Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO EA HÅKAN DAVIDSSON

Ho Tšehetsa Mosebetsi oa ho Bolela Molaetsa oa Bibele

Ho Tšehetsa Mosebetsi oa ho Bolela Molaetsa oa Bibele

 Ke hlahetse Sweden ka ba ka holela teng. Ha ke sa le mocha, ke ne ke lumela hore Molimo ha a eo. Kahoo, ha batsoali ba ka le khaitseli ea ka e ntlhahlamang ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ke ne ke se na khahleho.

 Ka mor’a hore ntate oa ka a ’memele hore ke be teng thutong ea Bibele ka makhetlo a mangata, ke ile ka lumela. Ke ile ka hlolloa ha ke bona kamoo Bibele e nepahetseng kateng ha e bua ka litaba tse amanang le saense. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka kholiseha hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore Lipaki Tsa Jehova li e ruta ka tsela e nepahetseng ’me li phela ho latela seo e se rutang. ’Na le ntate oa ka re kolobelitsoe hong ka 1970, eaba ’mè oa ka le likhaitseli tsa ka tse peli ba kolobetsoa lilemo hamorao.

 Ha ke ntse ke hola lithaka tsa ka li ne li rata menate ’me kea lumela hore le ’na ha ke ne ke le lilemo li 17, ke ne ke khalla tsela eo li phelang ka eona. Empa ke ile ka bona banyalani ba Lipaki ba neng ba ithuta le ’na ba thabile tšebeletsong ea bona ea nako e tletseng. Ke ne ke batla ho tšoana le bona eaba hamorao ha ke le lilemo li 21 ke kenela tšebeletso ea nako e tletseng.

Ka lehlakoreng la ka le letšehali ke ntate oa ka ha re ne re ilo kolobetsoa

 Ho ba pula-maliboho ho ile ha ntlisetsa thabo ea sebele ’me ke ne ke itšola hore na ke hobane’ng ha ke sa qala kapele. Ke ne ke thabela ho fana ka bopaki haholo-holo boema-kepeng ba Göteborg, moo ke neng ke bua le basebetsi ba likepe tse palamisang thepa ba tsoang linaheng tse ka ntle.

 Lilemong tse 50 tse fetileng, ke ile ka thabela tokelo e khethehileng ea ho thusa batho ba buang lipuo tse fapaneng hore ba utloe ’nete ea Bibele. E reng ke le qoqele hore na sena se qalile joang.

Ke Ile ka Sebetsa ka MEPS

 Ke ile ka sebetsa ka matsatsi ke le mohatisi e le hore nka khona ho ba le lintho tseo ke li hlokang ha ke ntse ke le pula-maliboho. Ka nako eo, tsela eo batho ba neng ba hatisa lintho ka eona e ne e fetoha. Ho e-na le hore ho sebelisoe mokhoa oa khale oa typewriter, lintho li ne li se li hatisoa ho sebelisoa k’homphieutha. Ke ile ka ithuta ho sebelisa mokhoa o mocha oa ho hatisa ho sebelisoa k’homphieutha. Re ne re hatisa ka masenke a mochine o moholo.

Ka letsatsi la rona la lenyalo

 Ka 1980, ke ile ka nyala Helene eo e neng e le pula-maliboho ea kamehla. Joaloka ’na, o ne a rata ho kopana le batho ba tsoang linaheng tse ling a bile a rata ho ithuta litso tsa bona. Re ne re batla ho ea Sekolong sa Gileade ebe re sebeletsa re le baromuoa.

 Leha ho le joalo, ka lebaka la boiphihlelo boo ke neng ke e-na le bona ba ho hatisa, ’na le Helene re ile ra memeloa ho ea sebeletsa Bethele e Sweden. Mokhatlo o ne o batla ho sebelisa mekhoa e mecha ea ho hatisa e neng e tla thusa hore mosebetsi o tsamaee habobebe. Kahoo, ka 1983 re ile ra isoa Bethele e Wallkill New York ho fumana koetliso ea Multilanguage Electronic Phototypesetting System (MEPS) a eo barab’abo rona ba neng ba ntse ba e etsa.

