“E Mong le e Mong ea Masene o Tla Sebetsa ka Tsebo”
“E Mong le e Mong ea Masene o Tla Sebetsa ka Tsebo”
TATAISO ea Lentsoe la Molimo, Bibele, ‘e lakatseha ho feta khauta—ho feta khauta e ngata e hloekisitsoeng.’ (Pesaleme ea 19:7-10) Hobane’ng? Hobane “molao oa ea bohlale [Jehova] ke mohloli oa bophelo, bakeng sa ho furallisa motho maraba a lefu.” (Liproverbia 13:14) Ho sebelisa keletso ea Mangolo ho ke ke ha re thusa feela ho ntlafatsa bophelo ba rōna, empa ho tla boela ho re thusa ho qoba maraba a ka behang bophelo ba rōna kotsing. Ho bohlokoa hakaakang ho batla tsebo ea Mangolo le ho phela ka seo re ithutang sona!
Joalokaha ho tlalehiloe ho Liproverbia 13:15-25, Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o fane ka keletso e re thusang hore re sebetse ka tsebo e le hore re ka thabela bophelo bo monate le bo boleletsana. * O sebelisa maele a makhutšoanyane, ho bontša kamoo Lentsoe la Molimo le ka re thusang kateng hore re ratoe ke batho ba bang, kamoo re ka lulang re tšepahala kateng tšebeletsong ea rōna, kamoo re ka bang le boikutlo bo nepahetseng kateng ka taeo, le kamoo re ka khethang metsoalle ea rōna ka bohlale kateng. O boetse o bontša kamoo ho leng bohlale kateng ho siela bana ba rōna lefa hammoho le ho ba khalemela ka lerato.
Temohisiso e Molemo e Tlisa Kamohelo
Solomone o re: “Temohisiso e molemo e fana ka Liproverbia 13:15) Buka e ’ngoe e re, ho latela puo ea pele, poleloana e reng “temohisiso e molemo,” kapa kutloisiso e molemo, “e hlalosa matla a ho ba le kelello, ho ba le kahlolo e molemo le ho ba masene.” Motho ea nang le litšobotsi tse joalo ha a fumane ho le thata hore batho ba bang ba mo amohele.
kamohelo, empa tsela ea ba sebetsang ka bolotsana e matsutla.” (Hlokomela tsela e bontšang temohisiso eo ka eona moapostola Pauluse a ileng a sebetsana le Mokreste-’moho le eena Filemone, ha a ne a khutlisa Onesimase, lekhoba la Filemone le neng le balehile leo hamorao le neng le ile la fetoha Mokreste. Pauluse o ile a khothalletsa Filemone hore a amohele Onesimase ka tsela e mosa ha a khutla, joalokaha a ne a tla amohela moapostola enoa ka boeena. Ha e le hantle, Pauluse o ile a ithaopela ho lefa Filemone haeba Onesimase a ne a mo kolota ntho leha e le efe. Bonneteng, Pauluse a ka be a ile a sebelisa matla a hae eaba o laela Filemone hore a etse ntho e nepahetseng. Empa moapostola enoa o ile a khetha ho sebetsa taba ena ka tsela e masene le e lerato. Ka ho etsa joalo, Pauluse o ile a ikutloa a kholisehile hore Filemone o ne a ka rata ho sebelisana le eena, a mo susumetsa hore a ka ba a etsa le ho fetang hoo a neng a mo kōpile hore a ho etse. Na le rōna ha rea lokela ho sebetsana le balumeli-’moho le rōna ka tsela e tšoanang?—Filemone 8-21.
Ka lehlakoreng le leng, tsela ea ba bolotsana e matsutla, kapa e “thata.” (New International Version) Ka kutloisiso efe? Ho latela setsebi se seng, lentsoe le sebelisitsoeng mona le bolela “e sataletseng kapa e tiileng, ho lebisitsoe boitšoarong ba ho ithatafatsa pelo ba batho ba khopo. . . . Motho ea ikemiselitseng ho tsamaea ka litsela tsa hae tse mpe, ea ithatafatsang pelo, ea sa ikemisetsang ho mamela taeo e bohlale le ea sa e tsotelleng, o tseleng e eang tšenyehong.”
