E se Eka Kaofela re ka ba Bonngweng Jwalo ka ha Jehova le Jesu ba le Bonngweng
“Ke etsa kopo . . . e le hore kaofela ba ka ba bang, feela jwalo ka ha wena, Ntate, o le bonngweng le nna.”—JOH. 17:20, 21.
1, 2. (a) Keng seo Jesu a ileng a se kopa thapelong ya hae ya ho qetela le baapostola ba hae? (b) E ka nna yaba ke hobaneng ha Jesu a ne a kgathatsehile ka bonngwe?
JESU o ne a kgathatsehile ka bonngwe dijong tsa ho qetela le baapostola ba hae. Ha a ne a rapela le bona, o ile a re o labalabela hore barutuwa ba hae ba be bonngweng jwalo ka yena le ntate wa hae. (Bala Johanne 17:20, 21.) Bonngwe ba bona bo ne bo tla fana ka bopaki bo matla ba hore ke Jehova ya neng a romme Jesu lefatsheng ho tla etsa thato ya hae. Lerato e ne e tla ba letshwao le bonahatsang barutuwa ba nnete ba Jesu, ebile le ne le tla etsa hore ba dule ba na le bonngwe.—Joh. 13:34, 35.
2 Jesu o ile a hatisa bohlokwa ba bonngwe ha a ja dijo tsa mantsiboya le barutuwa ba hae, hobane a ne a hlokometse hore ha ba na bonngwe. Jwalo ka ha ho kile ha etsahala, ngangisano e ile ya boela ya ba teng ya “hore na ke ofe ho bona ya neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 22:24-27; Mar. 9:33, 34) Ka tsatsi le le leng Jakobo le Johanne ba kile ba kopa Jesu hore a ba fe boemo bo phahameng haufi le yena Mmusong wa hae.—Mar. 10:35-40.
3. E ka nna yaba keng e neng e etsa hore barutuwa ba Kreste ba se ke ba utlwana, hona re tlo tshohla dipotso dife?
3 Taba ya ho batla ho hlahella e ne e se lona feela lebaka le neng le etsa hore barutuwa ba Kreste ba se ke ba ba le bonngwe. Batho ba ne ba arotswe ke lehloyo le kgethollo. Barutuwa ba Jesu bona ba ne ba tla lokela ho itebela kgalanong le boikutlo boo. Sehloohong sena re tlo hlahloba dipotso tsena tse latelang: Jesu o ile a etsang ha a kgethollwa? O rutile balatedi ba hae jwang hore ba se ke ba tshwara batho ba bang ka leeme le hore ba momahane? Hona thuto eo e ka re thusa jwang hore re dule re momahane?
KGETHOLLO EO JESU LE BALATEDI BA HAE BA ILENG BA TOBANA LE YONA
4. Fana ka mehlala e bontshang ka moo Jesu a ileng a tshwarwa ka leeme kateng.
4 Jesu le yena o ile a tshwarwa ka leeme. Ha Filipi a ne a bolella Nathanaele hore o fumane Mesia, Nathanaele o ile a re: “Na ho na le ntho le ha e le efe e molemo e ka tswang Nazaretha?” (Joh. 1:46) Ho bonahala eka Nathanaele o ne a tseba boprofeta bo ho Mikea 5:2 mme a nka motse wa Nazaretha o le monyenyane haholo hore e ka ba habo Mesia. Ka ho tshwanang, Bajuda ba hlahelletseng le bona ba ne ba nyatsa Jesu hobane e ne e le Mogalilea. (Joh. 7:52) Athe Bajuda ba bangata ba ne ba kgella Bagalilea fatshe. Ba bang bona, ba ne ba nyefola Jesu ka ho mo bitsa Mosamaria. (Joh. 8:48) Basamaria le Bajuda ba ne ba fapane ka setso le bodumedi. Bajuda hammoho le Bagalilea ba ne ba sa hlomphe Basamaria ebile ba sa batle le ho kopana le bona.—Joh. 4:9.
