SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 51
Tsoelang Pele le mo Mamela
“Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.”—MAT. 17:5.
PINA EA 54 “Tsela ke Eona Ena”
SEO RE TL’O ITHUTA SONA *
1, 2. (a) Baapostola ba Jesu ba bararo ba ile ba laeloa hore ba etse’ng, hona ba ile ba arabela joang? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
KA MOR’A Paseka ea selemo sa 32 mehleng ea baapostola, moapostola Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba bona pono e hlollang. Ho ka etsahala hore ha Jesu a ne a le thabeng e phahameng, o ne a le karolong e itseng ea Thaba ea Hermone, e leng moo a ileng a fetoha sebopeho ka pel’a bona. “Sefahleho sa hae sa khanya joaloka letsatsi, le liaparo tsa hae tsa ka ntle tsa phatsima joaloka leseli.” (Mat. 17:1-4) Qetellong ea pono eo, baapostola ba ile ba utloa Molimo a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Mat. 17:5) Ka mor’a pono ena, baapostola bao ba bararo ba ile ba bontša ka tsela eo ba phelang ka eona hore ba ile ba mamela Jesu. Re batla ho etsisa mehlala ea bona.
2 Sehloohong se fetileng re ile ra ithuta hore ho mamela lentsoe la Jesu ho bolela ho khaotsa ho etsa lintho tse itseng. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tse peli tseo Jesu a ileng a re re lokela ho li etsa.
“KENANG KA HEKE E MOQOTETSANE”
3. Ho ea ka Matheu 7:13, 14, re lokela ho etsa’ng?
3 Bala Matheu 7:13, 14. Hlokomela hore Jesu o buile ka liheke tse peli tse fapaneng tse lebisang litseleng tse sa tšoaneng. E ’ngoe ke e lebisang tseleng e “pharaletseng” ha e ’ngoe e lebisa tseleng e ‘patisaneng.’ Ha ho na tsela ea boraro. Re lokela ho ikhethela hore na ke tsela efe eo re tla tsamaea ho eona. Ena e tla be e le qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re tla beng re e entse kaha ke tsela e le ’ngoe feela e lebisang bophelong bo sa feleng.
4. U ka hlalosa tsela e ‘pharaletseng’ joang?
4 Re lokela ho lula re hopola phapang e teng pakeng tsa litsela tsena tse peli. Batho ba bangata ba tseleng e ‘pharaletseng’ hobane ho bonolo ho tsamaea ho eona. Ka masoabi, batho ba bangata ba khethile ho lula tseleng eo le ho latela bongata bo tsamaeang ho eona. Ha ba hlokomele hore mong’a tsela ena ke Satane Diabolose le hore e lebisa lefung.—1 Bakor. 6:9, 10; 1 Joh. 5:19.
5. Batho ba bang ba entse’ng hore ba fumane tsela e ‘patisaneng’ ’me ba qale ho tsamaea ho eona?
5 Ho fapana le tsela e ‘pharaletseng,’ tsela e ’ngoe e “patisane” ’me Jesu o ile a re ke ba ’maloa feela ba e fumanang. Hobane’ng? Ho thahasellisang ke hore temaneng e latelang, Jesu o lemosa balateli ba hae ka baprofeta ba bohata. (Mat. 7:15) Batho ba bangata ba re ho na le malumeli a mangata ’me ba re bongata ba ’ona a ruta ’nete. Ka lebaka la ’ona, batho ba bangata ba ferekane le ho nyahama ’me ha ba sa batla le ho leka ho fumana tsela e isang bophelong. Empa tsela eo ea fumaneha. Jesu o ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Ke hantle hore ha oa latela bongata empa u ile oa batla ’nete. U ile oa qala ka ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko ho utloa hore na Molimo o lebelletse’ng ho rona oa ba oa mamela lithuto tsa Jesu. Har’a lintho tse ling, u ile oa ithuta hore Jehova o lebelletse hore re se ke ra mamela lithuto tsa bolumeli ba bohata le ho khaotsa ho keteka matsatsi a phomolo a thehiloeng bolumeling ba bohata. U boetse u ithutile hore ho etsa lintho tseo Jehova a li lebelletseng le ho khaotsa ho etsa lintho tse sa lumellaneng le thato ea hae ho ka ’na ha se be bonolo. (Mat. 10:34-36) E ka ’na eaba ho ne ho se bonolo hore u etse liphetoho tsena. Leha ho le joalo, u ile oa leka ho fetoha hobane u rata Ntate oa hao ebile u batla ho mo thabisa. Kannete e tlameha ebe o motlotlo ka uena.—Liprov. 27:11.
