Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 27

PINA YA 73 O re fe Sebete

Eba Sebete Jwalo ka Tsadoke

Eba Sebete Jwalo ka Tsadoke

“Tsadoke [e ne e le] mohlankana ya matla le ya sebete.”1 DIKRON. 12:28.

NTLHAKGOLO

Mohlala wa Tsadoke o ka re thusa hore re be sebete.

1, 2. Tsadoke e ne e le mang? (1 Dikronike 12:​22, 26-28)

 A KO nahane feela banna ba fetang 340 000 ba kopane e le hore ba ka etsa Davida morena wa Iseraele yohle. Ka matsatsi a mararo, banna bao ba ne ba dutse dibakeng tse maralla haufi le Hebrone. Ba ne ba tsheha, ba qoqa ebile ba binela Jehova dipina tsa thoriso. (1 Dikron. 12:39) Hara letshwele leo ho ne ho ena le mohlankana e mong ya bitswang Tsadoke. Batho ba bangata ba ne ba ke ke ba mo hlokomela. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore re a tseba hore Tsadoke o ne a le teng moo. (Bala 1 Dikronike 12:​22, 26-28.) Tsadoke e ne e le mang?

2 Tsadoke e ne e le moprista ya neng a sebetsa haufi le Moprista ya Phahameng Abiathare. Modimo o ne a boetse a file Tsadoke bohlale le bokgoni ba ho utlwisisa thato ya hae. (2 Sam. 15:27) Batho ba ne ba batla dikeletso tse molemo ho Tsadoke ha ba ne ba hloka thuso. E ne e boetse e le monna ya sebete. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke jwang re ka bontshang sebete jwalo ka Tsadoke.

3. (a) Ke hobaneng ha barapedi ba Jehova ba hloka ho ba sebete? (b) Re tlo ithutang sehloohong see?

3 Matsatsing ana a ho qetela, Satane o leka ho senya tumelo ya rona ho Jehova ho feta le ha e le neng pele. (1 Pet. 5:8) Re hloka ho ba sebete ha re ntse re emetse hore Jehova a fedise Satane le lefatshe la hae le kgopo. (Pes. 31:24) Sehloohong sena re tlo ithuta ditsela tse tharo tse ka re thusang ho ba sebete jwalo ka Tsadoke.

TSHEHETSA MMUSO WA MODIMO

4. Ke hobaneng ha batho ba Jehova ba hloka ho ba sebete e le hore ba tshehetse Mmuso wa Modimo? (Sheba setshwantsho.)

4 Ka ha re batho ba Jehova, re tshehetsa Mmuso wa Modimo ka dipelo tsohle tsa rona empa re lokela hore re be sebete e le hore re ka etsa jwalo. (Mat. 6:33) Ka mohlala, lefatsheng lena le kgopo leo re phelang ho lona, re hloka ho ba sebete e le hore re phele ka tsela eo Jehova a batlang hore re phele ka yona le hore re bolele ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. (1 Bathes. 2:2) Hape lefatshe le ntse le tswela pele ho ba le dikarohano ka lebaka la dipolotiki, ke ka hoo re hlokang ho ba sebete hore re se ke ra nka lehlakore le ho ngangisana ka ditaba tse amanang le dipolotiki. (Joh. 18:36) Batho ba bangata ba Jehova ba ba le mathata a ditjhelete, ba a hlekefetswa kapa ba kwallwa diteronkong ka lebaka la ho hana ho nka lehlakore dipolotiking le ho kenela sesole.

O tla etsang ha batho ba bang ba nka lehlakore dipolotiking? (Sheba serapa sa 4)


5. Ke hobaneng ha Tsadoke a ne a hloka ho ba sebete e le hore a tshehetse Davida?

5 Tsadoke o ne a sa ya Hebrone ho ya keteka borena ba Davida feela. Empa o ne a hlometse ebile a ikemiseditse ho lwana. (1 Dikron. 12:38) O ne a ikemiseditse ho ya le Davida ntweng le ho sireletsa Iseraele ho dira tsa yona. Ho ka etsahala hore ebe Tsadoke o ne a se na boiphihlelo bo bokaalo ntweng empa e ne e le monna ya sebete.

