Lengolo le Eang ho Bafilipi 3:1-21

  • Le se ke la tšepa lintho tseo batho ba li tšepang (1-11)

    • Lintho tsohle ha li na thuso ka lebaka la Kreste (7-9)

  • Ho sebeletsa moputso ka thata (12-21)

    • Leholimong ke habo rona (20)

3  Qetellong bana beso, le ’ne le sebeletse Morena le thabile.+ Ha ke na bothata ba ho le ngolla lintho tseo ke seng ke le ngolletse tsona hobane ke li ngola molemong oa lona.*  Itlhokomeleng ho ba joaloka lintja. Itlhokomeleng ho batho ba kotsi le be le itlhokomele ho batho ba batlang hore le bolle.+  Ke rona ba bolotseng e le kannete,+ rona ba sebeletsang Molimo ba tataisoa ke moea oa hae le ba tšepileng Kreste Jesu+ eseng lintho tseo batho ba li tšepileng.  Empa har’a batho bohle, ke ’na ea nang le mabaka a ho tšepa lintho tseo batho ba li tšepileng. Haeba ho na le motho ea nahanang hore o na le mabaka a ho tšepa lintho tseo, ’na ke na le mabaka a fetang a hae.  Ke bololitsoe ka letsatsi la borobeli,+ ke oa sechaba sa Iseraele, ke oa leloko la Benjamine, ke Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu,+ ke ne ke le Mofarisi+ ke latela molao.  Kaha ke ne ke cheseha haholo, ke ne ke hlorisa phutheho.+ Ke ne ke bontša hore ha ke na molato ka ho etsa lintho tse lokileng ho ea ka molao.  Leha ho le joalo, lintho tseo ke neng ke li nka e le tsa bohlokoa, ke se ke li nka li se na thuso* ka lebaka la Kreste.+  Ha e le hantle, ke nka lintho tsohle li se na thuso hobane lintho tseo ke li tsebang ka Kreste Jesu Morena oa ka li bohlokoa ho feta lintho tseo kaofela. Ke tlohetse lintho tsohle ka lebaka la hae ’me ke li nka e le toti* e ngata hore Kreste a tle a nkamohele  le hore ke be molateli oa hae. Ha ke nkoe ke le motho ea lokileng hobane ke mamela molao empa hobane ke lumela+ ho Kreste.+ Molimo o nka ke lokile hobane ke na le tumelo.+ 10  Ke batla ho tseba Kreste le matla a ea mo tsositseng+ ebile ke batla ho utloa bohloko+ le ho shoa joaloka eena+ 11  ka tšepo ea hore ke tla tsosoa tsohong ea pele ea bafu.+ 12  Ha ke e-s’o fumane moputso oo ebile ha ke e-s’o etse lintho tseo ke ikemiselitseng ho li etsa.+ Ke etsa sohle seo nka se khonang hore ke phethe seo Kreste Jesu a nkhethetseng sona.+ 13  Bana beso, ha ke nke hore ke se ke fumane moputso oa ka. Empa ke kholisehile ka ntho e le ’ngoe: Ke lebala lintho tse fetileng+ ’me ke hahamalla lintho tse ka pele.+ 14  Ke leka ka matla hore ke fumane moputso+ o tsoang ho Molimo e leng bophelo+ ba leholimong boo a mpitselitseng bona ka Kreste Jesu. 15  Kahoo, rona bohle ba nang le tumelo e matla,+ a re nahaneng ka tsela ena. Ha le sa nahane ka tsela eo, Molimo o tla le thusa hore le nahane joalo. 16  Leha ho le joalo, a re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse. 17  Bana beso, etsisang mohlala oa ka+ ’me le etsise le ba latelang mohlala oo re le behetseng oona. 18  Ho na le batho ba bangata ba nyefolang hore Kreste o shoetse palong.* Ke ne ke hlola ke bua ka bona hangata empa hona joale ke bua ka bona ke lla. 19  Qetellong ba tla felisoa. Limpa tsa bona ke melimo ea bona. Ba ithorisa ka lintho tse hlabisang lihlong tseo ba li etsang ebile ba nahana ka lintho tsa lefatše feela.+ 20  Empa rona leholimong+ ke habo rona+ ebile re letetse mopholosi oa rona ea leholimong ka tabatabelo e leng Morena Jesu Kreste.+ 21  O tla sebelisa matla a hae a maholo ao a a fuoeng ho laola lintho tsohle+ ’me o tla fetola ’mele ea rona e fokolang hore e tšoane le* ’mele oa hae o halalelang.+

Linaletsana

Kapa: “ho le sireletsa.”
Kapa mohlomong: “ke khethile ho li tlohela.”
Kapa: “lithole; matlakala.”
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
Ka Segerike: “e lumellane le.”