5. Ke kgethollo ya mofuta ofe eo balatedi ba Jesu ba ileng ba tobana le yona?
5 Ka ho tshwanang, baetapele ba Bajuda le bona ba ne ba nyefola balatedi ba Jesu. Bafarisi ba ne ba re ke “batho ba rohakilweng.” (Joh. 7:47-49) Ba ne ba nyatsa batho ba sa kang ba kena dikolo tsa borabi le ba neng ba sa latele setso sa bona, ba bile ba ba nka e le batho feela ba tlwaelehileng. (Lik. 4: 13) Kgethollo eo Jesu le barutuwa ba hae ba neng ba tobana le yona, e ne e susumetswa ke bodumedi, botjhaba le setso. Barutuwa le bona ba ne ba se ba hahlametswe ke kgethollo ena. Ke ka hoo, ba neng ba lokela ho fetola menahano ya bona hore ba be le bonngwe.
6. Fana ka mehlala ho bontsha hore na kgethollo e ka re ama jwang.
6 Kajeno boholo ba rona re phela hara batho ba nang le kgethollo. E ka nna yaba batho ba bang ba re tshwara ka leeme kapa hore mohlomong ke rona ba nang le kgethollo. Moradiwabo rona e mong ya dulang Australia eo hona jwale e seng e le pulamadiboho, o re: “Ke ile ka hloya makgowa le ho feta ha ke ne ke nahana ka moo nakong e fetileng haesitana le hona jwale, batho ba batsho ba tshwarwang hampe kateng. Lehloyo lena leo ke neng ke na le lona le ne le boetse le bakwa ke hore le nna ke ile ka hlekefetswa.” Morabo rona e mong ya dulang Canada yena o re o ne a sa rate batho ba buang Sekgowa. O re: “Ke ne ke nka hore batho ba buang Sefrench ba phahametse ba dipuo tse ding, yaba ke qala ho hloya batho ba buang Sekgowa.”
7. Jesu o ile a bontsha jwang hore ha a na kgethollo?
7 Mehleng ena ya rona, maikutlo a ho ba le kgethollo a ka mela ka metso feela jwalo ka mehleng ya Jesu. Jesu o ile a bontsha jwang hore ha a na kgethollo? Ntlha ya pele, o ne a hloile kgethollo ebile hohang a sa tshware batho ka leeme. O ne a bolela ditaba tse molemo ho barui le ho bafutsa, ho Bafarisi le Basamaria esita le ho babokelli ba lekgetho le ho baetsadibe. Ntlha ya bobedi, ka dithuto tsa hae le ka mohlala, Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae hore ba lokela ho kgaotsa ho belaella ba bang le ho ba fella pelo.
HLOLA KGETHOLLO KA LERATO LE BOIKOKOBETSO
8. Ke molaomotheo ofe wa bohlokwa o tshwayang bonngwe ba Bokreste? Hlalosa.
8 Jesu Kreste o ile a ruta balatedi ba hae ka molaomotheo o tshwayang bonngwe ba Bokreste. O itse: “Lona bohle le bara ba motho.” (Bala Matheu 23: 8, 9.) Ke nnete hore re “bara ba motho” hobane kaofela ha rona re tswa ho Adama. (Lik. 17:26) Empa ho na le mabaka a eketsehileng. Jesu o ile a boela a hlalosa hore barutuwa ba hae ke bara le baradi, hobane kaofela ba nka Jehova e le Ntate wa bona ya lehodimong. (Mat. 12:50) Ho ekelletsa moo, e ne e bile karolo ya lelapa le leholo la Modimo le momahantsweng ke lerato le tumelo. Ha baapostola ba ngola mangolo, hangata ba ne ba bitsa barutuwammoho le bona ‘bara le baradibabo rona.’—Bar. 1:13; 1 Pet. 2:17; 1 Joh. 3:13. *
9, 10. (a) Ke hobaneng ha ho ne ho sa utlwahale hore Bajuda ba ikotle sefuba ka morabe wa bona? (b) Jesu o ile a ba thusa jwang hore ba kgaotse ho ba le kgethollo ya morabe? (Sheba setshwantsho se qalong.)
