Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Jehova o ‘Otlollotse Litsela Tsa Ka’

Jehova o ‘Otlollotse Litsela Tsa Ka’

MOR’ABO rona ea mocha lilemong o ile a mpotsa a re, “Ke lengolo lefe leo u le ratang?” Kapele feela ke ile ka re: “Ke Liproverbia khaolo ea 3 temana ea 5 le ea 6 e re’ng: ‘Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.’ ” Jehova o ile a otlolla litsela tsa ka. Ka tsela efe?

BATSOALI BA KA BA ILE BA NTHUSA HORE KE FUMANE TSELA E NEPAHETSENG

Pele batsoali ba ka ba nyalana ka bo-1920 ba ile ba ithuta Bibele. Ke hlahile mathoasong a selemo sa 1939. Ha ke ntse ke le ngoana koana Brithani, ke ne ke e-ea libokeng le batsoali ba ka eaba hamorao ke ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ke ntse ke hopola ha ke ne ke qala ho fana ka puo, ke ne ke hloeletse holim’a lebokose e le hore ke khone ho bona bamameli. Ke ne ke le lilemo li tšeletseng ’me ke tšohile haholo ha ke nahana ho sheba batho ba baholo ba ’mametseng.

Ke bopaking ba seterateng le batsoali ba ka

Ntate oa ka o ile a ’ngolla molaetsa oa Bibele kareteng eo ke neng ke tla e bontša batho tšimong. Ke ne ke le lilemo li robeli ha ke ne ke qala ho bua le mong’a ntlo ke tsamaea ke le mong. Ke ne ke thabile haholo ha mong’a ntlo a bala karete ea ka a bile a nka buka e reng “Let God Be True”! Ke ile ka mathela ho ntate oa ka ke il’o mo bolella hore ho etsahetse’ng. Ho ea tšimong le libokeng ho entse hore ke thabe hape ho nthusitse hore ke batle ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.

Ke ile ka rata Bibele le ho feta ka mor’a hore ntate oa ka a nthuse ho fumana Molula-Qhooa. Ke ne ke lula ke bala makasine o mong le o mong hang feela ha o fihla ka poso. Ke ile ka tšepa Jehova le ho feta eaba ke etsa qeto ea hore ke inehele ho eena.

Ka 1950, ’na le lelapa leso re ile ra ea kopanong e neng e le Amerika e nang le sehlooho se reng, Kholo ea Puso ea Molimo. Ka Labone la la 3 August sehlooho sa letsatsi leo se ne se re “Letsatsi la Baromuoa.” Letsatsing lona leo, Mor’abo rona Carey Barber eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea kolobetso. Ka mor’a hore a fane ka puo ea hae, o ile a botsa lipotso tse peli tse botsoang batho ba il’o kolobetsoa ’me ke ile ka ema ka re, “E!” Ke ile ka hlokomela hore ke entse qeto ea bohlokoa le hoja ke ne ke le lilemo li 11. Leha ho le joalo, ke ne ke tšaba ho kena ka metsing hobane ke ne ke e-s’o ithuti ho sesa. Rangoane oa ka o ile a mphelehetsa ho ea metsing eaba oa nkholisa hore ke tla ba hantle. Ke ile ka bona ke se ke qetile ho kolobetsoa le pele maoto a ka a fihla fatše ka metsing. Ke ile ka thusoa ke barab’abo rona ba babeli. E mong o ile a nkolobetsa eaba e mong o nthusa ho tsoa ka metsing. Ho tloha mohlang oo, haesale Jehova a otlolla litsela tsa ka.

KE ILE KA KHETHA HO TŠEPA JEHOVA

Ha ke qeta sekolong, ke ne ke batla ho ba pula-maliboho empa matichere a ka a ile a nkhothaletsa hore ke ee univesithi. Ke ile ka liha hlooho eaba kea univesithi. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae, ke ile ka bona hore nke ke ka tsoela pele ke sebeletsa Jehova hantle ha ka lehlakoreng le leng ke shebane le lithuto tsa sekolo. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tlohele. Ke ile ka bua le Jehova ka taba ena ’me ka mosa ka ngolla matichere a ka lengolo ke a hlalosetsa hore ha selemo sena sa pele ke le univesithi se fela kea tlohela. Kaha ke ne ke tšepa Jehova, hang-hang feela ke ile ka qala ho ba pula-maliboho.

Ka July 1957, ke ile ka qala tšebeletso ea nako e tletseng toropong ea Wellingborough. Ke ile ka botsa barab’abo rona ba sebetsang Bethele ea Brithani hore na ke mor’abo rona ofe eo e leng khale e le pula-maliboho eo nka il’o sebetsa le eena. Mor’abo rona Bert Vaisey o ne a etsa mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo ’me o nthutile lintho tse ngata. O nthusitse hore ke hlophise lintho hantle e le hore nka atleha ho ruta batho Bibele. Phuthehong ea rona e ne e le ’na, Mor’abo rona Vaisey le baralib’abo rona ba holileng ba tšeletseng. Ho lokisetsa le ho arabela libokeng tsohle ho ile ha nthusa hore ke tšepe Jehova le ho feta.

