SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 42
Ho Thaba Batho ba Tšepahallang Jehova
“Ho thaba batho ba tšepahalang le ba mamelang molao oa Jehova.”—PES. 119:1.
PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla
SEO RE TL’O ITHUTA SONA a
1, 2. (a) Balaoli ba bang ba hlorisa bahlanka ba Jehova ka tsela efe, hona bahlanka ba Molimo ba etsa’ng ha ba hlorisoa? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho thaba le hoja re hlorisoa? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)
HONA joale mosebetsi oa rona o thibetsoe linaheng tse ka holimo ho 30 lefatšeng lohle. Ho tse ling tsa linaha tseo, balaoli ba koalletse bara le barali babo rona teronkong. Ke’ng e phoso eo bara le barali babo rona ba e entseng? Jehova ha a ba nke ba entse phoso hobane ntho feela eo ba e entseng ke ho bala Bibele, ho ruta batho ba bang ka eona le ho ea libokeng. Ba hanne le ho nka lehlakore lipolotiking. Ho sa tsotellehe khanyetso eo, bahlanka bana ba Molimo ba ile ba lula ba mo sebeletsa le ho mo tšepahalla ’me ba ile ba thabisoa ke ho etsa seo.
2 E ka ’na eaba u kile oa bona linepe tsa bara le barali babo rona bana ba sebete ba thabile. Ba thabisoa ke ho tseba hore Jehova o motlotlo ka hore ebe ba ile ba lula ba mo tšepahalla. (1 Likron. 29:17a) Jesu o ile a re: “Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka . . . Thabang, le tlola-tlole ke thabo hobane moputso oa lona o moholo.”—Mat. 5:10-12.
MOHLALA OO RE KA O ETSISANG
3. Liketso 4:19, 20 e re baapostola ba Jesu ba ile ba etsa’ng ha ba ne ba hlorisoa, hona ke hobane’ng ha ba ile ba etsa joalo?
3 Baapostola ba Jesu ba ne ba hlorisoa hobane ba ne ba ruta ka Jesu ’me ba ile ba mamella. Bara le barali babo rona le bona ba hlorisoa ka tsela e tšoanang le ea baapostola. Ka makhetlo a mangata, baahloli ba lekhotla le phahameng la Bajuda ba ile ba laela baapostola “hore ba se ke ba hlola ba ruta kapa ba bua ka lebitso la Jesu.” (Lik. 4:18; 5:27, 28, 40) Baapostola ba ile ba etsa’ng? (Bala Liketso 4:19, 20.) Ba ne ba tseba hore ho na le motho ea nang le matla a maholo ea ileng a ba ‘laela hore ba bolelle batho le ho fana ka bopaki bo hlakileng’ bo mabapi le Kreste. (Lik. 10:42) Babuelli ba bona e leng Petrose le Johanne, ka sebete ba ile ba re ba tla mamela Molimo ho e-na le ho mamela baahloli bao le hore ba ke ke ba tlohela ho bua ka Jesu. E ne eka ba re ho balaoli bao: ‘Na le nahana hore melao ea lona e phahametse ea Molimo?’
4. Joalokaha Liketso 5:27-29 e bontša, ke mohlala ofe oo baapostola ba o behetseng Bakreste ba ’nete, hona re ka ba etsisa joang?
4 Baapostola ba behetse Bakreste ba ’nete mohlala o motle oa hore ba mamele Molimo kaha ke eena ’musi oa bona eseng batho. (Bala Liketso 5:27-29.) Ka mor’a hore baapostola ba shapeloe botšepehi ba bona, ba ile ba tsoa lekhotleng le phahameng la Bajuda “ba thabile hobane ba nka e le tlotla ho tlotlolloa ka lebaka la lebitso la [Jesu]” ’me ba ile ba tsoela pele ba bolela litaba tse molemo.—Lik. 5:40-42.
5. Sehloohong see re tl’o araba lipotso life?
5 Mohlala oo baapostola ba re behetseng oona o etsa hore re ipotse lipotso. Ka mohlala, ke joang baapostola ba neng ba mamela Molimo ho e-na le batho ha ka nako e tšoanang ba ne ba mamela taelo ea Bibele e reng ba “hlomphe balaoli ba phahameng”? (Bar. 13:1) Ke joang re ka ‘mamelang mebuso le balaoli’ joalokaha moapostola Pauluse a re laetse le ho lula re tšepahalla Molimo e leng ’Musi oa rona ea phahameng?—Tite 3:1.
