Jehova o re Rutile Mamello le Tiisetso
Pale ea Bophelo
Jehova o re Rutile Mamello le Tiisetso
JOALOKAHA HO BOLETSE ARISTOTELIS APOSTOLIDIS
Maralleng a ka leboea a Lithaba tsa Caucasus, ho lutse motse oa Russia oa Pyatigorsk o tummeng ka mehloli ea lirafshoa le boemo bo botle ba leholimo. Ke ile ka beleheloa mona ke baphaphathehi ba Magerike ka 1929. Lilemo tse leshome hamorao, ka mor’a maemo a sisimosang a Stalin a ho felisa mahlaba-phio, bokhukhuni le tlhoekiso ea merabe, re ile ra ba baphaphathehi hape, kaha re ile ra tlameha ho khutlela Greece.
KA MOR’A ho fallela Piraiévs, Greece, lentsoe “baphaphathehi” le ile la fumana moelelo o mocha ka ho feletseng ho rōna. Re ne re ikutloa re le basele ka ho feletseng. Le hoja ’na le moholoane oa ka re ne re rehelletsoe ka bo-rafilosofi ba babeli ba tummeng ba Bagerike, Socrates le Aristotle, re ne re utloa mabitso ao a sebelisoa seoelo. E mong le e mong o ne a re bitsa Marussianyana.
’Mè ea ratoang o ile a hlokahala nakoana ka mor’a ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše. E ne e le ’mè oa sebele ka lapeng, ’me tahlehelo eo e ne e le boima. Kaha e ne e le khale a kula, o ne a nthutile ho etsa mesebetsi e mengata ea lelapa. Thuto ena e ile ea e-ba molemo haholo hamorao bophelong.
Ntoa le Tokoloho
Ka lebaka la ntoa, taolo ea Manazi le ho liheloa ha libomo ke mabotho a Selekane, re ne re lebeletse lefu letsatsi le leng le le leng. Ho ne ho atile bofutsana, tlala le lefu. Ke ile ka tlameha ho sebetsa ka thata le Ntate ho tloha ha ke lilemo li 11 e le hore boraro ba rōna re khone ho phela. Thuto ea ka ea sekolo e ile ea sitisoa ke tsebo e fokolang ea puo
ea Segerike, haesita le ntoa le liphello tsa eona.Taolo ea Jeremane Greece e ile ea fela ka October 1944. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka kopana le Lipaki tsa Jehova. Har’a ho nyahama le masisa-pelo ao, tšepo ea Bibele ea bokamoso bo khanyang tlas’a ’Muso oa Molimo e ile ea fihla pelong ea ka. (Pesaleme ea 37:29) Tšepiso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng maemong a khotso mona lefatšeng e ile ea e-ba balsame ea sebele maqebeng a ka. (Esaia 9:7) ’Na le Ntate re ile ra kolobetsoa ka 1946, re tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Jehova.
Selemong se latelang, ke ile ka thabela ho amohela kabelo ea ka ea pele ke le mohlanka oa phatlalatso (eo hamorao a ileng a bitsoa mohlanka oa limakasine) phuthehong ea bobeli e ileng ea thehoa Piraiévs. Tšimo ea rōna e ne e namme ho tloha Piraiévs ho ea fihla Eleusis, sebaka se ka etsang lik’hilomithara tse 50. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Bakreste ba bangata ba batlotsuoa ba neng ba sebeletsa phutheho eo. Ke ile ka ba le tokelo ea ho sebetsa le bona le ho ithuta ho bona. Ke ne ke thabela botsoalle ba bona kaha ba ne ba e-na le liphihlelo tse ngata tseo ba li phetang mabapi le boiteko bo matla bo hlokahalang bakeng sa ho phethahatsa mosebetsi oa boboleli. Tsela eo ba neng ba phela ka eona e ne e totobatsa hore ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho hloka mamello e ngata le tiisetso. (Liketso 14:22) Ke thaba hakaakang hore ebe kajeno sebakeng see ho na le liphutheho tse ka holimo ho 50 tsa Lipaki tsa Jehova!