Ka mor’a ho koalloa nako e seng kae teronkong ka lebaka la ho hana ho ba lesole, ke ile ka kopana le Barbara eo e neng e le pula-maliboho e khethehileng. Re ile ra nyalana ka 1959 ’me re ne re ikemiselitse ho ea hohle moo ho thoeng re ee teng. Re ile ra sebeletsa Lancashire e ka leboea bophiremela ho Brithani. Ka mor’a moo, ka January 1961, ke ile ka memeloa ho ea Sekolong sa Puso ea Molimo se nkang khoeli se neng se le Bethele e Brithani. Ha ke qeta sekolong seo, ke ile ka makala ha ke fuoa mosebetsi oa hore ke il’o potoloha. Ka libeke tse peli, ke ile ka koetlisoa ke mor’abo rona eo e leng khale e le molebeli oa potoloho toropong ea Birmingham ’me Barbara o ile a lumelloa hore a be teng. Ka mor’a moo, re ile ra khutlela mosebetsing oo re neng re o etsa sebakeng sa Lancashire le Cheshire.

HO TŠEPA JEHOVA KAMEHLA KE NTHO E NEPAHETSENG

Ha re ntse re le matsatsing a phomolo ka August 1962, re ile ra fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala. Le ne le e-na le liforomo tsa ho ea Sekolong sa Gileade. Ka mor’a ho rapela ka taba ena, ’na le Barbara re ile ra tlatsa liforomo tseo ’me ka potlako ra li khutlisetsa ofising ea lekala joalokaha ba ne ba kopile. Likhoeli tse hlano hamorao, re ile ra ba tlelaseng ea bo38 Sekolong sa Gileade koana Amerika, ’me se ile sa nka likhoeli tse leshome.

Sekolong sa Gileade re ile ra ithuta ka Lentsoe la Molimo, ka mokhatlo oa hae le ka bara le barali ba bo rona lefatšeng lohle. Le hoja ke ne ke le lilemo li 24, mosali oa ka eena a le 23, re ile ra ithuta lintho tse ngata ho baithuti-’moho le rona. E ne e le tlotla ho sebetsa le Mor’abo rona Fred Rusk letsatsi le letsatsi, eo e neng e le e mong oa barupeli ba rona. Thuto e ’ngoe e ikhethang eo a ileng a e hatisa ke bohlokoa ba hore kamehla motho a fane ka keletso ka tsela e nepahetseng, ka mantsoe a mang, a etse bonnete ba hore o fana ka keletso e thehiloeng Mangolong feela. Har’a ba neng ba fana ka lipuo e ne e le barab’abo rona ba nang le boiphihlelo ba kang Mor’abo rona Nathan Knorr, Frederick Franz le Karl Klein. Re ile ra ithuta lintho tse ngata ho Mor’abo rona A. H. Macmillan ea ikokobelitseng, ea ileng a fana ka puo e ileng ea bontša kamoo Jehova a ileng a tataisa batho ba hae linakong tse thata ho tloha ka selemo sa 1914 ho fihlela mathoasong a 1919.

RE FUOA MOSEBETSI O MONG

Ha re se re le haufi le ho qeta lithuto tsa rona, Mor’abo rona Knorr o ile a re bolella hore re il’o sebeletsa Burundi e Afrika. Re ile ra mathela laeborari e Bethele ho ea sheba Buka ea Selemo hore na bahoeletsi ba moo ba ba kae. Re ile ra makatsoa ke hore ha rea ka ra fumana hore na ho na le bahoeletsi ba ba kae. Re ne re ea moo batho ba teng ba e-s’o ka ba bolelloa letho ka molaetsa oa Bibele naheng ea Afrika eo re sa tsebeng hakaalo ka eona. Re ne re tšohile haholo empa ka mor’a hore re rapele re ile ra khoba matšoafo.

Kabelong ea rona e ncha, lintho tsohle li ne li fapane le tseo re li tloaetseng tse kang maemo a leholimo, moetlo le puo e buuoang moo. Re ile ra tlameha ho ithuta Sefora. Re ne re hloka le moo re ka lulang teng. Ka mor’a matsatsi a mabeli re fihlile, moithuti-’moho le rona Sekolong sa Gileade e leng Mor’abo rona Harry Arnott o ile a re etela ha a ne a le tseleng e eang Zambia moo a neng a il’o sebeletsa teng. O ile a re thusa ho fumana bolulo ’me moo e ile ea e ba lehae la pele la baromuoa. Nakoana ka mor’a moo, basebetsi ba ’muso ba neng ba sa tsebe letho ka Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba re hanyetsa. Ha re ntse re qala ho natefeloa ke ho sebetsa moo, ba ile ba re bolella hore re ke ke ra khona ho lula moo ntle le lipampiri tse re lumellang hore re sebeletse moo. Ka masoabi re ile ra tlameha ho tsamaea le ho ea tloaela maemo a macha Uganda.

