Khaello ea Mali—Lisosa, Matšoao le Pheko
Mosali ea bitsoang Beth o re: “Ha ke sa le mocha ke ne ke e-na le khaello ea mali. Ke ne ke lula ke le monyebe, ke khathala kapele, masapo a ka a opa, ’me ke ne ke utloa ho le thata ho tsepamisa mohopolo. Ngaka ea ka e ile ea mpha meriana e eketsang tšepe ’meleng. Ke ile ka e sebelisa ka ba ka qalella ho ja hantle. Ka mor’a moo ke ile ka utloa bothata ba ka bo e-ea moriting.”
Bokuli ba Beth ke kobo-anela. Ho latela World Health Organization (WHO), batho ba libilione tse peli, e leng karolo ea 30 lekholong ea batho bohle ba phelang lefatšeng, e na le khaello ea mali. Linaheng tse futsanehileng, hoo e ka bang halofo ea basali ba baimana, le liphesente tse 40 tsa bana ba likonyana, ba na le khaello ea mali.
Ho ba le khaello ea mali ho ka baka mathata a maholo. Maemong a mang, motho a ka ba le lefu la pelo kapa pelo ea hla ea emisa ho otla. WHO e re linaheng tse ling, ho ba le khaello ea mali ’meleng “ho kenya letsoho ho shoeng ha bo-’mè ba bang le ba bang ba 20 lekholong.” Bana ba bo ’mè ba nang le khaello ea tšepe meleng, e leng ’ona mofuta o tloaelehileng ka ho fetisisa oa lefu la khaello ea mali, ba ka hlaha pele ho nako kapa ba fokola ’meleng. Bana ba nang le khaello ea mali ba ka lieha ho hola kapa ba tšoaetšoa ke mafu habobebe. Leha ho le joalo, khaello ea mali e bakoang ke ho haella ke tšepe meleng e ka thibeloa kapa ea phekoloa. a
Khaello ea Mali ke Eng?
Ka mantsoe a bonolo, batho ba nang le khaello ea mali ha ba na lisele tse khubelu tse phetseng hantle tse ngata bo lekaneng. Lisosa li ’maloa. Hantle-ntle, bo-rasaense ba fumane mefuta e fetang 400 ea lefu la khaello ea mali. Bokuli bona bo ka tšoara motho ka nakoana kapa ba se ee moriting, hape bo ka e-ba sekhahla kapa ba se be bobe hakaalo.
Khaello ea Mali e Bakoa ke Eng?
Khaello ea mali e ka bakoa ke lintho tsena tse tharo tse ka sehloohong:
Ho lahleheloa ke mali ho etsa hore ’mele o haelloe ke palo ea lisele tse khubelu.
’Mele ha o khone ho iketsetsa lisele tse khubelu tse lekaneng tse phetseng hantle.
’Mele o senya lisele tse khubelu.
Lefu la khaello ea mali le bakoang ke ho haelloa ke tšepe ’meleng le nkuoa e le oona mofuta o tloaelehileng ka ho fetisisa oa lefu la khaello ea mali. Ha ’mele o se na tšepe e lekaneng, ha o khone ho hlahisa hemoglobin e lekaneng, e leng ntho e ka har’a lisele tse khubelu e li thusang hore li jare moea o hloekileng oo re o hemang (oxygen).
Khaello ea Mali e Bakoang ke ho Haelloa ke Tšepe e Bonahala Joang?
Qalong, khaello ea mali e ka ’na ea se ke ea e-ba sekhahla ’me motho a ka ’na a se ke a elelloa hore o na le eona. Le hoja matšoao a ka ’na a fapa-fapana, motho a ka bona ka lintho tsena tse latelang hore o na le khaello ea mali e bakoang ke ho fokolloa ke tšepe:
Mokhathala o tlotseng moeli
Matsoho kapa maoto a batang
Ho ba monyebe
Letlalo le pulufetseng
Ho opa ha hlooho le ho tsekela
Mahlaba pelong, pelo e otlang kapele, le ho felloa ke moea
Manala a robehang habonolo
Ho se be le takatso ea lijo, haholo-holo maseeng le baneng
Ho lakatsa ho ja leqhoa, setache kapa mobu
Ke Bo-Mang ba Kotsing ea ho Tšoaroa ke Lefu Lee?
