E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
“Veine ke mosomi, joala bo tahang bo morusu, ’me e mong le e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.”—LIPROVERBIA 20:1.
1. Mopesaleme o ile a hlalosa kananelo ea hae joang ka tse ling tsa limpho tse molemo tse tsoang ho Jehova?
MORUTUOA JAKOBO o ile a ngola sena: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” (Jakobo 1:17) A susumelitsoe ke ho ananela limpho tse ngata tse molemo tsa Molimo, mopesaleme o ile a bina tjena: “O melisa joang bo botala bakeng sa liphoofolo, le limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho, ho etsa hore lijo li hlahe lefatšeng, le veine e thabisang pelo ea motho ea shoang, ho khantša sefahleho ka oli, le bohobe bo matlafatsang pelo ea motho ea shoang.” (Pesaleme ea 104:14, 15) Feela joaloka limela, bohobe le oli, veine le lino tse ling tse tahang ke limpho tse molemo tse tsoang ho Molimo. Re lokela ho li sebelisa joang?
2. Re tla hlahloba lipotso life mabapi le tšebeliso ea lino tse tahang?
2 Mpho e ntle e na le molemo hafeela e sebelisoa ka nepo. Ka mohlala, mahe a linotši a “monate,” empa “ho ja mahe a linotši a mangata haholo hase ntho e ntle.” (Liproverbia 24:13; 25:27) Le hoja e le ntho e lumellehang ho noa “veine e nyenyane,” tšebeliso e mpe ea lino tse tahang ke bothata bo tebileng. (1 Timothea 5:23) Bibele ea lemosa: “Veine ke mosomi, joala bo tahang bo morusu, ’me e mong le e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.” (Liproverbia 20:1) Leha ho le joalo, ho khelosoa ke lino tse tahang ho bolela’ng? * Ha motho a noele haholo ke ha a noele hakae? Pono e loketseng ke efe tabeng ee?
Lino Tse Tahang li ka ‘Khelosa’ Motho Joang?
3, 4. (a) Ke’ng se bontšang hore Bibele e nyatsa ho noa ho fihlela motho a tahoa? (b) Matšoao a mang a botahoa ke afe?
3 Israele ea boholo-holo, mora eo e neng e le monyollo ebile e le letahoa le sa bakeng o ne a lokela hore a tlepetsoe ka majoe ho fihlela a e-shoa. (Deuteronoma 21:18-21) Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ka ho re: “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.” Ho hlakile hore Mangolo a nyatsa hore motho a noe ho fihlela a tahoa.—1 Bakorinthe 5:11; 6:9, 10.
4 Ha e hlalosa matšoao a botahoa, Bibele e re: “U se ke ua talima veine ha e hlahisa ’mala o mofubelu, ha e phophoma ka senoelong, ha e theohela ka mokhoa o thellang. Qetellong ea eona e loma feela joaloka noha, ’me e ntša chefo feela joaloka marabe. Mahlo a hao a tla bona lintho tse sa tloaelehang, ’me pelo ea hao e tla bua lintho tse khelohileng.” (Liproverbia 23:31-33) Ho noa ka ho feteletseng ho loma joaloka noha e chefo, ho etsa hore motho a kule, a ferekane kelellong esita le hore a se lemohe se etsahalang. Letahoa le ka ’na la bona “lintho tse sa tloaelehang” ka hore le bone lipono tseo e seng tsa sebele kapa litoro. Hape le ka ’na la hlōleha ho ithiba hore le se ke la bua lintho tse bontšang menahano le litakatso tse khelohileng tseo ka tloaelo motho a khonang ho li thibela.
5. Ho noa ho feta tekano ho kotsi ka tsela efe?
5 Ho thoe’ng haeba motho a noa empa a le hlokolosi hore a se ke a noa ho fihlela a bonahala hore o tahiloe? Batho ba bang ha ba bonahale hakaalo hore ba tahiloe esita le ka mor’a hore ba noe haholo. Leha ho le joalo, ho nahana hore tloaelo e joalo ha e na kotsi ehlile ke ho ithetsa. (Jeremia 17:9) Hanyane ka hanyane, butle-butle, motho a ka iphumana a se a itšetlehile ka lino tse tahang ebe o fetoha ‘lekhoba la veine e ngata.’ (Tite 2:3) Ha a bua ka bohato ba ho fetoha lekhoba la tahi, mongoli Caroline Knapp o re: “Ho fetoha lekhoba la tahi ho etsahala butle, hanyane ka hanyane, ka mokhoa o poteletseng le o sa bonahaleng hantle.” Ho noa ho feta tekano ke leraba le bolaeang.