“BALAOLI BA PHAHAMENG”
6. (a) “Balaoli ba phahameng” bao Baroma 13:1 e buang ka bona ke bo-mang, hona re lokela ho ba tšoara joang? (b) Ke’ng eo e leng ’nete ka babusi?
6 Bala Baroma 13:1. Temaneng ena mantsoe “balaoli ba phahameng” a bua ka babusi. Bakreste ba lokela ho ba mamela. Balaoli bana ba etsa hore ho be le taolo naheng ebile ba etsa bonnete ba hore batho ba mamela molao ’me ka linako tse ling ba sireletsa bahlanka ba Jehova. (Tšen. 12:16) Kahoo, re lokela ho lefa lekhetho re be re ba fe tlhompho e ba loketseng. (Bar. 13:7) Balaoli bana ba na le matla hobane Jehova ke eena ea ba lumelletseng hore ba be le ’ona. Jesu o ile a hlakisa ntlha ena hantle ha ’Musisi oa Roma e leng Ponse Pilato a ne a mo botsa lipotso tse ngata. Ha Pilato a ne a re a ka pholosa Jesu kapa a ka mo bolaea, Jesu o ile a re ho eena: “U ka be u se na matla holim’a ka hoja ha oa a fuoa ke Molimo.” (Joh. 19:11) Ho na le moo matla a babusi le a bo-ralipolotiki a fellang teng joalokaha matla a Pilato le ’ona a ne a lekanyelitsoe.
7. Ke neng moo re sa lokelang ho mamela babusi, hona ke’ng eo babusi ba lokelang ho e hopola?
7 Bakreste ba lokela ho mamela melao ea balaoli hafeela e sa hanyetsane le melao ea Molimo. Re ke ke ra mamela batho haeba ba re re etse ntho eo Molimo a sa e batleng kapa ba re hanela ho etsa lintho tseo Molimo a reng re li etse. Ka mohlala, ba ka ’na ba laela bahlankana hore ba loanele naha. b Hape ba ka ’na ba re thibela hore re sebelise Bibele le lingoloa tsa rona ’me ba re re khaotse ho ruta batho Bibele le ho sebeletsa Jehova re le hammoho. Ha babusi ba sa sebelise matla a bona hantle ’me ba hlorisa barutuoa ba Kreste, ba tla ikarabella ho Jehova hobane o ba shebile.—Moek. 5:8.
8. Phapang ke efe pakeng tsa Jehova le “balaoli ba phahameng,” hona ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa?
8 Lentsoe molaoli le bolela hore motho o phahametse batho ba bang empa ha le bolele hore o phahame ka ho fetisisa. Le hoja babusi ba bitsoa “balaoli ba phahameng” ho na le ea ba phahametseng ka ho fetisisa, e leng ea holimo-limo. Ka makhetlo a mane ka Bibeleng, Jehova Molimo o bitsoa “Ea Holimo-limo.”—Dan. 7:18, 22, 25, 27.
“EA HOLIMO-LIMO”
9. Ke’ng seo moprofeta Daniele a se boneng ponong?
9 Moprofeta Daniele o ile a bona pono e bontšang hore Jehova o phahametse balaoli bohle ba bang. Daniele o ile a qala pele ka ho bona libata tse ’nè tse kholo tse emelang ’muso o matla oa lefatše oa nakong e fetileng e leng Babilona, Medo-Persia, Greece le Roma ’me oa mehleng ena ke Anglo-America. (Dan. 7:1-3, 17) Daniele o ile a bona Jehova Molimo a lutse teroneng lekhotleng le leholimong. (Dan. 7:9, 10) Seo moprofeta Daniele a se boneng se lemosa balaoli ba mehleng ena.
10. Ho ea ka Daniele 7:13, 14, 27, ke bo-mang bao Jehova a ba fang matla a hore ba laole lefatše, hona see se bontša’ng ka eena?