9 Ka mora hore Jesu a hlakise hore re lokela ho nka ba bang e le bara le baradibabo rona, o ile a hatisa bohlokwa ba ho ikokobetsa. (Bala Matheu 23:11, 12.) Jwalo ka ha re se re bone, boikgohomoso ba baapostola bo ile ba etsa hore ba se ke ba momahana. Mohlomong bothata bo bong e ne e le hore ba ne ba nka hore morabe wa bona o ne o phahametse e meng. Ka hona, ho ne ho sa utlwahale hore Bajuda ba ikgohomose ka morabe wa bona, hobane kaofela e ne e le ditloholo tsa Abrahama. Bajuda ba bangata ba ne ba ikotla sefuba ka hore ebe Ntatemoholo wa bona ke Abrahama. Empa Johanne Mokolobetsi o ile a re ho bona: “Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Abrahama bana ka majwe ana.”—Luka 3:8.
10 Jesu o ne a nyatsa batho ba nkang hore morabe wa bona o betere ho feta wa ba bang. O ile a nka monyetla wa ho ruta ka taba ena ha mongodi e mong tjena a ne a mo botsa a re: “Ha e le hantle moahelani wa ka ke mang?” Ha Jesu a mo araba o ile a etsa papiso ya Mosamaria ya ileng a kopana le monna wa Mojuda ya neng a otluwe ke mashodu. Bajuda ba neng ba feta ka tsela ba ile ba hlokomoloha monna enwa wa batho, empa Mosamaria o ile a mo qenehela mme ka mosa a mo hlokomela. Ha Jesu a phethela pale ena, o ile a kgothalletsa mongodi eo hore a tshwane le Mosamaria. (Luka 10:25-37) Jesu o ile a bontsha hore Mosamaria o ne a ka ruta Bajuda se bolelwang ke ho ba moahelani wa nnete le ya lerato.
11. Ke hobaneng ha barutuwa ba Jesu ba ne ba sa lokela ho kgetholla bajaki, hona o ile a ba thusa jwang ho utlwisisa taba eo?
11 E le hore balatedi ba Jesu ba phethe mosebetsi wa bona, ba ne ba lokela ho hlola boikgohomoso le leeme leo ba neng ba na le lona. Pele a nyolohela lehodimong, o ile a ba roma hore ba bolele molaetsa wa Mmuso “Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e holehole ya lefatshe.” (Lik. 1:8) Jesu o ne a ba hlophiseditse mosebetsi ona ka hore a ba hlokomedise makgabane a matle ao bajaki ba nang le ona. O ile a babatsa letona la sesole la mojaki ka tumelo ya lona e matla. (Mat. 8:5-10) Motseng wa habo wa Nazaretha, o ile a bua ka moo Jehova a thahasellang bajaki kateng, ba kang mohlolohadi wa Mofoenisia ya dulang Sarepta le molepera wa Syria Naamane. (Luka 4:25-27) Jesu ha a ka a ruta mosadi wa Mosamaria nnete feela, empa o ile a ba a qeta le matsatsi a mabedi motseng wa Samaria hobane batho ba ne ba rata molaetsa wa hae.—Joh. 4:21-24, 40.
HO HLOLA LEEME MEHLENG YA BAAPOSTOLA
12, 13. (a) Baapostola ba ile ba etsang ha Jesu a ruta mosadi wa Mosamaria? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Keng e bontshang hore Jakobo le Johanne ba ne ba sa utlwisise ka botlalo seo Jesu a neng a ba ruta sona?
12 Ho ne ho se bonolo hore baapostola ba qhelele Joh. 4:9, 27) Baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ne ba ke ke ba bua le mosadi phatlalatsa, haholo jwang mosadi wa Mosamaria ya neng a se na botumo bo botle. Baapostola ba ile ba phehella Jesu hore a je. Empa karabo ya hae e ile ya supa hore o ne a amehile haholo ka moqoqo wa hae le mosadi eo wa Mosamaria, hoo a neng a ka hlokomoloha le tlala. O ne a nka ho etsa thato ya Ntate wa hae e le ntho ya bohlokwa ho feta ho ja. Ke ka hoo a ile a bolella esita le mosadi enwa wa Mosamaria ditaba tse molemo.—Joh. 4:31-34.
