Buka e Buang ’Nete
Ho tloha mehleng ea khale haesale batho ba bangata lumela hore Bibele e bua ’nete ho sa tsotellehe hore na ke ba mehlobo efeng. Le mehleng ena ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba phelang ho latela seo Bibele e se rutang. Empa ho na le ba bang ba lumelang hore Bibele ha e sa na thuso, ba bang ba re ke buka ea litšomo, ha ba bang ba re ke buka ea makhooa, uena u nahana’ng? Na u nahana hore Bibele e ka re bolella ’nete?
KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TŠEPA BIBELE?
Ke’ng e ka etsang hore u lumele hore Bibele e bua ’nete? A re nke hore u na le motsoalle ea lulang a u bolella ’nete kamehla, na u ne u ke ke oa mo tšepa? Na Bibele e tšoana le motsoalle eo ea buang ’nete? Na e lula e bua ’nete kamehla? Ha re bone mehlala.
Bangoli ba Tšepahalang
Bangoli ba Bibele ba ne ba tšepahala, hangata ba ne ba ngola le ka liphoso tsa bona. Mohlala, moprofeta Jonase o ile a ngola ka liphoso tsa hae. (Jonase 1:1-3) Likhaolong tse qetellang tsa lengolo la hae, o ile a bua kamoo Jehova a neng a mo khalemela empa ha hona moo a itlhahisang hantle ka hore o ile a lokisa liphoso tsa hae. (Jonase 4:1, 4, 10, 11) Hore e be bangoli ba Bibele ba ne ba tšepahala ke bopaki ba hore Bibele e bua ’nete.
Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi
Bibele e na le likeletso tse ka re thusang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Mohlala, e re thusa hore re sebelisane hantle le batho ba bang ha e re: “lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) E boetse e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Le mehleng ena Bibele e ntse e ka re thusa bophelong ba letsatsi le letsatsi.
Histori
Lintho tseo baepolli ba lintho tsa khale ba li fumaneng li paka hore batho, libaka le liketsahalo tse ngotsoeng ka Bibeleng ke ’nete. Mohlala, ba ile ba fumana bopaki bo buang ka Nehemia hore Batyre (e leng Bafoenisia ba Tyre) ba neng ba lula Jerusalema mehleng ea hae ba ne “ba tlisa litlhapi le thepa e rekisoang ea mofuta o mong le o mong.”—Nehemia 13:16.
Ho na le bopaki bo bontšang hore temana ena ke ’nete. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane lintho tse neng li rekisoa Foenisia li le teng Iseraele e leng se neng se bontša hore linaha tsena tse peli li ne li hoebisana. Hape ba ile ba boela ba fumana mesaletsa ea tlhapi ea Mediterranean eo ba neng ba lumela hore e tlile le barekisi ba tsoang sebakeng se seng. Setsebi se seng sa Testamente ea khale le sa Seheberu se re taba ena e tlalehiloeng ho Nehemia 13:16 ea hore Batyre ba ile ba rekisa tlhapi Jerusalema ho ka etsahala hore e be ke ’nete.
Saense
Haele hantle Bibele ke buka ea bolumeli le histori empa le moo e buang ka saense ea nepa. Mohlala:
Lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng Bibele e ile ea bolela hore lefatše le leketlile “holim’a lefeela.” (Jobo 26:7) Taba ena e ne fapane hole le seo se neng se lumeloa ka nako eo hobane batho ba bangata ba ne ba lumela hore lefatše le lutse holim’a sekolopata se seholohali kapa le lutse holim’a metsi. Ka mor’a hore buka ea Jobo e ngoloe, batho ba ile ba tsoela pele ba lumela hore e tlameha ebe ho na le ntho eo lefatše le lutseng holim’a eona. Empa ka 1687 Isaac Newton o ile a bontša hore matla a khoheli a thusa lefatše ho leketla ho se na ntho e le tšehelitseng. Taba ena e ile ea tsebahala ka mor’a lilemo tse 3 000 Bibele e se ntse e boletse se nepahetseng.
Boprofeta
Na boprofeta ba Bibele bo nepahetse? Ha re bue ka mohlala oa boprofeta ba Esaia oa ho timetsoa ha Babylona.
Mohlala: Lilemong tsa bo-700 pele Jesu a tla lefatšeng, Esaia o ile a profeta ka Babylona eo e neng e le hona e tl’o ba ’muso o matla ka ho fetisisa. O ile a re qetellong e tla hloka batho ba lulang ho eona. (Esaia 13:17-20) A ba a profeta hore Cyruse ke eena ea tla timetsa Babylona le hore o tla “pshesa linoka” ’me ba ikenele feela likeiti li butsoe.—Esaia 44:27–45:1.
Ho Phethahala ha Boprofeta: Ka mor’a lilemo tse 200 Esaia a profetile ka Babylona, morena oa Persia o ile a hlasela Babylona. U se u ka inahanela hore na e ne e le mang, e ne e le Cyruse. Kaha Babylona e ne e sireletsehile haholo ka lebaka la marako a teng le noka e neng e e pota-potile, Cyruse o ile a loha leano le neng le tla mo thusa hore a kene habonolo Babylona. O ile a khelosa noka ho fihlela metsi a le tlaase hoo lebotho la hae le neng le ka khona hore le tšele. Ka bomalimabe, letsatsing leo Bababylona ba ne ba siile likeiti li butsoe. Kahoo, Cyruse le lebotho la hae ba ile ba khona ho kena.
Potso e salang ke hore na boprofeta boo bo ile ba phethahala. Ha e le hantle ho ile ha nka lilemo tse makholo-kholo batho ba ntse ba tsoela pele ba lula teng. Empa ha re bua tjena moo e neng e le Babylona haufi le Baghdad e Iraq ha ho na batho ba lulang ho hang, e leng se bontšang hore boprofeta ba Bibele bo ile ba phethahala feela joalokaha ho ne ho profetiloe. Bibele e lula e nepa le ha e bua ka lintho tse e-so etsahale.