Re ne re tšohile ha re ea Uganda kaha re ne re se na litokomane tsa ho lula moo empa re ne re tšepile Jehova. Mor’abo rona ea tsoang Canada ea neng a sebetsa moo ho nang le tlhokahalo Uganda, o ile a khona ho hlalosa boemo ba rona ho ofisiri e thusang batho ba tsoang linaheng tse ling ’me ofisiri eo e ile ea re re ka lula likhoeli tse ’maloa ho fihlela re fumana litokomane tse re lumellang hore re lule naheng eo. Taba eo e ile ea bontša hore Jehova o ntse a re thusa.

Maemo a Uganda a ne a fapane hole le a Burundi. Mosebetsi oa boboleli o ne o se o qalile Uganda le hoja ho ne ho e-na le Lipaki tse 28 feela. Ha re le tšimong, re ile ra fumana batho ba bangata ba buang Senyesemane. Leha ho le joalo, re ile ra hlokomela hore e le hore re tle re thuse batho hore ba tsoele pele ho ithuta, re lokela ho ithuta bonyane puo e le ’ngoe ho tse ngata tse buuoang naheng eo. Re ile ra qala ho ruta batho Bibele toropong ea Kampala moo ho neng ho buuoa Seluganda haholo eaba re etsa qeto ea ho ithuta puo eo. Re ile ra nka lilemo tse ’maloa hore re tsebe puo eo hantle ’me ho tseba puo eo ho ile ha re thusa hore re atlehe ho ruta batho ba moo Bibele. Re ile ra qala ho utloisisa haholoanyane hore na batho bao re ithutang Bibele le bona ba hloka ho ithuta eng. Ba ile ba qala ho re bolella kamoo ba ikutloang kateng ka lintho tseo ba ithutang tsona.

MAETO

Ha re ntse re le Uganda

Re ne re thabile hoo! ha re fumana batho ba ikokobelitseng ba batlang ho ithuta Bibele empa re ile ra thaba le ho feta ha re koptjoa hore re potolohe naheng eohle. Ofisi ea lekala ea Kenya e ile ea re kopa hore re il’o batla libaka tseo bo-pula-maliboho ba khethehileng ba hlokahalang haholo ho tsona naheng eo. Batho ba moo ba ile ba re amohela ka makhetlo a mangata le hoja ba ne ba sa tsebe Lipaki. Ba ile ba re amohela ka mofuthu ’me ba re etsetsa le lijo.

Re ile ra ea sebakeng se seng hape. Ke ile ka tloha Kampala ka terene eaba ke nka matsatsi a mabeli ho ea toropong ea Mombasa e Kenya. Ka mor’a moo, ka ea lihlekehlekeng tsa Seychelles tse leoatleng la India ka sekepe. Hamorao ka 1965 ho ea ho 1972, Barbara o ne a se a tsamaea le ’na ha ke etela lihlekehleke tseo. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba babeli feela ba lulang moo eaba hamorao ho ba le sehlopha seo qetellong e ileng ea e-ba phutheho. Ke ile ka etela barab’abo rona linaheng tse kang Eritrea, Ethiopia le Sudan.

Ho ile ha ba le liphetoho lipolotiking Uganda ka mor’a hore sesole e be sona se laolang ’muso. Lilemo tse latelang li ne li le thata haholo ’me li ile tsa nthuta bohlokoa ho mamela taelo e reng: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare.” (Mar. 12:​17) Ka nako e ’ngoe batho bohle ba tsoang linaheng tse ling ba lulang Uganda ba ile ba laeloa hore ba ingolise ofising ea mapolesa e haufi le moo ba lulang teng. Hang-hang feela re ile ra mamela. Matsatsi a ’maloa hamorao, ha re feta Kampala, re ile ra kopana le mapolesa a ileng a emisa ’na le mor’abo rona oa moromuoa. Re ne re tšohile haholo. Ba ile ba re qosa ka hore re limpimpi ’me ba re isa ofising ea mapolesa, moo re ileng ra itlhalosa hore re baromuoa ba se nang likhathatso. Re ile ra ba bolella hore re ne re se re ingolisitse mapoleseng empa ba ne ba sa batle ho utloa letho. Re ile ra tšoaroa eaba re isoa mapoleseng a haufi le moo re neng re lula teng. Re ile ra thaba haholo ha re kopana le lepolesa le ileng la hopola hore re ile ra ingolisa ’me le ile la bolella lepolesa le leng hore le re lokolle.

