Sehlooho Se Ithutoang 46
E-ba Sebete, Jehova o Tla U Thusa
“Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—BAHEB. 13:5.
PINA EA 55 Le se ke la Tšaba Batho
SELELEKELA *
1. Ke eng e tla re khothatsa ha re utloa eka ha re na mang-oe kapa re imetsoe ke mathata? (Sheba Pesaleme ea 118:5-7)
NA HA u le ka har’a mathata u ee u utloe eka ha u na mang-oe? Batho ba bangata ba kile ba ikutloa joalo ho akarelletsa le bahlanka ba Jehova. (1 Mar. 19:14) Haeba u kile oa ikutloa joalo, hopola tšepiso ena ea Jehova: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Kahoo re ka bua ka phatla e phahameng ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.” (Baheb. 13:5, 6) Moapostola Pauluse o ile a ngola mantsoe ao ka selemo sa 61 ka mor’a mehla ea Jesu, a a ngolla Bakreste-’moho le eena ba lulang Judea. Mantsoe ao a re hopotsa Lengolo la Pesaleme ea 118:5-7.—E bale.
2. Re tl’o tšohla’ng sehloohong see, hona ho etsa joalo ho tla re thusa joang?
2 Joaloka mopesaleme, Pauluse o ne a tseba hore Jehova ke mothusi oa hae hobane a ’nile a mo thusa ka makhetlo a mangata. Mohlala, lilemo tse fetang tse peli pele a ngola Lengolo la Baheberu, o ile a pholoha ha leoatle le ne le befile nakong eo a neng a le tseleng ka sekepe. (Lik. 27:4, 15, 20) Lilemo pele Pauluse a nka leeto leo le nakong eo a seng a le tseleng, Jehova o ile a thusa Pauluse ka litsela tse ngata. Re tl’o tšohla tse tharo tsa tsona. Jehova o ile a thusa Pauluse a sebelisa Jesu, mangeloi, batho ba nang le matla a bolaoli le Bakreste-’moho le eena. Ho hlahloba lintho tsena tse etsahetseng bophelong ba Pauluse ho tla re thusa ho tšepa Jehova le ho feta ha a re tšepisa hore o tla mamela lithapelo tsa rona ha re kopa thuso ho eena.
O SEBELISA JESU LE MANGELOI
3. E ka ’na eaba Pauluse o ile a ipotsa’ng, hona hobane’ng?
3 Pauluse o ne a hloka thuso. Ka selemo sa bo-56 mehleng ea baapostola, sekhakhatha sa batho se ile sa mo hulela ka ntle ho tempele e Jerusalema eaba se leka ho mo bolaea. Ka le hlahlamang ha Pauluse a tlisoa ka pel’a lekhotla la Sanhedrine, lira tsa hae li ile tsa batla li mo ja tala. (Lik. 21:30-32; 22:30; 23:6-10) E ka ’na eaba ka nako eo Pauluse o ile a ipotsa hore na o tla khona ho mamella mahloriso ana ho fihlela neng.
4. Jehova o ile a sebelisa Jesu ho thusa Pauluse joang?
4 Pauluse o ile a thusoa joang? Bosiu bo hlahlamang ka mor’a hore Pauluse a tšoaroe, “Morena,” e leng Jesu o ile a ema pel’a hae ’me a re: “E-ba sebete! Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.” (Lik. 23:11) Mantsoe ao a ile a khothatsa Pauluse haholo. Jesu o ile a babatsa Pauluse ka hore ebe o ile a ruta batho ka eena Jerusalema. O ile a ba a mo tšepisa hore o tla fihla Roma a ntse a phela ’me ha a fihla moo o tla ’ne a rute batho ka Jesu. Ka mor’a hore Pauluse a utloe tšepiso eo, o tlameha a ile a ikutloa a sireletsehile joaloka ngoana eo ntate oa hae a mo behileng sefubeng.
5. Jehova o ile a sebelisa lengeloi joang ho thusa Pauluse? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)
5 Ke mathata afe hape a ileng a hlahela Pauluse? Lilemo tse ka bang peli ka mor’a hore lintho tseo tse etsahetseng Jerusalema li fete, Pauluse o ile a palama sekepe se lebang Italy eaba ho ba le sefefo se neng se le sebe hoo batho bohle ba neng ba le ka sekepeng ba neng ba bona hore ba tl’o shoa. Empa Pauluse eena o ne a sa tšoha. Hobane’ng? O ile a re ho batho ba ka sekepeng: “Etsoe bosiung bona haufi le ’na ho ile ha ema lengeloi la Molimo eo ke leng oa hae le eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang le re: ‘Pauluse, u se ke ua tšaba. U tla ema ka pel’a Cesare, ’me, bona! ka bolokolohi Molimo o u file bohle ba tsamaeang le uena ka sekepe.’ ” Jehova o ile a roma lengeloi hore le bolelle Pauluse mantsoe a khothatsang a tšoanang le ao Jesu a ileng a mo bolella ’ona. Pauluse o ile a fela a fihla Roma joalokaha Jehova a ne a boletse.—Lik. 27:20-25; 28:16.
