Esaia 53:1-12

  • Mohlanka oa Jehova o utloa bohloko, oa shoa ebile oa patoa (1-12)

    • Oa nyefoloa ebile oa qojoa (3)

    • O jara maloetse le bohloko (4)

    • “Joaloka nku e tl’o hlajoa” (7)

    • “O jere libe tsa batho ba bangata” (12)

53  Ke mang ea lumetseng ntho eo re e tlalehileng?*+ Letsoho la Jehova+ lona le bonahalitsoe ho mang?+   Mohlanka o tla hlaha joaloka lehlomela+ ka pel’a hae,* joaloka motso naheng e omeletseng. Ha a shebahale joaloka mohlomphehi kapa morui+’Me ha re mo sheba, ponahalo ea hae ha e re khahle.*   O ile a nyefoloa ’me a qojoa ke batho.+ O ile a tseba hore na ho joang ho utloa bohloko le hore na bokuli ke eng. E ne eka re patetsoe sefahleho sa hae.* O ile a nyefoloa ’me ra mo nka e se motho oa bohlokoa.+   Kannete o ile a jara maloetse a rona,+A jara le bohloko ba rona.+ Empa ra nka hore oa hlokofatsoa, ra nka hore Molimo oa mo otla le ho mo hlorisa.   Empa o ile a hlajoa+ ka lebaka la litšito tsa rona,+A hlokofatsoa ka lebaka la liphoso tsa rona,+A mamella kotlo hore re be le khotso.+ Re folisitsoe ka lebaka la maqeba a hae.+   Kaofela re lelerile joaloka linku.+ E mong le e mong o tsoile ka tsela ea haeEmpa Jehova o entse hore phoso ea rona e jaroe ke eena.+   O ile a hatelloa+ ’me a itumella hore a hlorisoe+Empa ha ho letho leo a ileng a le bua. O ile a tlisoa joaloka nku e tl’o hlajoa+Joaloka nku e tšehali e khutsitseng ka pel’a bakuti ba eona,Ha ho letho leo a ileng a le bua.+   O ile a tlosoa ka lebaka la kahlolo e se nang toka.* Ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?* O ile a tlosoa naheng ea ba phelang.+ A shapuoa* ka lebaka la phoso ea sechaba sa ka.+   Le hoja a ne a sa etsa letho le phoso*Ebile ho se na bolotsana ho eena,*+O ile a fuoa lebitla* sebakeng se le seng le ba khopo.+ Ha a shoa, a patoa le barui.*+ 10  Empa e ne e le thato ea Jehova* hore a hlokofatsoe ’me o ile a mo tlohela hore a kule. Haeba u tla hlahisa bophelo ba hae e le nyehelo ea molato,+O tla bona bana* ba hae, a eketse matsatsi a hae+’Me ka eena thato* ea Jehova e tla phethahala.+ 11  Ka lebaka la mahlomola a hae,* o tla bona ’me a khotsofale. Ka tsebo ea hae, mohlanka oa ka ea lokileng+O tla thusa batho ba bangata hore ba fihlele ho loka+’Me a jare liphoso tsa bona.+ 12  Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,O tla arolelana le ba matla thepa e hapuoengKaha o fane ka bophelo ba hae*+’Me a balelloa har’a ba tlolang molao.+ O jere libe tsa batho ba bangata+’Me a kena lipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “utloileng?”
Kapa: “ha ho na letho ka ponahalo ea hae le re khahlang.”
“Hae” e ka emela moshebelli kapa Molimo.
Kapa mohlomong: “E ne eka motho eo batho ba mo patelang lifahleho.”
Kapa: “a bolaoa.”
Kapa: “bophelo ba hae?”
Ka Seheberu: “khatello le kahlolo.”
Kapa: “a se mabifi.”
Ka Seheberu: “molomong oa hae.”
Kapa: “Motho o tla mo fa lebitla.”
Ka Seheberu: “monna oa morui.”
Kapa: “Empa Jehova o ile a thabela.”
Kapa: “thabo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “bohloko ba moea oa hae.”
Ka Seheberu: “o tšolotse moea oa hae ho isa lefung.”