Bakreste ba Pele le Lefatše
Bakreste ba Pele le Lefatše
HOO e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, ho etsahetse ketsahalo e hlollang ka ho fetisisa Bochabela bo Hare. Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ile a rongoa ho tloha bolulong ba hae ba leholimo ho tla phela lefatšeng la batho ka nakoana. Batho ba bangata ba ile ba arabela joang? Moapostola Johanne oa araba: “O [Jesu] ne a le lefatšeng, ’me lefatše le bile teng ka eena, empa lefatše ha lea ka la mo tseba. O ne a tlile ha habo [Iseraele], empa batho ba habo ha baa ka ba mo amohela.”—Johanne 1:10, 11, NW.
Lefatše ha lea ka la amohela Jesu, Mor’a Molimo. Hobane’ng? Jesu o ile a hlalosa lebaka le leng ha a re: “Lefatše . . . le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ea lona e mebe.” (Johanne 7:7) Qetellong, lefatše lona lena—le emetsoeng ke baeta-pele ba bang ba malumeli a Bajode, morena oa Edomo, le ralipolotiki oa Roma—le ile la bolaea Jesu. (Luka 22:66–23:25; Liketso 3:14, 15; 4:24-28) Ho thoe’ng ka balateli ba Jesu? Na lefatše le ne le tla ikemisetsa haholoanyane ho ba amohela? Che. Pelenyana ho lefu la hae, Jesu o ile a ba lemosa: “Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo, lefatše le le hloile.”—Johanne 15:19.
Mehleng ea Baapostola
Mantsoe a Jesu a ile a ipaka e le ’nete. Libeke tse seng kae feela ka mor’a lefu la hae, baapostola ba hae ba ile ba tšoaroa, ba sokeloa le ho shapuoa. (Liketso 4:1-3; 5:17, 18, 40) Nakoana ka mor’a moo, Setefane ea chesehang o ile a isoa ka pel’a Sanhedrin ea Bajode ’me a tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa. (Liketso 6:8-12; 7:54, 57, 58) Hamorao, moapostola Jakobo o ile a bolaoa ke Morena Heroda Agrippa I. (Liketso 12:1, 2) Nakong ea maeto a hae a boromuoa, Pauluse o ile a hlorisoa ka lebaka la tšusumetso ea Bajode ba Diaspora.—Liketso 13:50; 14:2, 19.
Bakreste ba pele ba ile ba arabela joang khanyetsong e joalo? Matsatsing a pele ha balaoli ba bolumeli ba hanela baapostola ho bolela ka lebitso la Jesu, baapostola ba ile ba bolela: “E ka khona re utloe Molimo [“e le ’Musi,” NW] ho e-na le batho.” (Liketso 4:19, 20; 5:29) Bona e bile boikutlo ba bona bo tsoelang pele ka linako tsohle ha ho hlaha khanyetso. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Roma hore ba “ikokobeletse balaoli ba phahameng [ba ’muso].” O ile a boela a ba eletsa: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Ba-Roma 12:18; 13:1, NW) Kahoo, Bakreste ba pele ba ne ba lokela ho boloka ho leka-lekana ho thata. Ba ne ba utloa Molimo e le ’Musi oa bona ea ka sehloohong. Ka nako e tšoanang, ba ne ba le ka tlas’a balaoli ba sechaba ’me ba leka ho phela le batho bohle ka khotso.
Bakreste Lefatšeng la Roma
Morao koana lefatšeng la ’Muso oa Roma oa lekholong la pele la lilemo, ha ho pelaelo hore Bakreste ba ne ba rua molemo ho Pax Romana kapa Khotso ea Roma, e neng e bolokiloe ke sesole se seholo sa Roma. Puso e tsitsitseng ea molao le taolo, litsela tse ntle hammoho le mokhoa oa ho nka maeto ka likepe oo ha ho bapisoa o neng o sireletsehile, li ile tsa haha tikoloho e neng e lumella ho atolosoa ha Bokreste. Ka ho hlakileng Bakreste ba pele ba ne ba hlokomela boikarabelo ba bona sechabeng ’me ba ela hloko taelo ea Jesu ea ho ‘ntšetsa Sesare tseo e leng tsa Sesare.’ (Mareka 12:17) Ha Justin Martyr a ngolla moemphera oa Roma Antoninus Pius (138-161 C.E.), o ile a bolela hore Bakreste ba ne ba lefa makhetho a bona “habonolo ho feta motho ofe le ofe.” (First Apology, khaolo 17) Ka 197 C.E., Tertullian o ile a bolella babusi ba Roma hore batho ba neng ba bokella lekhetho la bona ba “tlameha ho leboha Bakreste” ka baka la tsela e hlokolosi haholo eo ba neng ba lefa makhetho a bona ka eona. (Apology, khaolo 42) Ena e bile tsela e ’ngoe eo ba ileng ba latela keletso ea Pauluse ea hore ba ikokobeletse balaoli ba phahameng.
