Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a Egepeta
Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a Egepeta
MOSHE ke e mong oa batho ba tummeng ka ho fetisisa historing. Libuka tse ’nè tsa Bibele—ho tloha ho Exoda ho ea ho Deuteronoma—kahoo e batlang e le ka ho khetheha li bua ka tšebelisano ea Molimo le Baiseraele ka tlas’a boeta-pele ba Moshe. O ile a ba etella pele ho tloha Egepeta, ea e-ba mokena-lipakeng ha ho thehoa selekane sa Molao ’me o ile a tataisa Baiseraele ho fihlela moeling oa Naha e Tšepisitsoeng. Moshe o hōliselitsoe ka tlung ea Faro, empa o ile a fuoa matla a ho ba molaoli oa batho ba Molimo, haesita le ho ba moprofeta, moahloli le mongoli ea bululetsoeng ke Molimo. Leha ho le joalo, “o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle.”—Numere 12:3.
Lintho tse ngata tseo Bibele e li buang ka Moshe li amana le lilemo tse 40 tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, ho tloha ha Baiseraele ba lokolloa bokhobeng ho fihlela ha Moshe a e-shoa a le lilemo li 120. Ho tloha ha a le lilemo li 40 ho fihlela a le lilemo li 80, e ne e le molisa Midiane. Empa, mohloli o mong o bolela hore lilemo tsa hae tse qalang tse 40 ho tloha ha a tsoaloa ho fihlela ha a baleha Egepeta, “mohlomong ke tsona tse thahasellisang ka ho fetisisa, empa leha ho le joalo ha ho tsejoe letho ka tsona.” Ha e le hantle ke eng seo re ka ithutang sona ka nako eo? Ebe maemo ao Moshe a hōletseng ho ’ona a ile a ba le tšusumetso efe ho eena ha a se a hōlile? O ne a pota-potiloe ke lintho life tse neng li ka mo susumetsa? Ke liphephetso life tseo a ileng a tlameha ho tobana le tsona? ’Me see sohle se ka re ruta eng?
Bokhoba Egepeta
Buka ea Exoda e bolela hore Faro e mong oa Egepeta o ile a qala ho tšosoa ke Baiseraele ka lebaka la ho ngatafala ha bona. O ile a nahana hore o sebetsa lintho ka “masene,” a leka ho fokotsa palo ea bona ka ho ba fa mesebetsi e boima e le makhoba tlas’a khatello le ho ba beha ka tlas’a letsoho la ba ba imetsang ka mosebetsi—ba jara meroalo e boima, ba luba seretse sa letsopa ebile ba lokela ho fana ka palo e behiloeng ea litene letsatsi le leng le le leng.—Exoda 1:8-14; 5:6-18.
Tlhaloso ena ea Egepeta eo Moshe a tsoaletsoeng ho eona e lumellana hantle le bopaki ba histori. Taba e ngotsoeng moqolong oa loli oa boholo-holo le hoo e ka bang setšoantšo se le seng se pentiloeng lebitleng, li hlalosa ka litene tse neng li etsoa ke makhoba seketeng sa bobeli sa lilemo B.C.E. kapa pejana. Ba boholong ba neng ba
ikarabella bakeng sa ho fepela ka litene ba ne ba laola makhoba a makholo a neng a arotsoe ka lihlopha tsa a ka tlohang ho a 6 ho ea ho a 18 ka tlas’a tlhokomelo ea foromane kapa moeta-pele oa sehlopha. Ba ne ba lokela ho rafa letsopa le etsang litene le ho isa joang moo litene li etsetsoang teng. Basebetsi ba lichaba tse fapaneng ba ne ba e-kha metsi, ’me ba sebelisa mehoma ho luba seretse le joang. Ho ne ho etsoa letoto la litene ka foromo ea litene e nang le mahlakore a mabeli a bapileng a lekanang. Ka mor’a moo basebetsi ba ne ba jara litene tse omisitsoeng ke letsatsi ka lijoko ba li isa setšeng sa kaho, ’me ka linako tse ling ba ne ba tlameha ho hloa ’mōtōmōtō hore ba fihle moo. Balebeli ba Baegepeta, ba tšoere liphali, ba ne ba lula kapa ka linako tse ling ba tsamaea butle pel’a basebetsi ba ntse ba ba behile leihlo.Tlaleho e ’ngoe ea boholo-holo e bua ka litene tse 39 118 tse ileng tsa etsoa ke basebetsi ba 602, e leng se bolelang hore ka karolelano mosebetsi a le mong o ne a etsa litene tse 65 ha a theohetse. Tokomane e ’ngoe ea lekholong la bo13 la lilemo B.C.E. e re: “Banna ba etsa . . . palo eo ba e behetsoeng ea litene letsatsi le leng le le leng.” Sena sohle se re hopotsa hantle mosebetsi o neng o batloa ho Baiseraele joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Exoda.
