Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Basali ba Tšepahalang ba Bakreste—Ke Barapeli ba Bohlokoa ba Molimo

Basali ba Tšepahalang ba Bakreste—Ke Barapeli ba Bohlokoa ba Molimo

Basali ba Tšepahalang ba Bakreste—Ke Barapeli ba Bohlokoa ba Molimo

“Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.”—LIPROVERBIA 31:30.

1. Pono ea Jehova ka botle e fapane joang le ea lefatše?

LEFATŠE le hatisa ponahalo ea ka ntle, haholo-holo mabapi le basali. Leha ho le joalo, Jehova o thahasella haholo-holo motho oa ka hare, ea ka bang motle le ho feta ha motho a ntse a hōla. (Liproverbia 16:31) Kahoo, Bibele e eletsa basali ka ho re: “Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa ho lohuoa ha moriri ha ka ntle le oa ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka ntle, empa e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:3, 4.

2, 3. Basali ba ile ba tlatsetsa joang ho ntšetseng pele litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo, hona see se ne se boletsoe esale pele joang?

2 Ba bangata har’a basali ba boletsoeng ka Bibeleng ba ile ba bontša moea o joalo o lokeloang ke thoriso. Lekholong la pele la lilemo, ba bang ba bona ba ile ba e-ba le tokelo ea ho sebeletsa Jesu le baapostola ba hae. (Luka 8:1-3) Hamorao, basali ba Bakreste e ile ea e-ba baboleli ba chesehang ba evangeli; ba bang ba ile ba fana ka tšehetso ea bohlokoa ho banna ba neng ba eteletse pele, ho kopanyelletsa le moapostola Pauluse; ’me ba bang ba ipabola ka ho amohela baeti ka mofuthu, esita le ka ho bula mahae a bona bakeng sa liboka.

3 Ka Mangolong ho ile ha boleloa esale pele hore Jehova o ne a tla sebelisa basali haholo ho phethahatseng morero oa hae. Ka mohlala, Joele 2:28, 29 e ile ea bolela esale pele hore banna le basali, ba banyenyane le ba baholo, ba ne ba tla amohela moea o halalelang ’me ba kopanele ho haseng litaba tse molemo tsa ’Muso. Boprofeta boo bo ile ba qala ho phethahala ka Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 2:1-4, 16-18) Basali ba bang ba tlotsitsoeng ka moea ba ile ba fuoa limpho tsa mohlolo, tse kang mpho ea ho profeta. (Liketso 21:8, 9) Ka cheseho ea bona tšebeletsong, lebotho lena le leholo la moea la baralib’abo rōna ba tšepahalang le ile la tlatsetsa keketsehong e potlakileng ea Bokreste lekholong la pele la lilemo. Ha e le hantle, hoo e ka bang ka 60 C.E., moapostola Pauluse o ile a ngola hore litaba tse molemo li ne li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’—Bakolose 1:23.

Ba Ile ba Babatsoa ka Lebaka la Sebete, Cheseho le ho Amohela Baeti ka Mofuthu

4. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho babatsa basali ba bangata phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo?

4 Moapostola Pauluse o ne a ananela tšebeletso e neng e etsoa ke basali ba bang ka ho khetheha—feela joalokaha balebeli ba Bakreste kajeno ba nka tšebeletso e etsoang ke basali ba chesehang e le ea bohlokoa. Ba bang har’a basali bao Pauluse a ileng a ba qolla ka mabitso e ne e le “Tryfina le Tryfosa, basali ba sebetsang ka thata Moreneng” le “Persise moratuoa oa rōna, kaha o ile a etsa mesebetsi e mengata Moreneng.” (Baroma 16:12) Pauluse o ile a ngola hore Evodia le Syntike ba ne ‘ba loanne le [eena ba] bapile ka mahlakore litabeng tse molemo.’ (Bafilipi 4:2, 3) Prisilla, hammoho le monna oa hae Akuila, le bona ba ile ba sebetsa hammoho le Pauluse. Eena le Akuila, ba bile ba ‘ipeha kotsing’ bakeng sa Pauluse, ba mo susumelletsa hore a ngole a re: ‘Hase ’na feela ea ba lebohang empa le liphutheho tsohle tsa lichaba.’—Baroma 16:3, 4; Liketso 18:2.