6. Davida o ile a behela Tsadoke mohlala o motle wa hore a be sebete jwang? (Pesaleme ya 138:3)

6 Ho tlile jwang hore moprista ya tshwanang le Tsadoke a be sebete? O ne a tseba banna ba neng ba le matla ebile ba le sebete. Ha ho pelaelo hore o ile a ithuta mohlaleng wa bona. Ka mohlala, Davida o ile a bontsha hore o sebete ka hore ‘a etelle Baiseraele pele ha ba ilo lwana’ mme seo se ile sa susumeletsa Baiseraele hore ba mo tshehetse ka dipelo tsohle tsa bona. (1 Dikron. 11:​1, 2) Davida o ne a dula a itshetlehile ka Jehova hore a mo thuse ha a lwantsha dira tsa hae. (Pes. 28:7; bala Pesaleme ya 138:3.) Tsadoke o ne a boetse a ithuta mehlaleng ya banna ba bang ba neng ba le sebete, e leng Jehojada le mora wa hae wa mohlabani Benaia esita le ho balaodi ba 22 ba neng ba tshehetsa Davida. (1 Dikron. 11:​22-25; 12:​26-28) Banna bana kaofela ha bona ba ne ba ikemiseditse ho etsa Davida morena wa bona le ho mo sireletsa.

7. (a) Ke mehlala efe ya mehleng ee e ka re thusang hore re be sebete? (b) O ithutang mohlaleng wa Morabo rona Nsilu ya hlahang videong?

7 Ha re nahana ka tsela eo ba bang ba bontshitseng sebete ka yona e le hore ba dule ba tshepahalla Jehova le Mmuso wa hae, re susumeletseha hore le rona re be sebete. Morena wa rona Kreste Jesu, o ile a hana ho ba karolo ya dipolotiki lefatsheng la Satane. (Mat. 4:​8-11; Joh. 6:​14, 15) Ka mehla o ne a dula a itshetlehile ka Jehova hore a mo fe matla. Mehleng ena le rona re ntse re ena le mehlala e mengata eo re ka e latelang ya bahlankana ba ileng ba hana ho kenela sesole kapa ho nka karolo dipolotiking. Re le kgothaletsa hore le bale dipale tsa bona ho jw.org. a

THUSA BANA BENO

8. Ke neng baholo ba ka hlokang ho bontsha sebete e le hore ba thuse bara le baradi ba bo rona?

8 Batho ba Jehova ba rata ho thusana. (2 Bakor. 8:4) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse jwalo. Ka mohlala, ha ho eba le ntwa, baholo ba a hlokomela hore bara le baradi ba bo rona ba hloka ho kgothatswa le ho tshehetswa. Hape ba a hlokomela hore ba hloka dingolwa, Bibele, dijo, diaparo le moo ba ka dulang teng. Ka lebaka la ho rata dinku, baholo ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka fana ka thuso e hlokahalang ho bara le baradi ba bo rona. (Joh. 15:​12, 13) Ha ba etsa jwalo, ba latela mohlala wa Tsadoke wa ho ba sebete.

9. Ho latela 2 Samuele 15:​27-29, Davida o ile a bolella Tsadoke hore a etseng? (Sheba setshwantsho.)

9 Bophelo ba Davida bo ne bo le kotsing. Mora wa hae Absalome o ne a ikemiseditse ho mo bolaya e le hore e ka ba morena. (2 Sam. 15:​12, 13) Davida o ne a hloka ho tloha Jerusalema hanghang! O ile a re ho bahlanka ba hae: “Emang mme re baleheng hobane ha ho na le ya mong wa rona ya tla phonyoha ho Absalome.” (2 Sam. 15:14) Le ha ho le jwalo, Davida o ile a hlokomela hore ho lokela hore ho be le motho ya salang motseng moo e le hore a ka mo jwetsa ka merero ya Absalome. Ka hoo, o ile a romela Tsadoke le baprista ba bang hore ba kgutlele Jerusalema e le hore e ka ba dihlwela. (Bala 2 Samuele 15:​27-29.) Ba ne ba lokela ho ba hlokolosi haholo. Seo Davida a ileng a re baprista bana ba se etse se ne se le kotsi ebile se ne se ka beha bophelo ba bona kotsing. Ka ha Absalome o ne a ikgohomosa, a le mano a bile a tletse boiphetetso, nahana feela hore na o ne a ka ba etsang ha a ne a ka tseba hore e ne e le dihlwela e le hore ba sireletse Davida!

Davida o ile a roma Tsadoke mosebetsing o kotsi (Sheba serapa sa 9)


10. Ke jwang Tsadoke le bao a neng a ena le bona ba ileng ba sireletsa bophelo ba Davida?

10 Davida o ile a kopa Tsadoke le motswalle e mong wa hae ya tshepahalang e leng Hushai hore ba mo thuse hore ba etse leano. (2 Sam. 15:​32-37) Hushai o ile a tlameha hore a etse eka o tshehetsa Absalome mme a mo eletse ka hore na a ka hlasela Davida jwang. Empa ho etsa jwalo ho ile ha fa Davida nako ya hore a itokisetse hore a hlasele Absalome. Ha Absalome a mamela keletso ya Hushai, Hushai o ile a bolella Tsadoke le Abiathare hore na keng se etsahetseng. (2 Sam. 17:​8-16) Ka mora moo, ba ile ba etsa bonnete ba hore ba bolella Davida merero yohle ya Absalome. (2 Sam. 17:17) Ka thuso ya Jehova, Tsadoke le bapristammoho le yena ba ile ba phetha karolo ya bohlokwa ya hore ba sireletse bophelo ba Davida.—2 Sam. 17:​21, 22.

