Kreste—Eo ho Builoeng ka Eena Haholo Boprofeteng
Kreste—Eo ho Builoeng ka Eena Haholo Boprofeteng
“Ho paka Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.”—TŠENOLO 19:10.
1, 2. (a) Ho qala ka 29 C.E., Iseraele e ile ea tobana le qeto efe? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong see?
SELEMO ke sa 29 C.E. Baahi ba Iseraele ba bua ka thahasello e khōlō mabapi le Mesia ea tšepisitsoeng. Tšebeletso ea Johanne Mokolobetsi e entse hore ba lebelle Mesia ka tjantjello e khōlō. (Luka 3:15) Johanne o bolela hore eena hase Kreste. Ho e-na le hoo, ha a bua ka Jesu oa Nazaretha, o re: “Ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.” (Johanne 1:20, 34) Kapele, bongata bo latela Jesu hore bo mamele thuto ea hae le hore a bo phekole.
2 Likhoeling tse latelang, Jehova o fana ka bopaki bo boholohali malebana le Mora oa hae. Ba ithutileng Mangolo le ba bonang mesebetsi ea Jesu ba na le motheo o tiileng oa ho lumela ho eena. Leha ho le joalo, ka kakaretso, batho ba Molimo ba selekane ba bontša ho hloka tumelo. Ke ba seng bakae ba lumelang hore Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo. (Johanne 6:60-69) U ka be u ile ua etsa’ng hoja u ne u phetse nakong eo? Na u ka be u ile ua susumelletseha ho amohela Jesu e le Mesia le ho ba molateli oa hae ea tšepahalang? Nahana ka bopaki bo mo tsebahatsang boo Jesu ka boeena a fanang ka bona ha a qosoa ka hore o tlōtse Sabatha, ’me u hlokomele lintlha tsa bopaki tse latelang tseo a fanang ka tsona e le hore a matlafatse tumelo ea barutuoa ba hae ba tšepahalang.
Jesu ka Boeena o Fana ka Bopaki
3. Ke maemo afe a ileng a susumetsa Jesu hore a fane ka bopaki ba hore na ke mang?
3 Ke nako ea Paseka ka 31 C.E. Jesu o Jerusalema. Johanne 5:1-9, 16-18) Boitšireletso boo Jesu a fanang ka bona bo hlahisa mabaka a mararo a matla a neng a tla kholisa Mojuda leha e le ofe ea pelo e tšepahalang hore na hantle-ntle Jesu ke mang.
O sa tsoa phekola monna ea kutseng ka lilemo tse 38. Leha ho le joalo, Bajuda ba hlorisa Jesu hobane a etsa sena ka Sabatha. Ba boetse ba mo qosa ka hore oa nyefola ’me ba batla ho mo bolaea hobane o re Molimo ke Ntat’ae. (4, 5. Morero oa tšebeletso ea Johanne e ne e le ofe, hona o ile a atleha hakae ho e phetha?
4 La pele, Jesu o fana ka bopaki ba selelekela sa hae, e leng Johanne Mokolobetsi, ’me o re: “Le rometse batho ho Johanne, ’me o paketse ’nete. Monna eo e ne e le lebone le tukang le le khanyang, ’me lōna ka nako e khutšoanyane le ne le rata ho thaba haholo leseling la hae.”—Johanne 5:33, 35.
5 Johanne Mokolobetsi e ne e le “lebone le tukang le le khanyang” ka kutloisiso ea hore pele Heroda ka ho hloka toka a mo koalla chankaneng, o ne a ile a phethahatsa thōmo ea hae e tsoang ho Molimo ea ho lokisetsa Mesia tsela. Johanne o ile a re: “Lebaka leo ke tlileng ke kolobetsa ka metsi ka lona e ne e le hore [Mesia] a ka bonahatsoa ho Iseraele. . . . Ke bone moea o theoha joaloka leeba o tsoa leholimong, ’me o lula holim’a hae. Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa Ea nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea o halalelang.’ Ke ho bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.” * (Johanne 1:26-37) Ka ho khetheha, Johanne o ile a tsebahatsa Jesu e le Mora oa Molimo—Mesia ea tšepisitsoeng. Bopaki ba Johanne bo ne bo hlakile hoo likhoeli tse ka bang robeli ka mor’a lefu hae, Bajuda ba bangata ba pelo li tšepahalang ba ileng ba re: “Lintho tse ngata tseo Johanne a ileng a li bua ka monna enoa kaofela e ne e le ’nete.”—Johanne 10:41, 42.
