Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Lipaki Lia Eketseha West Java

Theodorus Ratu

Lipaki Lia Eketseha West Java

Ka 1933, Frank Rice o ile a kōpa Theodorus (Theo) Ratu, eo e leng letsoalloa la North Sulawesi, hore a tl’o sebetsa le eena sebakeng seo ho bolokoang lingoliloeng ho sona Jakarta. Theo o re, “Ke ile ka thabela mosebetsi oo oa Morena haholo, ’me ka qala ho bolela litaba tse molemo hammoho le Mor’abo rōna Rice. Hamorao ke ile ka tsamaea le Bill Hunter ho ea bolela litaba tse molemo Java, ka boela ka tsamaea le barab’abo rōna ka sekepe sa Lightbearer ha ba e-ea Sumatra.” Theo ke eena Paki ea pele ea Indonesia, ’me e ile ea e-ba pula-maliboho ka mashome a lilemo Java, North Sulawesi le Sumatra.

Selemong se latelang, Bill Hunter o ile a fa Felix Tan ea neng a tlile sekolong Jakarta bukana ea Where Are the Dead? Ha Felix a khutlela ha habo Bandung, West Java, o ile a bontša moen’ae Dodo bukana eo. Felix le Dodo ba ile ba hlolloa ha ba e bala, ’me ba utloa hore Adama e ne e le moea o phelang le hore moea o oa shoa. (Gen. 2:7) Ba ile ba labalabela ho ithuta ’nete ea Bibele, kahoo ba batla lingoliloeng tsa Watch Tower mabenkeleng a rekisang libuka Bandung. Ba ne ba boetse ba bolella litho tse ling tsa lelapa seo ba ithutang sona. Ka mor’a hore ba bale libuka tsohle le libukana tseo ba li fumaneng, ba ile ba ngolla Jakarta, ba kōpa tse eketsehileng. Ba ile ba makala ha ba bona Frank Rice a fihla. O ile a ba khothatsa ’me a ba siela lingoliloeng tse ling.

Lelapa la ha Tan

Nakoana ka mor’a hore Mor’abo rōna Rice a khutlele Jakarta, banyalani ba bacha e leng Clem le Jean Deschamp ba ile ba etela Bandung ’me ba qeta matsatsi a 15 moo. Felix o re: “Mor’abo rōna Deschamp o ile a re botsa hore na re batla ho kolobetsoa. Kahoo, ho ile ha kolobetsoa ’na le Dodo hammoho le khaitseli ea ka Josephine (Pin Nio) le ’mè oa ka (Kang Nio.)” * Ka mor’a hore lelapa la ha Tan le kolobetsoe, le ile la sebetsa le Clem le Jean letšolong la matsatsi a robong la ho bolela litaba tse molemo. Clem o ile a ba ruta ho sebelisa karete ea bopaki, e neng e e-na le molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele o ngotsoeng ka lipuo tse tharo. Ho e-s’o ee kae, sehlopha se senyenyane sa Bandung e ile e-ba phutheho ea bobeli ea Indonesia.

Katiba ea Mopapa

Ha mosebetsi oa boboleli o ntse o nama, baruti ba bolumeli ba bohata ba ile ba qala ho lemoha Lipaki. Baruti bao hammoho le mahlahana a bona, ba ile ba ngola lihlooho tse nyatsang mosebetsi oa Lipaki le seo li se lumelang likoranteng. Lihlooho tseo li ile tsa susumetsa ba Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli hore ba bitse Frank Rice, ho tla mo hloma lipotso. Empa ba ile ba khotsofatsoa ke likarabo tsa hae, ’me ba lumella hore mosebetsi oa boboleli o tsoele pele. *

Maqalong a bo-1930, ba boholong linaheng tse ngata ba ne ba se khahlanong le mosebetsi oa boboleli. Empa ha Jeremane ea Bonazi e qala ho busa Europe, baeta-pele ba bang ba ile ba qala ho hanyetsa Lipaki, haholo-holo ba Mak’hatholike. Clem Deschamp o re: “Mohlanka e mong oa ’muso oa Mok’hatholike ea sebetsang lelibohong o ile a nka libuka tsa rōna, a re li bua ’muso oa Bonazi hampe. Hamorao ha ke e-ea Lefapheng la Thepa e Tsoang le e Kenang ho ea tletleba ka taba eo, mohlanka eo ea khopo o ne a le matsatsing a phomolo. Ke ile ka fumana mosebetsi e mong ea mosa eo e seng Mok’hatholike, ’me o ile a lokolla libuka tsa rōna, a re, ‘Li nke kaofela a sa ntse a le sieo tjena!’”

Jean Deschamp o re, “Ka lekhetlo le leng, ba boholong ba ile ba tsitlella hore re hlakole litšoantšo tse peli tse bukeng ea Enemies. Ba ne ba sa batle setšoantšo sa noha e loanang (e tšoantšetsang Satane) le sa seotsoa se tahiloeng (se tšoantšetsang bolumeli ba bohata). Noha le seotsoa li ne li roetse katiba ea mopapa. * Kaha re ne re ikemiselitse ho fa batho libuka tseo, boraro ba rōna re ile ra lula boema-kepe letsatsing le bataolang, ra phetla libuka tse likete hore re hlakole katiba ea mopapa litšoantšong tseo!”