leeme ka thoko. Ba ile ba makala ha ba bona Jesu a ho ruta mosadi wa Mosamaria. (13 Jakobo le Johanne ba ne ba sa utlwisise thuto ena. Ha ba ntse ba tsamaya le Jesu ho pholletsa le Samaria, ba ile ba tlameha ho robaletsa motsaneng o mong wa Samaria. Yaba Basamaria ba hana ho ba amohela. Ka hoo, Jakobo le Johanne ba re ekare mollo o ka theoha lehodimong mme wa fedisa motse ona wohle. Jesu o ile a ba kgalemela ka thata. (Luka 9:51-56) Re ka ipotsa hore na ebe Jakobo le Johanne ba ka be ba ile ba bua jwalo na, haeba ba ne ba sa amohelwa ka mofuthu motseng wa habo bona wa Galilea. Mohlomong leeme ke lona le ileng la etsa hore ba qale ho hloya Basamaria. Ho ka etsahala hore ebe moapostola Johanne o ile a utlwa a swabela taba ya hore o ile a halefa ka tsela ena, hobane hamorao boboledi ba hae bo ile ba atleha Samaria.—Lik. 8:14, 25.
14. Bothata boo e neng e ka nna yaba bo bakuwe ke puo bo ile ba rarollwa jwang?
14 Nakwana ka mora Pentekonte ya 33, ho ile ha ba le bothata ba kgethollo. Ha bahlolohadi ba ne ba fuwa dijo, bahlolohadi ba buang Segerike ba ne ba hlokomolohuwa. (Lik. 6:1) E ka nna yaba lebaka e ne e le taba ya puo. Baapostola ba ile ba potlakela taba eo ka hore ba kgethe banna ba tshwanelehang ho lokisa taba ya ho aba dijo. Banna bana bohle ba tshwanelehang ba ne ba na le mabitso a Segerike. Sena se ne se ka nna sa etsa hore ba amohelehe haholwanyane ho bahlolohadi bao ba neng ba sa tshwarwa hantle.
15. Petrose o ile a lokisa bothata ba hae ba ho ba leeme jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)
15 Ka selemo sa 36, mosebetsi wa ho etsa batho barutuwa o ile wa qala ho akaretsa le batho ba merabe e meng. Moapostola Petrose o ne a rata ho etsa setswalle le Bajuda feela. Empa ka mora hore Modimo a hlakise taba ya hore Bakreste ha ba a lokela ho ba le kgethollo, Petrose a bolella lesole le leng la Moroma le bitsawang Korneliase ditaba tse molemo. (Bala Liketso 10:28, 34, 35.) Ka mora moo, a thabela botswalle le ho ja dijo le badumedi ba Baditjhaba. Dilemo ha morao ha a le motseng wa Antioke, o ile a kgaotsa ho ja dijo le Bakreste bao e seng Bajuda. (Bagal. 2:11-14) Ka lebaka la sena Pauluse o ile a fa Petrose kgalemelo e neng e hlokahala mme Petrose a e amohela. Ha Petrose a ngola lengolo la pele le yang ho Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba ba neng ba dula Asia Minor, o ile a bua hantle ka mokgatlo wohle wa barababo rona.—1 Pet. 1:1; 2:17.
16. Phutheho ya Bokreste ya mehleng ya baapostola e ile ya ba le botumo bofe?
16 Ho hlakile hore Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba ithuta mohlaleng wa Jesu wa hore ba rate “batho ba mefuta yohle.” (Joh. 12:32; 1 Tim. 4:10) Le hoja ho ba nkile nako, ba ile ba lokisa mohopolo wa bona. Ba ne ba tumme ka ho ratana. Ke ka hona mongodi e mong ya bitswang Tertullian dilemong tsa bo 100 kwana, a ileng a re batho bao e seng Bakreste ba ne ba re: “Bakreste ba a ratana . . . Ebile ba ikemiseditse le ho shwelana.” Ho apara “botho bo botjha” ho thusitse Bakreste bao ho nka batho bohle ba lekana ka pela Modimo.—Bakol. 3:10, 11.