5, 6. Prisilla o ile a behela baralib’abo rōna kajeno mohlala o motle ka litsela life?

5 Ke eng se ileng sa etsa hore Prisilla a chesehe ’me a be sebete? Liketso 18:24-26 e re fa leseli, moo re balang hore o ile a tšehetsa monna oa hae ha a thusa Apolose, ea neng a le kheleke puong, hore a ipapise le ’nete e senotsoeng. Kahoo, ho totobetse hore Prisilla e ne e le seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo le sa thuto ea baapostola. Ka lebaka la sena, o ile a ba le litšobotsi tse babatsehang tse ileng tsa etsa hore e be oa bohlokoa ho Molimo le ho monna oa hae le hore e be setho sa bohlokoa phuthehong ea mehleng ea pele. Baralib’abo rōna ba bangata ba Bakreste ba sebetsang ka thata kajeno ba khothaletseng ho ithuta Bibele le ho ja lijo tsa moea tseo Jehova a fanang ka tsona ka “motsamaisi ea tšepahalang,” le bona ke ba bohlokoa ka ho tšoanang.—Luka 12:42.

6 Akuila le Prisilla ba ne ba ipabola ka ho amohela baeti ka mofuthu. Pauluse o ile a lula lapeng la bona ha a ne a sebetsa le bona khoebong ea bona ea ho etsa litente Korinthe. (Liketso 18:1-3) Ha banyalani bao ba fallela Efese ’me hamorao ba fallela Roma, ba ile ba tsoela pele ho bontša kamohelo e mofuthu ea baeti ea Bokreste, esita le ho bula lelapa la bona bakeng sa liboka tsa phutheho. (Liketso 18:18, 19; 1 Bakorinthe 16:8, 19) Nimfa le Maria ’mè oa Johanne Mareka le bona ka ho tšoanang ba ile ba bula mahae a bona bakeng sa liboka tsa phutheho.—Liketso 12:12; Bakolose 4:15.

Letlotlo la Bohlokoa Kajeno

7, 8. Basali ba bangata ba Bakreste kajeno ba na le tlaleho efe e babatsehang ea tšebeletso e halalelang, hona ba ka kholiseha ka eng?

7 Joaloka lekholong la pele la lilemo, basali ba tšepahalang ba Bakreste kajeno ba phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatseng morero oa Molimo, haholo-holo mosebetsing oa boevangeli. Barali baa babo rōna ba na le tlaleho e ntle hakaakang! Nahana ka mohlala oa Gwen, ea sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse fetang 50 ho fihlela a hlokahala ka 2002. Monna oa hae o re: “Cheseho ea Gwen e le ’moleli oa evangeli e ne e tsebahala hohle motseng oa habo rōna. O ne a talima motho e mong le e mong e le ea ka bang le monyetla oa ho amohela lerato la Jehova le litšepiso tsa hae. Botšepehi ba hae ho Molimo, ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng le ho lelapa la rōna—ke se ke sa bolele khothatso ea hae e lerato ha re ne re nyahame—li ’nile tsa ntšehetsa haholo hammoho le bana ba rōna bophelong bohle bo khotsofatsang le bo putsang boo re bo phetseng hammoho. Re mo hloloheloa haholo.” Gwen le monna oa hae ba qetile lilemo tse 61 ba nyalane.