Ho feta moo, ho ea bohōleng boo melao-motheo ea bona ea Bokreste e neng e ba lumella, Bakreste ba pele ba ile ba leka ho phela ka khotso le baahisani ba bona. Empa sena se ne se se bonolo. Lefatše le ba potolohileng le ne le tletse boitšoaro bo bobe le bile le qoetse borapeling ba litšoantšo ba Magerike le Maroma, boo ho bona borapeli ba moemphera bo neng bo sa tsoa kenyeletsoa. Borapeli ba bohetene ba Maroma e ne e le borapeli ba Naha, kahoo ho hana ho bo sebelisa ho ne ho talingoa e le bohlaba-phio ho Naha. See se ile sa beha Bakreste boemong bofe?
Moprofesa oa Oxford E. G. Hardy o ile a
ngola: “Tertullian o lokolisa lintho tse ngata tseo Mokreste ea hlokolosi haholo a neng a ke ke a li etsa, tse neng li akareletsa borapeli ba litšoantšo: ka mohlala, kano e tloaelehileng ha ho etsoa litumellano; ho khabisa menyako ka khanya linakong tsa mekete, joalo-joalo; mekete eohle ea borapeli ba Bohetene; lipapali le liserekisi; tsebo ea ho ruta lingoliloeng tsa lefatše [tsa bohetene]; tšebeletso ea sesole; mosebeletsi oa sechaba.”—Christianity and the Roman Government.E, ho ne ho le thata ho phela lefatšeng la Roma ka ntle le ho kheloha tumelong ea Bokreste. Mongoli oa Mofora A. Hamman eo e leng Mok’hatholike oa ngola: “Ho ne ho le thata ho etsa ntho leha e le efe ka ntle le ho tobana le ntho e itseng e emelang molimo. Boemo ba Mokreste bo ne bo mo tlisetsa mathata letsatsi le leng le le leng; e ne e le mokhelo sechabeng . . . O ne a tobana le mathata a hlahang nako le nako ka lapeng, literateng, ’marakeng . . . Seterateng, ho sa tsotellehe hore na ke moahi oa Roma kapa che, Mokreste o ne a lokela ho rola katiba ha a feta tempeleng kapa seemahaleng. Ke joang a neng a ka qoba ho etsa seo ka ntle le ho tsosa libata masene, leha ho le joalo, ke joang a neng a tla lumellana le seo ka ntle le hore a etse ketso ea boinehelo? Haeba a ne a le khoebong ’me ho hlokahala hore a alime chelete, o ne a tlameha ho ikana ho motho ea alimanang ka chelete ka lebitso la melimo. . . . Haeba a ne a lumela ho ba mosebeletsi oa sechaba, o ne a lebeletsoe hore a etse sehlabelo. Haeba a ingolisetsa bosole, ke joang a neng a ka qoba ho nka kano le ho nka karolo litšebeletsong tsa sesole?”—La vie quotidienne des premiers chrétiens (95-197) (Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi Har’a Bakreste ba Pele, 95-197 C.E.).
Baahi ba Molemo, Empa ba Buuoang Hampe
Hoo e ka bang ka 60 kapa 61 C.E., ha Pauluse a ne a le Roma a emetse kahlolo e etsoang ke Moemphera Nero, Bajode ba ka sehloohong ba ile ba re mabapi le Bakreste ba pele: “Seo re se tsebang ke hore ha e le mokha ona, o hanyetsoa hohle.” (Liketso 28:22, BPN) Tlaleho ea histori e tiisa hore Bakreste ba ne ba hanyetsoa—empa ba ne ba hanyetsoa ka leeme. E. W. Barnes bukeng ea hae The Rise of Christianity o re: “Bopaki bo tsoang ho ba boholong mabapi le Bakreste ba pele ke hore ba ne ba e-na le boitšoaro bo botle ebile ba mamela molao. Litho tsa mokha ona e ne e le baahi ba molemo le bafo ba tšepahalang. Ba ile ba qoba liphoso le boitšoaro bo bobe ba bohetene. Bophelong ba bona ba ka thoko e ne e le baahisani ba nang le khotso le metsoalle e tšepahalang. Ba ne ba rutiloe hore ba nke lintho ka botebo le ka ho itekanela, ho ba mafolo-folo le ho phela bophelo bo hloekileng. Le hoja ba ne ba iphumana ba le har’a bokhopo bo jeleng setsi le bophelo bo feteletseng, ka ho khomarela melao-motheo ea bona, ba ne ba tšepahala le ho ba le ’nete. Litekanyetso tsa bona litabeng tse amanang le botona le botšehali li ne li phahame: tlamo ea lenyalo e ne e hlomphuoa ’me bophelo ba lelapa bo ne bo hloekile. Ka baka la bokhabane bo joalo, motho o ne a ke ke a lebella hore e be baahi ba nang le likhathatso. Leha ho le joalo ba ile ba nyatsuoa ka nako e telele, ba buuoa hampe le ho hlouoa.”
