Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Sebetsana le Liphapang Joang?

U Sebetsana le Liphapang Joang?

U Sebetsana le Liphapang Joang?

KAMEHLA re kopana le batho ba mefuta e sa tšoaneng. Hangata sena se re tlisetsa thabo se bile se etsa hore re bone lintho ka tsela e ncha. Ka linako tse ling, se boetse se etsa hore ho be le liphapang, tse ling tsa tsona li tebile ha tse ling e mpa feela e le bothata bo bonyenyane bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ho sa tsotellehe sebōpeho sa tsona, tsela eo re sebetsanang le liphapang tsa rōna ka eona ea re ama kelellong, maikutlong le moeeng.

Ho etsa se matleng a rōna ho rarolla liphapang ka tsela e loketseng ho tla kolekela ho thabeleng ha rōna bophelo bo botle haholoanyane le likamano tsa khotso e khōloanyane le ba bang. Maele a boholo-holo a re: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.”—Liproverbia 14:30.

Ho fapana le hoo ka ho feletseng ho na le ’nete ena e totobetseng: “Motho ea hlōloang ke ho busa pelo ea hae, ke motse o kenoeng ke lira, o se nang lerako.” (Liproverbia 25:28) Ho rōna ke mang ea ka batlang ho iketsa ea hlaseloang habonolo ke mehopolo e fosahetseng e ka etsang hore a itšoare ka litsela tse sa lokelang—litsela tse ka hlahisang rōna le ba bang kotsi? Ho arabela ka khalefo e sa laoloeng ho ka etsa ntho e joalo hantle. Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a buella hore re hlahlobe maikutlo a rōna, e leng se ka ’nang sa susumetsa tsela eo ka eona re sebetsanang le liphapang leha e le life tseo re ka ’nang ra ba le tsona le ba bang. (Matheu 7:3-5) Ho e-na le ho nyatsa ba bang, re lokela ho nahana ka kamoo re ka hlaolelang le ho ntšetsa pele botsoalle le ba talimang lintho ka litsela tse sa tšoaneng le ba nang le limelo tse sa tšoaneng.

Maikutlo a Rōna

Bohato ba pele bo lebisang ho rarolleng phapang e inahaneloang kapa ea sebele ke ho hlokomela hore re ka hlaseloa ke menahano le maikutlo a fosahetseng. Mangolo a re hopotsa hore kaofela rea sitoa ‘’me re haelloa ke khanya ea Molimo.’ (Baroma 3:23) Ho phaella moo, temoho e ka ’na ea senola hore mohloli oa bothata ba rōna hase motho e mong. Mabapi le sena, a re hlahlobeng phihlelo ea Jonase.

Ka taelo ea Jehova, Jonase o ile a ea motseng oa Ninive ho ea bolela ka kahlolo ea Molimo e atamelang ho baahi ba oona. Phello e thabisang e bile hore motse oa Ninive kaofela o ile oa baka ’me oa e-ba le tumelo ho Molimo oa ’nete. (Jonase 3:5-10) Jehova o ile a ikutloa hore boikutlo ba bona ba ho baka bo lokeloa ke tšoarelo, ka hona o ile a ba qenehela. “Empa taba eo ea soabisa Jonase haholo, a hlonama haholo.” (Jonase 4:1) Karabelo ea Jonase mohaung oa Jehova e ne e makatsa. Ke hobane’ng ha Jonase a ka halefela Jehova? Kamoo ho bonahalang kateng, Jonase o ne a amehile ka botebo ka maikutlo a hae, a nahana hore o tlotlolohile sechabeng. O ile a hlōleha ho utloisisa mohau oa Jehova. Ka mosa, Jehova o ile a etsa hore Jonase a ithute ka phihlelo e ileng ea mo thusa ho fetola maikutlo a hae le ho bona bohlokoa bo fetisisang ba mohau oa Molimo. (Jonase 4:7-11) Ho hlakile hore boikutlo ba Jonase, eseng ba Jehova, bo ne bo hloka ho fetoloa.