6. Ke hobane’ng ha motho a lokela ho qoba ho noa le ho ja ho feta tekano?
6 Hape nahana ka temoso ea Jesu: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle.” (Luka 21:34, 35) Ha ho hlokahale hore motho ea noang a be a tahoe pele a qala ho otsela le ho ba botsoa—nameng le moeeng. Ho thoe’ng haeba letsatsi la Jehova le mo fumana a le boemong boo?
Moo Tšebeliso e Mpe ea Lino Tse Tahang e ka Lebisang Teng
7. Ke hobane’ng ha ho sebelisa lino tse tahang hampe ho sa lumellane le taelo e boletsoeng ho 2 Bakorinthe 7:1?
7 Ho sebelisa lino tse tahang ka ho se lekanyetse ho ka lebisa likotsing tse ngata—tsa nama hammoho le tsa moea. Maloetse a mang a bakoang ke tšebeliso e mpe ea lino tse tahang ke lefu la ho thatafala ha sebete, ho ruruha ha sebete le mafu a amanang le methapo a kang lesasa. Ho sebelisa lino tse tahang hampe ka nako e telele ho ka boetse ha baka mofetše, lefu la tsoekere le mafu a mang a pelo le a ka maleng. Ho totobetse hore ho sebelisa lino tse tahang hampe ha ho lumellane le taelo ena ea Mangolo: “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.”—2 Bakorinthe 7:1.
8. Ho ea ka Liproverbia 23:20, 21, ho sebelisa lino tse tahang hampe ho ka fella ka eng?
8 Ho sebelisa lino tse tahang hampe ho ka boetse ha etsa hore motho a hafake chelete, a be a felloe ke mosebetsi. Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ile a lemosa tjena: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka bonyollo.” Hobane’ng? O ile a hlalosa: “Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha, ’me ho otsela ho tla apesa motho maharasoa.”—Liproverbia 23:20, 21.
9. Ke hobane’ng ha e le bohlale hore u se ke ua noa lino tse tahang haeba u tla be u khanna koloi?
9 Ha e bontša kotsi e ’ngoe hape, The Encyclopedia of Alcoholism e re: “Liphuputso li bontšitse hore tahi e fokotsa bokhoni ba motho ba ho khanna, seo se akarelletsa ho nka bohato ka nako e loketseng, tšebelisano ea kelello le ’mele, ho falimeha, ho bona se etsahalang le ho sebelisa kahlolo e molemo.” Liphello tsa ho khanna motho a noele li kotsi haholo. United States feela, selemo le selemo batho ba likete tse mashome baa shoa ’me ba likete tse makholo baa lemala ka lebaka la likotsi tsa mebileng tse amanang le tahi. Bacha ke bona haholo-holo ba kotsing, kaha ba batla ba se na phihlelo ea ho khanna le ea ho noa. Na motho leha e le ofe a ka khanna koloi ka mor’a hore a noe ebe ka nako e tšoanang o bolela hore o hlompha bophelo joaloka mpho e tsoang ho Jehova Molimo? (Pesaleme ea 36:9) Kaha bophelo boa halalela, ho molemo hore ho hang motho a se ke a noa lino tse tahang haeba a lokela ho khanna.
10. Tahi e ka ama kelello ea rōna joang, hona ke hobane’ng ha seo se le kotsi?
10 Ho noa ka ho se lekanyetse ha ho utloise batho bohloko nameng feela empa hape le moeeng. Bibele e re: “Veine le veine e monate li tlosa tšusumetso e ntle.” (Hosea 4:11) Tahi e ama kelello. Buka e ’ngoe ea Mokhatlo oa Sechaba oa United States o Mabapi le Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi ea hlalosa: “Ha motho a e-noa, tahi e monyela maling ka tšebetso ea tšilo ea lijo ’me e fihla bokong kapele. E qala ho khina tšebetso ea likarolo tsa boko tse laolang monahano le maikutlo. Motho o utloa ho se letho le mo thibang, a lokolohile.” Ha re le boemong boo, re ka ‘kheloha’ habonolo, ra itšoara ka tsela e sa amoheleheng ’me ra pepesetsoa meleko e mengata.—Liproverbia 20:1.
