SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 29
“Ha ke Fokola, Jwale ke ha ke le Matla”
“Ke kgahliswa ke mefokolo, dithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste.”—2 BAKOR. 12:10.
PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa
SEO RE TLO ITHUTA SONA *
1. Moapostola Pauluse o ile a hlokomelang ka yena?
MOAPOSTOLA Pauluse o ne a hlokomela hore ka dinako tse ding o ne a ikutlwa a fokola. O ne a dumela hore mmele wa hae o “a senyeha,” hore ho ne ho le thata ho etsa se nepahetseng le hore hape Jehova o ne a sa dule a arabela dithapelo tsa hae ka tsela eo a neng a e lebelletse. (2 Bakor. 4:16; 12:7-9; Bar. 7:21-23) Pauluse o ne a boetse a dumela hore bahanyetsi ba hae ba mo nka e le motho ya fokolang. * Empa ha a a ka a dumella dintho tse mpe tseo batho ba neng ba di bua ka yena le diphoso tseo a neng a di etsa di etse hore a ikutlwe a se na thuso.—2 Bakor. 10:10-12, 17, 18.
2. Ho ya ka 2 Bakorinthe 12:9, 10, ke thuto efe ya bohlokwa eo Pauluse a ileng a ithuta yona?
2 Pauluse o ile a ithuta thuto ya bohlokwa ya hore motho a ka ba matla le hoja a ikutlwa a fokola. (Bala 2 Bakorinthe 12:9, 10.) Jehova o ile a bolella Pauluse hore matla a hae “a ntse a etswa a phethahetseng bofokoding,” sena se bolela hore Jehova o ne a tla fa Pauluse matla ao a a hlokang. Empa a re qaleng pele ka ho bona hore na ke hobaneng ha re sa lokela ho utlwa bohloko ha bahanyetsi ba rona ba re soma.
“KE KGAHLISWA KE . . . DITHOHAKO”
3. Ke hobaneng ha re ka thaba ha batho ba re soma?
3 Ha ho motho ya thabelang ho rohakwa kapa ho songwa. Le ha ho le jwalo haeba dira tsa rona di re soma mme re utlwiswa bohloko ke seo ba se buang re ka nyahama. (Liprov. 24:) Jwale re lokela ho ikutlwa jwang ha bahanyetsi ba re soma? Jwalo ka Pauluse le rona re ka “kgahliswa ke . . . dithohako.” ( 102 Bakor. 12:10) Hobaneng? Hobane ha batho ba re hanyetsa ebile ba re soma, sena se a bontsha hore re barutuwa ba Jesu. (1 Pet. 4:14) Jesu o itse balatedi ba hae ba ne ba tla hloriswa. (Joh. 15:18-20) Sena ke sona se etsahalletseng Bakreste ba mehleng ya Jesu. Ka nako eo, batho ba neng ba susumetswa ke meetlo ya Bagerike, ba ne ba nka Bakreste e le batho ba sa rutehang ebile ba se na thuso. Hape ho Bajuda, Bakreste ba ne ba nkwa e le batho “ba sa rutehang le ba tlwaelehileng” jwalo ka moapostola Petrose le Johanne. (Lik. 4:13) Ka hoo batho ba bangata ba ne ba nka Bakreste ba se na thuso ebile ba sa ba hlomphe hobane ba ne ba sa kenelle dipolotiking le sesoleng.
4. Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba etsang ha batho ba bua dintho tse mpe ka bona?