Solomone o tsoela pele ho re: “E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo, empa ea hlokang kelello o tla hasanya booatla hohle.” (Liproverbia 13:16) Motho enoa ea masene hase motho ea bolotsana. Mona masene a tsamaisana le tsebo ’me a amahanngoa le motho ea nang le kahlolo e molemo, ea nahanang hantle pele a etsa lintho. Ha motho ea masene a nyatsoa ka leeme haesita le ho rohakoa, o thiba molomo oa hae. O rapela Molimo hore a mo thuse ho bontša litholoana tsa moea o halalelang e le hore a se ke a halefa ka ho feteletseng. (Bagalata 5:22, 23) Motho ea masene ha a itumelle hore motho e mong a mo laole kapa hore boemo bo itseng bo mo laole. Ho fapana le moo, o lula a khutsitse ’me o qoba lintoa tseo hangata motho ea potlakelang ho loloma ke bohale ha a khopisitsoe a atisang ho iphumana a oetse ho tsona.
Motho ea masene o boetse o sebetsa ka tsebo ha a etsa liqeto. Oa tseba hore liketso tse bohlale ha li etsoe ka ho phopholetsa, motho a nkehile maikutlo kapa hobane feela a latela bongata. Kahoo, o nka nako hore a batlisise boemo boo a leng ho bona. O hlahloba lintlha tsohle tse amehang ebe o nahana ka menyetla eo a nang le eona. Ka mor’a moo o batlisisa ka Mangolong ebe o etsa qeto ea hore na ke melao efe ea Bibele kapa melao-motheo e sebetsang boemong ba hae. Tsela Liproverbia 3:5, 6.
ea motho ea joalo e lula e otlolohile.—“Moromuoa ea Tšepahalang ke Pholiso”
Re le Lipaki Tsa Jehova, re tšepetsoe ho phatlalatsa molaetsa oo re o filoeng ke Molimo. Mantsoe a maele a latelang a re thusa ho lula re tšepahala ha re phetha mosebetsi oa rōna. A re: “Lenģosa le khopo le tla oela bobeng, empa moromuoa ea tšepahalang ke pholiso.”—Liproverbia 13:17.
Mona ho hatisoa litšobotsi tsa lenģosa. Ho thoe’ng haeba ka lonya motho ea tlisitseng molaetsa a o sotha kapa a o fetola? Na a ke ke a ahloloa habohloko? Nahana ka mohlanka oa moprofeta Elisha ea bitsoang Gehazi, eo ka meharo a ileng a isa molaetsa oa bohata ho molaoli oa sesole oa Mosyria, e leng Naamane. Lepera le neng le phekotsoe Naamane le ile la tšoara eena. (2 Marena 5:20-27) Ho thoe’ng haeba lenģosa le se le sa tšepahale ’me le emisa ka ho feletseng ho bolela molaetsa? Bibele e re: “[Haeba] u sa bue ho lemosa ea khopo tseleng ea hae, joaloka ea khopo o tla shoa ka lebaka la phoso ea hae, empa mali a hae [’na Jehova] ke tla a batla letsohong la hao.”—Ezekiele 33:8.
Ka lehlakoreng le leng, lenģosa le tšepahalang ke pholiso ho lona ka bolona le ho ba le mamelang. Pauluse o ile a khothatsa Timothea ka ho re: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16) Nahana ka pholiso e finyelloang ke ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ka botšepehi. E susumetsa batho ba pelo li lokileng ’me e ba lebisa ’neteng e ba lokollang. (Johanne 8:32) Esita le haeba batho ba hana ho mamela molaetsa oo, lenģosa le tšepahalang ‘ka sebele le tla lopolla moea oa lona.’ (Ezekiele 33:9) E se eka re ke ke ra hlokomoloha ho phetha mosebetsi oa rōna oa ho bolela. (1 Bakorinthe 9:16) E se eka ka linako tsohle re ka ba hlokolosi hore re “bolele lentsoe,” le ka mohla re se le bebofatse kapa ra le natefisa moo re batlang hore le se khopise batho.—2 Timothea 4:2.