11, 12. Ho ka ba le kotsi efe ea moea haeba motho a sa lekanyetse tšebeliso ea lino tse tahang?
11 Ho feta moo, Bibele ea laela: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.” (1 Bakorinthe 10:31) Na le ka mohla ho noa lino tse tahang tse ngata ho tlisetsa Molimo thoriso? Ka sebele Mokreste o tla batla ho qoba hore a tume ka ho noa haholo. Botumo bo joalo bo ne bo tla tlisa thohako lebitsong la Jehova, eseng thoriso.
12 Ho thoe’ng haeba ho noa ha Mokreste ka ho se lekanyetse ho khopisa molumeli-’moho le eena, mohlomong morutuoa e mocha? (Baroma 14:21) Jesu o ile a lemosa tjena: “Mang kapa mang ea khopisang e mong oa ba banyenyane bana ba behang tumelo ho ’na, ho molemo haholo ho eena hore leloala le kang le sothoang ke esele le leketlisoe molaleng oa hae ’me a tebisoe leoatleng le pharaletseng, le bulehileng.” (Matheu 18:6) Ho noa ho feta tekano ho ka boetse ha fella ka hore motho a lahleheloe ke litokelo ka phuthehong. (1 Timothea 3:1-3, 8) Phello e ’ngoe e mpe ea ho noa ho feta tekano ke likhohlano tse ka bang teng ka lapeng.
Qoba Likotsi—Joang?
13. Taba ea bohlokoa ke efe mabapi le ho qoba ho sebelisa lino tse tahang hampe?
13 Tsela ea ho qoba likotsi tsa ho sebelisa lino tse tahang hampe ke hore motho a tsebe moo phapang e leng teng, eseng phapang pakeng tsa ho noa ho feta tekano le botahoa, empa phapang pakeng tsa ho lekanyetsa le ho noa ho feta tekano. Ke mang ea lokelang ho u sehela moeli oo? Kaha ho ameha mabaka a mangata tabeng ena, ho ke ke ha e-ba le molao o thata-thata mabapi le hore na lino tse tahang li ngata haholo ha li le kae. Motho ka mong o lokela ho tseba moeli oa hae ’me a felle ho oona. Ke’ng e tla u thusa ho etsa qeto ea hore na ho uena lino tse ngata haholo ke tse kae? Na ho na le molao-motheo o ka sebelisoang ho re tataisa?
14. Ke molao-motheo ofe o tla u thusa hore u tsebe phapang pakeng tsa ho lekanyetsa le ho noa ho feta tekano?
14 Bibele e re: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana, ’me e tla ba bophelo moeeng oa hao le mokhabiso molaleng oa hao.” (Liproverbia 3:21, 22) Kahoo, molao-motheo o tataisang oo re ka o latelang ke ona: Tekanyo leha e le efe ea lino tse tahang e u sitisang ho ba le kahlolo e molemo e bileng e thotofatsang matla a hao a ho nahana e ngata haholo bakeng sa hao. Empa u se ke ua ithetsa tabeng ea ho hlokomela hore na moeli o u loketseng ke ofe!
15. Ke neng e ka bang bohlale ho qoba ho noa esita le hanyenyane feela?
15 Maemong a mang, e ka ba bohlale ho qoba ho noa esita le hanyenyane feela. Ka lebaka la kotsi e ka hlahelang lesea le ka pōpelong, mosali oa moimana a ka khetha ho se noe ho hang. Haeba motho ea kileng a ba le bothata ba bokhoba ba tahi a le teng kapa motho eo ka lebaka la letsoalo a sa kopantšaneng le ho noa a le teng, na e ne e ke ke ea e-ba ho bontša mosa ho qoba ho noa? Jehova o ile a laela ba neng ba phetha mesebetsi ea boprista tabernakeleng tjena: ‘Le se ke la noa veine kapa joala bo tahang . . . ha le kena ka tenteng ea pokano, hore le se ke la shoa.’ (Levitike 10:8, 9) Ka hona, qoba ho noa lino tse tahang pele u tla libokeng tsa Bokreste, ha u kopanela tšebeletsong le ha u hlokomela mesebetsi e meng ea moea. Ho phaella moo, linaheng tseo ho tsona ho noa lino tse tahang ho thibetsoeng kapa ho lumeletsoeng ho ba ka holimo ho lilemo tse itseng feela, melao ea naha e lokela ho hlomphuoa ka ho loketseng.—Baroma 13:1.