8 Basali ba likete tse mashome ba Bakreste, ebang ke masoha kapa ke ba nyetsoeng, ke basebeletsi ba bo-pula-maliboho le baromuoa, ba khotsofaletse lintho tse hlokahalang bophelong ha ba ntse ba hasa molaetsa oa ’Muso ho tloha libakeng tsa metseng e phetheselang ho ea libakeng tse ka thōko. (Liketso 1:8) Ba bangata ba tetse ho ba le mahae a bona kapa ho ba le bana e le hore ba sebeletse Jehova haholoanyane. Ba bang ka botšepehi ba tšehetsa banna ba bona bao e leng balebeli ba tsamaeang, ’me baralib’abo rōna ba likete ba sebeletsa mahaeng a Bethele lefatšeng ka bophara. Ntle ho pelaelo, basali bana ba itetseng ke karolo ea “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” tse tlatsang ntlo ea Jehova ka khanya.—Hagai 2:7.

9, 10. Litho tse ling tsa lelapa li ’nile tsa bolela kananelo ea tsona bakeng sa mohlala o motle o behiloeng ke basali le bo-’mè ba Bakreste joang?

9 Ke ’nete hore basali ba bangata ba Bakreste ba na le boikarabelo ba lelapa boo ba lokelang ho bo hlokomela; leha ho le joalo, ba etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele. (Matheu 6:33) Morali e mong oabo rōna oa lesoha eo e leng pula-maliboho, o ile a ngola a re: “’Mè o ile a phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea hore ke be pula-maliboho oa kamehla ka lebaka la tumelo ea hae e sa thekeseleng le mohlala oa hae o motle. Ha e le hantle, e ne e le e mong oa bo-mphato ba ka ba bo-pula-maliboho ba molemo ka ho fetisisa.” Monna e mong o re ka mosali oa hae eo e leng ’mè oa banana ba bahlano ba seng ba hōlile: “Lehae la rōna le ne le lula le hloekile ’me le le makhethe. Bonnie o ne a le boloka le itekanetse ’me le sa tlala lintho tse ngata e le hore lelapa la rōna le ka khona ho ameha ka lithahasello tsa moea. Ho tlatsetsa ha hae ho sebeliseng chelete ea rōna ka hloko ho ile ha ’nolofalletsa hore ka lilemo tse 32 ke etse mosebetsi o sa nkeng nako eohle, e leng ho ileng ha ntumella hore ke qete nako e eketsehileng le lelapa la rōna esita le ho qeta nako e eketsehileng linthong tsa moea. Mosali oa ka o bile a ruta bana ba rōna bohlokoa ba ho sebetsa ka thata. Ke mo rolela khaebana.” Kajeno, monna enoa le mosali oa hae ba sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova.

10 Monna e mong ha a ngola ka mosali oa hae eo e leng ’mè oa bana ba seng ba hōlile, o re: “Litšobotsi tse nkhahlang haholo ho Susan ke lerato la hae le tebileng ho Molimo le ho batho, esita le ho ba ha hae le kutloisiso, kutloelo-bohloko le botšepehi. Kamehla o ’nile a ba le boikutlo ba hore Jehova o tšoaneloa ke se molemohali seo re ka mo fang sona—e leng molao-motheo oo a o sebelisang joaloka mohlanka oa Molimo le joaloka ’mè.” Ka lebaka la tšehetso ea mosali oa hae, monna enoa o atlehile ho amohela litokelo tse ngata ka phuthehong, ho kopanyelletsa ho sebeletsa e le moholo, pula-maliboho, motšoareli oa molebeli oa potoloho le setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele. Basali ba joalo ke ba bohlokoa hakaakang ho banna ba bona, ho Bakreste-’moho ’me ka holim’a tsohle, ho Jehova!—Liproverbia 31:28, 30.

Basali ba Bohlokoa ba se Nang Banna

11. (a) Jehova o senotse joang hore o ameha ka basali ba tšepahalang, haholo-holo bahlolohali? (b) Bahlolohali ba Bakreste le barali ba bang babo rōna ba tšepahalang ba se nang banna ba ka kholiseha ka eng?