6. Ke hobane’ng ha mesebetsi ea Jesu e ne e lokela hore ebe e ile ea kholisa batho hore o ne a tšehelitsoe ke Molimo?
6 Ka mor’a moo Jesu o sebelisa mokhoa o mong oa ho beha mabaka ho tiisa bopaki ba hae ba hore ke Mesia. O bua ka mesebetsi ea hae e metle e le bopaki ba hore o tšehelitsoe ke Molimo. O re: “Ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne, etsoe mesebetsi eo Ntate a nkabetseng eona hore ke e phethe, mesebetsi eo ke e etsang, ea mpaka hore Ntate o nthomile.” (Johanne 5:36) Esita le lira tsa Jesu li ne li ke ke tsa hana bopaki bona, bo neng bo akarelletsa mehlolo e mengata. Hamorao ba bang baa botsa ba re: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo tse ngata?” (Johanne 11:47) Empa ba bang ba arabela hantle ba re: “Ha Kreste a fihla, a ke ke a etsa lipontšo tse ngata ho feta tseo monna enoa a li entseng, na ha ho joalo?” (Johanne 7:31) Bamameli ba Jesu ba ne ba le boemong bo botle ba ho lemoha litšobotsi tsa Ntate ho Mora.—Johanne 14:9.
7. Mangolo a Seheberu a paka Jesu joang?
7 Qetellong, Jesu o totobatsa bopaki bo bong bo ke keng ba hanyetsoa. O re: “Mangolo . . . ke ’ona a mpakang,” ’me o phaella ka ho re: “Hoja le ne le lumela Moshe le ne le tla ntumela, kaha o ile a ngola ka ’na.” (Johanne 5:39, 46) Ho hlakile hore Moshe e ne e mpa feela e le e mong oa lipaki tse ngata tsa pele ho Bokreste tse ileng tsa ngola ka Kreste. Lingoliloeng tsa tsona li akarelletsa boprofeta bo bongata-ngata le litlaleho tse qaqileng tsa maloko, tseo kaofela ha tsona li neng li lebisitse ho Mesia. (Luka 3:23-38; 24:44-46; Liketso 10:43) ’Me ho thoe’ng ka Molao oa Moshe? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste.” (Bagalata 3:24) Ka sebele, “ho paka Jesu ke hona ho bululelang [kapa, ke tšekamelo eohle, sepheo le morero oa] ho profeta.”—Tšenolo 19:10.
8. Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba sa ka ba beha tumelo ho Mesia?
8 Na bopaki boo kaofela—e leng bopaki bo hlakileng ba Johanne, mesebetsi e matla ea Jesu le litšobotsi tsa hae tsa bomolimo, le bopaki bo Johanne 5:42) Ho e-na le ho ‘batla thoriso e tsoang ho eo e leng eena feela Molimo,’ ba ne ba “rorisana.” Hase feela ba neng ba sa lumellane le Jesu hakana, eo joaloka Ntat’ae a neng a hloile monahano o joalo!—Johanne 5:43, 44; Liketso 12:21-23.
boholohali ba Mangolo—bo ne bo ke ke ba u kholisa hore Jesu e ne e le Mesia? Ho ne ho ka ba bonolo hore mang le mang ea neng a rata Molimo le Lentsoe la hae e le kannete a bone sena le ho bontša tumelo ho Jesu joaloka Mesia ea tšepisitsoeng. Leha ho le joalo, lerato le joalo le ne le le sieo Iseraele. Jesu o ile a re ho bahanyetsi ba hae: “Ke tseba hantle hore ha le na lerato la Molimo ka ho lōna.” (Ba Matlafalitsoe ke Pono ea Boprofeta
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha nako eo barutuoa ba Jesu ba ileng ba fuoa pontšo ka eona e ne e loketse? (b) Jesu o ile a etsetsa barutuoa ba hae tšepiso efe e hlollang?
9 Ho se ho fetile selemo ho tloha ha Jesu a fana ka bopaki bo boletsoeng ka holimo ba hore ke eena Mesia. Paseka ea selemo sa 32 C.E. e se e fetile. Ba bangata bao e neng e le balumeli ba khaolitse ho mo latela, mohlomong ka lebaka la mahloriso, lerato la lintho tse bonahalang kapa matšoenyeho a bophelo. Mohlomong ba bang ba ferekane kapa ba nyahamisitsoe ke ha Jesu a hana ha batho ba leka ho mo etsa morena. Ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba mo phephetsa, o ile a hana ho etsa pontšo ea ho itlotlisa e tsoang leholimong. (Matheu 12:38, 39) E ka ’na eaba ho hana ha hae ho tsielitse batho ba bang. Ho feta moo, Jesu o se a qalile ho senolela barutuoa ba hae ntho e itseng eo ba thatafalloang ke ho e utloisisa—ea hore “o tla ea Jerusalema le ho utloisoa bohloko linthong tse ngata ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli, le ho bolaoa.”—Matheu 16:21-23.