4 Na Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba nyahamiswa ke dintho tse mpe tseo bahanyetsi ba neng ba di bua ka bona? Tjhe. Ka mohlala, moapostola Petrose le Johanne ba nkile ho hlorisetswa ho ba balatedi ba Jesu le ho ruta batho ba bang ka yena e le ntho ya bohlokwa. (Lik. 4:18-21; 5:27-29, 40-42) Ka hoo barutuwa bana ba ne ba se na lebaka la hore ba hlajwe ke dihlong. Ha nako e ntse e ya, Bakreste bao ba ikokobeditseng ba ile ba etsa dintho tse ngata ho thusa batho ba bang le hoja batho ba ne ba sa ba hlomphe. Ka mohlala, mangolo a ileng a ngolwa ke ba bang ba Bakreste bao, a tswela pele ho fa batho ba dimilione thuso le tshepo. Hape Mmuso oo ba neng ba ruta batho ka ona, hona jwale o busa lehodimong mme haufinyane o tla busa batho lefatsheng. (Mat. 24:14) Empa mmuso o matla wa Roma o neng o busa batho ka nako eo ha o sa busa. Ho ekelletsa moo, hona jwale Bakreste bao ba tshepahalang ke marena lehodimong. Le ha ho le jwalo, bahanyetsi bao ba bona ba shwele mme ha ho ka etsahala hore ba tsoswe ba tlo buswa ke Bakreste bao.—Tšen. 5:10.
5. Ho ya ka Johanne 15:19, ke hobaneng ha batho ba sa re nke re le ba bohlokwa?
5 Kajeno batho ba bangata ha ba re rate hobane re Dipaki Tsa Jehova, ebile ba a re soma ka ha ba nahana hore ha re na thuso. Hobaneng? Hobane re leka ho ba batho ba ikokobeditseng, ba bonolo le ba mamelang e leng tsela eo batho ba bangata ba sa pheleng ka yona kajeno. Ho ekelletsa moo, ha re kenelle dipolotiking hape ha re nke karolo sesoleng sa naha le ha e le efe. Ka hoo ka ha ha re tshwane le batho ba bangata kajeno, batho ba re nka re se ba bohlokwa.—Bala Johanne 15:19; Bar. 12:2.
6. Ke mosebetsi ofe o moholo oo Jehova a thusang bahlanka ba hae hore ba o etse?
6 Ho sa tsotellehe hore na batho ba nahanang ka rona, Jehova o kgona ho etsa dintho tse ngata ka rona. O etsa hore ho bolelwe ditaba tse molemo ho feta le ha e le neng pele lefatsheng. Kajeno bahlanka ba hae ba fetolela le ho fana ka dimakasine tse ngata ka ho fetisisa lefatsheng le ho sebedisa Bibele ho thusa batho ba dimilione hore ba fetole bophelo ba bona. Ke ka Jehova feela mosebetsi ona o kgonang ho etsahala mme o sebedisa batho bao lefatshe le ba nkang ba se na thuso ho phethahatsa mosebetsi oo. Empa Jehova o ikutlwa jwang ka e mong le e mong wa rona? Na a ka re thusa hore re be le matla? Haeba ho jwalo ke eng seo re tlamehang ho se etsa e le hore a re thuse? A re bueng ka dintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona mohlaleng wa moapostola Pauluse.
O SE KE WA TSHEPA MATLA A HAO
7. Re ithutang mohlaleng wa Pauluse?
7 E nngwe ya dintho tseo re ithutang tsona mohlaleng wa Pauluse ke hore re se ke ra Lik. 5:34; 22:3) Hape Bajuda ba ne ba nka Pauluse e le motho wa bohlokwa. Pauluse o ile a re: “Ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba dilemo tsa ka morabeng wa heso.” (Bagal. 1:13, 14; Lik. 26:4) Empa Pauluse ha a a ka a tshepa bohlale ba hae.
itshetleha ka matla kapa bokgoni ba rona ha re sebeletsa Jehova. Ho ya ka batho, Pauluse e ne e tlameha e be motho ya ikgohomosang le ya itshepang ka ha o holetse Tarsase, motsemoholo wa Silisia Roma. Tarsase e ne e le motse o ruileng ebile o na le yunivesithi e tsebahalang. Ka hoo Pauluse o ne a rutehile ka ha o ile a rutwa ke e mong wa baetapele ba Bajuda ya neng a hlomphuwa haholo ka nako eo e leng Gamaliele. (8. Ho ya ka Bafilipi 3:8, Pauluse o ne a ikutlwa jwang ka dintho tseo a di tlohetseng, hona ke hobaneng ha a ne a “kgahliswa ke mefokolo”?