KE JOANG RE KA LULANG TSELENG E PATISANENG?
6. Ho ea ka Pesaleme ea 119:9, 10, 45 le 133, ke’ng e ka re thusang hore re lule re le tseleng e patisaneng?
6 Haeba re se re ntse re tsamaea tseleng e patisaneng, ke’ng e tla re thusa hore re lule ho eona? Nahana ka mohlala ona. Linaheng tse ling, ho na le litšepe tse ka thoko ho litsela tse lithabeng tse sireletsang likoloi le bakhanni. Litšepe tsena li thusa mokhanni hore a se ke a atamela kapa a oela ka thoko ho tsela. Ha ho na mokhanni ea ka tletlebang hore litšepe tseo li behiloe moo bakeng sa ho ba sireletsa hore ba se ka lemala kapa ba shoa. Melao ea Jehova e ka Bibeleng e tšoana le litšepe tseo. E re thusa hore re lule re le tseleng e patisaneng.—Bala Pesaleme ea 119:9, 10, 45, 133.
7. Bacha ba lokela ho ikutloa joang ka tsela e patisaneng?
7 Bacha, na ka linako tse ling le na le ho utloa eka ho thata ho mamela melao ea Jehova? Satane o batla hore le nahane joalo. O batla hore le bone eka batho ba tsamaeang tseleng e pharaletseng ba thabela bophelo. A ka sebelisa lithaka tsa hao sekolong kapa lintho tseo u li shebang Inthaneteng hore u bone eka ha u thabele bophelo joaloka batho ba bang. Satane o batla hore u bone eka melao ea Jehova e u thibela hore u thabele bophelo ka * Leha ho le joalo, hopola hore Satane ha a batle hore batho ba tsamaeang tseleng ea hae ba tsebe hore na tsela eo e ba lebisa hokae. Empa Jehova eena o batla hore u tsebe hore na bophelo ba hao bo tla ba monate hakaakang haeba u lula tseleng e isang bophelong.—Pes. 37:29; Esa. 35:5, 6; 65:21-23.
ho felletseng.8. Bacha ba ka ithuta’ng mohlaleng oa mora oa bo rona Olaf?
8 Nahana hore na u ka ithuta’ng mohlaleng oa mora oa bo rona ea mocha ea bitsoang Olaf. * Bana bao a kenang sekolo le bona ba ne ba mo hatella hore a etse thobalano. Ha a ne a hlalosa hore Lipaki Tsa Jehova li mamela melao ea Bibele ea boitšoaro, banana ba bang ba kenang sekolo le eena ba ile ba mo hatella le ho feta hore a etse thobalano le bona. Empa mora oa bo rona Olaf o ile a emela ’nete. Bona e ne e se bona feela bothata boo a ileng a ba le bona. Mora oa bo rona Olaf o re: “Matichere a ka a ile a nkhothalletsa hore ke ee univesithi hobane batho ba tla ntlhompha. Ba ile ba mpolella hore haeba ke sa etse joalo nke ke ka atleha bophelong.” Ke’ng e ileng ea thusa mora oa bo rona Olaf ho hlola khatello eo? O re: “Ke ile ka etsa setsoalle le bara le barali ba bo rona ka phuthehong. E ne eka ke litho tsa lelapa leso. Ke ile ka boela ka qalella ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng. Ha ke ntse ke ithuta, ke ile ka kholiseha le ho feta hore lintho tseo ke ntseng ke ithuta tsona ke ’nete. Hamorao ke ile ka ikemisetsa ho sebeletsa Jehova.”
9. Batho ba batlang ho lula ba le tseleng e patisaneng ba lokela ho etsa’ng?
9 Satane o batla hore u tlohe tseleng e isang bophelong. O batla hore u latele bongata tseleng e pharaletseng e “isang timetsong.” (Mat. 7:13) Leha ho le joalo, re tla lula re le tseleng ena e patisaneng haeba re tsoela pele re mamela Jesu ’me re nka tsela eo e re sireletsa. A re ke re boneng ntho e ’ngoe eo Jesu a itseng re lokela ho e etsa.