10 Likhoeling tse ka bang robong ho isa ho tse leshome, e ne e tla be e le nako “ea hore [Jesu] a tlohe lefatšeng lena ho ea ho Ntate.” (Johanne 13:1) A amehile ka botebo ka barutuoa ba hae ba tšepahalang, Jesu o tšepisa ba bang ba bona pontšo e tsoang leholimong, e leng eona ntho eo a hanneng ho e etsetsa Bajuda ba se nang tumelo. Jesu o re: “Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona Mor’a motho a tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:28) Ho hlakile hore Jesu ha a bolele hore ba bang ba barutuoa ba hae ba tla phela ho fihlela ha ’Muso oa Bomesia o thehoa ka 1914. Jesu o nahanne ka ho bontša barutuoa ba hae ba bararo ba haufi haholo le eena selelekela se hlollang sa khanya ea hae ha a se a busa ’Musong. Pono ena ea selelekela e bitsoa ho fetoha sebōpeho.
11. Ak’u hlalose pono ea ho fetoha sebōpeho.
11 Matsatsi a tšeletseng hamorao, Jesu o nka Petrose, Jakobo le Johanne ’me o nyolohela le bona thabeng e phahameng—mohlomong letsoapong la Thaba ea Hermone. Ha ba le moo, Jesu ‘o fetoha sebōpeho ka pel’a bona, ’me sefahleho sa hae se khanya joaloka letsatsi, le liaparo tsa hae tsa ka ntle li phatsima joaloka leseli.’ Joale ho hlaha moprofeta Moshe le moprofeta Elia, ’me ba buisana le Jesu. Mohlomong ketsahalo ena e sa tloaelehang e etsahala bosiu, e leng se etsang hore e bonahale ka ho hlakileng haholo. Ha e le hantle, ke ea sebele hoo Petrose a ithaopelang ho hloma litente tse tharo—ea Jesu, Matheu 17:1-6.
ea Moshe le ea Elia. Ha Petrose a ntse a bua, leru le khanyang lea ba koahela ’me ho tsoa lentsoe lerung le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.”—12, 13. Pono ea ho fetoha sebōpeho e bile le phello efe ho barutuoa ba Jesu, hona hobane’ng?
12 Ke ’nete hore Petrose o ne a sa tsoa paka hore Jesu ke “Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” (Matheu 16:16) Empa ak’u nahane feela Molimo ka boeena a fana ka bopaki ba hae, bo tiisang hore na Mora oa hae ea tlotsitsoeng ke mang le hore na o phetha karolo efe! Pono ea ho fetoha sebōpeho e matlafatsa tumelo ea Petrose, Jakobo le Johanne hakaakang! Ba matlafalitsoe haholo joalo tumelong, joale ke malala-a-laotsoe bakeng sa se larileng ka pele le bakeng sa karolo ea bohlokoa eo ba tla e phetha phuthehong ea ka moso.
13 Pono ea ho fetoha sebōpeho e ba sentebale ho barutuoa bao. Lilemo tse fetang 30 hamorao, Petrose oa ngola: “[Jesu] o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya, ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: ‘Enoa ke mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.’ E, re ile ra utloa mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.” (2 Petrose 1:17, 18) Johanne le eena o susumetsoa ke ketsahalo ena ka tsela e tšoanang. Lilemo tse fetang 60 hoba e etsahale, ho totobetse hore o bua ka eona ka mokhoa o sa tobang ha a re: ‘Re ile ra bona khanya ea hae, khanya e joaloka ea mora ea tsoetsoeng a ’notši ea tsoang ho ntate.’ (Johanne 1:14) Empa pono ea ho fetoha sebōpeho hase eona ea ho qetela eo Jesu a e fang balateli ba hae.
Leseli le Eketsehileng ho Batho ba Molimo ba Tšepahalang
14, 15. Ke ka tsela efe moapostola Johanne a neng a tla sala ho fihlela Jesu a e-tla?
14 Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o bonahala ho barutuoa ba hae haufi le Leoatle la Galilea. Ha a le moo o re ho Petrose: “Haeba ke thato ea ka hore [Johanne] a sale ho fihlela ke tla, hoo ho u ama ka eng?” (Johanne 21:1, 20-22, 24) Na mantsoe aa a bontša hore moapostola Johanne o ne a tla phela halelele ho feta baapostola ba bang? Ho bonahala joalo, hobane o sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ling tse ka bang 70. Leha ho le joalo, mantsoe a Jesu a bolela ho eketsehileng.
15 Polelo e reng “ho fihlela ke tla” e re hopotsa seo Jesu a ileng a se bua ha a ne a re “Mor’a motho [o] tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:28) Johanne o sala ho fihlela Jesu a e-tla ka kutloisiso ea hore hamorao Johanne o fuoa pono ea boprofeta ea ha Jesu a e-tla e le Morena oa ’Muso. Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, ha a ntse a le botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose, Johanne o amohela Tšenolo hammoho le lipontšo tsohle tsa eona tsa boprofeta tse hlollang tsa liketsahalo tse lokelang ho etsahala “letsatsing la Morena.” Lipono tsena tse hlollang li susumetsa Johanne ka matla hoo ha Jesu a re: “E; ke tla kapele,” Johanne a hooang a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”—Tšenolo 1:1, 10; 22:20.