6. Ke mantsoe afe a Jesu a re matlafatsang, hona a re matlafatsa joang?
6 Jesu o re thusa joang? Jesu o tla re tšehetsa joalokaha a ile a tšehetsa Pauluse. Mohlala, Jesu o tšepisa balateli bohle ba hae ntho ena: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) Mantsoe ao aa re matlafatsa. Joang? Ka linako tse ling ha ho bonolo hore re mamelle mathata. Mohlala, ha motho eo re mo ratang a hlokahala, bohloko boo re bo utloang ha bo nke matsatsi a seng makae feela empa bo ka nka lilemo. Ba bang ba thatafalloa ke bophelo ka lebaka la boqheku. Ka linako tse ling ba bang ba imeloa ke khatello ea maikutlo. Empa le har’a mathata ana re khona ho ba le matla a ho mamella hobane rea tseba hore Jesu o na le rona “ka matsatsi ’ohle,” esita le ka matsatsi ao mathata a re hloeleng setha.—Mat. 11:28-30.
7. Ho ea ka Tšenolo 14:6, Jehova o re thusa joang?
7 Bibele ea re bolella hore Jehova o sebelisa mangeloi ho re thusa. (Baheb. 1:7, 14) Mohlala, mangeloi aa re tšehetsa le ho re tataisa ha re ntse re bolella batho ba “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng” “litaba tse molemo tsa ’Muso.”—Mat. 24:13, 14; bala Tšenolo 14:6.
O SEBELISA BA NANG LE MATLA A BOLAOLI
8. Jehova o ile a sebelisa molaoli oa sesole joang ho thusa Pauluse?
8 Pauluse o ile a thusoa joang? Ka selemo sa 56 mehleng ea baapostola, Jesu o ile a tšepisa Pauluse hore o tla fihla Roma. Empa Bajuda ba bang ba neng ba le Jerusalema ba ile ba rera ho hlasela Pauluse le ho mo bolaea. Ha molaoli oa sesole oa Roma e leng Claudiase Lysiase a tseba ka morero oo, o ile a thusa Pauluse. Hang-hang feela, Claudiase o ile a laela lebotho le leholo la sesole hore le sireletse Pauluse le tsamaee le eena ho ea Cesarea. Lebotho leo le ile la tsamaea tseleng e bohole ba lik’hilomithara tse 105 ho tloha Jerusalema. Ha Pauluse a fihla Cesarea, ’Musisi Felixe o ile a laela hore Pauluse “a bolokoe a lebetsoe ka tlung ea ’muso ea moemphera ea Heroda.” Bajuda bane ba neng ba batla ho bolaea Pauluse ba ne ba ke ke ba khona le ho mo thetsa feela ha a le moo.—Lik. 23:12-35.
9. ’Musisi Festase o ile a thusa Pauluse joang?
9 Pauluse o ile a qeta lilemo tse peli a ntse a koaletsoe Cesarea. Felixe o ne a se a nketsoe sebaka ke ’musisi e mocha ea bitsoang Festase. Bajuda ba ile ba kopa Festase hore a romele Pauluse Jerusalema e le hore a il’o ahloleloa teng empa Festase o ile a hana. Mohlomong o ne a tseba hore Bajuda “ba ne ba laletse ho mo bolaea tseleng.”—Lik. 24:27–25:5.
10. ’Musisi Festase o ile a araba joang ha Pauluse a mo kopa hore a ahloloe ke Cesare?
10 Hamorao nyeoe ea Pauluse e ile ea tšoareloa Cesarea. Kaha Festase o ne a batla “ho fumana kamohelo ho Bajuda,” o ile a re ho Pauluse: “Na u lakatsa ho nyolohela Jerusalema ’me u ahloloe ka pel’a ka?” Pauluse o ne a tseba hore ba ka ’na ba mo bolaea ha a fihla Jerusalema. Hape o ne a tseba hore na a ka etsa’ng e le hore a ipholose, a tle a fihle Roma ’me a tsoele pele ka mosebetsi oa boboleli. O ile a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!” Ka mor’a hore Festase a buisane le baeletsi ba hae o ile a re ho Pauluse: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.” Qeto eo Festase a ileng a e etsa e ile ea pholosa Pauluse ho lira tsa hae. Haufinyane Pauluse o ne a tla fihla Roma, moo a neng a tla ba hole le Bajuda ba neng ba batla ho mo bolaea.—Lik. 25:6-12.