8 Pauluse o ile a thabela ho tlohela dintho tse neng di etsa hore batho ba mo nke e le wa bohlokwa. O ile a hlokomela hore haele hantle dintho tseo e ne e le “dithole tse ngata.” (Bala Bafilipi 3:8.) Pauluse o ile a ba le mathata a mangata hobane e bile molatedi wa Kreste. Setjhaba sa habo se ne se mo hloile. (Lik. 23:12-14) Hape Baroma ba ile ba mo shapa le ho mo kwalla teronkong. (Lik. 16:19-24, 37) Ho ekelletsa moo, Pauluse o ile a hlokomela hore ha a phethahala mme ho thata hore a etse se nepahetseng. (Bar. 7:21-25) Empa ha a a ka a tlohela ho ba molatedi wa Kreste hobane a na le mathata, ho e na le hoo o ile a “kgahliswa ke mefokolo.” Hobaneng? Hobane ha a ne a fokola ke hona moo a neng a bona ka moo Modimo a mo thusang ka teng.—2 Bakor. 4:7; 12:10.
9. Re lokela ho ikutlwa jwang ka dintho tse etsang hore re bonahale eka ha re na matla?
9 Haeba re batla hore Jehova a re fe matla, ha re a tlameha ho nahana hore thuto, tsela eo re hodisitsweng ka yona kapa tjhelete eo re nang le yona ke tsona tse etsang hore Jehova a re nke re le batho ba bohlokwa. Haele hantle, ha se kaofela bahlanka ba Modimo ba leng “bohlale ka tsela ya nama ba ileng ba bitswa, ha se ba bangata ba matla, ha se ba bangata ba tswalo ya borena.” Ho e na le hoo Jehova o kgethile ho 1 Bakor. 1:26, 27) Ka hoo haeba o se na dintho tseo re buileng ka tsona serapeng sena, o ntse o ka kgona ho sebeletsa Jehova. Nka boemo ba hao e le monyetla wa hore o bone ha Jehova a o fa matla. Ka mohlala, haeba o utlwa o tshaba batho ba etsang hore o belaelle seo o se dumelang, rapela Jehova hore a o fe sebete sa hore o ba bolelle seo o se dumelang. (Baef. 6:19, 20) Haeba o kula haholo, kopa Jehova hore a o fe matla ao o a hlokang e le hore o dule o amehile ka ho mo sebeletsa. Ka mehla ha o bona ka moo Jehova a o thusang ka teng tumelo ya hao e ba matla mme le wena o ba matla le ho feta.
sebedisa “dintho tse fokolang tsa lefatshe.” (ITHUTE MEHLALENG E KA BIBELENG
10. Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta mehlaleng ya bahlanka ba tshepahalang ba Modimo jwalo ka ba hlahang ho Baheberu 11:32-34?
10 Pauluse o ne a kgothalletse ho ithuta Mangolo. O ile a ithuta dintho tse ngata mehlaleng ya bahlanka ba tshepahalang ba Jehova bao a badileng ka bona. Ha a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu, Pauluse o ile a ba kopa hore ba nahane ka mehlala ya bahlanka ba bangata ba tshepahalang ba Jehova. (Bala Baheberu 11:32-34.) Nahana ka e mong wa bahlanka bana e leng Morena Davida, o ile a mamella ho hanyetswa ke dira tsa hae le batho bao e neng e le metswalle ya hae. Ha re nahana ka mohlala wa Davida, re tla utlwisisa hore na ke hobaneng ha o ile wa thusa Pauluse le hore na rona re ka etsisa Pauluse jwang.
11. Ke hobaneng ha Davida a ne a bonahala e ka o a fokola? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
11 Goliathe eo e neng e le lesole le matla, o ne a nka Davida a fokola. Ha Goliathe a bona Davida o ile a qala ho “mo nyedisa.” Ho feta moo, Goliathe e ne e le senatla, a na le dibetsa ebile a kwetliseditswe ntwa. Ka lehlakoreng le leng, Davida e ne e le moshanyana ebile a sa tsebe ho lwana. Empa haele hantle o ne a le matla hobane o ne a tshepile Jehova mme o ile a mo fa matla e le hore a ka hlola Goliathe.—1 Sam. 17:41-45, 50.