16. U ka etsa qeto joang ka seo u lokelang ho se etsa ha ho behoa seno se tahang ka pel’a hao?
16 Ha u fuoa seno se tahang kapa se behoa ka pel’a hao, potso ea pele eo u lokelang ho ipotsa eona ke hore: ‘Na hoa hlokahala hore ke noe?’ Haeba u etsa qeto ea ho noa, u lokela hore Liproverbia 22:6.
u hlakeloe hantle ke moeli oo u ipehetseng oona, ’me u se ke ua o tlōla. Se ke ua lumella motho ea seatla se bulehileng eo u mo etetseng hore a u susumetse. Hape e-ba hlokolosi meketeng eo ho eona ho fanoang ka lino ka bolokolohi, e kang ea machato. Libakeng tse ngata, bana ba lumeletsoe ka molao hore ba ka noa lino tse tahang. Ke boikarabelo ba batsoali ho laea bana ba bona mabapi le tšebeliso ea lino tse tahang le ho beha liketso tsa bona leihlo tabeng eo.—U ka Sebetsana le Bothata Boo
17. Ke’ng se ka u thusang ho lemoha hore na u na le bothata ba tšebeliso e mpe ea lino tse tahang?
17 Na u na le bothata ba ho sebelisa veine hampe le joala bo tahang? U se ke ua ithetsa, haeba tšebeliso e mpe ea lino tse tahang e fetoha sebe seo u se etsang lekunutung, qetellong se tla u hlahisa kotsi. Kahoo, itlhahlobisise ka botšepehi. Ipotse lipotso tsa ho itlhahloba ka ho teba tse kang: ‘Na ke se ke e-noa hangata ho feta pele? Na ke se ke e-noa lino tse nang le tahi e ngata ho feta pele? Na ke noa lino tse tahang ho itebatsa litsietsi kapa mathata? Na setho se seng sa lelapa kapa motsoalle o bontšitse ho tšoenyeha ka mokhoa oo ke noang ka oona? Na ho noa ha ka ho bakile mathata ka lelapeng la ka? Na ke thatafalloa ke ho lula ke sa noe ka nako e etsang beke, khoeli kapa likhoeli tse ngata? Na ke patela ba bang hore na ke noa veine kapa joala bo bokae?’ Ho thoe’ng haeba karabo ea hao e le e, ho tse ling tsa lipotso tsee? U se ke ua tšoana le motho ea ‘talimang sefahleho sa hae sa tlhaho ka seiponeng ’me kapele-pele a lebala hore na ke motho oa mofuta ofe.’ (Jakobo 1:22-24) Nka mehato ea hore u lokise bothata. U ka etsa’ng?
18, 19. U ka khaotsa ho sebelisa lino tse tahang ka ho se lekanyetse joang?
18 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste: “Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama, empa le ’ne le tlale moea.” (Baefese 5:18) Iketsetse qeto ea hore na ke tekanyo e kae ea lino e leng ngata haholo bakeng sa hao, ’me u ipehele meeli e loketseng. Ikemisetse ka tieo hore u se ke ua tlōla meeli eo; sebelisa boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Na u na le metsoalle e u qobellang hore u noe ho feta tekano? Itebele. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.
19 Haeba u sebelisa lino tse tahang hore u balehele bothata bo itseng, tobana le bothata boo ka botšepehi. U ka sebetsana le mathata ka ho sebelisa keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo. (Pesaleme ea 119:105) Se ke ua tsilatsila ho batla thuso ho moholo oa Mokreste eo u mo tšepang. Sebelisa hamolemo litokisetso tsa Jehova tsa hore u ikahe moeeng. Matlafatsa kamano ea hao le Molimo. Mo rapele kamehla—haholo-holo mabapi le mefokolo ea hao. Kōpa Molimo ka tieo hore a ‘hloekise liphio tsa hao le pelo ea hao.’ (Pesaleme ea 26:2) Joalokaha ho tšohliloe sehloohong se fetileng, etsa sohle se matleng a hao hore u tsamaee tseleng ea botšepehi.