Phephetso e sa Lebelloang
Nakoana hamorao, ke ile ka tloaelana le Eleni, moroetsana e motle ea chesehang oa Mokreste motseng oa Patras. Re ile ra lebeletsana bofelong ba 1952. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse seng kae, Eleni o ile a kula haholo. Lingaka li ile tsa fumana hore o na le hlahala bokong, ’me boemo ba hae bo ne bo le bobe. O ne a tlameha ho buuoa hang-hang. Ka mor’a boiteko bo bongata re ile ra khona ho fumana ngaka Athene e neng e ikemiselitse ho lumellana le litumelo tsa rōna tsa bolumeli le ho buoa ntle ho mali, ho sa tsotellehe khaello ea lisebelisoa nakong eo. (Levitike 17:10-14; Liketso 15:28, 29) Ka mor’a ho buuoa, lingaka li ne li bua ka masene ha li bolela hore li na le tšepo ka molebeletsoa oa ka, li ntse li sa siee monyetla oa hore hlahala eo e ka ’na ea hlōmela.
Ke ne ke tla etsa joang boemong boo? Ka lebaka la maemo a fetohileng, na ke ne ke lokela ho mo koenehela e le hore ke lokolohe? Che! Ka ho mo lebeletsa, ke ne ke entse tšepiso, ’me ke ne ke batla hore e, ea ka e be e. (Matheu 5:37) Ho hang ha kea ka ka nahana ka ho koeneha. Eleni o ne a hlokomeloa ke moholoane oa hae, ’me o ile a hlaphoheloa, le hoja e ne e se ka ho feletseng, ’me re ile ra nyalana ka December 1954.
Lilemo tse tharo hamorao, hlahala ea Eleni e ile ea hlōmela, ’me ngaka e neng e mo buile pele e ile ea tlameha ho mo bua hape. Lekhetlong lena e ile ea kenella hare bokong e le hore e tlose hlahala eo ka ho feletseng. Ka lebaka leo, mosali oa ka o ile a shoa lehlakore, ’me karolo ea boko ba hae e laolang puo e ile ea ameha hampe. Joale ho ile ha hlaha mathata a macha bakeng sa rōna re le babeli. Mosali oa ka ea ratoang o ne a sitoa ho etsa mosebetsi le haeba e le o bonolo ka ho fetisisa. Ho fokola ha hae ho ile ha hloka hore re etse liphetoho
tse matla kemisong ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Ka holimo ho tsohle, ho ne ho hloka mamello e khōlō haholo le tiisetso.Ke nakong ena moo thuto ea ’Mè e ileng ea e-ba ea bohlokoa. Hoseng ho hong le ho hong, ke ne ke lokisa metsoako eohle ea lijo, ’me Eleni o ne a pheha. Hangata re ne re mema baeti, ho akarelletsa basebeletsi ba nako e tletseng, batho bao re neng re ithuta Bibele le bona, le Bakreste ba hlokang phuthehong. Bohle ba ne ba lumela hore lijo tsena lia hlabosa! ’Na le Eleni re ne re boetse re sebelisana mesebetsing e meng ea lelapa, hoo lehae la rōna le neng le hloekile ’me le le makhethe. Boemo bona bo boima ka ho fetisisa bo ne bo tla tsoela pele ka lilemo tse 30.
Cheseho ho sa Tsotellehe ho Kula
Ho ne ho ama maikutlo ho ’na le ho ba bang ho hlokomela hore ha ho letho le ka fokotsang lerato la mosali oa ka bakeng sa Jehova le cheseho ea hae bakeng sa tšebeletso ea Hae. Ka mor’a nako, le ka ho phehella, Eleni o ile a khona ho bua taba ka mantsoe a seng makae. O ne a rata ho buisana le batho seterateng ka litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng. Ha ke ne ke le maetong a mosebetsi, ke ne ke tsamaea le eena ’me ke emise koloi haufi le tsela ea maoto e nang le batho ba bangata. O ne a bula fensetere ea koloi ’me a kōpa batho ba fetang ka tsela hore ba nke limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ketsahalong e ’ngoe, o ile a tsamaisa tse 80 ka lihora tse peli. Hangata o ne a sebelisa limakasine tsohle tsa khale tse fumanehang phuthehong. Eleni o ne a boetse a kopanela kamehla likarolong tse ling tsa boboleli.
