LINAHA LE BATHO
Ho Etela Italy
ITALY ke sebaka se hlollang se nang le mabōpo a leoatle a nammeng, lithaba tse matsaranka; lehlabula le chesang ka boroa le mariha a batang ka leboea. E boetse ke naha e ratoang ke ho foqoha ha seretse se chesang, empa ke lithaba tse seng kae feela tse kang Stromboli le Mount Etna tse ka foqohang seretse.
Italy ke e ’ngoe ea linaha tse nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa Europe. Batho ba bangata ba ’nile ba etela naheng ena, ho akarelletsa le Maarabo, batho ba Byzantium, Magerike, Manormane le Mafoenesia.
Naha ena e na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tsa histori le litšoantšo tse ntle. Litoropo le metse e mengata ea Italy li ikhantša ka lithako tsa mehaho ea Maroma le ea Magerike kapa mehaho ea khale ea Europe. Litšoantšo, liemahale tsa ’mabole le liliba tsa maiketsetso ke mesebetsi ea baetsi ba litšoantšo ba kang Bernini, Michelangelo le Raphael.
Batho ba moo ba rata lijo ebile meketeng ea bona ba pheha lijo tsa setso sa bona. Hangata ha ho jeoa ho qaloa ka pasta, ebe ho latela nama kapa tlhapi tse jelelloang ka meroho. Ba rata ho tšela oli ea mehloaare lijong, kaha e hlahisoa ka bongata naheng eo. Pizza le risotto ke lijo tsa Mataliana tse tsebahalang haholo.
Mataliana a tsebahala ka ho ba mosa, ho amohela baeti ka mofuthu le ho rata batho. Ke batho ba ratang ho bua, kahoo ho tloaelehile ho ba bona ba ntse ba qoqa mapatlelong a motse le ha ba ntse ba itsamaela feela.
Boholo ba baahi ba Italy ba bolela hore ke Mak’hatholike empa ke ba seng bakae feela ba kenang kereke. Kereke ha e sa na tšusumetso e kaalo ho batho ebile ha ba sa mamela melao ea eona e mabapi le ho ntšoa ha limpa le tlhalo.
Lipaki Tsa Jehova li eketseha ka potlako Italy. Li tsebahala ka ho ruta batho Bibele le ka ho phela ka melao ea eona. Ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho 3 000 ’me boholo ba tsona li pakela batho ba buang lipuo tse ling ntle ho Setaliana. Palo ea batho ba tsoang linaheng tse ling e ile ea imena ka makhetlo a mararo lilemong tse leshome tse fetileng e leng se bontšang hore ho hlokahala ba rutoe ’nete ka lipuo tsa habo bona.
NA U NE U TSEBA?
Le hoja Vatican City e le Roma, e bile naha e ikemetseng ho tloha ka 1929, kahoo baahi ba Italy ba nka hore ke naha e ’ngoe.