Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na motho e ne e lokela ho ba letsibolo e le hore Mesia a hlahe lesikeng la hae?
Nakong e fetileng re ne re lumela joalo. Lebaka leo re neng re fana ka lona le ne le bonahala le lumellana le mantsoe a hlahang ho Baheberu 12:16. Temana eo e re Esau “ea sa ananeleng lintho tse halalelang”, o ile a “fana ka litokelo tsa hae [ho Jakobo] joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” Ho ne ho bonahala eka ka mor’a hore Jakobo a fumane “litokelo tsa hae joaloka letsibolo,” e ile ea e-ba e mong oa baholo-holo ba Mesia.—Mat. 1:2, 16; Luka 3:23, 34.
Leha ho joalo, litlaleho tsa Bibele li re motho e ne e sa lokela ho ba letsibolo hore e be moholo-holo oa Jesu. Nahana ka bopaki bo latelang:
Rubene e ne e le letsibolo la Lea le Jakobo, e leng Iseraele. Hamorao letsibolo la Jakobo ka mosali oa hae Ragele eo a neng a mo ratang ka ho fetisisa e bile Josefa. Empa ha Rubene a etsa bohlola, tokelo ea ho ba letsibolo e ile ea fetisetsoa ho Josefa. (Gen. 29:31-35; 30:22-25; 35:22-26; 49:22-26; 1 Likron. 5:1, 2) Leha ho le joalo, Jesu ha aa hlaha lesikeng la Rubene kapa Josefa. O hlahile lesikeng la Juda, e leng mora oa bone oa Jakobo le Lea.—Gen. 49:10.
Luka 3:32 e bua ka banna ba bang ba bahlano ba lesika la Mesia. Banna bao kaofela e ne e le matsibolo. Kahoo Boaze e ile ea e-ba ntate oa Obede, ha Obede eena e bile ntate oa Jese.—Ruthe 4:17, 20-22; 1 Likron. 2:10-12.
Leha ho le joalo, mora oa Jese e leng Davida e ne e se letsibolo. E ne e le oa ho qetela oa bara ba Jese ba robeli. Empa Mesia o tsoile lesikeng la Davida. (1 Sam. 16:10, 11; 17:12; Mat. 1:5, 6) Hape, le hoja Solomone e ne e se letsibolo la Davida, Mesia o hlahetse lesikeng la hae.—2 Sam. 3:2-5.
Empa ha se hore ho ba letsibolo e ne e se ntho ea bohlokoa. Mora oa pele o ne a nkuoa e le oa bohlokoa ’me hangata e ne e e-ba eena e tla ba hlooho e latelang ea lelapa. E ne e le eena ea fumanang lefa le fetang la ba bang.—Gen. 43:33; Deut. 21:17; Josh. 17:1.
Empa tokelo ea ho ba letsibolo e ne e ka fetisetsoa ho motho e mong. Abrahama o ile a fetisetsa tokelo ea Ishmaele ea ho ba letsibolo ho Isaka. Joalokaha re boletse, tokelo ea ho ba letsibolo e ile ea tlosoa ho Rubene ea isoa ho Josefa.
Lengolo la Baheberu 12:16 leo re qalileng ka lona le re: “Ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau, ea ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” Re ithuta’ng?
Moapostola Pauluse mona o ne a sa bue hakaalo ka lesika la Mesia. O ne a qeta ho kopa Bakreste hore ba ‘otlolle litsela bakeng sa maoto a bona.’ Lebaka e ne e le “hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka hlokisoang mosa o sa tšoanelang oa Molimo,” e leng ntho e neng e ka ba etsahalla haeba ba ka etsa bohlola. (Baheb. 12:12-16) Kahoo, ba ne ba tla tšoana le Esau. O ile a hloleha ho ananela “lintho tse halalelang” eaba o lahla tokelo ea hae ka lebaka la lintho tse se nang thuso.
Esau o phetse mehleng ea Bapatriareka, ’me ho ka etsahala hore ebe ka linako tse ling o ne a nyehela mahlabelo. (Gen. 8:20, 21; 12:7, 8; Jobo 1:4, 5) Empa ka lebaka la ho nahana ka lithahasello tsa hae, Esau o ile a lahla tokelo ea hae ea ho ba letsibolo ka lebaka feela la sechu. Mohlomong o ne a batla ho qoba mahloriso a neng a tl’o tlela litloholo tsa Abrahama. (Gen. 15:13) Esau o ile a boela a iponahatsa a sekametse linthong tse se nang thuso, a bile a sa ananele lintho tse halalelang ka hore a nyale basali ba babeli ba bahetene ’me a utloisa batsoali ba hae bohloko. (Gen. 26:34, 35) Jakobo eena o ile a etsa se fapaneng ka hore a nyale morapeli oa Jehova.—Gen. 28:6, 7; 29:10-12, 18.
Mothating oo, re ka re’ng ka lesika leo Jesu Kreste e leng Mesia a hlahetseng ho lona? Ha se ka linako tsohle lesika leo le ileng la feta ka matsibolo. Bajuda ba ile ba hlokomela sena ’me ba amohela taba ea hore Jesu Kreste o ne a tla hlaha lesikeng la Davida eo e leng mora oa ho qetela oa Jese.—Mat. 22:42.