11. E ka ’na eaba Pauluse o ile a nahana ka mantsoe afe a khothatsang a ngotsoeng ke Esaia?
11 Ha Pauluse a ntse a emetse ho ea Italy ka sekepe, e ka ’na eaba o ile a nahana ka mantsoe ao moprofeta Esaia a ileng a a bolella batho ba hanyetsang Jehova ha a ba lemosa. Jehova o ile a bululela Esaia hore a ngole mantsoe ao a reng: “Etsang morero, ’me o tla senngoa! Buang lentsoe leha e le lefe, ’me le ke ke la ema, etsoe Molimo o na le rōna!” (Esa. 8:10) Pauluse o ne a tseba hore Molimo o tla mo thusa ’me taba ena e tlameha e ile ea mo fa matla a hore a mamelle mathata a larileng ka pel’a hae.
12. Juliase o ile a tšoara Pauluse joang, hona e ka ’na eaba ntho eo e ile ea etsa hore Pauluse a elelloe eng?
12 Ka selemo sa 58, Pauluse o ile a qalella leeto la hae la ho ea Italy ka sekepe. Kaha Pauluse Lik. 27:1-3, 42-44.
e ne e le motšoaruoa, o ile a katoa ke molaoli oa lebotho oa Roma ea bitsoang Juliase. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Juliase o ne a e-na le matla a ho tšoara Pauluse hantle kapa hampe. O ile a sebelisa matla a hae joang? Ka le hlahlamang ha ba fihla lebopong, “Juliase a tšoara Pauluse ka mosa ’me a mo lumella ho ea ho metsoalle ea hae.” Hamorao Juliase o ile a ba a pholosa Pauluse. Joang? Masole a ile a batla ho bolaea batšoaruoa bohle ba neng ba le ka sekepeng empa Juliase o ile a a thiba hobane o ne a “lakatsa ho pholosa Pauluse.” E ka ’na eaba Pauluse o ile a elelloa hore molaoli eo o mosa joalo hobane Jehova a mo sebelisa ho mo sireletsa le ho mo thusa.—13. Jehova a ka sebelisa batho ba nang le matla a bolaoli joang?
13 Jehova o re thusa joang? Jehova a ka sebelisa moea o halalelang ho etsa hore batho ba nang le matla a bolaoli ba etse ntho eo a e batlang e le hore a phethe thato ea hae. Morena Solomone o ile a re: “Pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova. O e retelletsa hohle moo a ratang.” (Liprov. 21:1) Maele aa a bolela’ng? Batho ba ka cheka foro e le ho etsa hore metsi a tsoang nokeng a phallele hohle moo ba batlang. Ka tsela e tšoanang Jehova a ka sebelisa moea o halalelang ho laola babusi e le hore ba etse thato ea hae. Ha Jehova a etsa joalo, babusi ba tla batla ho etsa liqeto tse tla tsoela bahlanka ba Molimo molemo.—Sheba le Esdr. 7:21, 25, 26.
14. Ho ea ka Liketso 12:5, ke bo-mang bao re ka ba rapellang?
14 Re ka etsa’ng? Re ka rapella “marena le bohle ba boemong bo phahameng” ha ba lokela ho etsa liqeto tse tla ama borapeli ba rona. (1 Tim. 2:1, 2; Neh. 1:11) Hape re ka rapela ka matla bakeng sa Bakreste-’moho le rona ba koaletsoeng literonkong feela joalokaha Bakreste ba mehleng ea khale ba ile ba etsa. (Bala Liketso 12:5; Baheb. 13:3) Re ka boela ra rapella batho ba lebetseng Bakreste-’moho le rona ba literonkong. Re ka kopa Jehova hore a laole batho bana e le hore ba ka etsisa Juliase ’me ba tšoara Bakreste-’moho le rona “ka mosa.”—Lik. 27:3.
O SEBELISA BAKRESTE-’MOHO LE RONA
15-16. Jehova o ile a sebelisa Aristakase le Luka joang ho thusa Pauluse?
15 Pauluse o ile a thusoa joang? Ha Pauluse a ne a le tseleng e eang Roma, Jehova o ile a sebelisa Bakreste-’moho le eena ka makhetlo a mangata ho mo thusa. A re ke re shebe mehlala ea taba eo.
16 Metsoalle e ’meli ea Pauluse e leng * Ha ho bonahale eka Jesu o ile a ba tšepisa hore ba tla fihla Roma ba ntse ba phela. Kahoo ha ba etsa joalo, ba ne ba bontša hore ba ikemiselitse ho beha maphelo a bona kotsing hore ba thuse Pauluse. Ba ile ba tseba hamorao ha ho se ho le hobe hore ba tla fihla moo ba eang ba ntse ba phela. Kahoo, ha Aristakase le Luka ba ne ba palama sekepe ha se ntse se le Cesarea, e ka ’na eaba Pauluse o ile a rapela Jehova ho tsoa pelong a mo leboha ka hore ebe o ba sebelisitse ho mo thusa.—Lik. 27:1, 2, 20-25.