Basali ke bona ba kotsing ea ho tšoaroa ke khaello ea mali e bakoang ke ho haelloa ke tšepe hobane ba lahleheloa ke mali ha ba ea matsatsing. Basali ba baimana le bona ba kotsing haeba lijo tseo ba li jang li se na folate, kapa folic acid, e leng B vitamin.
Masea a hlahileng pele ho nako kapa a fokolang ’meleng a sa fumaneng tšepe e lekaneng lebeseng leo a le anyang kapa motsoakong oo a o fuoang.
Bana ba sa jeng lijo tse fapa-fapaneng tse nang le phepo.
Batho ba jang meroho feela ba sa jeng lijo tse nang le tšepe e ngata ho lekana.
Ba nang le bokuli bo sa foleng, ba kang batho ba nang le maloetse a mali, kankere, phio tse sa sebetseng, liso tse lutlang mali butle-butle kapa ba nang le tšoaetso e itseng.
Mokhoa oa ho Phekola Khaello ea Mali
Ha se mafu ’ohle a khaello ea mali a ka thibeloang kapa a phekoloa. Leha ho le joalo, a bakoang ke khaello ea tšepe kapa li-vithamine, hangata a ka thibeloa kapa a phekoloa ka ho ja lijo tse nang le phepo e ntle tse nang le lintho tsena:
Tšepe. E fumaneha nameng, linaoeng, lensising, le merohong e metala e kang sepinichi. b Ho boetse ho ka ba molemo hore motho a phehele lijo ka lipitseng tsa tšepe kaha lipatlisiso li bontša hore ho etsa seo ho ka eketse tšepe e lijong.
Folate. E fumaneha litholoaneng, merohong e metala, lierekiseng, linaoeng (kidney beans), chising, maheng, tlhaping, li almondeng le makotomaneng. E boetse e fumaneha lijong tse entsoeng ka lijo-thollong tse nang le li-vithamine tse ngata tse kang bohobe, lijo-thollo tse halikiloeng (cereal), pasta le raese. Folate eo e seng ea tlhaho ke folic acid.
Vitamin B-12. E fumaneha nameng, lihlahisoeng tsa lebese, lijo-thollong tse halikiloeng tse kentsoeng livithamine le liminerale (fortified cereal) le lihlahisoeng tsa soya.
Vitamin C. E fumaneha linong le litholoaneng tsa mofuta oa lamunu, lipepereng, broccoli, tamating, mahapung, le li-strawberry. Lijo tse nang le vitamin C li ka thusa ’mele ho monya tšepe lijong.
Lijo tse ling li fumaneha libakeng tse itseng feela. Kahoo, ithute hore na ke lijo life tse fumanehang moo u lulang tse nang le limatlafatsi tseo u li hlokang. Ho etsa sena ho ka u thusa haeba u le motho e motšehali, haholo-holo haeba u le moimana kapa u rera ho ba le ngoana. Haeba u itlhokomela e le hore u be le bophelo bo botle, u fokotsa menyetla ea hore ngoana oa hao a be le khaello ea mali. c
a Boholo ba boitsebiso bo hlahang sehloohong sena bo buang ka phepo le litaba tse amanang le tseo, bo hlaha Mayo Clinic le ho The Gale Encyclopedia of Nursing and Allied Health. U lokela ho ea ngakeng haeba u belaela hore u na le khaello ea mali.
b U se ke ua sebelisa meriana e eketsang tšepe ’meleng (iron supplements) kapa ua e fa ngoana oa hao ka ntle ho tumello ea ngaka. Tšepe e ngata ho tlola tekanyo e ke senya sebete ea ba ea baka mathata a mang.
c Ka linako tse ling, lingaka li leka ho phekola khaello ea mali ka ho tšela mokuli mali, e leng mofuta oa phekolo oo Lipaki tsa Jehova li sa o amoheleng.—Liketso 15:28, 29.