17. Re ka fothola kgethollo ka metso dipelong tsa rona jwang? Fana ka mehlala.
17 Le rona kajeno re hloka nako e le hore re fothole kgethollo e teng ka dipelong tsa rona. Moradiwabo rona e mong ya dulang France, o ile a
hlalosa ntwa eo a bileng le yona tjena: “Jehova o ile a nruta se bolelwang ke lerato, ho arolelana dintho le batho ba bang le ho rata batho ba mefuta yohle. Empa le hona jwale ke ntse ke ithuta hore ke se ke ka ba le kgethollo mme ha se kamehla ho bang bonolo. Ke ka lebaka leo ke dulang ke rapella taba ena.” Moradiwabo rona ya dulang Spain o ile a ba boemong bo tshwanang, yena o re: “Kamehla ke lwana le boikutlo ba lehloyo kgahlanong le batho ba morabe o itseng mme hangata ke a bo hlola. Empa ke a tseba hore ke lokela ho dula ke bo lwantsha. Ka hona, ke leboha Jehova hore ebe ke karolo ya lelapa lena le momahaneng.” E mong le e mong wa rona a ka itlhahlobisisa ka hloko. Na ebe le rona re lokela ho lwantsha boikutlo boo ba leeme?HA RE NA LE LERATO, RE KE KE RA BA LEEME
18, 19. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho amohela batho bohle? (b) Hona re ka etsa see jwang?
18 Ke habohlokwa ho hopola hore ka nako e nngwe le rona re ne re le bajaki, ka mantswe a mang, re ne re se na kamano e ntle le Modimo. (Baef. 2:12) Empa Jehova o re huletse ho yena “ka dithapo tsa lerato.” (Hos. 11:4; Joh. 6:44) Yaba Kreste o a re amohela. A re bulela monyako, ka hoo ra ba ditho tsa lelapa la Modimo. (Bala Baroma 15:7.) Ka ha Jesu o re amohetse re ntse re sa phethahala tjena, jwale rona re bo mang hore re kgetholle ba bang.
19 Ha ho pelaelo hore kgethollo, lehloyo le dikarohano, di tla nne di eketsehe ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela. (Bagal. 5:19-21; 2 Tim. 3:13) Ka ha re bahlanka ba Jehova, re tla dula re kopa bohlale bo tswang hodimo hobane ha bo kgetholle ka leeme mme bo etsa hore ho be le kgotso. (Jak. 3:17, 18) Re a thaba ha re ba le metswalle e tswang dinaheng tse ding, re amohela setso sa bona mme ha maemo a dumela, re ithuta le dipuo tsa bona. Ha re etsa sena, kgotso ya rona e tla phalla jwalo ka noka mme toka ya rona yona, ebe jwalo ka maqhubu a lewatle.—Esa. 48:17, 18.
20. Ho etsahalang ha lerato le bopa menahano le dipelo tsa rona?
20 Moradiwabo rona e mong ya dulang Australia eo re buileng ka yena qalong, o re: “Ke ile ka bulehelwa ke dikgoro tsa morwallo tsa tsebo ya nnete.” Ha a hlalosa ka moo thuto ya Bibele e ileng ya mo thusa kateng, o re e ile ya fetola monahano le maikutlo a hae. O re: “Dithuto tsohle tsa kgethollo le leeme di ile tsa qhibidiha ka pela mahlo a ka.” Athe morabo rona e mong ya dulang Canada yena, o re “ho se tsotelle ho baka kgethollo ya morabe, le hore ho ba le makgabane a matle, ha ho a itshetleha ka hore na motho o tswaletswe hokae.” O ile a nyala moradiwabo rona ya buang Sekgowa. Ho fetola maikutlo ka tsela e jwalo ke bopaki ba hore lerato la Bokreste ehlile le hlola kgethollo. Le re momahanya ka tlamo e sa kgaoheng.—Bakol. 3:14.
^ par. 8 Lentswe “barababo rona [barabeso]” le ka boetse la akarelletsa le batho ba bo Mme ka phuthehong. Pauluse o ile a sebedisa lentswe “barabeso” ha a ngolla phutheho e Roma. Ho hlakile hore o ne a akarelleditse le baradibabo rona bao ba bang ba bona a ileng a ba bitsa le ka mabitso. (Bar. 16:3, 6, 12) E se e le kgale Tora ya ho Lebela e sebedisa mantswe ‘bara le baradibabo rona’ ha e bua ka Bakreste.