Aristakase le Luka, e ile ea etsa qeto ea ho ea Roma le Pauluse.17. Jehova o ile a thusa Pauluse joang a sebelisa Bakreste-’moho le eena?
17 Ha Pauluse a ntse a le tseleng, Bakreste-’moho le eena ba ile ba mo thusa ka makhetlo a mangata. Mohlala, ha a fihla motseng oa Sidone, Juliase o ile a lumella Pauluse “ho ea ho metsoalle ea hae le ho thabela tlhokomelo ea eona.” Hamorao ha ba le motseng oa Puteoli, Pauluse le metsoalle ea hae “ba ile ba fumana bara babo rona ’me ba koptjoa ka tieo hore ba lule le bona matsatsi a supileng.” Ha Bakreste ba lulang libakeng tseo ba ntse ba hlokometse Pauluse le metsoalle ea hae, ba tlameha ba ile ba thaba haholo ha Pauluse a ba bolella tse ling tsa lintho tse khothatsang tse mo etsahalletseng. (Sheba le Liketso 15:2, 3.) Ka mor’a hore ba khothatsane, Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba tsoela pele ka leeto.—Lik. 27:3; 28:13, 14.
18. Ke eng e ileng ea etsa hore Pauluse a lebohe Molimo ’me a be sebete?
18 Ha Pauluse a ea a lebile Roma, mohlomong o ile a nahana ka mantsoe ao a ileng a a ngolla phutheho ea Roma lilemo tse tharo tse fetileng a reng: “Ka lilemo tse itseng ke ’nile ka ba le tlholohelo ea ho fihla ho lōna.” (Bar. 15:23) Empa o ne a sa nahana hore e tla ba o fihla moo e se e le motšoaruoa. E tlameha ebe o ile a khothala hona hoo ha a bona Bakreste-’moho le eena ba Roma ba eme tseleng ba emetse ho tla mo lumelisa. “Ha Pauluse a re heli! ’me a ba bona, a leboha Molimo ’me a ba sebete.” (Lik. 28:15) Hlokomela hore Pauluse o ile a leboha Molimo hore ebe Bakreste-’moho le eena ba teng. Hobane’ng? Hobane Pauluse o ile a hlokomela hore Jehova oa ba sebelisa ho mo thusa.
19. Ho ea ka 1 Petrose 4:10, Jehova a ka re sebelisa joang ho thusa Bakreste-’moho le rona ba hlokang thuso?
19 Re ka etsa’ng? Na ho na le Bakreste-’moho le uena phuthehong ea heno bao u tsebang hore ba imetsoe hobane baa kula kapa ba na le bothata bo bong bo boima? Kapa na ba teng ba hlokahaletsoeng ke batho bao ba ba ratang? Haeba re hlokomela hore ngoan’abo rona o hloka thuso, re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re bue mantsoe a tla mo khothatsa kapa re mo etsetse ntho e tla mo thusa. Mantsoe a rona le liketso tsa rona li ka mo khothatsa haholo. (Bala 1 Petrose 4:10.) * Ha re ba thusa ba ka ba le tumelo ea hore Jehova o tla fela a tšepahalle mantsoe a hae a reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Ntho eo e tla etsa hore u thabe haholo.
20. Ke hobane’ng ha re kholisehile hore Jehova ke mothusi oa rona?
20 Joaloka Pauluse le metsoalle ea hae, le rona ka linako tse ling li na le ho hloa lekhoara. Empa rea tseba hore re ka ba sebete hobane Jehova o na le rona. O sebelisa Jesu le mangeloi ho re thusa. A ka ba a sebelisa le batho ba nang le matla a bolaoli ho re thusa e le hore a phethe thato ea hae. Hape Jehova o sebelisa moea o halalelang ho susumetsa Bakreste-’moho le rona hore ba re thuse, e leng ntho eo boholo ba rona re e tsebang hantle. Kahoo, le rona joaloka Pauluse re ka cho ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”—Baheb. 13:6.
PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa
^ ser. 5 Sehlooho sena se bua ka litsela tse tharo tseo ka tsona Jehova a ileng a thusa Pauluse ho mamella mathata. Re tl’o ithuta hore na Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae joang mehleng ea khale. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re kholisehe hore Jehova o tla re thusa ha bophelo bo nyolosetsa.
^ ser. 16 Aristakase le Luka ba ne ba se ba kile ba tsamaea le Pauluse. Hape nakong eo a neng a le teronkong Roma, ba ile ba lula le eena.—Lik. 16:10-12; 20:4; Bakol. 4:10, 14.