Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ha ho Mohla Jehova a Kileng a Ntlohela!

Ha ho Mohla Jehova a Kileng a Ntlohela!

Ke ne ke le e mong wa bananyana ba neng ba kgethilwe hore ba fe Adolf Hiltler dipalesa ha a qeta ho bua le setjhaba. Ke hobaneng ha ke ne ke kgethilwe? Ke hobane Ntate e ne e le e mong wa Manazi, a bile a kganna dikoloi tsa mokgatlo wa Hiltler. Athe Mme yena o ne a rata kereke ya Khatholike, ka hoo o ne a batla hore ke se ke ka nyalwa empa ke sebeletse kereke. Ho sa tsotellehe seo batswadi ba ka ba neng ba batla hore ke be sona, ha ke a ka ka ba e mong wa Manazi kapa ka ba Mokhatholike. E re ke le bolelle hore na ho ile ha etsahalang.

KE HOLETSE motseng wa Graz o Austria. Ha ke ne ke le dilemo di 7, ke ile ka kena sekolo sa Khatholike. Dintho tseo ke neng ke di bona di ne di tshosa. Baruti le masistere ba ne ba etsa thobalano. Ka hoo mme wa ka o ile a nkisa sekolong se seng.

Lelapa la heso le eme le ntate a apere diaparo tsa sesole

Ha morao, ke ile ka kena boarding school. Bosiung bo bong, Ntate o ile a ntata sekolong, a nkisa sebakeng se sireletsehileng, hobane motseng wa heso ho ne ho qomme ntwa. Re ile ra balehela motseng wa Schladming. Hang feela ha re qeta ho tshela borokgo, motse wa habo rona o ile wa otlwa ka bomo. Ka letsatsi le leng, batho ba neng ba tsamaya ka difofane ba ile ba thunya nkgono wa ka hammoho le nna re le ka jareteng heso. Ka mora hore ntwa e fele, re ile ra bona hore mmuso le kereke ha di na thuso.

RE ILE RA ITHUTA HO TSHEHETSANA

Ka 1950, e mong wa Dipaki Tsa Jehova o ile a qala ho ithuta Bibele le mme wa ka. Ke ne ke dula ke mamela ha a tlo bala le yena, ebile ka dinako tse ding ke ne ke ya le bona dibokeng. Mme o ile a bona hore seo Dipaki Tsa Jehova di se rutang ke nnete, ka hoo o ile a kolobetswa ka 1952.

Pele ke ne ke nahana hore dibokeng ke kerekeng ya bonkgono. Empa ka letsatsi le leng re ile ra tjhakela phutheho e nngwe e neng e na le batjha ba bangata. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka qala ho natefelwa ke diboka. Ha re ne re dula motseng wa Graz, ke ne ke se ke ya dibokeng, mme ke kgodisehile hore seo ke ithutang sona ke nnete. Ke ile ka tseba nnete ka Jehova, mme ka ithuta ho itshetleha ka yena le ha ho le thata.​—Pes. 3:​5, 6.

Ke ne ke batla ho ruta ba bang ka Modimo. Ka hoo, ke ile ka qala ka bana beso. Empa bo ausi ba ka e ne e se e le matitjhere mme ba dula metseng e fapaneng. Le ha ho le jwalo, ke ile ka ba tjhakela, mme ka ba kgothalletsa hore ba ithute Bibele. Bana beso kaofela ba ile ba ithuta Bibele, mme ya e ba Dipaki Tsa Jehova.