11 Hangata Jehova o ’nile a bontša hore o ameha ka boiketlo ba bahlolohali. (Deuteronoma 27:19; Pesaleme ea 68:5; Esaia 10:1, 2) Ha a e-s’o fetohe. Hase feela hore o tsoela pele ho thahasella bahlolohali ka ho tebileng empa o boetse o thahasella ka ho tebileng bo-’mè ba se nang balekane esita le basali ba khethileng ho ba masoha kapa ba sa kang ba fumana banna ba loketseng ba Bakreste. (Malakia 3:6; Jakobo 1:27) Haeba u e mong oa basali ba sebeletsang Jehova ka botšepehi ba se na balekane ba ba tšehetsang ba Bakreste, u ka kholiseha hore u oa bohlokoa mahlong a Molimo.

12. (a) Barali ba bang babo rōna ba Bakreste ba bontša botšepehi ho Jehova joang? (b) Barali ba bang babo rōna ba loantšana le maikutlo afe?

12 Ka mohlala, nahana ka baralib’abo rōna ba Bakreste ba sa nyaloang hobane ka botšepehi ba mamela keletso ea Jehova ea hore ba nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39; Liproverbia 3:1) Lentsoe la Molimo le ba tiisetsa hore: “Ho ea tšepahalang [Jehova o] tla etsa ka botšepehi.” (2 Samuele 22:26) Leha ho le joalo, ho ba bangata ba bona, ho lula e le masoha ha ho bonolo. Morali e mong oabo rōna o re: “Ke entse qeto ea ho nyaloa feela Moreneng, empa ka makhetlo a mangata ke ’nile ka lla ha ke bona metsoalle ea ka e nyaloa ke banna ba ratehang ba Bakreste, ha ’na ke ntse ke setse ke le mong.” Morali e mong oabo rōna o re: “Ke sebelelitse Jehova ka lilemo tse 25. Ke ikemiselitse ho lula ke tšepahala ho eena, empa hangata ke bakeloa mesarelo ke bolutu.” O eketsa ka ho re: “Baralib’abo rōna ba leng boemong bo tšoanang le ba ka ba hloka khothatso.” Re ka thusa ba joalo ba tšepahalang joang?

13. (a) Re ithuta’ng mohlaleng o behiloeng ke ba neng ba etela morali oa Jafeta? (b) Litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang hore re amehile ka baralib’abo rōna ba masoha phuthehong ea habo rōna ke life?

13 Tsela e ’ngoe e bontšoa ke mohlala oa boholo-holo. Ha morali oa Jafeta a tela monyetla oa ho nyaloa, batho ba ile ba hlokomela hore o ne a intša sehlabelo. Ke eng se ileng sa etsoa ho mo khothatsa? “Selemo le selemo barali ba Iseraele ba ne ba ea ho babatsa morali oa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo.” (Baahloli 11:30-40) Ka ho tšoanang, ka pelo eohle re lokela ho babatsa baralib’abo rōna ba masoha ba mamelang molao oa Molimo ka botšepehi. * Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re amehile ke efe? Lithapelong tsa rōna re lokela ho kōpa Jehova ka tieo hore a tšehetse barali bana babo rōna ba ratehang, ba tšepahalang, hore ba tsoele pele tšebeletsong ea bona ba sa sekisetse. Ba lokela ho tiisetsoa hore ba ratoa haholo ebile ba ananeloa ka ho tebileng ke Jehova le ke phutheho eohle ea Bokreste.—Pesaleme ea 37:28.

Kamoo Batsoali ba se Nang Balekane ba Atlehang Kateng

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste bao e leng bo-’mè ba se nang balekane ba lokela ho ipiletsa ho Jehova hore a ba thuse? (b) Batsoali ba se nang balekane ba ka etsa se tumellanong le lithapelo tsa bona joang?