Mosali oa ka o ne a e-ba le ’na libokeng ka linako tsohle lilemong tsohle tsa bokooa ba hae. Ha ho mohla a neng a fosoa ke kopano e khōlō kapa e nyenyane, esita leha re ne re lokela ho ea ka ntle ho naha ka lebaka la mahloriso a Lipaki tsa Jehova Greece. Ho sa tsotellehe hore o ne a fokola, ka thabo o ne a e-ba teng likopanong tse khōlō Austria, Jeremane, Cyprase le linaheng tse ling. Ho ne ho se mohla Eleni a belaelang kapa a batlang tlhokomelo e tlōtseng, esita le nakong eo ka eona boikarabelo ba ka bo eketsehileng tšebeletsong ea Jehova bo neng bo mo thatafalletsa ka linako tse ling.
Boemo bona bo ile ba nthuta thuto ea nako e telele ea mamello le tiisetso. Ka makhetlo a mangata ke ne ke utloa letsoho le thusang la Jehova. Bara le barali babo rōna ba ne ba itela ka sebele e le hore ba re thuse ka hohle kamoo ho khonehang, ’me lingaka li ne li re tšehetsa ka mosa. Lilemong tseo tsohle tse thata, ha rea ka ra haelloa ke litlhoko tsa bophelo, le hoja maemo a rōna a boima a ne a nthatafalletsa ho fumana mosebetsi oa nako eohle. Lithahasello tsa Jehova le tšebeletso ea hae e ne e le tsona tse tlang pele kamehla.—Matheu 6:33.
Ba bangata ba ’nile ba botsa hore na re ile ra tiisoa ke eng linakong tseo tsa teko. Ha ke nahana hona joale, ke hlokomela hore thuto ea botho ea Bibele, thapelo e tlohang pelong ho Molimo, ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho kopanela ka cheseho mosebetsing oa boboleli li ile tsa matlafatsa mamello ea rōna le tiisetso. Kamehla re ne re hopotsoa Pesaleme ea 37:3-5 a reng: “Tšepa Jehova ’me u etse se molemo; . . . Ithabele ka ho phethehileng ho Jehova . . . Rolela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.” Temana e ’ngoe eo e neng e le ea bohlokoa ho rōna ke Pesaleme ea 55:22 e reng: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” Joaloka ngoana ea tšepang ntat’ae ka ho feletseng, re ne re sa lahlele meroalo ea rōna feela ho Jehova empa re ne re boetse re e siea ho eena.—Jakobo 1:6.
mantsoe a khothatsang aKa la 12 April, 1987, ha mosali oa ka a ntse a bolela ka pel’a ntlo ea rōna, lemati le boima la tšepe le ile la koaleha ka sekhahla ka mor’a hae ’me la mo lahlela tseleng ea maoto, la mo lematsa habohloko. Ka lebaka leo, o ile a ea le maili-ili ka lilemo tse tharo tse latelang. O ile a hlokahala mathoasong a 1990.
Ho Sebeletsa Jehova Hamolemo ka Hohle Kamoo Nka Khonang
Khale koana ka 1960, ke ile ka khethoa ho ba mohlanka oa phutheho Nikaia Piraiévs. Ho tloha ka nako eo, ke bile le tokelo ea ho sebeletsa liphuthehong tse ’maloa Piraiévs. Le hoja ke sa ka ka ba le bana, ke bile le thabo ea ho thusa bana ba bangata ba moea hore ba tiee ’neteng. Hona joale ba bang ba sebeletsa e le baholo ba phutheho, bahlanka ba sebeletsang, basebeletsi ba bo-pula-maliboho le litho tsa lelapa la Bethele.