Ka mora dibeke tse pedi ke qadile ho ya tshimong, ke ile ka kopana le mosadi e mong ya dilemo di 30 eo ke ileng ka ithuta Bibele le yena. O ile a tswela pele ho ithuta ho fihlela a kolobetswa, mme hamorao monna wa hae le bara ba hae ba babedi le bona ba ile ba kolobetswa. Seo se ile sa ntiisa tumelo. Hobaneng? Hobane ho ne ho se na motho ya kileng a nthuta Bibele. Ka hoo, ke ne ke qeta nako e ngata ke lokisetsa. Ke ne ke bala boitsebiso bakeng sa hore ke ithute ebe ka mora moo, ke bo balla ho ya ruta motho e mong. Ho etsa jwalo ho ile ha etsa hore ke rate seo ke ithutang sona ka Bibeleng. Ka kgwedi ya April 1954, ke ile ka inehela ho Jehova ka kolobetso.

“RE A HLORISWA, EMPA HA RE A TLOHELWA KGEREHLWA”

Ka selemo sa 1955, ke ile ka ya dikopanong tsa matjhaba Germany, France le England. Ke ile ka kopana le Albert Schroeder ha ke le Lon­don. E ne e le morupedi sekolong sa Gileade, mme hamorao e ile ya ba e mong wa Sehlopha se Busang. Ha re ne re le Misiamong wa Britain, Morabo rona Schroeder o ile a re bontsha dibuka tsa Bibele tse ngotsweng ka letsoho. Di ne di na le lebitso la Modimo ka ditlhaku tsa Seheberu, mme o ile a re bontsha bohlokwa ba tsona. Sena se ile sa nkama maikutlo, mme sa etsa hore ke batle ho bolella batho ba bang ka Lentswe la Modimo.

Ke nna le moradiwabo rona (ya ka letsohong le letona) eo ke neng ke sebetsa le yena Mistelbach motseng wa Austria

Ke qadile ho ba pulamadiboho ya kamehla ka la 1 January 1956. Dikgwedi tse nne ka mora moo, ke ile ka abelwa hore ke be pulamadiboho ya kgethehileng Austria. Ka nako eo ho ne ho se na Dipaki motseng wa ­Mistelbach. Ke ile ka hlahelwa ke boemo bo thata. Nna le moradiwabo rona eo ke neng ke bula madiboho le yena ebile ke dula le yena, re ne re sa tshwane. Ke ne nka ba dilemo di 19 mme ke holetse toropong, ha yena a ne a le dilemo di 25 mme a tswa mahaeng. Ke ne ke rata ho robala bosiu haholo ebe ke tsoha lata letsatsing le hlahlamang, ha yena a ne a rata ho robala ka nako. Ho sa tsotellehe ho se tshwane ha rona, re ne re latela melaomotheo ya Bibele ho rarolla diqabang tsa rona, mme re thabela ho sebetsa hammoho tshimong.

Re ile ra kopana le maemo a mang a thata. Re ile ra hloriswa empa re ne re sa “tlohelwa kgerehlwa.” (2 Bakor. 4:​7-⁠9) Ka tsatsi le leng ha re le mahaeng re ntse re bua le batho ka Bibele, batho ba ile ba lokolla dintja tsa bona hore di re lelekise. Dintja tseo di ile tsa re bokanela di ntse di re bohola. Re ile ra tshwarana ka matsoho, yaba ke a rapela ke re: “Jehova ke a o kopa hle, haebe di ka re loma, ke kopa re tle re shwe kapele!” Ha ho se ho setse hanyane feela hore di fihle ho rona, di ile tsa tsoka mehatla yaba di kgutlela morao. Re ile ra bona hore ke Jehova ya re pholositseng. Ebile re ile ra makala ha re bona batho ba moo ba amohela molaetsa wa Bibele. Mohlomong le bona ba ne ba maketse hore ke hobaneng ha dintja di sa re loma, mme ho ka etsahala hore ke lona lebaka le entseng hore ba re mamele. Ba bang ba bona e ile ya ba Dipaki.