11. Ke jwang re ka etsisang Tsadoke ka hore re be sebete ha re thusa bana ba bo rona?

11 Ke jwang re ka bang sebete jwalo ka Tsadoke ha bana ba bo rona ba le kotsing mme ba hloka thuso ya rona? (1) Latela tataiso. Maemong a jwalo, ho bohlokwa hore re mamele tataiso e le hore re ka dula re momahane. Re lokela ho mamela tataiso e tswang ofising ya lekala. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela hore kgafetsa ba ikgopotse ditaelo tsa hore na ba lokela ho itokisa jwang bakeng sa dikoduwa le hore na ba etseng ha dikoduwa di hlaha. (1 Bakor. 14:​33, 40) (2) Eba sebete empa o be hlokolosi. (Diprov. 22:3) Nahana pele o nka qeto. O lokela ho etsa bonnete ba hore o bolokehile. (3) Itshetlehe ka Jehova. Hopola hore Jehova o batla hore wena le bana beno le bolokehe. Ka hoo, a ka o thusa hore o ba thuse ka tsela e bolokehileng.

12, 13. O ithutang ho se ileng sa etsahalla Morabo rona Viktor le Morabo rona Vitalii? (Sheba setshwantsho.)

12 Nahana ka mohlala wa Morabo rona Viktor le Morabo rona Vitalii, e leng baholo ba babedi ba neng ba isetsa bara le baradi ba bo rona metsi le dijo Ukraine. Morabo rona Viktor o re: “Re ile ra batlana le dijo hohle. Re ne re dula re utlwa dithunya hangata. Morabo rona e mong o ile a ithaopela ho fana ka dijo tse tswang lebenkeleng la hae. Dijo tsena di ile tsa thusa bahweletsi ba bangata hore ba nne ba phele ka nako e itseng. Ha re ntse re laela teraka, bomo e ile ya otla sebaka sa dimithara tse 20 ho tloha moo re neng re le teng. Letsatsi leo kaofela, ke ile ka kopa Jehova ka matla hore a mphe sebete seo ke neng ke se hloka e le hore ke tswele pele ho thusa bahweletsi.”

13 Morabo rona Vitalii o re: “Re ne re hloka ho ba sebete haholo. Leeto la ka la pele le ile la nka dihora tse 12. Ke ile ka rapela Jehova tsela eo kaofela.” Morabo rona Vitalii o ne a le sebete, a boetse a le hlokolosi. O re: “Ke ile ka tswela pele ho kopa Jehova hore a mphe bohlale le boikokobetso. Ke ne ke kganna ditseleng tse neng di dumeletswe ke ba boholong feela. Tumelo ya ka e ile ya matlafala ha ke bona ka moo bara le baradi ba bo rona ba sebetsang ha mmoho ka teng. Ba ne ba tlosa dintho tse sitisang ka tseleng, ba bokella diphallelo le ho di laela ka terakeng hape ba re fa dijo le dibaka tsa ho phomola ha re ntse re le leetong.”

Eba sebete empa o le hlokolosi ha o thusa bana beno dinakong tse kotsi (Sheba serapa sa 12 le 13)


DULA O TSHEPAHALLA JEHOVA

14. Re ka ikutlwa jwang ha motho eo re mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova?

14 E nngwe ya diteko tse thata ka ho fetisisa tseo re ka tobanang le tsona ke ha setho sa lelapa kapa motswalle ya haufi a tlohela Jehova. (Pes. 78:40; Diprov. 24:10) Ha o rata motho eo haholo, o tla thatafallwa le ho feta ho amohela boemo bona. Haeba o kile wa hlahelwa ke ntho ena e bohloko, mohlala wa Tsadoke wa botshepehi o ka o matlafatsa.

