Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sele ea yeast e rarahane haholo. E na le linucleus tse nang le DNA le mechine e menyenyane e sa bonahaleng e tsamaisang le ho hlophisa limolecule tseo sele e li hlokang e le hore e ’ne e phele.

Re ka Ithuta’ng ho Lintho Tse Phelang?

Re ka Ithuta’ng ho Lintho Tse Phelang?

Lintho tse phelang lia hola, lia sisinyeha ebile li na le bokhoni ba ho ikatisa. Li etsa hore polanete ea rona e be ntle ka tsela e ikhethang. Mehleng ena batho ba tseba lintho tse ngata haholo ka lintho tse phelang. Lintho tse phelang li re thusa joang ho bona hore na bophelo bo qalile joang? Nahana ka sena.

Ho na le bopaki bo bontšang hore lintho tse phelang li entsoe. Lintho tse phelang li entsoe ka likarolo tse nyenyane tse bitsoang lisele. Sele ka ’ngoe e lokela ho etsa lintho tse ngata tse rarahaneng e le hore lintho tse phelang li tsoele pele li le teng le hore li khone ho ikatisa. Tsela ena e rarahaneng eo lisele li sebetsang ka eona e ka fumanoa le moo re neng re ke ke ra e lebella teng. Yeast e etsang bohobe e entsoe ka lisele tse nyenyane tse phelang. Sele e ’ngoe le e ’ngoe ea yeast ea bohobe, ha e le hantle ea phela. Empa sele ena ea yeast ha e bapisoa le ea motho e ka bonahala eka ha e ea rarahana. Leha ho le joalo, e rarahane ka tsela e makatsang. Sele e ’ngoe le e ’ngoe ea yeast e na le DNA e e bolellang hore na e lokela ho sebetsa joang. E boetse e ja lintho tse e pota-potileng e le hore e tsoele pele e phela. Empa ha ho etsahala hore sele ena e felloe ke lijo, e ntša k’hemik’hale e etsang hore e fokotse sekhahla seo e sebetsang ka sona. Ke kahoo u ka khonang ho beha yeast nako e telele ’me oa e sebelisa hamorao.

Bo-rasaense ba se ba qetile lilemo tse ngata ba ithuta ka tsela eo lisele tsa yeast li sebetsang ka eona e le hore ba utloisise haholoanyane hore na lisele tsa motho li sebetsa joang. Empa ho na le lintho tse ngata tseo ba ntseng ba sa li utloisise. Ross King, eo e leng moprofesa univesithing ea theknoloji ea Chalmers e Sweden o re: “Ha ho na litsebi tse lekaneng tsa bo-rasaense tse ka etsang lipatlisiso tse ka re thusang ho utloisisa le ntho e nyenyane joaloka yeast hore na e sebetsa joang.”

Ha re sheba tsela eo sele ea yeast e rarahaneng kateng, na seo ha se etse re nahane hore e bopiloe? Na ntho e rarahaneng joaloka ee e itlhahetse feela?

Bophelo bo bile teng joang? DNA e entsoe ka motsoako oa lik’hemik’hale. Sele e ’ngoe le e ’ngoe e fumanehang ’meleng oa motho e na le metsoako e libilione tse 3.2. Metsoako ena ea lik’hemik’hale e etsetsa lisele moralo oa hore na li lokela ho etsa lienzaeme le liprotheine joang.

Bo-rasaense ba bontša hore menyetla ea hore metsoako ena ea lik’hemik’hale e ikopanye ka boeona ho etsa DNA e le ’ngoe feela e fokola haholo.

Bo-rasaense ha ba e-s’o khone ho etsa ntho e phelang ho tsoa nthong e sa pheleng.

Bophelo ba motho bo entsoe ka tsela e ikhethang. Batho ba na le makhabane a ba thusang hore ba thabele bophelo ka litsela tseo libopuoa tse ling li sa khoneng ho bo thabela ka eona. Ke batho feela ba khonang ho qapa lintho tse ntle ’me ha ho na libopuoa tse ling tse khonang ho buisana kapa ho ntša maikutlo joaloka batho. Re na le bokhoni ba ho latsoa, ho fofonela, ho utloa molumo, ho bona mebala le ho thabela libaka tse ntle. Re lokisetsa bokamoso hape re batla ho tseba hore na ha e le hantle re phelela eng.

U nahana’ng ka see? Na bokhoni boo re nang le bona bo itlhahetse feela hobane re bo hloka e le hore re phele le hore re ate? Kapa na boa bontša hore bophelo ke mpho e tsoang ho ’Mopi ea lerato?