Re ile ra kopana le bothata bo bong hape. Ka letsatsi le leng, mongantlo eo re neng re hirile ho yona o ile a tla hae a tahilwe mme a re tshosa ka hore o tla re bolaya hobane a re re tena baahisane ka ho bua le bona ka Bibele. Mosadi wa hae o ile a leka ho mo kgalemela, empa ha a ka a mo mamela. Re ne re ntse re mametse re le ka kamoreng e ka hodimo ha ba bua. Ka potlako, re ile ra beha setulo ka mora monyako mme ra qala ho paka thoto ya rona. Ha re bula monyako, re ile ra thola ntate eo a eme ditepising a tshwere thipa e kgolo. Re ile ra tswa ka monyako o ka morao, ra tswela ka serapeng sa dijalo mme ha re a ka ra hlola re le beha moo le ka mohla.

Re ile ra ilo dula hoteleng. Re dutse moo nako e ka etsang selemo, mme tshebeletso ya rona e ile ya atleha haholo. Jwang? Hotele e ne e le mahareng a toropo, jwale batho bao re neng re ithuta Bibele le bona ba ne ba batla hore re balle moo toropong. Re ile ra qala ho tshwara thuto ya buka le Tora ya ho Lebela beke e nngwe le e nngwe re le 15 ka palo.

Re dutse motseng wa Mistelbach nako e ka fetang selemo. Yaba ke fumana kabelo e ntjha ya hore ke ilo sebeletsa motseng wa Feldbach o Graz. Ke sebeditse le batho ba bangata tshimong eo, empa ho ne ho se na phutheho. Re ne re dula ntlong e nyenyane e entsweng ka mapolanka. Moya o batang o ne o kena dipakeng tsa mapolanka, yaba re kwala masoba ao ka dikoranta. Le hoja re ne re kga metsi sedibeng, re ne re kgotsofetse. Dikgwedi tse seng kae ka mora moo, ho ile ha ba le sehlopha se senyenyane sa batho ba ithutang Bibele mme lelapa le leng la batho ba ka bang 30 e ile ya ba Dipaki Tsa Jehova!

Dintho tsena kaofela di ile tsa nthusa ho bona hore Jehova o tsotella batho ba hae ba behang Mmuso pele. Le haeba ka dinako tse ding ho bonahala e ka ha ho na motho ya ka re thusang, Jehova a ke ke a re tlohela.​—Pes. 121:​1-⁠3.

RE TSEHETSWA KE MODIMO KA ‘LETSOHO LA HAE LE LETONA LA HO LOKA’

Ka 1958, ho ile ha ba le kopano ya matjhaba e neng e tshwaretswe New York setediamong sa Yankee le sa Polo Grounds. Ke ile ka kenya fomo ya hore ke ye kopanong eo, empa lekala la Austria le ile la nkopa hore ke ye sekolong sa Gileade tlelaseng ya bo 32. Ke ile ka dumela hanghang!

Ka tlelaseng ke ne ke dula pela Martin ­Poetzinger. O ne a kile a kopana le maemo a thata kampong ya Manazi ya mahloriso. Hamorao Martin Poetzinger e ile ya ba e mong wa Sehlopha se Busang. Ka dinako tse ding o ne a mpotsa a buela fatshe: “Erika, mantswe aa a bolelang ka Segermany?”

Pele thupelo ya rona e fela, Morabo rona Nathan Knorr o ile a re fa di kabelo tsa rona. Nna ke ile ka abelwa hore ke ye Paraguay. Ka ha ke ne ke sa le monyenyane, ke ne ke hloka tumello ya Ntate hore ke ye naheng e nngwe. Ha a se a dumetse, ke ile ka ya Paraguay ka March 1959. Ke ne ke abetswe ho ya sebetsa lehaeng la baromuwa le moradiwabo rona e mong.