‘Ea Bolokang Khalemelo oa Tlotlisoa’
Na motho ea masene o lokela ho halefa ka lebaka la keletso leha e le efe e molemo eo a e fumanang? Liproverbia 13:18 e re: “Ea hlokomolohang taeo o oela bofutsaneng le ho se hlompheheng, empa ea bolokang khalemelo ke eena ea tlotlisoang.” Ke hantle ha re amohela esita le khalemelo eo re sa e kōpang. Keletso e utloahalang e ka ’na ea e-ba molemo haholo nakong eo re sa hlokomeleng hore rea e hloka. Ho mamela keletso e joalo ho ka re ntša mahlomoleng ’me ha re thusa ho qoba tlokotsi. Ho e hlokomoloha ho tla etsa hore re se hlomphuoe.
Rea matlafala ha re babatsoa ka tšoanelo ’me ka sebele sena sea re khothatsa. Empa re boetse re hloka ho lebella khalemelo le ho e amohela. Nahana ka mangolo a mabeli ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Timothea. Le hoja a ile a mo babatsa ka lebaka la botšepehi ba hae, mangolo ao a na le keletso e ngata e neng e lebisitsoe ho Timothea. Ka bolokolohi, Pauluse o ile a eletsa mohlankana eo hore a be le tumelo le letsoalo le letle, hore na a sebetsane le ba bang joang ka phuthehong, hore na a eketse boinehelo ba bomolimo le ho khotsofala joang, hore na a laee ba bang joang, le ho mo eletsa hore a loantše bokoenehi le ho phetha tšebeletso ea hae. Litho tse nyenyane tsa phutheho li lokela ho batla le ho amohela keletso ea litho tse nang le phihlelo e khōloanyane.
‘Tsamaea le Batho ba Bohlale’
Morena ea bohlale o re: “Takatso ha e phethahala e khahlisa moea; empa ho furalla bobe ke ntho e manyala ho ba hlokang kelello.” (Liproverbia 13:19) Mabapi le se boleloang ke maele ana, buka e ’ngoe e re: “Ha pakane e finyelletsoe kapa e phethiloe, motho o tlala maikutlo a ho khotsofala . . . Kaha ke phihlelo e monate hore motho a finyelle sepheo sa hae, ka hona e tlameha ebe ho tlohela bobe ke ntho e manyala ho maoatla. Litakatso tsa ’ona li ka finyelloa feela ka mekhoa e mebe, ’me haeba a ne a ka tlohela bobe, a ne a ke ke a e-ba le thabo hobane a ne a ke ke a hlola a phetha litakatso tsa ’ona.” Ho bohlokoa hakaakang hore re hlaolele litakatso tse ntle!
Batho bao re tloaelaneng le bona ba ama menahano ea rōna, lintho tseo re li ratang le lintho tseo re sa li rateng ka tsela e matla hakaakang! Solomone o bua ka ’nete e ke keng ea fetoha ha a re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Ruri taba ea hore na re tloaelane le bo-mang, esita le haeba ke ka boithabiso, ka Inthanete le ka seo re se balang, e ama seo re leng sona le seo re tla ba sona. Ho bohlokoa hakaakang hore re khethe metsoalle ea rōna ka bohlale!
‘Siea Lefa’
Morena oa Iseraele o re: “Baetsalibe ke bona bao tlokotsi e ba phehellang, empa ba lokileng ke bona ba putsoang ke se molemo.” (Liproverbia 13:21) Ho phehella ho loka hoa putsa, kaha Jehova o tsotella ba lokileng. (Pesaleme ea 37:25) Empa re tlameha ho elelloa hore bohle re “hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Na ho na le ntho leha e le efe eo re ka e etsang ho lokisetsa liketsahalo tse sa lebelloang?
Solomone o re: “Ea molemo o tla siela bara ba bara lefa.” (Liproverbia 13:22a) Batsoali ba ka siela bana ba bona lefa le molemo hakaakang ha ba ba thusa ho rua tsebo ka Jehova le ho hlaolela kamano e ntle le eena! Empa haeba ho khoneha, na e ke ke ea e-ba ho bontša masene ho etsa litokisetso tsa ho hlokomela lelapa ka lintho tse bonahalang ho nahanetsoe maemo a haeba motsoali a ka hlokahala ka tšohanyetso? Libakeng tse ngata, lihlooho tsa malapa li ka ’na tsa khona ho etsa tokisetso ea inshorense, tsa etsa lengolo la molao la kabo ea lefa le ho boloka chelete e itseng e tla sebelisoa ka moso.