ETSA KHOTSO LE MOR’ENO
10. Ho ea ka Matheu 5:23, 24, Jesu o ile a re re lokela ho etsa’ng?
10 Bala Matheu 5:23, 24. Mona Jesu o bua ka ketsahalo e neng e le bohlokoa haholo ho Bajuda ba neng ba mo mametse. Nahana ka motho ea tempeleng ea tl’o fana ka sehlabelo sa phoofolo ho moprista. Haeba ha a le moo a hopola hore mor’abo o na le ho hong khahlanong le eena, o ne a lokela ho tlohela sehlabelo sa hae moo ’me “a tlohe.” Hobane’ng? Na ho na le ntho e neng e ka ba bohlokoa ho feta ho fa Jehova sehlabelo? Jesu o ile a re ka ho hlaka: “Etsa khotso le mor’eno pele.”
11. Jakobo o ile a etsa’ng ho etsa khotso le Esau?
11 Re ka ithuta lithuto tsa bohlokoa ka ho etsa khotso mohlaleng oa Jakobo. Ka mor’a lilemo tse ka bang 20 Jakobo a se a tlohile habo, Molimo o ile a roma lengeloi hore le mo bolelle hore a khutle. (Gen. 31:11, 13, 38) Empa ho ne ho e-na le bothata. Abuti oa hae e moholo e leng Esau o ne a batla ho mo bolaea. (Gen. 27:41) Jakobo o ne a ‘tšohile haholo ’me a tšoenyehile’ hore e ka ’na eaba abuti oa hae o ntse a mo koatetse. (Gen. 32:7) Jakobo o ile a etsa’ng ho etsa khotso le mor’abo? Qalong o ile a rapela Jehova ka tieo ’me a mo bolella ka taba ena. Ka mor’a moo o ile a fa Esau mpho e babatsehang haholo. (Gen. 32:9-15) Ha Jakobo a kopana le Esau, o ile a mo bontša tlhompho. O ile a inama ka pel’a Esau eseng hanngoe kapa habeli empa ka makhetlo a supileng. Jakobo o ile a ikokobetsa ’me a bontša tlhompho le ho etsa khotso le mor’abo.—Gen. 33:3, 4.
12. Re ithuta’ng mohlaleng oa Jakobo?
12 Re ithuta thuto ea bohlokoa tseleng eo Jakobo a ileng a itokisa ka eona ha a ne a il’o kopana le mor’abo le tseleng eo a ileng a bua le Esau ka eona. Ka boikokobetso Jakobo o ile a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a etsa lintho tumellanong le thapelo ea hae ka hore a etse sohle seo a ka se khonang ho etsa khotso le mor’abo. Ha ba ne ba kopana, Jakobo ha aa ka a etsa khang le Esau ka hore na ke mang ea neng a fositse kapa a nepile. Ntho eo Jakobo a neng a e batla ke ho etsa khotso le mor’abo. Re ka etsisa mohlala oa Jakobo joang?
U KA ETSA KHOTSO LE BA BANG JOANG?
13, 14. Re lokela ho etsa’ng haeba re utloisitse Mokreste-’moho bohloko?
13 Haeba re batla ho tsamaea tseleng e isang bophelong, re lokela ho boloka khotso le bara le barali ba bo rona. (Bar. 12:18) Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore re utloisitse mora kapa morali oa bo rona bohloko? Joaloka Jakobo, re lokela ho rapela Jehova ka tieo, re mo kope hore a re thuse hore re etse khotso le mora kapa morali oa bo rona.
14 Re boetse re lokela ho itlhahloba. Re ka ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Na ke ikemiselitse ho lumela hore ke phoso, ho kopa tšoarelo le ho etsa khotso? Jehova le Jesu ba tla ikutloa joang haeba ke etsa boiteko ba ho etsa khotso le mora kapa morali oa bo rona?’ Likarabo tsa rona li tla re susumelletsa ho mamela Jesu le ho ikokobetsa e le hore re etse khotso le bara le barali ba bo rona. Ka tsela ena re tla be re etsisa mohlala oa Jakobo.
15. Ho mamela keletso e ho Baefese 4:2, 3 ho ka re thusa joang hore re etse khotso le Bakreste-’moho?
15 Nahana hore ho ka be ho ile ha etsahala’ng hoja Jakobo a ile a ikhohomosa ha a ne a il’o kopana le mor’abo. Ho ne ho tla senyeha. Re lokela ho ikokobetsa ha re il’o etsa khotso le mora kapa morali oa bo rona. (Bala Baefese 4:2, 3.) Liproverbia 18:19 e re: “Mor’abo motho ha a sitetsoe o feta motse o matla; ’me ho na le likhang tse joaloka mokoallo oa tora ea bolulo.” Haeba re kopa tšoarelo ka boikokobetso, ho ka thusa motho eo re kopang tšoarelo ho eena hore a lumele hore re etse khotso.