10 Bala Daniele 7:13, 14, 27. Molimo o nka matla a balaoli ba lefatše ’me o a fa batho ba tšoaneloang ke ’ona le ba matla ho ba feta. O a fa batho bafe? O a fa “e mong ea joaloka mor’a motho” e leng Jesu Kreste le “bahalaleli ba Ea Holimo-limo,” e leng ba 144 000 ba tla busa “ka ho sa feleng.” (Dan. 7:18) Ho hlakile hore Jehova ke “Ea Holimo-limo” hobane ke eena feela ea nang le matla a ho etsa sena.
11. Daniele o ile a re’ng hape e bontšang hore Jehova o phahametse linaha?
11 Ketsahalo eo Daniele a e boneng ponong e tiisa seo a buileng ka sona. Daniele o ile a re: “Molimo oa leholimo . . . o tlosa marena ebile o beha marena.” O ile a boela a re: “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona.” (Dan. 2:19-21; 4:17) Na ho kile ha e-ba le nako eo Jehova a ileng a tlosa balaoli le ho beha ba bang? Ho joalo.
12. Fana ka mohlala oa kamoo Jehova a ileng a tlosa marena literoneng tsa bona nakong e fetileng. (Sheba le setšoantšo.)
12 Jehova o se a bontšitse hore o phahametse balaoli. Nahana ka mehlala ena e meraro. Faro oa Egepeta o ile a etsa bahlanka ba Jehova makhoba ’me ka makhetlo o ile a hana ho ba lokolla. Molimo o ile a ba lokolla eaba o etsa hore Faro a khangoe ke metsi a Leoatle le Lefubelu. (Ex. 14:26-28; Pes. 136:15) Morena Belshatsare oa Babilona o ne a tšoere mokete ’me o ile a “iphahamisetsa Morena oa maholimo” ’me a ‘rorisa melimo e entsoeng ka silevera le khauta’ ho e-na le ho rorisa Jehova. (Dan. 5:22, 23) Molimo o ile a kokobetsa monna eo ea ikhohomosang. Belshatsare o ile a bolaoa “bosiung bona boo” ’me ’muso oa hae oa fuoa Bamede le Bapersia. (Dan. 5:28, 30, 31) Morena Heroda Agripa oa pele oa Palestine o ile a bolaea moapostola Jakobo ’me a koalla moapostola Petrose teronkong a batla hore le eena a bolaoe. Jehova o ile a thibela Heroda hore a etse ntho eo. “Lengeloi la Jehova la mo otla” ’me o ile a shoa.—Lik. 12:1-5, 21-23.
13. Fana ka mohlala o bontšang kamoo Jehova a ileng a hlola sehlopha sa babusi.
13 Jehova o ile a boela a bontša hore o phahametse lihlopha tsa babusi. O ile a loanela Baiseraele le ho ba thusa hore ba felise marena a 31 a neng a tšehetsa Bakanana le ho hapa likarolo tse kholo tsa Naha e Tšepisitsoeng. (Josh. 11:4-6, 20; 12:1, 7, 24) Jehova o ile a boela a thusa Baiseraele hore ba hlole Morena Ben-hadade le babusi ba bang ba 32 ba Siria ba neng ba ba loantša.—1 Mar. 20:1, 26-29.
14, 15. (a) Morena Nebukadnezare le Dariuse ba ile ba re’ng ka bobusi ba Jehova? (b) Mongoli e mong oa pesaleme o ile a re’ng ka Jehova le ka sechaba sa Hae?
14 Jehova o bontšitse ka makhetlo a mangata hore ke Ea Holimo-limo. Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a ithorisa ‘ka matla a hae hore a tlotlisoe a be a hlomphuoe,’ ho e-na le hore a lumele hore Jehova ke eena ea lokelang ho rorisoa. Molimo o ile a etsa hore a hlanye. Ka mor’a hore kelello ea Nebukadnezare e khutle, o ile a “rorisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa” ’me o ile a lumela hore “puso ea [Jehova] ke e ke keng ea fela.” O ile a boela a re: “Ha ho na motho ea ka mo thibang.” (Dan. 4:30, 33-35) Ka mor’a hore Daniele a lahleloe ka sekoting sa litau, Jehova o ile a mo pholosa. Morena Dariuse o ile a re: “Batho bohle ba lulang libakeng tse pusong ea ka ba lokela ho tšaba Molimo oa Daniele hobane ke Molimo ea phelang ebile o tla lula a le teng ka ho sa feleng. ’Muso oa hae o ke ke oa felisoa le puso ea hae e ke ke ea fela.”—Dan. 6:7-10, 19-22, 26, 27.
