Le hoja batho ba moo ba ne ba le kgopo, Jehova o ile a re ho Jonase ka bona: “Na ha ke a tshwanela ho utlwela Ninive motse o moholo bohloko, oo ho wona ho nang le batho ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi bao ho hang ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letshehadi.” (Jon. 4:11) Jehova o ile a bona hore ha ba tsebe letho ka yena le merero ya hae, ke ka hoo a ileng a romela Jonase hore a ilo ba lemosa.

Le rona jwalo ka Jehova, re lokela ho nka batho e le ba bohlokwa. Re ka mo etsisa ka ho ikemisetsa ho thusa ba ka mamelang, esita le ha ho bonahala eka ba ke ke ba nka kgato eitseng.

QENEHELA BATHO JWALO KA JESU

Jesu le yena jwalo ka Ntate wa hae, o ile a susumelletseha ho hauhela batho ba neng ba sa tsebe letho ka Modimo. “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile mme bo qhalakane jwalo ka dinku tse se nang modisa.” (Mat. 9:36) Jesu o ne a sa okole dintho feela ka hodimo, ke ka hona a ileng a bona hore ba neng ba mo mametse, ba ne ba rutilwe mashano le hore baetapele ba bodumedi ba ne ba ba tshwara hampe. Le hoja a ne a tseba hore ba bangata ba tla dumella dintho tse itseng hore di ba sitise ho nka kgato, o ile a nna a ba “ruta dintho tse ngata.”—Mar. 4:1-9.

O se ke wa nyahama ha motho a sa amohele molaetsa wa hao qalong

Hopola hore maemo a bophelo a a fetoha mme ho jwalo le ka batho

Haeba le rona re sa okole dintho ka hodimo feela ha re le tshimong, re tla lemoha hore na ke hobaneng ha batho ba araba ka tsela eitseng. E ka nna yaba ba bang ha ba batle ho bona Bibele le mo e hatileng teng. Kapa ha ba batle Bokreste hobane ba bone ba ipitsang Bakreste ba etsa dintho tse mpe. Kapa mohlomong ba bang ba rutilwe mashano ka seo re se dumelang. Ka nako tse ding, ba bang ba tshaba hore haeba ba ka re mamela, ba ka hanyetswa ke batho ba sebakeng sa habo bona kapa beng ka bona.

Athe ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ka re tenehela jwalo hobane ba etsahalletswe ke dintho tse bohloko tse ba siileng ba nyotobetse maikutlo. Morumuwa e mong ya bitswang Kim o re: “Karolong e nngwe ya tshimo ya rona, batho ba bangata ke mahlatsipa a ntwa e ileng ya fella ka hore ba lahlehelwe ke thepa ya bona. Ba se ba lahletse thaole. Ba ferekane ebile ha ho na motho eo ba bonang eka ba ka hlola ba mo tshepa. Jwale ha re sebetsa tshimo mona, ehlile re fumana batho ba re hanyetsang. Ebile ka le leng nkile ka otlwa.”

Empa keng e thusitseng Kim hore a nne a be le qenehelo maemong a tjee? O re: “Ha ke hlekefetswa, ke leka ho ikgopotsa Liproverbia 19:11, e reng: ‘Temohisiso ya motho e diehisa bohale ba hae.’ Ho tseba hore na ke hobaneng ha batho ba tshimong ya rona ba itshwara jwalo, ho nthusa hore ke ba qenehele. Hape ha se hore bohle bao re kopanang le bona ba jwalo. Re ntse re kopana le ba hantle ba thabelang ho ithuta Bibele hona sebakeng seo.”

Mohlomong re ka ipotsa, ‘Haeba ke ne ke le boemong ba batho bao re ba bolellang molaetsa wa Mmuso, ke ne ke tla arabela jwang?’ Ka mohlala, ho thweng haeba re ne re dula re jwetswa mashano ka Dipaki Tsa Jehova? E ka nna yaba le rona ha re le maemong a jwalo, re ne re ke ke ra arabela hantle ebe jwale re hloka ho qenehelwa. Haeba re hlile re hopola taelo ya Jesu ya ho tshwara ba bang ka tsela eo re ka ratang ba re tshware ka yona, re tla susumelletseha ho utlwela batho bohloko esita le ha ho le thata.—Matheu 7:12.