Litšoantšo tse peli tse hlahang bukeng ea Enemies, tseo ba boholong ba ileng ba re li hlakoloe

Nakoana pele ntoa e qhoma Europe, lingoliloeng tsa rōna li ile tsa pepesa boikaketsi ba bolumeli ba bohata le ho kenella ha bona lipolotiking. Ka lebaka leo, baruti ba ile ba susumetsa ba boholong hore ba sitise mosebetsi oa rōna le ho feta, kahoo, lingoliloeng tsa rōna tse ngata li ile tsa thibeloa.

Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi, kahoo ba ile ba sebelisa mochine oa khatiso o tsoang Australia. (Lik. 4:20) Ha Jean Deschamp a hlalosa leano leo ba neng ba le sebelisa o re: “Ka mor’a hore re hatise libukana tse ncha kapa limakasine, re ne re lokela ho isa tse ling ho ba boholong hore ba li lumelle. Re ne re hatisa lingoliloeng, ebe re li isa liphuthehong ha beke e qala. Ebe mafelong a beke ke hona re isang tse ling ofising ea moeletsi oa ’muso. Ha sengoliloeng se sa lumelloe, re ne re utloa bohloko, ebe re potlakela ho ea hatisa se latelang.”

Bara le barali babo rōna ba tsamaisang lingoliloeng tse tsa lumelloang ba ne ba lokela ho lula ba ipatela mapolesa. Ka mohlala, ha re ntse re paka Kediri, East Java, Charles Harris o ile a kena ntlong e ’ngoe, athe ke ha lepolesa.

Lepolesa leo le ile la re: “Hase joale ke u batla. Ema hanyenyane nke ke shebe lethathamo la libuka tsa lōna tse thibetsoeng.”

Charles o re: Ha lepolesa le sa tsoile, ke ile ka pata lingoliloeng tse thibetsoeng ka lipokothong tse ka hare tsa baki ea ka. Ha le khutla, ka le fa libukana tse 15 tse neng li sa thibeloa. Le ile la mpha monehelo le tsilatsila, eaba kea tsamaea ’me ke fana ka lingoliloeng tse thibetsoeng matlong a latelang.”

Re Hatisa Lingoliloeng Maemong a Boima

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e e-ba matla Europe, ho ne ho se ho sa khonehe hore Indonesia e fumane lingoliloeng ho tsoa Netherlands. Empa kaha barab’abo rōna ba ile ba lemoha seo esale pele, ba ile ba batla k’hamphani e neng e tla ba hatisetsa limakasine Jakarta. Makasine ea pele ea Consolation (eo hona joale e bitsoang Tsoha!) e ile ea lokolloa ka January 1939 ka Seindonesia, ’me Molula-Qhooa oa lokolloa nakoana ka mor’a moo. Joale barab’abo rōna ba ile ba reka mochine o monyenyane oa ho hatisa, ’me ba qala ho hatisa limakasine. Ka 1940, ba ile ba fumana mochine o moholoanyane oa ho hatisa ho tsoa Australia, ’me ba o sebelisetsa ho hatisa libukana le limakasine tsa Seindonesia le Sedache ka litšenyehelo tsa bona.

Thepa ea pele ea ho hatisa e fihla Jakarta

Ka la 28 July, 1941, ba boholong ba ile ba thibela lingoliloeng tsohle tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Jean Deschamp o re: “Hoseng ho hong ha ke ntse ke le ka ofising ke thaepa, mamati a ile a buleha, eaba ho kena mapolesa a mararo a apereng junifomo, a tsamaea le ofisiri e phahameng e qhoaetseng libeche-beche. Ha rea ka ra makala. Matsatsi a mararo pele ho moo, motho e mong o ne a re lomme tsebe hore haufinyane lingoliloeng tsa rōna li tl’o thibeloa. Ofisiri eo e inkelang holimo e ile ea re balla lengolo le lelelele, eaba e re e batla ho koala sebaka seo re hatisetsang ho sona. Empa monna oa ka o ile a e bolella hore e liehile ho fihla. Mochine oa khatiso o rekisitsoe maobane!”

Bibele eona e ne e sa thibeloa. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho bolela ka ntlo le ntlo ba sebelisa Bibele feela. Ba ne ba boetse ba e sebelisa ho khanna lithuto. Empa kaha ho ne bonahala eka ntoa e tla namela le Asia, bo-pula-maliboho ba tsoang Australia ba ile ba laeloa hore ba khutlele ha habo bona.

^ par. 5 Ha nako e ntse e ea, ntate oa Felix hammoho le baena ba hae ba bararo le bona e ile ea e-ba Lipaki. Khaitseli ea hae Josephine, o ile a nyaloa ke André Elias ’me ba memeloa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Pale ea bophelo ea Josephine e hlaha Tsoheng! ea September 2009.

^ par. 7 Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Frank o ile a khutlela Australia ’me a ba le lelapa. Mor’abo rōna Rice o ile a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng ka 1986.

^ par. 9 Litšoantšo tseo li ne li thehiloe ho Tšenolo 12:9 le 17:3-6.