“U Phethe Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo”
“U Phethe Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo”
“U etse mosebetsi oa hao ka mokhoa o phethahetseng.”—2 TIMOTHEA 4:5, Byington.
1, 2. Le hoja Bakreste bohle e le baevangeli, Mangolo a bolela hore ke eng se hlokoang ho baholo?
NA U ’moleli oa ’Muso? Haeba ho joalo, u lebohe Jehova Molimo ka tokelo ena e babatsehang. Na u moholo ka phuthehong? Eo ke tokelo e ’ngoe e tsoang ho Jehova. Empa ha rea lokela ho lebala hore thuto ea lefatše kapa ho bua ka bokheleke hase tsona lintho tse etsang hore motho a tšoanelehe bakeng sa bosebeletsi kapa bolebeli ka phuthehong. Jehova o re etsa ba tšoanelehang ka ho lekaneng bakeng sa bosebeletsi, ’me banna ba bang har’a rōna ba fuoe tokelo ea ho sebeletsa e le balebeli hobane ba finyella litlhokahalo tse khethehileng tsa Mangolo.—2 Bakorinthe 3:5, 6; 1 Timothea 3:1-7.
2 Bakreste bohle ba inehetseng ba etsa mosebetsi oa baevangeli, empa ka ho khethehileng ho hlokahala hore balebeli, kapa baholo e be bona ba behang mohlala o motle bosebeletsing. Baholo “ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng,” ba bonoa ke Molimo le Kreste, hammoho le Lipaki tse ling tsa Jehova. (1 Timothea 5:17; Baefese 5:23; Baheberu 6:10-12) Maemong ’ohle, moholo o lokela ho ruta ka mokhoa o phelisang hantle moeeng, etsoe moapostola Pauluse o ile a re ho molebeli ea bitsoang Timothea: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe; ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete, athe ba tla khelosetsoa lipaleng tsa bohata. Leha ho le joalo, uena u lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle, u utloisoe bohloko ke bobe, u etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.”—2 Timothea 4:3-5.
3. Ho hlokahala hore ho etsoe eng e le hore lithuto tsa bohata li se ke tsa sokela bomoea ba phutheho?
3 Molebeli a ka tiisa hore lithuto tsa bohata ha li sokele bomoea ba phutheho ha a etsa lintho tumellanong le keletso ea Pauluse e reng: “U hlaphoheloe kelellong linthong tsohle, . . . u etse mosebetsi oa hao ka mokhoa o phethahetseng.” (2 Timothea 4:5, Byington) E, ho hlokahala hore moholo a ‘phethe bosebeletsi ba hae ka botlalo.’ O lokela ho bo phetha ka botlalo, ka mokhoa o phethahetseng, kapa ka mokhoa o feletseng. Moholo ea etsang bosebeletsi ba hae ka botlalo o hlokomela boikarabelo bohle ba hae hantle, ha a hlokomolohe letho ebile ha a siee letho ka lehare. Monna ea joalo o tšepahala le linthong tse nyenyane.—Luka 12:48; 16:10.
4. Ke eng se ka re thusang ho phetha bosebeletsi ka botlalo?
4 Hase kamehla ho phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo ho hlokang nako e eketsehileng, empa ho hloka hore motho a sebelise nako ea hae hantle. Ho etsa lintho ka lebelo le lekaneng ho ka thusa Bakreste bohle hore ba khathe tema bosebeletsing. E le hore moholo a be le nako e eketsehileng tšebeletsong ea tšimo, ho hlokahala hore a hlophise lintho tsa hae hantle hore a be le kemiso e leka-lekaneng le hore a tsebe hore na ke mesebetsi efe eo a ka e abelang ba bang le hore na a ka ba abela eona joang. (Baheberu 13:17) Ha ho pelaelo hore moholo ea hlomphehang o phetha karolo ea hae, joaloka Nehemia eo ka boeena a ileng a sebetsa ha ho tsosolosoa marako a Jerusalema. (Nehemia 5:16) ’Me bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho kopanela kamehla mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso.—1 Bakorinthe 9:16-18.
5. Re lokela ho ikutloa joang ka bosebeletsi?
Matheu 24:14) Le hoja re sa phethahala, re ka khothatsoa ke mantsoe ana a Pauluse a reng: “Re na le letlotlo lena [la bosebeletsi] lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” (2 Bakorinthe 4:7) E, re ka etsa tšebeletso e amohelehang—empa re ka e etsa feela ka matla le bohlale bo fanoang ke Molimo.—1 Bakorinthe 1:26-31.
