Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha Pauluse a hlaha a le lefatla kapa a na le moriri o monyenyane dingolweng le divideong tsa Dipaki Tsa Jehova?

Ke nnete hore kajeno ha ho motho ya tsebang ka botlalo hore Pauluse o ne a shebahala jwang. Ditshwantsho tse toroilweng tsa Pauluse tse hlahang ka hara dingolwa tsa rona, le tsona ha di a thehwa bopaking bo itseng bo fumanehang dinthong tse epollotsweng.

Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse itseng tse re thusang ho nahana hore na ebe Pauluse o ne a shebahala jwang. Ka mohlala, makasine ya Sekgowa ya Tora ya ho Lebela ya March 1 1902 e ile ya re: “Tabeng ya hore Pauluse o ne a shebahala jwang: . . . Buka ya Acts of Paul and Thecla, . . . e ngotsweng hoo e ka bang ka selemo sa 150, e fana ka tlhaloso e ntle ya hore Pauluse o ne a le jwang. E mo hlalosa e le monna ya mokgutshwane, ya lefatla, ya maoto a dihoro, ya nang le nko e telele le dintshi tse kopaneng.”

Kgatiso ya 1997 ya The Oxford Dictionary of the Christian Church e re ho ya ka histori, buka ya Acts of Paul and Thecla e nepile ho tse ding tsa dintho tseo e di buang ka Pauluse. Dilemong tse makgolo tse fetileng, batho ba ne ba hlompha buka ena mme le kajeno, ho sa ntse ho na le tse ding tsa yona tse 80 tsa Segerike le tsa dipuo tse ding. Ka hoo, tsela eo re hlahisang Pauluse ka yona dingolweng tsa rona, e ipapisitse le se buuwang ke dibuka tsena tsa histori.

Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse ding tsa bohlokwa ka Pauluse ho feta tjhebahalo ya hae. Ka nako e nngwe bahanyetsi ba Pauluse ba ile ba re “ho ba teng ha hae ka seqo ho a fokola le puo ya hae e a eiseha.” (2 Bakor. 10:10) Empa ha re a lokela ho lebala hore monna enwa e bile Mokreste ka hobane Jesu a ile a bua le yena ka tsela e ikgethang. Re boetse re lokela ho hopola hore Pauluse e ne e le “sejana se kgethilweng ho [Kreste] hore se jare lebitso la [Jesu] ho ya ditjhabeng.” (Lik 9:3-5, 15; 22:6-8) Nahana hape le ka moo re ruang molemo kateng dibukeng tsa Bibele tseo Jehova a ileng a sebedisa Pauluse ho di ngola.

Ha ho mohla Pauluse a kileng a ikotla sefuba ka dintho tseo a neng a na le tsona pele e eba Mokreste, ebile ha ho moo a hlalosang tjhebahalo ya mmele wa hae teng. (Lik 26:4, 5; Fil 3:4-6) Ho e na le hoo, o ile a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke tshwanelehe ho bitswa moapostola.” (1 Bakor. 15:9) Hamorao o ile a re: “Nna motho ya ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaledi bohle, ke ile ka fuwa mosa ona o sa tshwanelang, e le hore ke bolelle ditjhaba ditaba tse molemo tse mabapi le maruo a ke keng a lekanngwa a Kreste.” (Baef. 3:8) Re lokela ho mamela molaetsa oo Pauluse a buang ka ona ho e na le ho tshwenyeha ka tsela eo a neng a shebahala ka yona.