Ha re lokisetsa hore thepa ea lenaneo la MEPS e ee Hong Kong, Mexico, Nigeria le Spain

 MEPS ke lenaneo leo ka lona boitsebiso bo ka ngoloang ka lipuo tse makholo, ba kopanngoa le litšoantšo e le hore bo ka hatisoa. Mosebetsi oa rona e ne e le ho nka boitsebiso boo ebe re bo kenya ka ho MEPS e le hore lingoloa tsa rona li ka hatisoa lipuo tse ngata. Hona joale Lipaki Tsa Jehova li se li hatisa litaba tse monate ka lipuo tse fetang sekete.

 Ha nako e ntse e ea, ’na le Helene re ile ra fuoa kabelo e ncha ea ho ea Asia ho ea thusa ho kenya lipuo tse eketsehileng ho MEPS. Re ne re thabile hore ebe re kentse letsoho ho etsa hore litaba tse monate li fumanehe ka lipuo tse ngata.

Ho Ithuta Setso se Fapaneng

 Ka 1986 ’na le Helene re ile ra isoa India. Re ile ra tlameha ho ithuta setso se fapaneng hole le sa rona. Ha re fihla Bombay eo hona joale e bitsoang Mumbai, re ile ra hlolloa ha re bona sebaka se fapaneng ka ho feletseng le seo re se tloaetseng. Setso sa Swedish le sa India li fapana ka ho feletseng. Bekeng ea pele feela re fihlile, re ne re se re batla ho khutlela hae.

 Empa ka mor’a beke eo ea pele, re ile ra etsa qeto e tšoanang ea hore kaha haesale re batla ho ba baromuoa ’me joale re fuoe kabelo ea ho sebeletsa naheng e ’ngoe re ke ke ra e tlohela. Re ne re lokela ho mamella boemo bona.

 Kahoo ho e-na le hore re khutlele hae, re ile ra etsa qeto ea hore re tla ithuta lintho tsohle tseo re lokelang ho li tseba ka bophelo bona ba rona bo bocha. Ho etsa sena ho ile ha thusa ’na le Helene hore re rate ho lula India. Re ile ra ba ra ithuta lipuo tse peli tse buuoang mona India, e leng Segujarati le Sepunjabi.

Ha re Isoa Myanmar

Re Holong ea ’Muso ’me re apere liaparo tsa setso tsa naha ea Myanmar

 Ka 1988 re ile ra isoa Myanmar, e leng naha e pakeng tsa China, India le Thailand. Ho ne ho e-na le moferefere oa lipolotiki naheng ea Myanmar ’me karolo e kholo ea naha eo e ne e laoloa ke sesole. Lenaneo la MEPS le ne le se na litlhaku tsa lipuo tse ling ntle le tsa puo ea Seroma ’me ho ne ho se na lenaneo le leng le neng le ka khona ho ngola ka lipuo tse ling. Kahoo, mosebetsi oa rona e ne e le ho etsa pokello ea litlhaku tse ncha ebe ha re khutlela Wallkill re li kenya lenaneong la MEPS.

 Ha re le boema-fofane, Helene o ne a tšoere mokotlana oa hae o neng o tšetse pokello e ncha ea litlhaku tseo re neng re li qapile. Kaha ka nako eo, ho ne ho e-na le moferefere oa lipolotiki, re ne re ka tšoaroa ha re ne re ka fumanoa re tšoere lingoloa tsa puo ea Myanmar. Ha Helene a ne a sechoa, o ile a phahamisa matsoho a ntse a tšoere mokotlana oo ’me ha ho na motho ea boneng le hore o ne a tšoere mokotlana.

Lenaneo la MEPS le re thusitse ho ntlafatsa tsela eo re hatisang lingoloa ka eona

 Bafetoleli ba Myanmar ha baa ka ba fumana pokello ea litlhaku tse ncha feela empa ba ile ba boela ba fuoa lik’homphieutha, liprintara ba ba ba fuoa le koetliso ea ho sebelisa lenaneo la MEPS. Boholo ba bafetoleli bana ba ne ba e-s’o ka ba bona k’homphieutha le ka mohla empa ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho e sebelisa. Sena se ne se bolela hore ha ba sa tla hlola ba sebelisa mokhoa oa khale oa li typewritter kapa oa ho nka litlhaku tse entsoeng ka tšepe ebe ba li kenya mochineng o moholo o hatisang ka letsoho. Ka lebaka la sena, tsela eo re hatisang lingoloa tsa rona ka eona e ile ea ntlafala haholo.