14 Basali ba Bakreste bao e leng batsoali ba se nang balekane le bona ba tobana le mathata a mangata. Leha ho le joalo, ba ka kōpa thuso ea Jehova e le hore ba hōlise bana ba bona tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Ke ’nete hore haeba u motsoali ea se nang molekane, u ke ke ua khona ho phetha karolo ea ’mè le ea ntate ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Jehova o tla u thusa hore u jare boikarabelo ba hao bo bongata haeba u ipiletsa ho eena ka tumelo. Ka mohlala: Ha re re u ea hae u kakatetse lintho tseo u tsoa li reka. Na u ne u tla tsamaea ka maoto u kibakiba ka tsona empa e le hore u ka fumana sepalangoang haufinyane? Ho hang u ne u ke ke ua etsa joalo! Ka ho tšoanang, u se ke ua leka ho itjarela mathata a u imelang maikutlong empa e le hore u ka kōpa Jehova hore a u thuse. Ha e le hantle, o u mema hore u ipiletse ho eena. Pesaleme ea 68:19 e re: “Ho bokoe Jehova, eo letsatsi le leng le le leng a re jarelang mojaro.” Ka ho tšoanang, 1 Petrose 5:7 e u memela ho lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho Jehova “hobane oa [u] tsotella.” Kahoo, ha u imeloa ke mathata le matšoenyeho, a rolele ho Ntate oa hao oa leholimo, u etse joalo ‘u sa phetse.’—1 Bathesalonika 5:17; Pesaleme ea 18:6; 55:22.

15 Ka mohlala, haeba u ’mè, ha ho pelaelo hore u amehile ka kamoo bana ba hao ba ka susumetsoang ke lithaka tsa bona kateng sekolong kapa u amehile ka liteko tsa botšepehi tseo ba ka ’nang ba tobana le tsona. (1 Bakorinthe 15:33) Hoa utloahala ho ameha ka lintho tsena. Empa le tsona ke lintho tseo u ka li kenyelletsang thapelong. Ha e le hantle, ke hobane’ng ha u sa rapele ka lintho tsee le bana ba hao pele ba e-ea sekolong, mohlomong ka mor’a ho hlahloba temana ea letsatsi le le hammoho? Lithapelo tse tobileng, tse tlohang pelong li ka ama likelello tsa bana ka ho teba. Ka holim’a tsohle, u ipeha mocheng oa ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova ha ka mamello u ikitlaelletsa ho kenya Lentsoe la hae ka botebo lipelong tsa bana ba hao. (Deuteronoma 6:6, 7; Liproverbia 22:6) Hopola hore “mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe.”—1 Petrose 3:12; Bafilipi 4:6, 7.

16, 17. (a) Mora e mong o ile a re’ng ka lerato leo ’mè oa hae a le bontšitseng? (b) Ho talima ha ’mè eo lintho ka tsela ea moea ho ile ha ama bana ba hae joang?

16 Nahana ka mohlala oa Olivia eo e leng ’mè oa bana ba tšeletseng. Monna oa hae ea sa lumelang o ile a lahla lelapa hang feela ha ngoana oa ho fela a qeta ho hlaha, empa hang-hang o ile a jara boikarabelo ba ho koetlisa bana ba hae ka litsela tsa Molimo. Mora oa Olivia, e leng Darren, eo hona joale a leng lilemo li 31 ’me a sebeletsa e le moholo oa Mokreste le pula-maliboho, o ne a ka ba lilemo li hlano ka nako eo. Ho phaella matšoenyehong a Olivia, Darren o ile a hlaseloa ke ho kula ho tebileng ho sa ntsaneng ho mo tšoenya le hona joale. Ha a hopola tsa bongoaneng ba hae, Darren oa ngola o re: “Ke sa ntsane ke hopola ke lutse betheng ea sepetlele ke tatetse hore ’Mè a fihle. O ne a lula haufi le ’na ebe o mpalla Bibele letsatsi le leng le le leng. Ka mor’a moo o ne a bina pina ea ’Muso e reng ‘Rea u Boka, Jeho- va.’ * Le kajeno e sa ntsane e le eona pina ea ’Muso eo ke e ratang haholo.”