QENEHELA BATHO JWALO KA PAULUSE

Moapostola Pauluse o ile a qenehela esita le bahanyetsi ba kgopo. Hobaneng? Hobane ha a a ka a itebala hore na le yena o tswa kae. O ile a re: “Pele ke ne ke le monyefodi le mohlorisi le monna wa monyedisi. Le ha ho le jwalo, ke ile ka bontshwa mohau, hobane ke ne ke hloka tsebo mme ke etsa ka ho hloka tumelo.” (1 Tim 1:13) O ile a hopola hore le yena, Jehova le Jesu ba ile ba mo bontsha mohau. Ka lebaka leo, o ne a kgona ho ikenya dieteng tsa batho bao a neng ba bolella molaetsa wa Bibele.

Empa ka nako tse ding tse Pauluse o ne a kopana le ba mo hanyetsang ka matla ka dithuto tsa maka. Ebe o ne a ye a etseng maemong a jwalo? Liketso 17:16 e re ha a ntse a le Athene, “moya wa hae ka hare ho yena wa halefa ha a bona hore motse oo o ne o tletse ditshwantsho tse rapelwang.” Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a be a se a nka monyetla mme a ruta ka yona ntho ena e neng e mo halefisitse. (Lik. 17:22, 23) O ile a leka ho tenyetseha le maemo a batho e le hore ‘ka sebele a ka pholosa ba bang.’—1 Bakor. 9:20-23.

Le rona re ka etsisa Pauluse ka hore re lemohe hore na ke hobaneng ha batho ba ye ba arabe ka tsela eitseng mme ka bohlale re ba fe “ditaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” (Esa. 52:7) Moradiwabo rona e mong ya bitswang Dorothy o re: “Tshimong ya rona, ba bangata ba rutilwe hore Modimo o kgopo ebile o tshwayatshwaya diphoso. Ebe ke fihla ke ba babatsa ka hore ehlile ho bonahala ba dumela ho Modimo ebe, jwale ke ba bontsha seo Bibele e se rutang ka Jehova le seo a re tshepisang sona ka moso.”

“O NNE O HLOLE BOBE KA BOTLE”

Ha re ntse re qwela le ho feta “matsatsing a ho qetela,” re ka lebella hore batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele “ba tla tswela pele ho tloha bobeng ho ya bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:1, 13) Empa le ka mohla ha re a lokela ho dumella seo ho etsa hore re se ke ra ba le qenehelo kapa ho fokollwa ke thabo. Lebaka ke hore Jehova a ka re fa matla a hore re ‘nne re hlole bobe ka botle.’ (Bar. 12:21) Pulamadiboho e nngwe e bitswang Jessica e re: “Hangata ha re bolella batho molaetsa wa Bibele, ke fumana batho ba ikgohomosang le ba re kgellang fatshe jwalo ka moroho wa thepe. Sena se ka nna sa re utlwisa bohloko. Ha ke qala ho bua le motho, ke etsa thapelo ka pelong mme ke kopa Jehova hore a nthuse ke be le pono ya hae ka motho enwa. Sena se etsa hore ke se ke ka ba le maikutlo a mabe ka motho enwa wa batho, ho e na le hoo, ke nahana ka moo nka mo thusang kateng.”

Dula o batla ba tshwanelehang le ba batlang ho phela ka ho sa feleng

Ba bang ba nka kgato ha re sa ba felle pelo

Re boetse hape re lokela ho kgothatsa le batho bao ntseng re sebetsa le bona tshimong. Jessica o re: “Haeba re kopana le maemo a nyahamaisang, ke leka ho iphapanyetsa ona. Ke fetola moqoqo hore e be wa dintho tse hahang, jwalo ka ho bua ka dintho tseo re di finyelletseng tshebeletsong.”

Jehova o ela hloko diphephetso tseo re kopanang le tsona tshebeletsong. Ka hona, e tlameha ebe o a thaba ha a bona re mo etsisa ka ho ba mohau. (Luka 6:36) Le ha ho le jwalo, Jehova a ke ke a dula a bontsha qenehelo molebe. Re ka kgodiseha hore o se a ntse a behile dintho ka manane mabapi le nako eo a tla tlisa bofelo ka yona. Ho fihlela nako eo e fihla, mosebetsi wa rona o potlakile. (2 Tim. 4:2) Ka hoo, a re tsweleng pele ho phetha kabelo ya rona ka mafolofolo mme re qenehele “batho ba mefuta yohle.”