12. Ke bothata bofe bo bong boo Davida a neng a na le bona?
12 Davida o ne a na le bothata bo bong bo neng bo ka etsa hore a ikutlwe a fokola. O ile a sebeletsa Saule ka botshepehi, e leng morena wa Iseraele eo Jehova a neng a mo kgethile. Qalong Morena Saule o ne a hlompha Davida empa ha morao Saule o ile a ikgohomosa e leng se ileng sa etsa hore a jelle Davida mona. Saule o ile a tshwara Davida hampe hoo a neng a batla le ho mo bolaya.—1 Sam. 18:6-9, 29; 19:9-11.
13. Davida o ile a etsang ha Morena Saule a ne a mo tshwara hampe?
13 Davida o ile a tswela pele a hlompha Morena enwa ya kgethilweng ke Jehova e leng Saule ho sa tsotellehe tsela e mpe eo a neng a mo tshwere ka yona. (1 Sam. 24:6) Ha a a ka a beha Jehova molato ka lebaka la dintho tse mpe tseo Saule a neng a mo etsa tsona. Ho e na le hoo, Davida o ile a itshetleha ka Jehova e le hore a mo fe matla a ho mamella teko ena.—Pes. 18:1, Sehloohwana.
14. Ke boemo bofe bo neng bo tshwana le ba Davida boo moapostola Pauluse a ileng a ba ho bona?
14 Moapostola Pauluse o ile a ba boemong bo tshwanang le ba Davida. Dira tsa Pauluse di ne di le matla ho mo feta. Baetapele ba bangata ba neng ba tsebahala ba mehleng ya hae ba ne ba mo hloile. Hangata ba ne ba mo shapa le ho mo kwalla teronkong. Jwalo ka Davida, Pauluse le yena o ile a tshwarwa hampe ke batho bao e neng e lokela hore ebe ke metswalle ya hae. Ebile batho ba bang ka phuthehong ya 2 Bakor. 12:11; Bafil. 3:18) Empa Pauluse o ile a hlola batho bohle ba neng ba le kgahlanong le yena. Jwang? O ile a tswela pele a bolella batho ditaba tse molemo ho sa tsotellehe ho hanyetswa. Le hoja Bakrestemmoho ba ne ba mo utlwisa bohloko o ne a dula a ba tshepahalla. Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore o ile a tshepahalla Modimo bophelo ba hae bohle. (2 Tim. 4:8) Ka hoo o ile a kgona ho etsa dintho tsena kaofela hobane o ne a itshetlehile ka Jehova.
Bokreste ba ne ba mo hanyetsa. (15. Re ikemiseditse ho etsang, hona re ka etsa seo jwang?
15 Na le wena batho bao o kenang sekolo le bona, bao o sebetsang le bona kapa ba lelapa bao eseng Dipaki ba a o soma kapa ba a o hlorisa? Na o kile wa tshwarwa hampe ke Mokrestemmoho? Haeba ho jwalo, hopola mohlala wa Davida le Pauluse. O ka tswela pele ‘o hlola bobe ka botle.’ (Bar. 12:21) Ha batho ba re hanyetsa ha re leke ho itwanela jwalo ka ha Davida a ile a lwantsha Goliathe, ho e na le hoo re hlola bobe ka ho leka ho ba thusa hore ba ithute ka Jehova. O ka hlola bobe ka hore ha batho ba o botsa dipotso o di arabe ka Bibele, o be mosa, o hlomphe batho ba o tshwarang hampe le hore o tshware ba bang hantle esita le dira tsa hao.—Mat. 5:44; 1 Pet. 3:15-17.
AMOHELA THUSO YA BATHO BA BANG
16, 17. Ke eng eo Pauluse a sa kang a e lebala?
