Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisang Jehova ka ho Khothatsa Batho ba Bang

Etsisang Jehova ka ho Khothatsa Batho ba Bang

Ho bokoe Molimo . . . ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”2 BAKOR. 1:3, 4.

LIPINA: 23, 152

1. Mantsoe ao Jehova a ileng a a bua a khothatsa batho joang?

HAESALE Molimo a khothatsa bahlanka ba hae. Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, o ile a bua mantsoe a neng a tla khothatsa bana bohle ba Adama. Mantsoe ao a hlaha Lengolong la Genese 3:15. Haeba re utloisisa mantsoe ao, re tla ba le tšepo ea hore Satane o tla felisoa hammoho le mesebetsi eohle ea hae.​—Tšen. 12:9; 1 Joh. 3:8.

MOLIMO O ILE A KHOTHATSA BAHLANKA BA HAE

2. Jehova o ile a khothatsa Noe joang?

2 Mehleng ea Noe, ke eena feela le lelapa la hae ba neng ba sebeletsa Jehova. E ka ’na eaba o ile a nyahama ha a bona batho kaofela ba le khopo ba bile ba hloka boitšoaro. (Gen. 6:4, 5, 11; Juda 6) Empa Jehova o ile a mo bolella lintho tse ileng tsa mo khothatsa le ho mo tiisa ’moko e le hore a lule a “tsamaea le Molimo.” (Gen. 6:9) Jehova o ile a mo bolella hore o tl’o felisa batho bohle ba neng ba sa mo mamele. A ba a bolella Noe hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a pholohe le lelapa la hae. (Gen. 6:13-18) Jehova o ile a fela a khothatsa Noe.

3. Jehova o ile a etsa’ng ho khothatsa Joshua? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Joshua o ile a fuoa mosebetsi o boima oa ho etella Baiseraele pele hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng. O ne a lokela ho loantša mabotho a matla a lichaba tse neng li le naheng eo. Kahoo, e ka ’na eaba o ile a tšoha haholo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a re ho Moshe: “U laele Joshua u mo khothatse ’me u mo matlafatse, hobane ke eena ea tla tšela ka pel’a sechaba sena ’me ke eena ea tla etsa hore se rue naha eo u tla e bona.” (Deut. 3:28) Pele Joshua a qala ho etsa mosebetsi oo a o filoeng, Jehova o ile a re ho eena: “Na ha kea u laela? E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.” (Josh. 1:1, 9) E tlameha ebe Joshua o ile a khothala haholo.

4, 5. (a) Jehova o ile a khothatsa bahlanka ba hae ba Bajuda joang? (b) Jehova o ile a khothatsa Jesu joang?

4 Jehova ha aa ka a khothatsa batho ba hae ka bomong feela, empa o ile a boela a ba khothatsa e le sechaba ka kakaretso. O ile a khothatsa bahlanka ba hae ba Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babylona, a re ho bona: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Esa. 41:10) Bakreste bohle baa lumela hore Jehova o tla fela a ba matlafatse.—Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.

5 Jehova o ile a boela a khothatsa Jesu. Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a utloa Jehova a bua a le leholimong a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Mat. 3:17) Jesu o ile a khothala haholo ka mor’a ho utloa mantsoe ao.

JESU O ILE A KHOTHATSA BARUTUOA BA HAE

6. Papiso ea litalenta e re khothatsa joang hore re lule re tšepahala?

6 Jesu o ile a etsisa Ntate oa hae ka ho khothatsa batho. Papiso ea litalenta eo Jesu a ileng a bua ka eona ha a bua ka mehla ea bofelo, e re khothalletsa ho lula re tšepahala. Papisong eo, mong’a makhoba o ile a bua le lekhoba le leng le le leng la hae le tšepahetseng, a re: “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tšepahalang! U ile ua tšepahala linthong tse seng kae. Ke tla u beha hore u okamele lintho tse ngata. Kena thabong ea mong’a hao.” (Mat. 25:21, 23) Mantsoe ao a matla ebile a khothatsa haholo.