5 Re le bahoeletsi ba ’Muso o hlomiloeng oa leholimo, re na le mosebetsi o thabisang hakaakang! Ka sebele re ananela tokelo ea rōna ea hore pele bofelo bo tla, re kopanele ho boleleng litaba tse molemo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Ho Bonahatsa Khanya ea Molimo
6. Ke ho tšoana hofe ho ileng ha e-ba teng pakeng tsa Iseraele ea tlhaho le Iseraele ea moea?
6 Ha Pauluse a bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng o re Molimo o ‘re entse hore re tšoanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi ba selekane se secha.’ Moapostola enoa o tšoantša selekane se secha se entsoeng le Iseraele ea moea ka Jesu Kreste le selekane sa khale sa Molao se neng se entsoe le Iseraele ea tlhaho ka Moshe. Pauluse o phaella ka ho bolela hore ha Moshe a ne a theoha Thabeng ea Sinai a nkile matlapa a neng a e-na le Litaelo Tse Leshome, sefahleho sa hae se ne se khanya hoo Baiseraele ba neng ba ke ke ba mo shebela haufi. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho ile ha etsahala ntho e khōlō le ho feta hobane “matla a bona a kelello a ile a thotofala” eaba lesira le koahela lipelo tsa bona. Leha ho le joalo, lesira lena lea tloha ha motho a retelehela ho Jehova ka boinehelo bo etsoang ka pelo eohle. Ka mor’a moo, Pauluse o bua ka bosebeletsi bo filoeng ba selekaneng se secha, o re: “Rōna kaofela, . . . ka lifahleho tse koaholotsoeng lesira re ntse re bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone.” (2 Bakorinthe 3:6-8, 14-18; Exoda 34:29-35) “Linku tse ling” tsa Jesu tsa kajeno le tsona li filoe tokelo ea ho bonahatsa khanya ea Jehova.—Johanne 10:16.
7. Batho ba ka bonahatsa khanya ea Molimo joang?
7 Le hoja ho se motho ea ka bonang sefahleho sa Molimo ’me a phela, batho ba baetsalibe ba ka bonahatsa khanya ea Hae joang? (Exoda 33:20) Re lokela ho hlokomela hore, ntle le hore Jehova ka boeena oa khanya, o boetse o na le morero oa hae o khanyang oa ho tlosa qoso bobusing ba hae ka ’Muso oa hae. Linnete tse amanang le ’Muso ke karolo ea “lintho tse hlollang tsa Molimo” tse ileng tsa qala ho boleloa ke bao ho ileng ha tšolleloa moea o halalelang ho bona ka Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 2:11) Ba ne ba ka phetha bosebeletsi ba bona ka botlalo ba tataisoa ke moea.—Liketso 1:8.
8. Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa’ng mabapi le bosebeletsi bona?
8 Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho lumella eng kapa eng ho mo thibela ho phetha bosebeletsi ba hae ka botlalo. O ile a ngola a re: “Kaha re na le bosebeletsi bona ho ea ka mohau oo re ileng ra o bontšoa, ke ka lebaka leo, re sa teleng; empa re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong ka tsona, re sa tsamaee ka mano, leha e le ho tsoaka lentsoe la Molimo, empa ka ho bonahatsa ’nete re ipuella letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo.” (2 Bakorinthe 4:1, 2) ’Nete e bonahatsoa ka seo Pauluse a reng ke “bosebeletsi bona,” ’me bo khantšetsa leseli la moea hohle.
9, 10. Ke joang re ka khonang ho bonahatsa khanya ea Jehova?
2 Bakorinthe 4:6; Genese 1:2-5) Kaha re filoe tokelo eo ho seng e tšoanang le eona ea ho ba basebeletsi ba Molimo, a re luleng re hloekile e le hore re ka bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone.
9 Tabeng ea Mohloli oa leseli la sebele le leseli la moea, Pauluse oa ngola o re: “Molimo ke eena ea ileng a re: ‘Leseli le ke le khanye lefifing,’ ’me o khantšelitse lipelo tsa rōna ho etsa hore li khanye ka tsebo e khanyang ea Molimo ka sefahleho sa Kreste.” (10 Batho ba lefifing la moea ba sitoa ho bona khanya ea Jehova kapa lereli la eona le tsoang ho Jesu Kreste, Moshe e Moholo. Empa kaha re bahlanka ba Jehova, re amohela leseli le khanyang la Mangolo ebe re le khantšetsa ba bang. E le hore batho ba lefifing la moea hona joale ba pholohe timetso, ba lokela ho fumana leseli le tsoang ho Molimo. Kahoo, ka thabo e khōlō le ka cheseho, re mamela taelo e tsoang ho Molimo ea hore leseli la rōna le khanye lefifing e le hore Jehova a tlotlisoe.