15 Mongoli e mong oa pesaleme o ile a re: “Jehova o sentse merero ea lichaba. O thibetse merero ea batho hore e se ke ea atleha.” O ile a boela a re: “Ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova. Batho bao a ba khethileng hore e be ba hae.” (Pes. 33:10, 12) Lena ke lebaka le utloahalang la hore re lule re tšepahalla Jehova.
NTOA EA MAKHAOLA-KHANG
16. Re ka kholiseha ka’ng mabapi le “mahlomola a maholo,” hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo.)
16 Re ithutile ka lintho tseo Jehova a ileng a li etsa nakong e fetileng. Re ka lebella hore ho tla etsahala’ng nakong e tlang? Re ka kholiseha hore Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang nakong ea “mahlomola a maholo.” (Mat. 24:21; Dan. 12:1) Ha lichaba tse ikopantseng e leng Gogo oa Magogo li hlasela bahlanka ba Jehova ba tšepahalang lefatšeng lohle, Jehova o tla ba pholosa. Le hoja lichaba tse ikopantseng li akarelletsa litho tsohle tse 193 tsa Machaba a Kopaneng, a ke ke a o besa oa tuka ho Ea Holimo-limo le lebotho la hae le leholimong. Jehova o re tšepisitse a re: “Ke tla itlotlisa, ke ikhalaletse ke be ke itsebahatse lichabeng tse ngata. Li tla tseba hore ke ’na Jehova.”—Ezek. 38:14-16, 23; Pes. 46:10.
17. Bibele e re ho tla etsahala’ng ka marena a lefatše le ka batho ba lulang ba tšepahalla Jehova?
17 Tlhaselo ea Gogo e tla lebisa ntoeng ea Armagedone moo Jehova a tla felisa “marena a lefatše lohle.” (Tšen. 16:14, 16; 19:19-21) Ke batho “ba lokileng feela ba tla lula lefatšeng. Ba lulang ba tšepahala ba tla sala ho lona.”—Liprov. 2:21.
RE LOKELA HO LULA RE TŠEPAHALA
18. Bakreste ba bangata ba ’nete ba ikemiselitse ho etsa’ng, hona hobane’ng? (Daniele 3:28)
18 Ka lilemo tse ngata, Bakreste ba ’nete ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing le ho tela bolokolohi boo ba nang le bona hobane ba rata Jehova eo e leng ’Musi oa bona. Bakreste bao ba ikemiselitse ho tšepahalla Jehova joaloka Baheberu ba bararo ba ileng ba pholosoa mollong ka lebaka la ho tšepahalla Ea Holimo-limo.—Bala Daniele 3:28.
19. Jehova o tla ahlola batho ba hae ka tsela efe, hona ke’ng eo re lokelang ho e etsa hona joale?
19 Mopesaleme Davida o ile a bua ka bohlokoa ba ho tšepahalla Molimo, o ile a re: “Jehova o tla ahlola batho. Nkahlole hle Jehova, u bone hore na ke lokile le hore na kea tšepahala.” (Pes. 7:8) Davida o ile a boela a re: “E se eka nka sireletsoa hobane kea tšepahala ebile ke etsa lintho tse lokileng.” (Pes. 25:21) Tsela e molemo ke hore re tšepahalle Jehova bophelo bohle ba rona ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng. Kahoo, re tla ikutloa joaloka mongoli e mong oa pesaleme ea ileng a re: “Ho thaba batho ba tšepahalang le ba mamelang molao oa Jehova.”—Pes. 119:1.
PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla
a Bibele e re Bakreste ba lokela ho mamela balaoli, e leng mebuso ea lefatše. Mebuso e meng e hanyetsa Jehova le bahlanka ba hae. Ke joang re ka mamelang melao ea babusi ’me ra tsoela pele re tšepahalla Jehova?
b Sheba sehlooho se reng, “Ke Hobane’ng ha re sa Loane le Hoja Baiseraele ba Mehleng ea Khale ba ne ba Loana?” se hlahang Molula-Qhooeng ona.