17 Ho tšepa ha Olivia Jehova le ho mo rata ha hae ho ile ha tlatsetsa katlehong eo a bileng le eona e le ’mè ea se nang molekane. (Liproverbia 3:5, 6) Boikutlo bo botle boo a neng a e-na le bona bo ile ba bontšoa ke lipakane tseo a ileng a li behela bana ba hae. Darren o re: “Kamehla ’Mè o ne a re khothalletsa hore re hahamalle lipakane tsa tšebeletso ea nako e tletseng. Ka lebaka la seo, ’na le likhaitseli tsa ka tse ’nè ho tse hlano re ile ra kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, ha ho mohla ’Mè a neng a ithorisa ho ba bang ka lintho tsena. Ke leka ka matla ho etsisa litšobotsi tsa hae tse babatsehang.” Ke ’nete hore hase bana bohle bao ha ba hōla ba sebeletsang Molimo joaloka bana ba Olivia. Empa haeba ’mè a etsa sohle se matleng a hae ho phela ka melao-motheo ea Bibele, a ka kholiseha hore Jehova o tla mo tataisa le ho mo tšehetsa ka lerato.—Pesaleme ea 32:8.

18. Re ka bontša joang hore re ananela tokisetso ea Jehova ea phutheho ea Bokreste?

18 Molimo o fana ka tšehetso ea hae haholo-holo ka phutheho ea Bokreste e nang le lenaneo la kamehla la lijo tsa moea, mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho le “limpho tseo e leng banna” tse hōlileng moeeng. (Baefese 4:8) Baholo ba tšepahalang ba sebetsa ka thata ho matlafatsa bohle ka phuthehong, ba ela hloko ka ho khetheha litlhoko tsa “likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.” (Jakobo 1:27) Kahoo, lula haufi le batho ba Molimo, le ka mohla u se ke ua itšehla thajana.—Liproverbia 18:1; Baroma 14:7.

Bokhabane ba ho Ikokobetsa

19. Ke hobane’ng ha ho ikokobetsa ha mosali ho sa bolele hore ke ea tlaase, ’me ke mohlala ofe oa Bibele o tšehetsang see?

19 Jehova o ile a bōpa mosali e le motlatsi oa monna. (Genese 2:18) Kahoo, ho ikokobelletsa ha mosali monna oa hae ho hang ha ho bolele hore ke ea tlaase. Ho e-na le hoo, ho fa mosali seriti, ho mo lumella hore a sebelise lineo tsa hae tse ngata le litalenta tumellanong le thato ea Molimo. Liproverbia khaolo ea 31 e hlalosa mesebetsi e mengata ea mosali ea nang le bokhoni oa Iseraele ea boholo-holo. O ne a thusa bahloki, a lema lirapa tsa morara a bile a reka masimo. E, ‘pelo ea mong’a hae e [ne e] mo tšepile, ’me ha ho leruo le [neng le] haella.’—Temana ea 11, 16, 20.

20. (a) Mosali oa Mokreste o lokela ho nka bokhoni kapa lineo tseo a li filoeng ke Molimo joang? (b) Esthere o ile a bontša litšobotsi life tse ntle, hona see se ile sa etsa hore Jehova a mo sebelise joang?

20 Mosali ea inyenyefatsang, ea tšabang Molimo, ha a iphahamise kapa ho hlōlisana le monna oa hae. (Liproverbia 16:18) Ha a phehelle ho ikhotsofatsa ka hore sepheo sa hae se seholo e be ho hahamalla lipakane tsa lefatše empa o sebelisa lineo tseo a li filoeng ke Molimo haholo-holo ho sebeletsa ba bang—litho tsa lelapa la hae, Bakreste-’moho le eena, baahelani ’me ka holimo ho tsohle, Jehova. (Bagalata 6:10; Tite 2:3-5) Nahana ka mohlala o ka Bibeleng oa Mofumahali Esthere. Le hoja a ne a le motle, o ne a inyenyefatsa a bile a ikokobelitse. (Esthere 2:13, 15) Ha a se a nyetsoe, o ne a hlompha monna oa hae ka ho teba, e leng Morena Assueruse, ho fapana le mosali oa pele oa morena, e leng Vashti. (Esthere 1:10-12; 2:16, 17) Hape, maemong a loketseng, ka tlhompho Esthere o ne a ikokobelletsa maikutlo a Mordekai ea neng a le moholo ho eena a bile a amana le eena—a etsa sena esita leha e se e le mofumahali. Empa ho hang e ne e se motho ea fokolang! Ka sebete o ile a pepesa Hamane, monna ea matla le ea khopo ea neng a rerile ho felisa Bajuda. Jehova o ile a sebelisa Esthere ka tsela e khōlō bakeng sa ho pholosa batho ba hae.—Esthere 3:8–4:17; 7:1-10; 9:13.