Ho ka thoe’ng ka lefa la ba khopo? Solomone o tsoela pele tjena: “Leruo la moetsalibe ke ntho e bolokeloang ea lokileng.” (Liproverbia 13:22b) Ho phaella melemong ea hona joale, sena e tla ba ’nete ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho bōpa “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Ba khopo ba tla be ba felisitsoe ’me “ba bonolo ba tla rua lefatše.”—Pesaleme ea 37:11.
Motho ea masene o sebelisa tsebo esita leha a e-na le lintho tse fokolang haholo. Liproverbia 13:23 e re: “Mobu o lenngoeng oa batho ba nang le ho honyenyane o beha lijo tse ngata, empa ho na le ea hoholehang ka lebaka la ho haelloa ke kahlolo.” Se senyenyane haholo seo motho a nang le sona se atisoa ke ho sebetsa ka thata le tlhohonolofatso ea Molimo. Empa, ha ho se na toka, kahlolo e eang ka leeme e ka felisa leruo la motho.
‘Mo Batle ka Taeo’
Batho ba sa phethahalang ba hloka taeo, ’me ba e hloka ho tloha bongoaneng ho ea pele. Morena oa Iseraele o re: “Ea sa sebeliseng thupa o hloile mora oa hae, empa ea mo ratang o mo batla ka taeo.”—Liproverbia 13:24.
Thupa ke letšoao la ho ba le matla. Ho Liproverbia 13:24, ho buuoa ka matla a botsoali. Tabeng ena, ho sebelisa thupa ea khalemelo hase kamehla ho bolelang ho shapa ngoana. Ho fapana le moo, ho emela mekhoa ea ho khalemela, ho sa tsotellehe hore na ke ea mofuta ofe. Ka linako tse ling, ho khalemela ngoana ka mosa e ka ’na ea e-ba ho lekaneng hore ho lokisoe boitšoaro bo sa lokelang. Ngoana e mong a ka ’na a hloka khalemelo e matla ho feta eo. Liproverbia 17:10 e re: “Khalemelo e matla e sebetsa ka ho tebileng ho ea nang le kutloisiso ho feta ho otla ea hlokang kelello ka makhetlo a lekholo.”
Kamehla khalemelo ea botsoali e lokela ho fanoa ka lerato le ka bohlale e le hore bana ba ka rua molemo. Motsoali ea lerato ha a iphapanyetse liphoso tsa ngoana oa hae. Ho fapana le moo, oa li batla e le hore li ka hlaoloa pele li mela ka metso. Ke ’nete hore motsoali ea lerato o ela hloko keletso ea Pauluse e reng: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.
Ho thoe’ng haeba motsoali a lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me a sa fane ka khalemelo e hlokahalang? Na hamorao motsoali ea joalo o tla lebohuoa ka lebaka la hore o lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Le khale! (Liproverbia 29:21) Bibele e re: “Moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Haeba motsoali a ithiba hore a se sebelise matla a hae a botsoali, seo se bontša ho se tsotelle kapa ho haelloa ke lerato. Leha ho le joalo, ho sebelisa matla ka tsela e bonolo le e tiileng, ho bontša kameho e lerato.
Motho ea masene kapa ea lokileng ea sebetsang ka tsebo ea ’nete o tla hlohonolofatsoa. Solomone o re tiisetsa ho re: “Ea lokileng o ja ho fihlela moea oa hae o khotsofetse, empa limpa tsa ba khopo li tla lapa.” (Liproverbia 13:25) Likarolong tsohle tsa bophelo, Jehova oa tseba hore na ke ntho efe e molemong oa rōna—litabeng tsa malapa a rōna, likamanong tsa rōna le ba bang, tšebeletsong ea rōna, kapa ha re fuoa taeo. ’Me haeba ka bohlale re sebelisa keletso e fumanoang Lentsoeng la hae, ha ho tikatiko hore re tla phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 3 Bona tokollo ea Molula-Qhooa oa September 15, 2003, leqepheng la 21-5 moo ho tšohloang Liproverbia 13:1-14.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ha motho ea masene a nyatsoa ka leeme, o thiba molomo oa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
’Moleli ea tšepahalang oa ’Muso o etsa ho hongata ho molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Le hoja ho babatsoa e le ho khothatsang, re tlameha ho amohela khalemelo
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Motsoali ea lerato ha a iphapanyetse liphoso tsa ngoana oa hae