Joalokaha lefatše la boholo-holo le sa ka la utloisisa Jesu, ha lea ka la utloisisa Bakreste kahoo le ile la ba hloea. Kaha ba ile ba hana ho rapela moemphera le melimo ea bahetene, ba ile ba qosetsoa ho latola boteng ba Molimo. Haeba ho ne ho hlaha koluoa, ba ne ba jarisoa molato ka hore ba halefisitse melimo. Ka lebaka la ho se ee lipontšong tsa boitšoaro bo bobe kapa lipapaling moo motho a loanelang lefu, ba ne ba nkoa e le batho ba sa amoheleheng sechabeng, esita le ho bitsoa ‘batho ba hloileng moloko oa batho.’ Lira tsa bona li ne li bolela hore malapa a bona a ne a sentsoe ke “mokha” oa Bokreste le hore ka baka leo o ne o le kotsi botsitsong ba sechaba. Tertullian o buile ka banna ba bahetene ba neng ba khetha hore basali ba bona ba etse bofebe ho e-na le hore e be Bakreste.
Bakreste ba ne ba nyatsuoa hobane ba le khahlanong le ho ntša mpa ho neng ho jele setsi ka nako eo. Leha ho le joalo, lira tsa bona
li ne li ba qosa ka ho bolaea bana. Ho ne ho nahanoa hore libokeng tsa bona ba noa mali a bana bao ho entsoeng mahlabelo ka bona. Ka nako e tšoanang, lira tsa bona li ile tsa leka ho ba qobella ho ja liboroso tse entsoeng ka mali, empa li ntse li tseba hore sena se khahlanong le letsoalo la bona. Kahoo liqoso tsa bahanyetsi bana e ne e le tse ikhanyetsang.—Tertullian, Apology, khaolo 9.Ba Nyelisoa Joaloka Mokha o Mocha
Rahistori Kenneth Scott Latourette o ngotse: “Ho sa le joalo liqoso tse ling li ile tsa etsa hore Bokreste bo songoe ka lebaka la tšimoloho ea bona ea haufinyane ha e bapisoa le tšimoloho ea boholo-holo ea lira tsa bona [malumeli a bohetene a Bojode le a Greece le Roma].” (A History of the Expansion of Christianity, Moqolo 1, leqephe 131) Mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo C.E., rahistori oa Moroma Suetonius o ile a bitsa Bokreste “tumela-khoela e ncha le e kotsi.” Tertullian o ile a tiisa hore lebitso lena Mokreste ka bolona le ne le hloiloe le hore Bakreste e ne e le mokha o sa ratoeng. Robert M. Grant ha a bua ka tsela eo ba boholong ’Musong oa Roma ba neng ba talima Bakreste lekholong la bobeli la lilemo o ile a ngola: “Pono e ka sehloohong e ne e le ea hore Bokreste ha e le hantle bo ne bo sa hlokahale, le hore mohlomong e ne e le bolumeli bo kotsi.”—Early Christianity and Society.
Ba Qosoa ka ho Sokolla ho Matla
Bukeng ea hae Les premiers siècles de l’Eglise (Lilemo tsa Mehla ea Pele ea Kereke), moprofesa Jean Bernardi oa Sorbonne o ile a ngola: “[Bakreste] ba ne ba lokela ho tsoa le ho buisana hohle le motho e mong le e mong. Litseleng le metseng, libakeng sa sechaba le ka matlung. Ebang ba ne ba amohela kapa che. Bafutsana le barui ba sitisoang ke matlotlo a bona. Ho batho feela ba tloaelehileng le ho balaoli ba liprofensi tsa Roma . . . Ba ne ba tlameha ho tsamaea tseleng, ho palama likepe, le ho ea lipheletsong tsa lefatše.”