21. Mosali oa Mokreste a ka lula e le oa bohlokoa haholoanyane ho Jehova joang?

21 Ho hlakile hore nakong e fetileng le kajeno, basali ba tšabang Molimo ba ’nile ba bontša boinehelo bo khethehileng ho Jehova le borapeling ba hae. Ka lebaka leo, basali ba tšabang Molimo ke ba bohlokoa mahlong a Jehova. Baralib’abo rōna ba Bakreste, lumellang Jehova hore ka moea oa hae a tsoele pele ho le bōpa hore le be “sejana” se lulang se e-ba setle ka ho fetisisa, “se lokiselitsoeng mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 2:21; Baroma 12:2) Mabapi le barapeli ba joalo ba bohlokoa, Lentsoe la Molimo le re: “Mo feng litholoana tsa matsoho a hae, ’me mesebetsi ea hae e ke e mo rorise esita le lihekeng.” (Liproverbia 31:31) E se eka ho ka ba joalo ho e mong le e mong oa lōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Mabapi le hore na ho ka fanoa ka pabatso e joalo joang, bona Molula-Qhooa oa March 15, 2002, leqepheng la 26-8.

^ ser. 16 Pina ea 212 bukeng ea lipina ea Binelang Jehova Lithoriso, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Na Ua Hopola?

• Basali ba bang ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba ipaka e le ba bohlokoa mahlong a Jehova joang?

• Baralib’abo rōna ba bangata mehleng ea rōna ba entse eng e le hore e be ba bohlokoa ho Molimo?

• Jehova o tšehetsa bo-’mè ba se nang balekane le barali ba bang babo rōna ba sa nyaloang ka litsela life?

• Mosali a ka hlompha tokisetso ea bohlooho ka pelo eohle joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 17]

MEHLALA EO RE KA NAHANISISANG KA EONA

Na u ka rata ho nahana ka mehlala e meng ea basali ba tšepahalang ba boletsoeng ka Bibeleng? Haeba ho joalo, ka kōpo bala mangolo a ngotsoeng ka tlaase. Ha u ntse u thuisa ka batho bana ba fapa-fapaneng ba thathamisitsoeng, leka ho lemoha melao-motheo eo u ka khonang ho e sebelisa haholoanyane bophelong ba hao.—Baroma 15:4.

Sara: Genese 12:1, 5; 13:18a; 21:9-12; 1 Petrose 3:5, 6.

Basali ba seatla se bulehileng ba Baiseraele: Exoda 35:5, 22, 25, 26; 36:3-7; Luka 21:1-4.

Debora: Baahloli 4:1–5:31.

Ruthe: Ruthe 1:4, 5, 16, 17; 2:2, 3, 11-13; 4:15.

Mosali oa Moshuneme: 2 Marena 4:8-37.

Mosali oa Mofoenisia: Matheu 15:22-28.

Maretha le Maria: Mareka 14:3-9; Luka 10:38-42; Johanne 11:17-29; 12:1-8.

Tabitha: Liketso 9:36-41.

Barali ba bane ba Filipi: Liketso 21:9.

Fibi: Baroma 16:1, 2.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na u babatsa baralib’abo rōna ba sa nyaloang ba mamelang molao oa Molimo ka botšepehi?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ke lintho life tse tobileng tse ka kōptjoang thapelong e etsoang pele bana ba ea sekolong?