Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sean Gladwell/Moment via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Mebuso e Sebelisitse Matsebetsebe a Lichelete Sesoleng—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Mebuso e Sebelisitse Matsebetsebe a Lichelete Sesoleng—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Ka 2022, mebuso ea lefatše e sebelisitse chelete e kaalo ka M39 324 700 000 000.00 sesoleng. Boholo ba eona e ne e sebelisoa ka lebaka la ntoa ea Russia le Ukraine. Haesale ha ho e-s’o sebelisoe chelete e kaalo! Ka April 2023, Stockholm International Peace Research Institute (SIPRI) e ile ea ntša tlaleho e latelang e buang ka selemo sa 2022

  •    Chelete e ileng ea sebelisoa ke mebuso ea Europa sesoleng “e ile ea eketseha ka liphesente tse 13 selemong seo. Ho tloha ka 1991 mebuso ea Europa ha e-s’o sebelise chelete e kaalo sesoleng.”

  •    “Russia...e ile ea eketsa chelete eo e ileng ea e sebelisa sesoleng ka liphesente tse ka bang 9.2 e leng se ileng sa etsa hore e be naha ea boraro lefatšeng e sebelisitseng chelete e ngata ka ho fetisisa.”

  •    Amerika e ntse e itlhomme pele linaheng tse sebelisitseng chelete e ngata sesoleng, “e sebelisitse liphesente tse 39 cheleteng e sebelisitsoeng lefatšeng kaofela.”

 Dr. Nan Tian, e leng e mong oa bangoli ba tlaleho ea SIPRI o re: “Taba ea hore lilemong tsa morao tjena mebuso e ntse e eketsa chelete eo e e sebelisang sesoleng, ea bontša hore mehleng ena re phela lefatšeng le sa sireletsehang.”

 Bibele e ile ea bolela esale pele hore mebuso e matla ka ho fetisisa lefatšeng e ne e tla loantšana. E ile ea boela ea bontša hore na ke’ng e tla etsa hore ho be le khotso ea sebele lefatšeng.

Bibele e boletse esale pele ka lintoa pakeng tsa mebuso

  •    Bibele e bitsa nako eo re phelang ho eona ‘nako ea bofelo.’Daniele 8:19.

  •    Buka ea Daniele e ile ea bolela hore nakong eo, mebuso e matla ea lefatše e ne e tla loantšana. Mebuso ena e tla “sututsana,” e leng se bolelang hore e tla tsekisana matla. E ne e tla sebelisa “matlotlo” a mangata kapa chelete e ngata e le hore e loane.—Daniele 11:40, 42, 43.

 E le ho ithuta haholoanyane ka boprofeta bona ba Bibele bo thahasellisang, shebella video e nang le sehlooho se reng Boprofeta bo Phethahetseng—Daniele Khaolo ea 11.

Ke eng e tla etsa hore ho be le khotso lefatšeng?

  •    Bibele e re Molimo o tla felisa mebuso ea batho. “O tla hloma ’muso o ke keng oa felisoa le ka mohla. ’Muso ona o ke ke oa fetisetsoa ho batho ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

  •    Haufinyane Jehova a Molimo o tla etsa ntho eo batho ba ke keng ba khona ho e etsa e leng ho tlisa khotso ea sebele e sa feleng. Joang? ’Muso oa hae o leholimong o tla senya lihlomo tsohle tsa ntoa le ho felisa ntoa.—Pesaleme ea 46:8, 9.

 Ho ithuta ho eketsehileng ka hore na ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng, bala sehlooho se reng “Tlas’a ’Muso oa Molimo ‘Khotso e Tla ba Ngata.’

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.