Khatello e ile ea hlōleha ho fokotsa palo ea Baheberu. Ho e-na le hoo, “ha [Baegepeta] ba ba hatella haholo, ba ne ba ata haholo . . . , hoo ba ileng ba ikutloa ba e-na le tšabo e kulisang ka lebaka la bara ba Iseraele.” (Exoda 1:10, 12) Ka lebaka leo, Faro o ile a laela babelehisi ba Baheberu pele, ka mor’a moo a laela batho ba hae bohle ho bolaea masea ’ohle a matona a sa tsoa tsoaloa a Baiseraele. Ngoana e motle oa Amrame le Jokebede, Moshe, o ile a tsoaloa ka tlas’a maemo ana a nyarosang.—Exoda 1:15-22; 6:20; Liketso 7:20.
O ne a Patiloe, a Fumanoa le ho Tholoa
Batsoali ba Moshe ba ile ba hlokomoloha taelo ea bokoeta ea Faro ’me ba pata moshanyana oa bona e monyenyane. Na ba entse joalo le hoja ho ne ho e-na le lihloela le bahlahlobi ba neng ba phenyekolla ba batla bana? Ha re na bonnete ba seo. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse tharo batsoali ba Moshe ba ne ba se ba sa khone ho mo pata. Kahoo ’mè oa hae ea tsielehileng o ile a etsa baskete ka lehlaka, a e tlotsa hohle ka boka bo botšo ho thibela metsi ho kena ka hare, eaba o kenya ngoana oa hae ka ho eona. Ka tsela e itseng, Jokebede o ile a mamela taelo ea Faro e reng bana bohle ba Baheberu ba batona ba qetang ho tsoaloa ba lahleloe nōkeng ea Nile. Ka mor’a moo, Miriame, moholoane oa Moshe o ile a lula a lebetse a le haufi.—Exoda 1:22–2:4.
Hore na Jokebede o ne a rerile esale pele hore Moshe a tholoe ke morali’a Faro nakong eo a theohelang nōkeng ho ea hlapa ha re tsebe, empa ke se ileng sa etsahala. Khosatsana e ile ea lemoha hore ngoana enoa e ne e le oa Baheberu. E ne e tla etsa joang? Tumellanong le mantsoe a ntat’a eona, na khosatsana e ne e tla laela hore a bolaoe? Che, e ile ea itšoara ka tsela eo basali ba bangata ba neng ba ka itšoara ka eona. E ile ea mo qenehela.
Ka ho panya ha leihlo Miriame o ne a se a le Exoda 2:5-9.
pel’a eona. O ile a botsa: ‘Na nka u bitsetsa mosali oa Moheberu hore a u anyesetse ngoana eo?’ Ba bang ba utloa eka karolo ena ea ikhanyetsa. Khaitseli ea Moshe e hlaha e etsa se fapaneng le Faro, ea ileng a rera hammoho le baeletsi ba hae ho sebetsa Baheberu “ka masene.” Ka sebele, bophelo ba Moshe bo ile ba bolokeha feela ka mor’a hore khosatsana e lumellane le leano la khaitseli ea hae. Morali’a Faro o ile a re: “Tsamaea!” eaba Miriame hang-hang o bitsa ’mè oa hae. Tumellanong ena e makatsang, Jokebede o ile a lefuoa hore a hōlise ngoana oa hae ka tlas’a tšireletso ea borena.—Qenehelo ea khosatsana e fapana hakaakang le bokhopo ba ntat’a eona! Ebile ha ho bolele hore e ne e sa tsebe letho mabapi le ngoana kapa hona hore e ne e qhekeletsoe ka eena. Qenehelo e nang le lerato e ile ea e susumelletsa ho mo thola, ’me ho lumela ha eona hore ngoana a hlokomeloe ke moanyesi oa Moheberu ho ne ho bontša hantle hore e ne e se na lehloeo le kang la ntat’a eona.