7. (a) Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae ho etsa’ng? (b) O ile a etsa’ng ho khothatsa Petrose?

7 Barutuoa ba Jesu ba ne ba atisa ho pheha khang ka hore na ke mang ea moholo har’a bona. Empa Jesu o ile a ba khothalletsa ho ikokobetsa ho e-na le ho iphahamisa. (Luka 22:24-26) Petrose o ile a soetsa Jesu ka makhetlo. (Mat. 16:21-23; 26:31-35, 75) Empa ho e-na le hore Jesu a nke hore Petrose ha a sa na thuso, o ile a mo khothatsa a ba a mo fa mosebetsi oa ho khothatsa Bakreste-’moho le eena.—Joh. 21:16.

BAHLANKA BA MOLIMO BA ILE BA KHOTHATSOA JOANG?

8. Ezekiase o ile a re’ng ha a khothatsa batho bohle ba Juda?

8 Pele Jesu a tla lefatšeng, ho ne ho se ho ntse ho e-na le bahlanka ba Molimo ba neng ba khothatsa batho. Nakong eo Baassyria ba neng ba batla ho hlasela batho ba Molimo, Ezekiase o ile a khothatsa batho bohle ba Juda. Ka mor’a hore a ba khothatse, ba ile ba tsoha molota.—Bala 2 Likronike 32:6-8.

9. (a) Jobo o ile a re’ng ho Elifaze, Bildade le Tsofare? (b) Re ithuta’ng mantsoeng ao a hae?

9 Le hoja Jobo ka boeena a ne a hloka ho khothatsoa, o ile a ruta Elifaze, Bildade le Tsofare tsela e nepahetseng ea ho khothatsa. O ile a ba bolella hore hoja e ne e le bona ba hlokang ho tšelisoa, ‘o ne a tla ba matlafatsa ka mantsoe a molomo oa hae’ le ‘matšeliso a molomo oa hae.’ (Jobo 16:1-5) Empa qetellong Jobo o ile a khothatsoa ke Jehova le Elihu.—Jobo 33:24, 25; 36:1, 11; 42:7, 10.

10, 11. (a) Morali oa Jafeta o ile a hloka ho khothatsoa hobane a tetse lintho life? (b) Mehleng ee, ke bo-mang bao le bona ba lokelang ho babatsoa le ho khothatsoa?

10 E mong oa bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale ea neng a hloka ho khothatsoa ke morali oa Jafeta. Pele Jafeta a il’o loantša Baammone, o ile a kopa Jehova ho mo thusa ho ba hlola. A ba a mo tšepisa hore haeba a ka mo thusa, o tla fana ka motho oa pele ea tla tsoa ka tlung ea hae ha a khutla ntoeng hore a il’o sebeletsa Jehova bophelo bohle ba hae. Eitse ha Jafeta a khutla ntoeng, motho oa pele ea ileng a tsoa ho tla thaba le eena e ne e le morali oa hae ea mong to! Jafeta o ile a khoehla mangole ha a hopola tšepiso eo a e entseng. Empa o ile a phethahatsa tšepiso ea hae eaba o isa morali oa hae tabernakeleng e Shilo hore a il’o sebeletsa Jehova bophelo bohle ba hae.—Baahl. 11:30-35.

11 Moroetsana enoa o ile a lumela ho ea sebeletsa Jehova tabernakeleng bophelo bohle ba hae le hoja ho ka etsahala hore ebe ho ne ho se bonolo ho ea. (Baahl. 11:36, 37) Ho etsa joalo ho ne ho bolela hore o ne a ke ke a nyaloa kapa a ba le bana. Kahoo, ntat’ae o ne a ke ke a hlola a e-ba le mojalefa. Ha se feela a neng a hloka ho khothatsoa. Bibele e re: “Ea e-ba molao oa tsamaiso Iseraele: Selemo le selemo barali ba Iseraele ba ne ba ea ho babatsa morali oa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo.” (Baahl. 11:39, 40) Bakreste bao e leng masoha ba sebelisang nako e ngata eo ba nang le eona ba shebane le “lintho tsa Morena” le bona ba lokela ho babatsoa le ho khothatsoa.—1 Bakor. 7:32-35.