16. Ke’ng eo re lokelang ho nahana ka eona, hona hobane’ng?
16 Re boetse re lokela ho nahana ka hloko hore na re tla reng ho mora kapa morali oa bo rona le hore na re tla bua joang le eena. Ha re se re le maemong a matle a hore re ka bua, re lokela ho etsa joaloka morero oa hore a re tšoarele. Qalong a ka ’na a bua lintho tse ka re utloisang bohloko. Ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re koate re be re leke ho ipuella empa na ho etsa joalo e tla be e le bohlale? E tla be e se bohlale ho hang. Hopola hore ho etsa khotso le mor’eno ke ha bohlokoa ho feta ho tseba hore na ke mang ea fositseng kapa ea nepileng.—1 Bakor. 6:7.
17. Re ka ithuta’ng ho mora oa bo rona Gilbert?
17 Mora oa bo rona Gilbert o ne a sebetsa ka thata hore a etse khotso le batho ba bang. O re: “’Na le e mong oa lelapa re ne re sa utloane. Ka lilemo tse peli ke ile ka leka ho bua le eena ke khobile matšoafo e le hore re boele re be le kamano e ntle hape.” Mora oa bo rona Gilbert o ile a etsa’ng hape? O re: “Pele ke bua le eena ke ne ke rapela ’me ke lokisa kelello ea ka hore ke se ke ka koata ha ho ka etsahala
hore a bue ntho e ka nkutloisang bohloko. Ke ne ke hloka ho ikemisetsa ho tšoarela. Ke ile ka ithuta hore ha kea lokela ho leka ho mo bontša hore ke ’na ea nepileng empa boikarabelo ba ka e ne e le ho etsa khotso le eena.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Mora oa bo rona Gilbert o re: “Hona joale ke na le khotso ea kelello hobane ke se ke e-na le kamano e ntle le litho tsohle tsa lelapa leso.”18, 19. Haeba re utloisitse motho e mong bohloko re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?
18 U lokela ho etsa’ng haeba u hlokomela hore u utloisitse Mokreste-’moho le uena bohloko? Mamela keletso ea Jesu ea hore u etse khotso. Bua le Jehova ka taba ena ’me u itšetlehe ka moea oa hae o halalelang hore o u thuse hore u be motho ea etsang khotso. Haeba u etsa joalo u tla thaba hape u tla be u bontša hore u mamela Jesu.—Mat. 5:9.
19 Rea thaba hore ebe Jehova o re fa tataiso ka “hlooho ea phutheho,” Jesu Kreste. (Baef. 5:23) Joaloka moapostola Petrose, Jakobo le Johanne, a re ikemisetseng ho ‘mo mamela.’ (Mat. 17:5) Re bone hore re ka mo mamela joang ka hore re etse khotso le Mokreste-’moho eo re mo utloisitseng bohloko. Haeba re etsa khotso le batho ba bang le ho lula re le tseleng e patisaneng e isang bophelong, re tla ba le mabaka a mangata a ho thaba hona joale le ho thaba ka ho sa feleng nakong e tlang.
PINA EA 130 Tšoarelanang
^ ser. 5 Jesu o re khothalletsa hore re kene ka heke e moqotetsane e isang bophelong. O boetse o re re etse khotso le bara le barali ba bo rona. Ke lintho life tse ka re sitisang ho mamela keletso ee, hona re ka li hlola joang?
^ ser. 7 Sheba potso ea 6 bukaneng ea Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang, e reng: “Nka Hlola Khatello ea Lithaka Joang?” le video ea lipopae e reng, Hanela Khatello ea Lithaka! e ho www.dan124.com/st. (Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA.)
^ ser. 8 Mabitso a mang a fetotsoe.
^ ser. 56 LITŠOANTŠO: Ha re lula re tsamaea tseleng e ‘patisaneng’ eo Molimo a behileng lintho tse re sirelelitseng ho eona, re tla qoba lintho tse kotsi tse kang pornography, ho tloaelana le batho ba sa pheleng ka melao ea Jehova le khatello ea ho ea univesithi.
^ ser. 58 LITŠOANTŠO: Jakobo o ile a inama ka pel’a mor’abo Esau ka makhetlo a mangata e le hore a etse khotso le eena.