Ho eso ye kae, ke ile ka kopana le Walter Bright ya neng a le tlelaseng ya bo 30. Re ile ra nyalana mme re ne re tshehetsana ka dinako tsohle. Ha ho ne ho hlaha mathata, re ne re bala tshepiso ya Jehova e hlahang ho Esaia 41:​10, e reng: “O se ke wa tshoha, ka ha ke na le wena. O se ke wa tadima kwana le kwana, etswe ke nna Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa.” Sena se re thusitse hore re tshepahale ho sa tsotellehe mathata ao re neng re kopana le ona. Re lokela ho tshepahalla Modimo le Mmuso wa hae hobane le ka mohla a ke ke a re tlohela.

Ha nako entse e ya re ile ra abelwa ho sebetsa pela Brazil. Ha re le moo, moruti e mong o ile a romela bana hore ba otle ntlo ya barumuwa eo re neng re dula ho yona ka majwe. Empa mookamedi wa maponesa ya neng a ithuta Bibele le Walter o ile a re thusa mme a etsa bonnete ba hore re sireletsehile ka dinako tsohle, mme batho ba neng ba re hlorisa ha ba a ka ba hlola ba etsa jwalo. Ka mora moo, re ile ra fumanelwa ntlo e boemong bo betere pela bodara ya Brazil. Sena se ile sa re tswela molemo haholo, hobane re ne re kgona ho tshwarela diboka Paraguay le Brazil. Pele re kgaotsa ho ba baromuwa, ho ne ho se ho na le diphutheho tse pedi tse nyenyane.

Ke nna le monna wa ka Walter, ha re ne re sebeletsa jwalo ka baromuwa Asunción motseng wa Paraguay

JEHOVA O TSWELA PELE HO NTSHEHETSA

Ke ile ka makala haholo ha ke ima ka selemo sa 1962, hobane dingaka sepetlele di ne di itse nka se kgone ho ba le bana! Re ile ra dula Hollywood motseng wa Florida pela habo Walter. Ho ile ha feta dilemo tse ngata re sa kgone ho ba bopulamadiboho. Re ne re lokela ho hodisa bana. Le ha ho le jwalo, re ne re ntse re tswela pela ho beha Mmuso pele bophelong ba rona.​—Mat. 6:⁠33.

Ha re fihla motseng wa Florida ka November 1962, re ne re maketse ha re utlwa hore batho ba dulang sebakeng seo ba ne ba sa batle ha batho ba batsho ba kopana le makgowa sebakeng se le seng, ka hoo Dipaki di ne di sa kopanele tshimo hammoho. Empa Jehova ha a batle hore batho ba arolwe ho ya ka merabe, mme ho eso ye kae, batho ba merabe e sa tshwaneng ba ile ba kopanela sebakeng se le seng. Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso ena, mme kajeno ho na le diphutheho tse ngata sebakeng sena.

Ka maswabi, Walter o ile a hlokahala ka selemo sa 2015. O ne a na le kankere ya boko. Re qetile dilemo tse 55 re nyalane. Walter o ne a rata Jehova le ho thusa barababo rona. Ke letetse ka tjantjello nakong eo ka yona ke tla mo bona hape lefatsheng le letjha.​—Lik. 24:⁠15.

Ke thabetse hore ebe ke ile ka sebeletsa Modimo ka tjheseho ka dilemo tse fetang 40, mme ke ile ka fumana dihlohonolofatso tse ngata. Ka mohlala, nna le Walter re ile ra bona batho ba 136 bao re neng re ithuta Bibele le bona ba kolobetswa. Bonneteng ka dinako tse ding ho ne ho nyolosetsa. Le ha ho le jwalo, sena ha se a ka sa etsa hore re kgaotse ho sebeletsa Modimo, empa re ile ra mo tshepa hore o tla re thusa mathateng a rona.​—2 Tim. 4:​16, 17.

Ke hopola Walter ka dinako tsohle, empa ho ba pulamadiboho ho nthusa ho mamella. Ke a kgothala ha ke ruta batho ba bang ka tsoho. Le ka mohla Jehova ha a ka a ntahla. Jehova o ile a feela a ntshwara ka ‘letsoho la hae le letona la ho loka’.​—Esa. 41:⁠10.