Leseli la Lōna le ke le Khanye Lithutong Tsa Mahae Tsa Bibele
11. Jesu o itse’ng tabeng ea hore re khantše leseli la rōna, ’me re ka etsa see joang bosebeletsing ba rōna?
11 Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le leseli la lefatše. Motse o ke ke oa pateha ha o lutse holim’a thaba. Batho ba bonesa lebone ’me ha ba le behe ka tlas’a baskete e lekanyang, empa ba le beha holim’a seluloana sa lebone, ’me le khanyetsa bohle ba ka tlung. Ka ho tšoanang leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Matheu 5:14-16) Boitšoaro ba rōna bo botle bo ka etsa hore batho ba bang ba tlotlise Molimo. (1 Petrose 2:12) ’Me likarolo tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli li re fa menyetla e mengata ea hore leseli la rōna le khanye. Sepheo sa rōna se seholo ke ho bonahatsa leseli la moea le tsoang Lentsoeng la Molimo ka hore re khanne lithuto tsa mahae tsa Bibele tse atlehang. Ena ke tsela ea bohlokoa haholo ea hore re phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo. Ke litlhahiso life tse ka re thusang ho khanna lithuto tsa Bibele tse amang lipelo tsa batho ba batlang ’nete?
12. Ho rapela ho amana joang le mosebetsi oa ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele?
12 Ha re rapella taba ena ho Jehova, re bontša hore re lakatsa ka tieo ho khanna lithuto tsa Bibele. Ho boetse ho bontša hore rea bona hore ke habohlokoa ho thusa ba bang hore ba tsebe Molimo. (Ezekiele 33:7-9) Jehova o tla fela a arabe lithapelo tsa rōna a be a hlohonolofatse boiteko boo re bo etsang ka hloko bosebeletsing. (1 Johanne 5:14, 15) Empa ha re rapelle feela hore re fumane motho eo re ka mo khannelang thuto ea lehae ea Bibele. Ha thuto e se e thehiloe, ho rapela le ho thuisa ka litlhoko tse khethehileng tsa seithuti sa Bibele ho tla re thusa ho khanna thuto e ’ngoe le e ’ngoe ka katleho.—Baroma 12:12.
13. Ke eng e ka re thusang ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse atlehang?
13 E le hore re khanne lithuto tsa mahae tsa Bibele tse atlehang re lokela ho lokisetsa thuto e ’ngoe le e ’ngoe hantle. Haeba re ikutloa eka ha re tšoanelehe hantle, ho ka re thusa haholo hore re shebelle kamoo molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho a tšoarang thuto ea beke le beke kateng. Ka linako tse ling, ho ka etsahala hore re tsamaee le bahoeletsi ba ’Muso ba ’nileng ba atleha ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele. Bonneteng, Jesu Kreste ke eena eo re hlileng re lokelang ho nahanisisa ka boikutlo ba hae le mekhoa ea hae ea ho ruta.
14. Re ka finyella pelo ea seithuti sa Bibele joang?
14 Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea Ntat’ae oa leholimo, a bile a thabela ho bua le ba bang ka Molimo. (Pesaleme ea 40:8) O ne a le maikutlo a bonolo ’me o ne a atleha ho finyella lipelo tsa ba neng ba mo mamela. (Matheu 11:28-30) Kahoo, a re lekeng ka tieo ho finyella lipelo tsa liithuti tsa rōna tsa Bibele. Se tla re thusa hore re finyelle lipelo tsa liithuti ke hore re lokisetse thuto ka ’ngoe re hopotse maemo a khethehileng a seithuti. Ka mohlala, haeba seithuti se hōletse moo batho ba sa lumeleng Bibele, re ka ’na ra tlameha ho se kholisa hore Bibele e bua ’nete. Boemong bo joalo, ho totobetse hore re tla tlameha ho bala mangolo a mangata re be re a hlalose.
Thusa Liithuti ho Utloisisa Lipapiso
15, 16. (a) Ke joang re ka thusang seithuti se sa utloisiseng papiso e entsoeng ka Bibeleng? (b) Re ka etsa’ng haeba sengoliloeng se seng sa rōna se sebelisa papiso e thatafallang seithuti sa Bibele?