BAAPOSTOLA BA ILE BA KHOTHATSA BAKRESTE-’MOHO LE BONA

12, 13. Petrose o ile a ‘matlafatsa barab’abo’ joang?

12 Pele Jesu a bolaoa, o ile a re ho Petrose: “Simone, Simone, bona! Satane o le batlile hore a le sefe joaloka koro. Empa ke u etselitse thapeli hore tumelo ea hao e se ke ea fela; ’me uena, hang feela ha u khutlile, u matlafatse barab’eno.”—Luka 22:31, 32.

Mangolo a Petrose a ile a khothatsa Bakreste ho tloha mehleng ea hae ho tla fihlela le mehleng ena (Sheba lirapa 12-17)

13 Petrose o ile a fela a matlafatsa Bakreste-’moho le eena. (Bagal. 2:9) Ho tloha ka Pentekonta ho ea pele, o ile a ba behela mohlala o motle oa ho ba sebete o ileng oa ba khothatsa haholo. Pele a hlokahala, o ile a ba ngolla lengolo a ba a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ba ngolletse. O ile a re: “Ke le ngoletse mantsoe a seng makae, ho fana ka khothatso le bopaki bo tiileng hore ona ke mosa o sa tšoanelang oa ’nete oa Molimo; emang le tiile ho oona.” (1 Pet. 5:12) Mangolo a Petrose a ile a khothatsa Bakreste ho tloha mehleng ea hae ho tla fihlela le mehleng ena. Re hloka ho utloa mantsoe ao a khothatsang ha re ntse re letetse hore Jehova a phethahatse litšepiso tsa hae.—2 Pet. 3:13.

14, 15. Ke lintho life tse khothatsang tse hlahang mangolong ao moapostola Johanne a a ngotseng?

14 Moapostola Johanne le eena o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena. Haesale lengolo la Johanne leo a le ngotseng le khothatsa Bakreste ho tloha mehleng ea hae ho tla fihlela le mehleng ena. Ke lona feela le nang le mantsoe a Jesu a bontšang hore Bakreste ba ’nete ba tla tsebahala ka ho ratana.—Bala Johanne 13:34, 35.

15 Ho na le lintho tse ling tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona mangolong a mang a mararo a ngotsoeng ke Johanne. Ha re nyahame ka lebaka la libe tsa rona, taba ea hore “mali a . . . Jesu a re hloekisa sebeng sohle” e re khothatsa haholo. (1 Joh. 1:7) Hape haeba re tsoela pele ho ikutloa eka ha re na thuso ka lebaka la liphoso tsa rona, ho tseba hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna” hoa re khothatsa ebile re thaba haholo. (1 Joh. 3:20) Johanne o ile a boela a re “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8, 16) Lengolong la hae la bobeli le la boraro, o khothatsa Bakreste bohle ba lulang ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.—2 Joh. 4; 3 Joh. 3, 4.

16, 17. Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena joang?

16 Moapostola Pauluse o ile a sebetsa ka thata haholo ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. Ha phutheho ea Bokreste e sa tsoa thehoa, baapostola ba bangata ba ile ba sala Jerusalema, e leng hona moo sehlopha se busang se neng se le teng. (Lik. 8:14; 15:2) Batho ba Juda ba ne ba se ba ntse ba lumela ho Molimo. Kahoo, Bakreste ba Jerusalema ba ile ba ba ruta ka Kreste. Empa moapostola Pauluse eena o ile a tataisoa ke moea o halalelang ho ea ruta batho ba linaheng tse ling tse neng li busoa ke Bagerike le Baroma, ba neng ba rapela melimo e mengata.—Bagal. 2:7-9; 1 Tim. 2:7.