Khōliso le Thuto
Jokebede o ile a “nka ngoana ’me a mo anyesa. Ngoana a hōla. Joale a mo tlisa ho morali oa Faro, hore e be mora oa hae.” (Exoda 2:9, 10) Bibele ha e bolele hore na Moshe o lutse nako e kae le batsoali ba hae ba tlhaho. Ba bang ba nahana hore mohlomong o lutse le bona ho fihlela a khoesoa—lilemo tse peli kapa tse tharo—empa ho ka etsahala hore ebe o lutse le bona nako e teletsana ho feta moo. Exoda e re o ile “a hōla” a le ho batsoali ba hae, ho bolelang hore ho fihlela a le lilemong leha e le life. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Amrame le Jokebede ba ile ba sebelisa nako eo ho ruta ngoana oa bona hore o tsoetsoe ke Baheberu le ho mo ruta ka Jehova. Ha ’mela o ntse o puta, ho ne ho tla bonahala hore na ba atlehile ho le hokae ho kenya tumelo le lerato bakeng sa toka ka har’a pelo ea Moshe.
Ka mor’a hore a khutlisetsoe ho morali’a Faro, Moshe o ile “a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.” (Liketso 7:22) Sena se bolela hore Moshe o ile a koetlisoa hore a tšoanelehele mosebetsi o itseng o phahameng oa ’muso. Thuto e pharaletseng ea Egepeta e ne e akarelletsa lipalo, geometry, thuto ea tsebo ea moralo oa kaho, ho haha le mesebetsi e meng ea bonono le saense. Mohlomong lelapa la borena le ne le batla hore a rutoe bolumeli ba Egepeta.
Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ile a ba le tokelo ea ho rutoa thuto ena e khethehileng hammoho le bana ba bang ba boreneng. Har’a ba bang ba neng ba rutoa thuto ena ea boemo bo phahameng sechabeng e ne e le “bana ba babusi ba linaha tse ling ba neng ba romeloa kapa ba isoa Egepeta e le batšoaruoa e le hore ba ka ‘hlalefisoa’ ’me ka mor’a moo ba khutlisetsoe morao e le linqaloka” tse tšepahalang tsa Faro. (The Reign of Thutmose IV, ea Betsy M. Bryan) Ho bonahala eka Likolo tsa Tlhokomelo le Koetliso li ne li ruta bacha ho sebeletsa e le bahlanka ba lekhotla. * Mongolo o ngotsoeng nakong ea ’Muso o Bohareng oa Egepeta le nakong ea ’Muso o Mocha o bontša hore ba bang ba bahlokomeli ba Faro le liofisiri tsa hae tse phahameng tsa ’muso ba ne ba ntse ba hlomphuoa ka hore ke “Ngoana oa Sekolo sa Tlhokomelo le Koetliso” leha e se e le batho ba baholo.
Bophelo ba khotla bo ne bo tla beha Moshe tekong. Bo ne bo ruisa, bo le mabothobotho ebile bo fana ka matla. Bo ne bo boetse bo le kotsi boitšoarong. Moshe o ne a tla itšoara joang? O ne a tla tšepahala ho mang? Na ka sebele e ne e le morapeli oa Jehova, e mong oa Baheberu ba hatelloang kapa na o ne a thabela sohle seo Egepeta ea bohetene e neng e ka fana ka sona?
Qeto ea Bohlokoa
Ha Moshe a le lilemo li 40, lilemo tseo e neng e ka ba Moegepeta ka botlalo, o ile ‘a tsoela ho barab’abo hore a talime moroalo oo ba o jereng.’ Liketso tsa hae ka mor’a moo li ile tsa bontša hore o ne a sa qetoe ke bohelehele feela; empa o ne a lakatsa ho ba thusa. Ha a bona Moegepeta a otla Moheberu, o ile a kenella, ’me a bolaea mohatelli. Ketso eo e ile ea bontša hore Moshe o ne a amehile ka barab’abo. Ho ka etsahala hore ebe monna ea bolailoeng e ne e le e mong oa ba boholong, ea bolailoeng a etsa mosebetsi oa hae. Mahlong a Baegepeta, Moshe o ne a lokela ho tšepahala ka hohle ho Faro. Leha ho le joalo, Moshe o ne a boetse a susumetsoa ke ho rata toka, e leng tšobotsi eo a ileng a e bontša haholoanyane letsatsing le hlahlamang ha a leka ho thiba Moheberu ea neng a otla motsoalle oa hae ka ho hloka toka. Moshe o ne a rata ho lokolla Baheberu bokhobeng bo mabifi, empa ka mor’a hore Faro a utloe ka bofetoheli ba hae le ho leka ho mo bolaea, Moshe o ile a tlameha ho balehela Midiane.—Exoda 2:11-15; Liketso 7:23-29. *
Nako eo Moshe a neng a batla ho lokolla batho ba Molimo ka eona e ne e sa lumellane le ea Jehova. Leha ho le joalo, liketso tsa hae li ne li bontša tumelo. Baheberu 11:24-26 e re: “Ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana.” Hobane’ng? “Hobane o ile a nka nyeliso ea Kreste e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta; kaha o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.” Tšebeliso ena e ikhethang ea lentsoe “Kreste,” le bolelang “motlotsuoa,” e tšoanela Moshe ka kutloisiso ea hore hamorao Jehova o ile a mo fa thōmo e khethehileng.