15 Ho ka etsahala hore ebe seithuti sa Bibele ha se utloisise papiso e itseng e sebelisitsoeng ka Mangolong. Ka mohlala, e ka ’na eaba ha se utloisise hore na Jesu o ne a bolela eng ha a bua ka ho beha lebone seluloaneng sa lebone. (Mareka 4:21, 22) Jesu o ne a bua ka lebone la boholo-holo la oli le neng le khantša ka khoele. Lebone leo le ne le behoa seluloaneng se khethehileng ’me ka tsela eo le ne le bonesa karolo e itseng ea ntlo. Ho ka ’na ha hlokahala hore u etse lipatlisiso litabeng tse kang “Lamp” le “Lampstand” libukeng tse kang Insight on the Scriptures e le hore u hlakise papiso ea Jesu. * Empa ke ho thabisang hakaakang ho tlisetsa seithuti sa Bibele tlhaloso eo se e utloisisang le eo se e ananelang!
16 Sengoliloeng se sebelisetsoang ho ithuta Bibele se ka ’na sa etsa papiso e thatafallang seithuti se itseng. Iphe nako ea ho e hlalosa, kapa u sebelise papiso e ’ngoe e buang ntho e tšoanang. Mohlomong sengoliloeng se itseng se hatisa hore molekane ea tšoanelehang le tšebelisano-’moho ke tsa bohlokoa lenyalong. Ha re etsa mohlala, ho ka ’na ha buuoa ka motho ea tlohelang likhoele tsa trapeze ebe o leketla moeeng a lebeletse hore sebapali sa habo se mo kape. Mohlala o mong oo re ka ’nang ra o sebelisa ho bontša hore ho hlokahala molekane ea molemo le boiteko bo etsoang ka tumellano, ke oa papiso ea kamoo basebetsi ba sebelisanang kateng ha ba neheletsana mabokose ha ba laolla teraka.
17. Ke eng eo re ka ithutang eona ho Jesu tabeng ea lipapiso?
17 Ho sebelisa papiso e ’ngoe ho ka ’na ha hloka hore u lokisetse pele ho nako. Empa, sena ke tsela ea ho bontša hore re thahasella seithuti seo sa Bibele. Jesu o ne a sebelisa lipapiso tse bonolo ho hlakisa litaba tse thata. Thuto ea hae ea Thabeng e na le mehlala ea sena, ’me Bibele e bontša hore tsela eo a neng a ruta ka eona e ne e e-na le phello e ntle ho bamameli ba hae. (Matheu 5:1–7:29) Jesu o ne a hlalosa lintho ka mamello hobane o ne a thahasella batho ba bang haholo.—Matheu 16:5-12.
18. Ho khothalletsoa eng tabeng ea mangolo a bontšitsoeng libukeng tsa rōna empa a sa qotsoa?
18 Ha re thahasella batho ba bang, sena se tla re susumelletsa ho “behelana mabaka le bona ka Mangolo.” (Liketso 17:2, 3) Sena se hloka ho ithuta ka tieo le ka thapelo hape se hloka tšebeliso e bohlale ea lingoliloeng tse fumanoang ka “motsamaisi ea tšepahalang.” (Luka 12:42-44) Ka mohlala, ho qotsitsoe litemana tse ngata bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. * Kaha buka ena e nyenyane, mangolo a mang a bontšitsoe feela a sa qotsoa. Ke habohlokoa hore thutong ea Bibele ho baloe ho be ho hlalosoe a mang a mangolo ana a bontšitsoeng feela a sa qotsoa. Hopola hore thuto ea rōna e thehiloe Lentsoeng la Molimo, ’me le na le matla a maholo. (Baheberu 4:12) Ha u ntse u tsoela pele ka thuto, u ’ne u lebise tlhokomelo Bibeleng, nako le nako u ntse u sebelisa mangolo a hlahang lirapeng. Thusa seithuti ho bona hore na Bibele e re’ng ka taba kapa ka ketso e itseng. U leke ho se thusa ho bona kamoo ho mamela Molimo ho ka se ruisang molemo kateng.—Esaia 48:17, 18.
Botsa Lipotso Tse Fatang Maikutlo
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa lipotso tse fatang maikutlo ha u khanna thuto ea lehae ea Bibele? (b) Ho ka etsoa’ng haeba ho hlokahala hore le buisane haholoanyane ka taba e itseng?