Ka mor’a hore ho khutlisetsoe puso ea demokrasi Greece ka 1975, Lipaki tsa Jehova li ile tsa khona ho tšoara likopano tsa tsona tse khōlō ka bolokolohi, ho se ho sa hlokahale hore li ipate merung. Phihlelo eo ba bang ba rōna ba neng ba e fumane ha ba ntse ba hlophisa likopano ka ntle ho naha e ile ea e-ba ea bohlokoa haholo. Kahoo, ka lilemo tse ngata ke bile le thabo le tokelo ea ho sebeletsa likomiting tse fapa-fapaneng tsa kopano.
Joale, ka 1979, ho ile ha lokisetsoa hore ho ahoe Holo ea pele ea Kopano Greece, mathōkong a Athene. Ke ile ka abeloa ho thusa ho hlophisa le ho etsa mosebetsi ona o moholo oa kaho. Mosebetsi ona o ne o hloka mamello e ngata le tiisetso. Ho sebetsa ka lilemo tse tharo le bara le barali babo rōna ba itetseng ba makholo ho ile ha haha setlamo se matla sa lerato le bonngoe har’a rōna. Lintho tseo ke li hopolang tsa mosebetsi ona ha li hlakohe pelong ea ka.
Ho Khotsofatsa Litlhoko Tsa Moea Tsa Batšoaruoa
Lilemo tse seng kae hamorao, ho ile ha buleha monyetla o mocha. Haufi le tšimo ea phutheho ea heso, Korydallos, ho na le chankana e ’ngoe e khōlōhali ea Greece. Ho tloha ka April 1991, ke khethetsoe ho etela chankana ena beke le beke ke le mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova. Ke lumelloa ho khanna lithuto tsa Bibele le liboka tsa Bokreste le batšoaruoa ba thahasellang. Bongata ba bona ba fetohile, ba bontša hore Lentsoe la Molimo le matla. (Baheberu 4:12) Sena se thabisitse basebetsi ba chankana le batšoaruoa ba bang. Batšoaruoa ba bang bao ke ithutileng Bibele le bona ba lokolotsoe ’me joale ke bahoeletsi ba litaba tse molemo.
Ka nako e itseng ke ile ka ithuta le barekisi ba bang ba bararo ba tummeng hampe haholo ba lithethefatsi. Ha ba ntse ba tsoela pele moeeng, ba ile ba tla thutong ea bona ea Bibele ba beotse litelu, ba kamme moriri hantle, ’me ba apere lihempe, ba fasitse lithae bohareng ba August—e leng e ’ngoe ea likhoeli tse chesang ka ho fetisisa Greece! Molaoli oa chankana, molebeli e moholo, le basebetsi ba bang ba ile ba tsoa ka potlako ka liofising tsa bona ho tla bona mohlolo ona. Ba ne ba sa lumele seo ba se bonang!
Phihlelo e ’ngoe e thabisang e ile ea etsahala ka lehlakoreng la basali la chankana. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le mosali e mong ea neng a ahloletsoe bophelo bohle chankaneng ka lebaka la ho bolaea motho. O ne a tsebahala ka mekhoa ea hae ea borabele. Leha ho le joalo, ka lebaka la ’nete ea Bibele eo a neng a ithuta eona, o ile a fetoha kapele le ka mokhoa o hlokomelehang hoo ba bangata ba ileng ba bolela hore o tšoana le tau e fetohang konyana! Esaia 11:6, 7) Ka potlako feela o ile a hlomphuoa le ho tšeptjoa ke molaoli oa mosali oa chankana. Ke ile ka thabela ho mo bona a tsoela pele hantle moeeng ’me a fihla ntlheng ea ho inehela ho Jehova.