Ak’u nahane! Moshe o ile a hōlisoa ka mokhoa o neng o loketse feela ngoana oa boreneng oa Egepeta. Boemo ba hae bo ne bo mo beha mocheng oa mosebetsi o ikhethang le o nang le menyaka ka litsela tsohle, empa leha ho le joalo seo sohle o ile a se lahla. O ile a nka hore bophelo ba hae lekhotleng la Faro oa mohatelli, ha bo lumellane le lerato la Jehova le toka. Ho tseba le ho thuisa ka tšepiso ea Molimo ho baholo-holo ba hae Abrahama, Isaka le Jakobo ho ile ha etsa hore Moshe a khethe ho amoheloa ke Molimo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a sebelisa Moshe mesebetsing ea bohlokoa ka ho fetisisa ho phetha morero oa Hae.
Kaofela ha rōna re lokela ho khetha hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Joaloka Moshe, mohlomong u tobane le qeto e thata. Na u lokela ho lahla mekhoa e itseng kapa maemo, ho sa tsotellehe hore na u lahleheloa ke eng? Haeba ke khetho eo u lokelang ho e etsa, hopola hore Moshe o ne a nka botsoalle le Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho feta matlotlo ’ohle a Egepeta, ’me ha ho mohla a ileng a ikoahlaea.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 17 Mohlomong thuto ena e ne e tšoana le eo Daniele le metsoalle ea hae ba ileng ba e rutoa e le hore ba ka sebeletsa e le balaoli ba lekhotla ba ka sehloohong Babylona. (Daniele 1:3-7) Bapisa le buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! khaolo ea 3, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
^ ser. 20 Moshe o ile a boela a bontša hore o chesehela toka ka ho namolela balisa ba basali ba neng ba hloka ho sireletsoa tšoarong e mpe Midiane, moo e neng e le mophaphathehi teng.—Exoda 2:16, 17.
Litumellano Tsa Boanyesi
Ka tloaelo batsoali ba ne ba anyesa bana ba bona. Leha ho le joalo, Brevard Childs, bukeng ea Journal of Biblical Literature, o re: “Maemong a mang, malapeng a borena [linaheng tse nang le mekhoa ea Bochabela] ho ne ho hiroa moanyesi. O ne a boetse a hiroa haeba ’mè oa ngoana a ne a sa khone ho mo anyesa kapa a sa tsejoe. Mosali ea anyesang o ne a ikarabella bakeng sa ho hōlisa ngoana haesita le ho mo anyesa ho fihlela nako e lekanyelitsoeng e fela.” Ho ’nile ha fumanoa litumellano tse ngata tse ngotsoeng pampiring ea loli tsa khiro ea baanyesi lipaleng tsa boholo-holo tsa Linaha tse Nang le Mekhoa ea Bochabela. Litokomane tsena li fana ka bopaki ba hore tloaelo ena e ne e atile ho tloha linakong tsa Basumere ho fihlela morao linakong tse amanang le histori ea Bagerike Egepeta. Litokomane tsena lia tšoana hobane li fupere lipolelo tsa batho ba neng ba ameha litumellanong tsena, bolelele ba nako ea tumellano, maemo a mosebetsi, litaelo tse khethehileng mabapi le phepo, litefiso tsa ba ileng ba hlōleha ho khomarela tumellano, meputso le kamoo meputso e neng e tla lefuoa kateng. Ka ho tloaelehileng, ho latela tlhaloso ea Childs, “ngoana o ne a hlokomeloa le ho koetlisoa ka lilemo tse peli kapa tse tharo. Moanyesi o ne a hōlisetsa ngoana ntlong ea hae, empa ka linako tse ling o ne a lokela ho mo khutlisetsa ho mong’a hae ho ea hlahlojoa.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Mokhoa oa ho etsa litene o fetohile hanyenyane Egepeta ho tloha mehleng ea Moshe, joalokaha setšoantšo sena sa motako oa boholo-holo se bontša
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Above: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.; below: Erich Lessing/Art Resource, NY