Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Bang ba Reng ka ho Rapela?

Batho ba Bang ba Reng ka ho Rapela?

María o re: “Ha ke rapela ke utlwa ekare Modimo o ka lehlakoreng la ka, o ntshwere ka letsoho mme wa ntataisa ha ke utlwa ekare ke lahlehile.”

Raúl o re: “Mosadi wa ka o ile a hlokahala ka mora dilemo tse 13 a tshwerwe ke kankere. Ke hopola ke rapela Modimo letsatsi le letsatsi mme ke ne ke utlwa eka o mmametse ebile o utlwa bohloko boo ke bo utlwang, ke ne ke na le kgotso.”

Arne o re: “Thapelo ke mpho e molemo eo Modimo a re fileng yona.”

María, Raúl, Arne le ba bang ba bangata, ba nka thapelo e le mpho e kgethehileng. Ba dumela hore thapelo e ba thusa ho bua le Modimo, ho mo leboha le ho mo kopa thuso. Ba kgodisehile hore seo Bibele e se buang ka thapelo ke nnete. “Ena ke kgodiseho eo re nang le yona ho yena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.”​—1 Johanne 5:14.

Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba fumana ho le thata hore ba dumele seo Bibele e se buang ka thapelo. Steve o a re bolella hore na o ne a ikutlwa jwang ka thapelo. O re: “Ha ke ne ke le dilemo tse 17, metswalle ya ka e meraro e ile ya hlokahala diketsahalong tse pedi tse fapaneng. E mong o ile a hlokahala kotsing ya koloi, ba bang ba babedi ba ile ba kgangwa ke metsi lewatleng.” Steve o ile a etsang? O re: “Ke ile ka rapela Modimo ke batla dikarabo tsa hore na ke hobaneng ha seo se etsahetse, empa ha ke a ka ka di fumana. Ka hoo ke ile ka ipotsa: ‘Ke hobaneng ha ke lokela ho rapela?’ ” Batho ba bangata ba ile ba utlwa eka dithapelo tsa bona ha di arabelwe, ka hoo ba ile ba ipotsa hore ke hobaneng ha ba lokela ho tswela pele ba rapela.

Ho boetse ho na le mabaka a mang a etsang hore batho ba bang ba utlwe eka thapelo ha e ba thuse. Ba bang bona ba re ka ha Modimo o tseba dintho tsohle, o se a ntse a tseba hore na re hloka eng le hore na mathata a rona ke a fe, ka hoo ha ho hlokahale hore re mmolelle dintho tsena.

Ba bang ba dumela hore Modimo ha a batle ho mamela dithapelo tsa bona ka lebaka la diphoso tseo ba ileng ba di etsa nakong e fetileng. Jenny o re: “Bothata ba ka bo boholo ke hore ke ikutlwa eka ha kena thuso. Ke entse dintho tseo ke ikwahlaelang tsona, ka hoo ke nahana hore ha ke tshwanelehe hore Modimo a ka mmamela.”

Wena o ikutlwa jwang ka thapelo? Haeba le wena o kile wa ba le maikutlo a tshwanang o ka tshediswa ke ho tseba hore Bibele e fana ka dikarabo tse kgotsofatsang. Re ka tshepa seo Bibele e se buang ka thapelo, * e ka re thusa ho fumana dikarabo tsa dipotso tse tshwanang le tsena tse latelang:

  • Na ehlile Modimo o utlwa dithapelo tsa rona?

  • Ke hobaneng ha Modimo a sa arabele dithapelo tse ding?

  • O ka rapela jwang e le hore Modimo a o utlwe?

  • Ho rapela ho ka o thusa jwang?

^ par. 9 Bibele e na le dithapelo tse ngata tsa bahlanka ba Modimo, ho akarelletsa le tsa Jesu Kreste. Mangolo a Seheberu a tlwaelehileng ka hore ke Testamente ya kgale a na le dithapelo tse ka hodimo ho 150.