Na ka linako tse ling ka ho tšoanang ho hlokahala hore re fetole maikutlo a rōna tabeng e itseng? Moapostola Pauluse oa re eletsa: “Ho bontšeng tlhompho e mong ho e mong etellang pele.” (Baroma 12:10) O ne a bolela’ng? Lekhetlong le leng, o re khothalletsa ho ba le kahlolo e molemo le ho tšoara Bakreste ba bang ka tlhompho e tebileng le seriti. Sena se akarelletsa ho hlokomela hore motho ka mong o na le tokelo ea ho ikhethela. Pauluse o boetse oa re hopotsa: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5) Kahoo, pele liphapang li baka karohano, ke ho bohlale hakaakang ho hlahloba hore na ke maikutlo a rōna ao ho hlokahalang hore a lokisoe! Re lokela ho sebetsa ka thata ho bontša monahano oa Jehova le ho boloka khotso le ba bang ba ratang Molimo e le kannete.—Esaia 55:8, 9.

Tsela eo re Sebetsang Litaba ka Eona

Nahana ka bana ba babeli ba banyenyane ba tsekisanang ntho ea ho bapala, e mong le e mong a ntse a e hula a tiisitse haholoanyane ka sepheo sa ho e nka. Ba ka ’na ba halefelana ha ba ntse ba e hula ho fihlela ha e mong a qetella a e tlohela kapa motho e mong a namola.

Tlaleho ea Genese e re bolella hore Abrahama o ile a utloa hore khang e ile ea e-ba teng lipakeng tsa balisa ba hae le ba ngoana oa ngoan’abo, Lota. Abrahama o ile a nka bohato a atamela Lota ’me a re: “Oho! qabang e se ke ea e-ba teng mahareng a ka le uena, kapa mahareng a balisa ba ka le balisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong.” Abrahama o ne a ikemiselitse ho se lumelle khohlano leha e le efe ho senya kamano ea bona. Ka tahlehelo efe? O ne a itokiselitse ho tela tokelo ea hae ea ho khetha joaloka motho e moholo; o ne a ikemiselitse ho tela ho hong. Abrahama o ile a lumella Lota ho khetha moo a neng a rata ho isa lelapa la hae le mehlape teng. Ka mor’a moo, Lota o ile a ikhethela sebaka se setalana sa Sodoma le Gomora. Abrahama le Lota ba ile ba arohana ka khotso.—Genese 13:5-12.

Bakeng sa ho boloka likamano tsa khotso le ba bang, na re ikemiselitse ho nka bohato re e-na le boikutlo bo tšoanang le ba Abrahama? Ketsahalo ena ea Bibele e re behela mohlala o motle oo re ka o etsisang ha re sebetsana le liphapang. Abrahama o ile a ipiletsa: “Qabang e se ke ea e-ba teng.” Takatso ea Abrahama ea sebele e ne e le ho fihlela tharollo ea khotso. Ka sebele memo e joalo ea ho boloka khotso e ne e tla thusa ho felisa liphapang leha e le life. Eaba Abrahama o qetella ka polelo e reng “hobane re bana ba motho a le mong.” Ke hobane’ng ha re ka tela kamano ea bohlokoa hakaalo molemong oa seo re se ratang kapa ka lebaka la boikhohomoso? Ka ho hlakileng Abrahama o ile a lebisa tlhokomelo nthong ea bohlokoa. O ile a etsa joalo ka boitlhompho le ka bokhabane, ka nako e tšoanang a fa ngoana oa ngoan’abo seriti.

Ha ho hlaha maemo ao ho ’ona ho hlokahalang hore ho be le ea namolang e le hore phapang e rarolloe, ho molemo hakaakang hore taba e rarolloe ka lekunutu! Jesu o re khothalletsa ho nka bohato ba ho lokisa litaba le barab’abo rōna, re kōpe tšoarelo haeba ho hlokahala. * (Matheu 5:23, 24) Ho tla hloka ho ithapalatsa, kapa ho ikokobetsa kelellong, empa Petrose o ile a ngola: “Itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Petrose 5:5) Tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rōna ka eona e amana ka ho toba le kamano ea rōna le Molimo.—1 Johanne 4:20.