(Ho Thusa ba Holofetseng le ba Hōlileng
Kaha ke ile ka bona mosali oa ka a sotloa ke ho kula ka nako e telele, hona ho nkentse hore ke nahanele haholo litlhoko tsa ba kulang le ba hōlileng ba har’a rōna. Nako le nako ha lingoliloeng tsa rōna li hlahisa lihlooho tse re khothatsang hore re thuse ba joalo ka lerato, ke ne ke thahasella seo. Ke ne ke nka lihlooho tse joalo e le tsa bohlokoa ’me ke li bokella. Ha ho fetile lilemo tse itseng, ke ne ke e-na le faele e nang le maqephe a fetang lekholo—ho tloha ka sehlooho se reng, “Ho Nahanela Batho ba Hōlileng le ba Tšoenyehileng,” se tokollong ea July 15, 1962, ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane). Lihlooho tse ngata ho tsena li ne li bontša hore ho molemo hore phutheho ka ’ngoe e thuse ba kulang le ba hōlileng ka mokhoa o hlophisehileng.—1 Johanne 3:17, 18.
Baholo ba ile ba theha sehlopha sa bara le barali babo rōna ba ileng ba ithaopela ho hlokomela litlhoko tsa ba kulang le ba hōlileng phuthehong ea rōna. Re ile ra hlophisa baithaopi ka lihlopha tse fapa-fapaneng—tse kang ba neng ba ka thusa motšehare, ba bang ba neng ba ka thusa bosiu bohle, ba neng ba ka fana ka lipalangoang le ba neng ba ka ithaopa bosiu le motšehare. Sehlopha sena sa ho qetela se ne se tšoana le malala-a-laotsoe.
Litholoana tsa boiteko bona li khothatsa haholo. Ka mohlala, morali e mong oabo rōna ea kulang ’me a lula a le mong, o ile a fumanoa a ilibane fatše nakong ea ha a ne a etetsoe ha hae maetong ana a letsatsi le letsatsi. Re ile ra tsebisa morali e mong oabo rōna ea lulang haufi le moo ea nang le koloi. O ile a isa morali enoa oabo rōna ea kulang sepetlele se haufi ka nako e khutšoanyane bo sa lebelloang—metsotso e leshome feela! Lingaka li ile tsa re sena se pholositse bophelo ba hae.
Kananelo e bontšoang ho litho tsa sehlopha sena ke ba holofetseng le ba hōlileng e khotsofatsa haholo. Hoa thabisa ho ba le tšepo ea ho phela le bara le barali bana babo rōna tsamaisong e ncha ea Molimo tlas’a maemo a fapaneng. Hape, ho tseba hore ba ile ba thusoa ho mamella ka lebaka la thuso eo ba ileng ba e fumana nakong ea mahlomola a bona, ke moputso o mong.
Tiisetso e Tlisitse Meputso
Hona joale ke sebetsa ke le moholo phuthehong e ’ngoe ea Piraiévs. Ho sa tsotellehe ho hōla le mathata a ho kula, ke thabela hore ke sa ntsane ke kopanela ka mafolofolo mesebetsing ea phutheho.
Ho theosa le lilemo, maemo a lekang, mathata a boima le liketsahalo tse sa lebelloang li ’nile tsa hloka ho se felloe ke tšepo le tiisetso e khōlō ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, kamehla Jehova o ’nile a mpha matla a hlokahalang hore ke hlōle mathata ana. Nako le nako, ke latsoitse ’nete ea mantsoe a mopesaleme a reng: “Ha ke re: ‘Ka sebele leoto la ka le tla therekela,’ Jehova, mosa oa hao o lerato o ile oa ’na oa ntšehetsa. Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:18, 19.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Na le mosali oa ka, Eleni, ka mor’a ho buuoa ka lekhetlo la bobeli, ka 1957
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Kopanong Nuremberg, Jeremane, ka 1969
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Sehlopha sa bara le barali babo rōna ba thusitseng ba kulang le ba hōlileng