17 Mosebetsi oa Pauluse o ne o akarelletsa ho ea linaheng tse hole, tse akhang Greece, Italy le naha eo hona joale e bitsoang Turkey. O ne a ruta batho bao e seng Bajuda a bile a theha liphutheho tsa Bokreste linaheng tseo. Ha batho bao ba qala ho ba Bakreste, ba ile ba “utloisoa bohloko matsohong a batho ba naha ea habo [bona].” Kahoo, ba ne ba hloka ho khothatsoa. (1 Bathes. 2:14) Lilemo tse ka bang 17 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Thesalonika e neng e sa tsoa thehoa, a re: “Kamehla re leboha Molimo ha re bua ka lōna bohle lithapelong tsa rōna, etsoe re hopola re sa phetse mosebetsi oa lōna o tšepahalang le mosebetsi oa lōna o lerato le mamello ea lōna.” (1 Bathes. 1:2, 3) O ile a boela a re ho bona: “Le ’ne le tšelisane le ho hahana.”—1 Bathes. 5:11.

SEHLOPHA SE BUSANG SE KHOTHATSA BARAB’ABO RONA JOANG?

18. Mehleng ea baapostola, barab’abo rona ba sehlopha se busang ba ile ba etsa’ng ho khothatsa Filipi?

18 Mehleng ea baapostola, barab’abo rona ba sehlopha se busang ba ne ba khothatsa Bakreste bohle, esita le ba etellang pele liphuthehong. Mohlala, ba ile ba tšehetsa Filipi haholo ha a ne a ruta Basamaria ka Kreste. Ba ile ba roma litho tse peli tsa sehlopha sena, e leng Petrose le Johanne, hore ba ee Samaria ho rapella batho ba phutheho ea moo hore ba fuoe moea o halalelang. (Lik. 8:5, 14-17) E tlameha ebe Filipi le batho bao a ba thusitseng ho ba Bakreste ba ile ba khothala haholo ha ba bona kamoo barab’abo rona ba sehlopha se busang ba ba tšehetsang kateng.

19. Liphutheho li ile tsa ikutloa joang ka mor’a ho bala lengolo le tsoang ho sehlopha se busang?

19 Nakoana ka mor’a moo, barab’abo rona ba sehlopha se busang ba ile ba tlameha ho lulela taba ea lebollo fatše. Ba ne ba lokela ho etsa qeto ea hore na batho bao e seng Bajuda ba lokela ho latela Molao oa Moshe o buang ka lebollo kapa che. (Lik. 15:1, 2) Ba ile ba hlahlobisisa Mangolo le ho tataisoa ke moea o halalelang. Eaba ba etsa qeto ea hore ha ho hlokahale hore batho bao e seng Bajuda ba bolle hore e be Bakreste ’me ba ngolla liphutheho lengolo le buang ka qeto eo. Baemeli ba sona ba ile ba isa lengolo leo liphuthehong. “Ka mor’a ho le bala, [liphutheho tsa] thabela khothatso eo.”—Lik. 15:27-32.

20. (a) Barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ba entse’ng ho khothatsa Bakreste lefatšeng lohle? (b) Sehloohong se latelang ho tla arajoa potso efe?

20 Mehleng ena, barab’abo rona ba Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ba khothatsa bara le barali babo rona ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng le Bakreste-’moho le rona lefatšeng lohle. Ka lebaka leo, kaofela ha rona rea thaba feela joalokaha Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba thaba. Hape, ka 2015 barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ba ile ba hatisa bukana ea Khutlela ho Jehova, e khothatsang Bakreste ba bangata lefatšeng ka bophara. Empa na ke barab’abo rona ba Sehlopha se Busang le baholo feela ba lokelang ho khothatsa Bakreste-’moho le bona? Re tla araba potso ena sehloohong se latelang.