Ka har’a phutheho ea Bokreste, re ka ’na ra biletsoa ho tela tokelo e itseng e le hore re boloke khotso. Batho ba bangata bao hona joale ba kopanelang le Lipaki tsa Jehova ba tlile lelapeng la Molimo la barapeli ba ’nete lilemong tse hlano tse fetileng. Sena se tlisa thabo e kaakang lipelong tsa rōna! Ka sebele tsela eo re itšoarang ka eona ea ba ama ’me e ama le ba bang ka phuthehong. Lena ke lebaka le letle la ho nahana ka hloko seo re se khethang boithabisong, linthong tse phomotsang kelello, mesebetsing ea botsoalle, kapa khirong, re nahane kamoo ba bang ba ka re talimang kateng. Na ketso leha e le efe ea rōna kapa lipolelo li ka nkoa hampe kahoo ea e-ba sesosa sa khopiso ho ba bang?

Moapostola Pauluse oa re hopotsa: “Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse molemo. Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse hahang. E mong le e mong a a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:23, 24) Re le Bakreste, ka sebele re amehile ka ho haha lerato le bonngoe ba mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste.—Pesaleme ea 133:1; Johanne 13:34, 35.

Mantsoe a Thobang

Mantsoe a ka ba le phello e matla e tlisang molemo. “Puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.” (Liproverbia 16:24) Tlaleho ea ho qoba ha Gideone khohlano e neng e ka ba teng pakeng tsa hae le Baefraime e bontša bonnete ba maele ana.

Gideone, ha a loana ntoa e mahlo-mafubelu le Bamidiane, o ile a bitsa leloko la Efraime hore le mo thuse. Leha ho le joalo, ha ntoa e se e letse, Baefraime ba ile ba fetohela Gideone ’me ba belaela haholo hore ebe ha aa ka a ba bitsa qalong ea ntoa. Tlaleho e bolela hore “ba leka ka matla ho qalisa qabang le eena.” Ha a araba Gideone o ile a re: “Joale ke entse’ng ha ho bapisoa le lōna? Na tse khoahlapisitsoeng tsa Efraime ha li molemo ho feta ho bokelloa ha morara ha Abi-ezere? Molimo o nehelane ka Orebe le Zebe likhosana tsa Midiane matsohong a lōna, ’me ke eng seo ke khonneng ho se etsa ha ho bapisoa le lōna?” (Baahloli 8:1-3, NW) Ka mantsoe a hae a khethiloeng hantle, a pholileng, Gideone o ile a qoba seo e neng e ka ba ntoa e mpe ea meloko. Ho ka etsahala hore ebe ba leloko la Efraime ba ne ba e-na le bothata ba ho inka e le ba bohlokoa ’me ba ikhohomosa. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa sitisa Gideone ho leka ka matla ho tlisa khotso. Na re ka etsa se tšoanang?

Bohale bo ka ’na ba phahama ka ho ba bang ’me ba etsa hore ba re hloee. Amohela maikutlo a bona, ’me u sebeletse ho utloisisa hore na ba nka lintho joang. Na ka tsela e itseng re tlatselitse maikutlong a bona? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha re sa lumele molato le ho bontša hore re soabetse ho ba le karolo bothateng boo? Mantsoe a seng makae a nahannoeng hantle a ka ’na a tsosolosa kamano e senyehileng. (Jakobo 3:4) Ba bang ba khopehileng ho ka ’na ha hlokahala feela hore re ba khothatse ka mosa. Bibele e hlokomela hore “mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi.” (Liproverbia 26:20) E, mantsoe a khethiloeng ka hloko a fetisoang ka moea o nepahetseng a ka “thethefatsa bohale” ’me ea e-ba a folisang.—Liproverbia 15:1.

Moapostola Pauluse oa eletsa: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) Ke ’nete hore re ke ke ra laola maikutlo a ba bang, empa re ka phetha karolo ea rōna ho tlatsetsa khotsong. Ho e-na le ho laoloa ke likarabelo tsa rōna tse bontšang ho se phethahale kapa tsa ba bang, re ka nka bohato hona joale ba ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e nang le motheo o motle. Ho sebetsana le liphapang kamoo Jehova a re laelang, ho tla fella ka hore re be le khotso le thabo tse sa feleng.—Esaia 48:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Bona sehlooho se reng “Tšoarela ho Tloha Pelong” le se reng “U ka ’na Ua Rua Mor’eno,” ho Molula-Qhooa oa October 15, 1999.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na re tsitlella ho etsa lintho ka tsela ea rōna?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Abrahama o behile mohlala o motle oa ho tenyetseha e le hore a rarolle phapang