20. Ho ka ’na ha hlokahala hore u nke mehato efe hore u sebetsane le bothata bo tsoelang pele ba ho noa ho feta tekano?
20 Ho thoe’ng haeba bothata ba ho noa ho feta tekano bo ntse bo tsoela pele ho sa tsotellehe boiteko ba hao? Joale u lokela ho latela keletso ea Jesu e reng: “Haeba letsoho la hao le etsa hore u khoptjoe, u le khaole; ho molemo hore Mareka 9:43) Karabo ke hore: Ho hang u se ke ua noa. Ke seo mosali e mong eo re tla mo bitsa Irene a ileng a etsa qeto ea ho se etsa. O re: “Ka mor’a ho qeta lilemo tse ka bang peli le halofo ke sa noe lino tse tahang, ke ile ka qala ho nahana hore mohlomong ho noa hanyenyane feela ho ke ke ha e-ba le kotsi, ho bona feela hore na nka khona ho li laola. Empa hang feela ha ke nahana ka tsela eo, kapele-pele ke rapela Jehova ka taba eo. Ke ikemiselitse hore ke se ke ka noa lino tse tahang ho fihlela tsamaisong e ncha—haeba le teng ke tla li noa.” Ho qoba ho noa ka ho feletseng e ke ke ea e-ba tahlehelo e khōlō ha ho bapisoa le bophelo lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka.—2 Petrose 3:13.
u kene bophelong u qhoalile ho e-na le hore u kene Gehena, mollong o ke keng oa tingoa, u e-na le matsoho a mabeli.” (‘Matha ka Tsela eo U ka o Fumanang’
21, 22. Ke bothata bofe bo ka re sitisang ho fihla khoeleng peisong ea bophelo, hona re ka bo qoba joang?
21 Ha a tšoantša tsela ea bophelo ea Mokreste le peiso, kapa tlhōlisano, moapostola Pauluse o ile a re: “Na ha le tsebe hore limathi peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso? Mathang ka tsela eo le ka o fumanang. Ho feta moo, monna e mong le e mong ea nkang karolo tlhōlisanong o sebelisa boitšoaro linthong tsohle. Joale, ka ho hlakileng, bona ba ho etsa e le hore ba ka fumana moqhaka o ka bolang, empa rōna e le hore re ka fumana o ke keng oa bola. Ka hona, tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea; empa ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.”—1 Bakorinthe 9:24-27.
22 Moputso o fuoa feela ba atlehang ho phetha peiso. Peisong ea bophelo, tšebeliso e mpe ea lino tse tahang e ka re sitisa ho fihla khoeleng. Re tlameha ho sebelisa boitšoaro. Hore re mathe ka ho nepisisa, ho hlokahala hore re se ‘fetelle ka veine.’ (1 Petrose 4:3) Ho fapana le moo, ho hlokahala hore re sebelise boitšoaro linthong tsohle. Mabapi le lino tse tahang, re tla be re etsa lintho ka bohlale haeba re “hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo.”—Tite 2:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Kamoo ho buuoeng ka tsona sehloohong sena, “lino tse tahang” ke biri, veine le joala bo bong bo thata.
Na U sa Hopola?
• Tšebeliso e mpe ea lino tse tahang e bolela’ng?
• Ke kotsi efe e bakoang ke ho sebelisa lino tse tahang hampe?
• U ka qoba likotsi tsa tšebeliso e mpe ea lino tse tahang joang?
• Motho a ka sebetsana le bothata ba tšebeliso e mpe ea lino tse tahang joang?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Veine ‘e thabisa pelo ea motho ea shoang’
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Re lokela ho tseba moeli oa rōna ’me re felle ho oona
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Etsa qeto esale pele hore na moeli oa hao o fella kae
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Rapela Jehova kamehla mabapi le mefokolo ea hao
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ke boikarabelo ba batsoali ho laea bana ba bona mabapi le tšebeliso ea lino tse tahang