Ha re Isoa Nepal

 Ka 1991 ’na le Helene re ile ra koptjoa ho ea thusa Nepal, e leng naha e ka boroa ho lithaba tsa Himalayas. Ka nako eo, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela naheng eo ’me ho fumaneha lingoloa tse ’maloa feela ka puo ea Senepali.

 Ho e-s’o ee kae, lingoloa tse ngata li ile tsa fetoleloa tsa ba tsa abeloa batho tšimong. Kajeno ho se ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 3 000 liphuthehong tse ka holimo ho 40 Nepal ’me batho ba ka holimo ho 7 500 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste sa selemo sa 2022.

Bukana e Fetoletsoeng ka Puo ea Selahu

 Bohareng ba lilemo tsa bo-1990, baromuoa ba bang ba lulang toropong ea Chiang Mai naheng ea Thailand, ba ile ba qala ho pakela batho ba merabe ea Lahu ba neng ba lula lithabeng. Batho ba buang puo ea Selahu ba lula pel’a maliboho a China, Laos, Myanmar, Thailand le Vietnam. Leha ho le joalo, re ne re se na lingoloa tse teng ka puo ea bona.

 Mohlankana e mong ea neng a ithuta Bibele le baromuoa bao, o ile a fetolela bukana ea “Look! I Am Making All Things New” ho tloha puong ea Sethai ho ea puong ea Selahu. Mohlankana enoa le batho ba bang ba buang puo ea Selahu, ba ile ba bokelletsa chelete ’me ba e romela le bukana ena ofising ea lekala e le hore e ka hatisoa. Ha ba romela bukana ena, ba ile ba ngola le lengolo le neng le hlalosa hore ba ka rata ha batho bohle ba buang puo ea Selahu ba ka utloa litaba tse monate tse tsoang bukaneng ena eo ba ithutileng eona.

 Lilemo tse ’maloa ka mor’a moo, ’na le Helene re ile ra fumana tokelo e babatsehang ea ho rupela bafetoleli ba puo ea Selahu ho sebelisa lenaneo la MEPS. E mong oa bafetoleli bao, e ne e le mor’abo rona ea sa tsoa kolobetsoa ’me o ne a sebeletsa ofising ea phetolelo toropong ea Chiang Mai. Re ne re maketse feela ha re fumana hore mor’abo enoa ke eena mohlankana eane ea ileng a fetolela bukana ea “Look!” ka puo ea Selahu.

 Ka 1995 ’na le Helene re ile ra khutlela India, moo re ileng ra sebetsa le bafetoleli ofising ea lekala ’me ra ba fa lintho tseo ba neng ba li hloka ha ba sebelisa MEPS e le hore ba khone ho etsa mosebetsi oa bona. Kajeno ho na le lingoloa tse ngata tse fumanehang ka lipuo tse buuoang moo ’me batho ba sebakeng seo ba khona ho ithuta Bibele ebe qetellong baa kolobetsoa.

Bophelo ba Rona bo Bile le Morero

 Haesale ’na le Helene re sebeletsa lekaleng la Brithani ho tloha ka 1999 ’me re sebetsa le sehlopha se ntlo-kholo se etsang lenaneo la MEPS. Kannete e bile ntho e thabisang haholo ho qeta nako ea rona re le London moo re neng re bolela litaba tse monate tšimong ea Segujarati le Sepunjabi. Le hona joale ha ho e-ba le puo e ncha e hlahang ho jw.org, re batla menyetla ea ho pakela batho ba tšimong ea rona ba buang puo eo.

 Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka iketsetsa lipakane tšebeletsong ea Jehova ke sa le mocha, ho e-na le hore ke etsise lithaka tsa ka tse neng li rata menate. Ha re hetla morao, ha re ikoahlaele qeto eo re e entseng ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Re thabetse ho sebeletsa linaheng tse fetang 30 ’me ra bona ha litaba tse monate li fihla ho batho ba merabe eohle, lichaba tsohle le lipuo tsohle.—Tšenolo 14:6.

a Lenaneo le lecha le seng le bitsoa Multilanguage Electronic Publishing System eleng MEPS le boetse le sebelisoa ha ho hatisoa lingoloa tse hlahang inthaneteng.