15. Ke hobaneng ha Tsadoke a ne a hloka sebete e le hore a dule a tshepahalla Jehova? (1 Marena 1:​5-8)

15 Tsadoke o ile a dula a tshepahalla Jehova ha motswalle wa hae ya haufi Abiathare a kgetha ho se tshepahale. Sena se ile sa etsahala qetellong ya puso ya Davida. Ha Davida a le makgatheng a lefu, mora wa hae Adonija o ile a leka ho inkela ka mahahapa borena boo Jehova a neng a bo tshepisitse Solomone. (1 Dikron. 22:​9, 10) Abiathare o ile a kgetha ho tshehetsa Adonija. (Bala 1 Marena 1:​5-8.) Ka ho etsa jwalo, Abiathare o ne a sa tshepahalle Davida le Jehova. O se o ka inahanela ka moo Tsadoke a ileng a utlwa bohloko le ho swaba ka teng. Yena le Abiathare ba ne ba sebeditse haufiufi e le baprista ka dilemo tse ka bang 40. (2 Sam. 8:17) Ba ne ba ile ba hlokomela “Areka ya Modimo wa nnete” ha mmoho. (2 Sam. 15:29) Ho tloha qalong, haesale ba etsa dintho tse ngata tse amanang le tshebeletso ya Jehova ho akareletsa ho tshehetsa borena ba Davida.—2 Sam. 19:​11-14.

16. E ka nna yaba ke eng e ileng ya thusa Tsadoke hore a dule a tshepahala?

16 Le hoja Abiathare a sa ka a tshepahalla Jehova ka hore a hlanohele Davida, Tsadoke yena o ile a dula mo tshepahalla. Ha ho mohla Davida a ileng a belaella botshepehi ba Tsadoke. Eitse ha mmommori wa Adonija o hlahella, Davida a kgetha Tsadoke, Nathane le Benaia hore ba tlotse Solomone e le hore e be morena. (1 Mar. 1:​32-34) E tlameha ebe Tsadoke o ile a matlafatswa le ho kgothatswa ke ho ba le barapedi ba Jehova ba tshepahalang jwalo ka Nathane le ba bang ba neng ba tshehetsa Morena Davida. (1 Mar. 1:​38, 39) Ka mora hore Solomone e be morena, o ile “a kgetha moprista Tsadoke sebakeng sa Abiathare.”—1 Mar. 2:35.

17. O ka etsisa Tsadoke jwang ha motho ya haufi le wena a kgetha ho se tshepahalle Jehova?

17 O ka etsisa Tsadoke jwang? Haeba motho ya haufi le wena a kgetha ho tlohela Jehova, bontsha Jehova hore wena o kgetha ho mo tshepahalla. (Josh. 24:15) Jehova o tla o matlafatsa a be a o fe le sebete seo o se hlokang. Itshetlehe ka yena ka hore o mo rapele le ka hore o be haufi le barapedimmoho le wena ba tshepahalang. Jehova o ananela botshepehi ba hao mme o tla o putsa.—2 Sam. 22:26.

18. O ithutang mohlaleng wa Morabo rona Marco le Moradi wa bo rona Sidse?

18 Nahana ka mohlala wa Morabo rona Marco le mosadi wa hae, Sidse, bao baradi ba bona ba babedi ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Morabo rona Marco o re: “Ho tloha ha bana ba hao ba hlaha, o ba rata haholo. O ka etsa eng kapa eng ho ba sireletsa kotsing. Ka hoo, ke ntho e bohloko haholo ha ba kgetha ho tlohela ho sebeletsa Jehova.” O tswela pele o re: “Empa Jehova o nnile a re thusa ho mamella. O entse bonnete ba hore nakong eo ke fokolang, mosadi wa ka o matla le hore ha e le yena ya fokolang, ke nna ya matla.” Moradi wa bo rona Sidse o re: “Re ka be re sa kgona ho mamella ha e ne e ba Jehova ha a a ka a re fa matla ao re neng re a hloka. Ke ne ke utlwile bohloko haholo ebile ke utlwa eka ke molato wa ka hore ebe baradi ba ka ba kgaoditse ho sebeletsa Jehova. Ka hoo, ke ile ka bolella Jehova hore na ke ikutlwa jwang. Ka mora nakwana, moradi wa bo rona eo ke neng ke qetetse ho mo bona kgale o ile a tla ho nna, a ntshwara mahetleng yaba o ntjheba ka mahlong o re: ‘Sidse, hopola hore ha se molato wa hao!’ Jehova o nthusitse hore ke kgone ho dula ke thabile ha ke ntse ke mo sebeletsa.”

19. O ikemiseditse ho etsang?

19 Jehova o batla hore barapedi ba hae kaofela ba be sebete jwalo ka Tsadoke. (2 Tim. 1:7) Le ha ho le jwalo, ha a batle hore re itshetlehe ka matla a rona. O batla hore re itshetlehe ka yena. Ka hoo, ha o iphumana o le boemong boo ho bona o hlokang sebete, rapela Jehova. O ka kgodiseha hore o tla etsa hore o be sebete jwalo ka Tsadoke.—1 Pet. 5:10.

PINA YA 126 Fadimehang, Emang le Tiile, Matlafalang