Na ba ile ba etsa joalo? Ka ho hlakileng ba ile ba etsa joalo. Moprofesa Léon Homo o bolela hore sechaba se ne se le khahlanong le Bakreste ba pele ka baka la “ho sokolla ha bona ho chesehang.” Moprofesa Latourette o bolela hore le hoja Bajode ba ile ba felloa ke cheseho ea ho sokolla batho, “ka lehlakoreng le leng, Bakreste e ne e le baromuoa ba matla ’me kahoo ba tsosa lehloeo.”
Lekholong la bobeli la lilemo C.E., rafilosofi oa Moroma Celsus o ile a nyatsa mekhoa ea Bakreste ea ho bolela. O ile a bolela hore Bokreste e ne e le ntho ea batho ba sa rutehang le hore bo ka ‘kholisa maoatla feela, makhoba, basali, le bana ba banyenyane.’ O ile a qosa Bakreste ka ho ruta “batho ba thetsoang habonolo feela,” ba qobelloang ho “lumela ka ntle le ho nahana ka mabaka a utloahalang.” O boletse hore ba ile ba bolella barutuoa ba bona ba bacha: “Le se ke la botsa lipotso; lumelang feela.” Leha ho le joalo, ho latela Origen, Celsus ka boeena o ile a lumela hore “hase batho ba sa rutehang feela le ba boemo bo tlaase ba ileng ba tataisoa ke thuto ea Jesu ea ho amohela bolumeli ba Hae.”
Ha ho Tumelo e Kopanetsoeng
Bakreste ba pele ba ne ba boetse ba nyatsuoa hobane ba ne ba bolela hore ba na le ’nete ea Molimo o le mong oa ’nete. Ba ne ba sa amohele ho sebelisana le malumeli a mang kapa tumelo e kopanetsoeng. Latourette o ngotse: “Ho fapana le litumelo tsa nakong eo, [Bakreste] e ne e le lira tsa malumeli a mang. . . . Ho fapana le leeme le pharaletseng le neng le khetholla mekha e meng, ba ne ba bolela hore ba na le ’nete e ke keng ea latoloa.”
Ka 202 C.E., Moemphera Septimius Severus o ile a ntša molao o thibelang Bakreste ho sokolla batho. Leha ho le joalo, sena ha se ea ka sa ba thibela ho paka ka tumelo ea bona. Latourette o hlalosa phello: “Ho hana ha Bokreste e sa le pele ho sekisetsa boheteneng ba nakong eo le meetlong e mengata ea sechaba le ea boitšoaro ea mehleng eo [Bokreste ba pele] bo ile ba hōlisa bonngoe le tlhophiso tse entseng hore sechaba se be khahlanong le bona. Ho itokolla ho bona ho ile ha neha balateli ba bona kholiseho eo e bileng mohloli oa matla khahlanong le cheseho ea ho hapa basokolohi.”
Kahoo, tlaleho ea histori e hlakile. Boholo ba nako, Bakreste ba pele, le hoja ba ne ba ikitlaetsa ka matla ho ba baahi ba molemo le ho phela ka khotso le batho bohle, ba ile ba hana ho ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19, NW) Ba ne ba hlompha babusi. Empa ha Sesare a ne a ba thibela ho bolela, ba ne ba se na khetho ha e se ho tsoela pele ho bolela. Ba ile ba leka ho phela ka khotso le batho bohle empa ba hana ho sekisetsa litekanyetsong tsa boitšoaro le borapeling ba litšoantšo ba bohetene. Ho tsena tsohle, ba ne ba nyatsuoa, ba buuoa hampe, ba hlouoa, le ho hlorisoa joalokaha Kreste a boletse pele ho re ho tla ba joalo.—Johanne 16:33.
Na ho ikarola ha bona lefatšeng ho ile ha tsoela pele? Kapa ka lebaka la ho feta ha nako, na ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ile ba fetola boikutlo ba bona ka see?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Boemo ba Mokreste bo ile ba mo tlisetsa mathata letsatsi le leng le le leng; e ne e le mokhelo sechabeng”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Bokreste [bo ile ba songoa] ka lebaka la tšimoloho ea bona ea haufinyane ha e bapisoa . . . le ea boholo-holo ea lira tsa bona”
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Hobane Bakreste ba hanne ho rapela moemphera oa Roma le melimo ea bohetene, ba ile ba qosoa ka ho latola boteng ba Molimo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museo della Civiltà Romana, Roma
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba tsebahala e le baboleli ba chesehang ba molaetsa oa ’Muso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover: Alinari/Art Resource, N.Y.