Matsatsing ao ho ne ho le boima haholo hobane hangata re ne re emisoa ke masole tseleng, haholo-holo a neng a noele joala. Nako le nako re ne re rapela ebe re khoba matšoafo ebe masole a re lumella ho feta ho se tšitiso. Ka masoabi ka 1973 baromuoa bohle ba neng ba tsoa linaheng tse ling ba ile ba laeloa hore ba tsamaee Uganda.

Ke etsa likopi tsa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso lekaleng la Côte d’Ivoire, toropong ea Abidjan

Re ile ra fuoa mosebetsi o mong ’me lekhetlong lena ho ile ha thoe re ee Côte d’Ivoire e Bophirimela ba Afrika. Ena e bile phetoho e ’ngoe e kholo ho rona hobane re ile ra tlameha ho ithuta moetlo o mocha, ho boela re bua Sefora kamehla le ho tloaela ho sebetsa le baromuoa ba tsoang linaheng tse fapaneng. Leha ho le joalo, le lekhetlong lena re ile ra bona hore Jehova o ntse a re tataisa ha re bona kamoo batho ba ikokobelitseng ba ileng ba mamela molaetsa oa Bibele kapele kateng. ’Na le mohatsa oa ka re ile ra bona kamoo ho tšepa Jehova ho ileng ha otlolla litsela tsa rona kateng.

Ka tšohanyetso, Barbara o ile a ba le kankere. Re ile ra ea Europe ka makhetlo a mangata ho ea fumana mokhoa oa phekolo eaba ka 1983 re hlokomela hore ha re sa tla khona ho khutlela Afrika. Ntho eo e ile ea re utloisa bohloko haholo.

MAEMO A ILE A FETOHA

Ha re ntse re sebeletsa Bethele e Brithani, Barbara o ile a kula le ho feta ’me qetellong o ile a hlokahala. Lelapa la Bethele le ile la ntšehetsa haholo. Banyalani ba bang ba ile ba nthusa hore ke tloaele boemo le hore ke tsoele pele ke tšepa Jehova. Hamorao, ke ile ka kopana le Morali’abo rona Ann ea neng a tla Bethele ka matsatsi, eo e kileng ea e-ba pula-maliboho e khethehileng ’me o ne a rata Jehova haholo. ’Na le Ann re ile ra nyalana ka selemo sa 1989 ’me haesale re sebeletsa Bethele e Brithani ho tloha ka nako eo.

’Na le Ann re eme mohahong o mocha oa Bethele ea Brithani

Ho tloha ka 1995 ho ea ho 2018, ke ne ke sebetsa ke le moemeli oa ntlo-kholo (ea neng a bitsoa moemeli ea etelang makala) ’me ke ne ke etela linaha tse ka bang 60 tse fapaneng. Naheng e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e etela, ke ne ke khona ho bona hore Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ho sa tsotellehe hore na ba maemong afe.

Ka 2017 ha ke ntse ke etela linaha ke ile ka etela le Afrika. Ke ne ke thabetse ho ea Burundi le Ann ka lekhetlo la pele ’me ka bobeli re ne re maketse haholo ha re bona kamoo bahoeletsi ba seng ba le bangata kateng. Seterateng seo ke neng ke bolela litaba tsa ’Muso ho sona ka 1964, ho se ho e-na le lehae la Bethele le letle le thusang bahoeletsi ba fetang 15 500 naheng eo.

Ke ne ke thabile haholo ha ke fumana lethathamo la linaha tseo ke neng ke tla li etela ka 2018. E ’ngoe ea tsona e ne e le Côte d’Ivoire. Ha re fihla toropong ea Abidjan, ke ne ke utloa eka ke lapeng. Ha ke ntse ke sheba linomoro tsa fono tsa barab’abo rona ba sebetsang Bethele, ke ile ka hlokomela hore mor’abo rona ea lulang haufi le kamore ea baeti eo re fihletseng ho eona ke Mor’abo rona Sossou. Ke ile ka hopola hore e kile ea e-ba molebeli oa motse ha ke ntse ke le Abidjan. Empa ke ne ke fositse, eno e ne e le mora oa hae.

Jehova o ile a fela a phethahatsa tšepiso ea hae. Maemong a thata ao ke ileng ka ba ho ’ona, ke ile ka ithuta hore haeba re tšepa Jehova o tla otlolla litsela tsa rona. Hona joale ke ikemiselitse ho tsamaea tseleng ena e se nang pheletso e tla khanya le ho feta lefatšeng le lecha.​—Liprov. 4:18.