16 Pele moapostola Pauluse e ba morutuwa wa Kreste, o ne a sa hlomphe balatedi ba Jesu ebile a ba hlorisa. (Lik. 7:58; 1 Tim. 1:13) Jesu o ile a thiba Pauluse eo ka nako eo a neng a tsebahala e le Saule hore a se ke a hlasela phutheho ya Bokreste. Jesu o ile a bua le Pauluse a le lehodimong mme a etsa hore a se ke a bona. E le hore Pauluse a boele a bone, o ne a tlameha ho ya kopa thuso ho batho bao a neng a ba hlorisa. Ka boikokobetso o ile a amohela thuso e neng e tswa ho morutuwa Ananiase e le hore a boele a bone.—Lik. 9:3-9, 17, 18.
17 Ha morao Pauluse o ile a tsebahala e le setho sa phutheho ya Bokreste, empa ha a a ka a lebala thuto eo Jesu a ileng a mo ruta yona ha a ne a le tseleng e yang Damaseka. Pauluse o ne a ikokobeditse mme a ikemiseditse Bakol. 4:10, 11.
ho amohela thuso e tswang ho Bakrestemmoho. O ne a dumela hore e ne e le “thuso e matlafatsang” ho yena.—18. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding re sa batle ho amohela thuso ya batho ba bang?
18 Re ka ithutang ho Pauluse? Ha re ne re qala ho ithuta Bibele ho ka etsahala hore ebe re ne re batla thuso ho batho ba bang hobane re tseba hore ho na le dintho tse ngata tseo re tlamehang ho ithuta tsona. (1 Bakor. 3:1, 2) Empa na le hona jwale re ntse re hloka thuso? Haeba re se re sebeleditse Jehova ka nako e telele mme re se re tseba dintho tse ngata, ho ka ba thata hore re amohele thuso haholoholo haeba re e fuwa ke motho eo eseng kgale a le ka phuthehong. Le ha ho le jwalo, hangata Jehova o sebedisa bara le baradibabo rona ho re matlafatsa. (Bar. 1:11, 12) Ka hoo haeba re batla hore Jehova a re fe matla, re hloka ho amohela thuso ya bara le baradibabo rona.
19. Pauluse o kgonne jwang ho etsa dintho tseo a neng a di etsa?
19 Pauluse o entse dintho tse ngata ka mora hore e be Mokreste. Hobaneng? Hobane o ile a ithuta hore ho sa tsotellehe hore na motho o tswa hokae, o na le matla a makae, o rutehile hakae le hore o na le tjhelete e kae, ha feela a ikokobeditse ebile a itshetlehile ka Jehova, a ka etsa dintho tse ngata tse molemo. E se e ka kaofela ha rona re ka etsisa Pauluse ka hore (1) re itshetlehe ka Jehova, (2) re ithute mehlaleng e ka Bibeleng le (3) re amohele thuso e tswang ho Bakrestemmoho. Ka hoo ho sa tsotelle hore na re ikutlwa re fokola hakae Jehova o tla re fa matla.
PINA YA 71 Re Lebotho la Jehova!
^ par. 5 Sehloohong sena re tlo bua ka mohlala wa moapostola Pauluse. Re tla bona hore haeba re le batho ba ikokobeditseng, Jehova o tla re fa matla a hore re mamelle ho songwa le ha re utlwa re fokola.
^ par. 1 TLHALOSO YA LENTSWE: Ho na le mabaka a mangata a ka etsang hore motho a ikutlwe a fokola a kang ho se phethahale, ho futsaneha, ho kula kapa ho ba motho ya sa rutehang. Ho ekeletsa moo, dira tsa rona di leka ho etsa hore re ikutlwe re se na thuso ka ho bua dintho tse mpe ka rona kapa ho re hlorisa.
^ par. 57 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha Pauluse a ne a ruta batho ka Kreste o ile a tlohela dintho tseo a neng a di etsa ha e ne e le Mofarisi. Dintho tsena di ne di akaretsa meqolo eo e seng ya bodumedi le mabokose a tshetseng mangolo.
^ par. 61 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Basebetsimmoho ba leka ho hatella morabo rona hore a keteke letsatsi la tswalo la mosebetsimmoho le yena.