19 Jesu o ne a sebelisa lipotso ka tsela e bohlale e neng e thusa batho hore ba nahane. (Matheu 17:24-27) Ha re botsa lipotso tse fatang maikutlo tse sa etseng hore seithuti sa Bibele se soabe, likarabo tsa sona li ka ’na tsa senola hore na se nahana eng ka taba e itseng. Re ka ’na ra fumana hore se sa ntse se tšoarelletse maikutlong a sa lumellaneng le mangolo. Ka mohlala, e ka ’na eaba se lumela Boraro-bo-Bong. Khaolo ea 3 ea buka ea Tsebo e bontša hore lentsoe “Boraro-bo-Bong” ha le eo ka Bibeleng. Buka ena e qotsa le ho bontša litemana tse bontšang hore Jehova hase motho a le mong le Jesu le hore moea o halalelang hase motho, ke matla a sebetsang a Molimo. Taba eo ho buuang ka eona e ka ’na ea hlakisoa ka ho bala le ka ho tšohla litemana tsa Bibele. Empa ho thoe’ng haeba ho hlokahala ho eketsehileng? Mohlomong nakong e tlang ka mor’a ho khanna thuto e tloaelehileng, le ka nka nako e itseng le buisana hamolemo ka taba ena kamoo e hlahang kateng ho sengoliloeng se seng sa Lipaki Tsa Jehova, se kang bukana ea Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? Ka mor’a moo le ka tsoela pele ka thuto le sebelisa buka ea Tsebo.
20 Ha re re karabo ea seithuti e arabang potso e fatang maikutlo ea makatsa kapa e khathatsa matla. Haeba le bua ka ho tsuba, kapa ka taba e ’ngoe e ka khopisang motho habonolo, u ka etsa tlhahiso ea hore le tsoele pele ka thuto ebe le buisana ka taba eo ka nako e ’ngoe. Ho tseba hore seithuti se sa ntse se tsuba ho u thusa hore u batle boitsebiso bo phatlalalitsoeng bo ka ’nang ba se thusa hore se tsoele pele moeeng. Ha u ntse u leka ho finyella pelo ea seithuti, u ka rapela hore Jehova a se thuse hore se hōle moeeng.
21. Ke eng se ka ’nang sa etsahala ha re feto-fetola mekhoa ea rōna ea ho ruta hore e lumellane le litlhoko tse khethehileng tsa seithuti sa Bibele?
21 Ka ho lokisetsa hantle le ka thuso ea Jehova, ha ho pelaelo hore re tla feto-fetola mekhoa ea rōna ea ho ruta hore e lumellane le litlhoko tse khethehileng tsa seithuti sa Bibele. Ha nako e ntse e e-ea, re ka khona ho thusa seithuti hore se rate Molimo ka botebo. Re ka ba ra atleha le ho se thusa hore se hlomphe mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova se be se o ananele. ’Me ke ho thabisang hakaakang ha liithuti tsa Bibele li lumela hore ‘ka sebele Molimo o har’a rōna’! (1 Bakorinthe 14:24, 25) E se eka re ka khanna lithuto tsa Bibele tse atlehang ra ba ra etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa ba bang hore e be barutuoa ba Jesu.
Letlotlo le Lokelang ho Hlokomeloa
22, 23. Ke eng e hlokahalang e le hore re phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo?
22 Re ka phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo hafeela re itšetlehile ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona. Pauluse o ne a bua ka bosebeletsi ha a ngolla Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng a re: “Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.”—2 Bakorinthe 4:7.
23 Ebang re batlotsuoa kapa re “linku tse ling,” re tšoana le lipitsa tsa letsopa tse thuehang feela. (Johanne 10:16) Empa, Jehova a ka re fa matla a hlokahalang hore re phethe likabelo tsa rōna ho sa tsotellehe likhatello tseo re bang le tsona. (Johanne 16:13; Bafilipi 4:13) Kahoo, a re tšepeng Jehova ka ho feletseng, re nke tšebeletso ea rōna e le letlotlo le lokelang ho hlokomeloa, re be re phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 15 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
^ ser. 18 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
• Baholo ba ka etsa’ng ho phetha bosebeletsi ba bona ka botlalo?
• Re ka ntlafatsa tsoelo-pele ea lithuto tsa rōna tsa mahae tsa Bibele joang?
• U ka etsa joang haeba seithuti sa Bibele se sa utloisisa papiso kapa se hloka boitsebiso bo eketsehileng mabapi le taba e itseng?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Baholo ba Bakreste ba ruta phutheho ba bile ba thusa balumeli-’moho le bona ka ho ba koetlisa bosebeletsing
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse atlehang ke tsela e ’ngoe ea ho khantša leseli la rōna