16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re ntse re matlafatsa tumelo ea rōna?
16 Batho ba pelo li tšepahalang ba phelang lekholong la pele la lilemo ba amohela Jesu e le Mesia ba bile ba beha tumelo ho eena. Ka lebaka la ho hloka tumelo ha batho ba ba potolohileng, mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa, le ka lebaka la liteko tse larileng ka pele, bao e bang balumeli ba lokela ho matlafatsoa. Jesu o fane
ka bopaki bo lekaneng ba hore ke eena Mesia ebile o fane ka lipono tsa boprofeta tse fanang ka leseli hore balateli ba hae ba tšepahalang ba khothatsoe. Kajeno, re hare-hare “letsatsing la Morena.” Haufinyane, Kreste o tla timetsa tsamaiso eohle ea lintho e khopo ea Satane ’me a lopolle batho ba Molimo. Le rōna re lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna ka ho sebelisa ka botlalo litokisetso tsohle tseo Jehova a li entseng bakeng sa boiketlo ba rōna ba moea.Ho Sireletsoa Lefifing le Matšoenyehong
17, 18. Lekholong la pele la lilemo, ho ile ha e-ba le phapang efe e hlakileng pakeng tsa balateli ba Jesu le ba neng ba hanyetsa morero oa Molimo, hona liphello ebile life bakeng sa sehlopha ka seng?
17 Ka mor’a lefu la Jesu, ka sebete barutuoa ba mamela taelo ea hae ea ho paka ka eena “Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ho sa tsotellehe linako tsa mahloriso a sehlōhō, Jehova o hlohonolofatsa phutheho e sa tsoa thehoa ea Bokreste ka leseli la moea le ka barutuoa ba bangata ba bacha.—Liketso 2:47; 4:1-31; 8:1-8.
18 Ka lehlakoreng le leng, butle-butle litebello tsa ba hanyetsang litaba tse molemo li tsoela pele ho ba lerootho. Liproverbia 4:19 e re: “Tsela ea ba khopo e joaloka lefifi; ha baa ka ba tseba hore na ba ntse ba khoptjoa ke eng.” “Lefifi” lena lea eketseha ka 66 C.E. ha mabotho a Baroma a thibella Jerusalema. Ka mor’a ho ikhula ka nakoana ka lebaka le sa tsejoeng, Baroma baa khutla ka 70 C.E., khetlong lena e le ho tla etsa motse lesupi. Ho ea ka rahistori oa Mojuda Josephus, ho shoa Bajuda ba fetang milione. Empa Bakreste ba tšepahalang bona baa pholoha. Hobane’ng? Hobane ha mabotho a hlaselang a ikhula ka nakoana ka lekhetlo la pele, ba mamela taelo ea Jesu ea hore ba balehe.—Luka 21:20-22.
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba se na lebaka la ho tšoha ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e ntse e atamela bofelong? (b) Jehova o ile a fa batho ba hae temohisiso efe lilemo tse mashome pele ho 1914?
19 Le rōna re boemong bo tšoanang. Matšoenyeho a maholo a atamelang a tla bolela ho fela ha tsamaiso eohle e khopo ea Satane. Empa ha ho hlokahale hore batho ba Molimo ba tšohe, hobane Jesu o ile a tšepisa a re: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:20) E le hore a matlafatse tumelo ea barutuoa ba hae ba pele le ho ba hlomella bakeng sa se larileng ka pele, Jesu o ile a ba bontša selelekela sa khanya ea hae ea leholimo e le Morena oa Bomesia. Ho thoe’ng ka mehla ea kajeno? Ka 1914 selelekela seo se ile sa phethahala. Ka sebele ’nete ea hore hona joale o busa e le Morena oa Bomesia e ’nile ea matlafatsa tumelo ea batho ba Molimo haholo! E tšepisa bokamoso bo babatsehang, ’me bahlanka ba Jehova ba ’nile ba fuoa temohisiso e tsoelang pele ka ’Muso oo oa Bomesia. Lefatšeng la kajeno le ntseng le e-ba lefifing le leholo, “tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.”—Liproverbia 4:18.
20 Esita le pele ho 1914, sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsoeng se ile sa qala ho utloisisa linnete tsa bohlokoa mabapi le ho khutla ha Morena. Ka mohlala, se ile sa lemoha hore Morena o ne a tla khutla ka mokhoa o sa bonahaleng, joalokaha ho boletse mangeloi a mabeli a ileng a bonahala ka 33 C.E. ho barutuoa ha Jesu a ne a nyolohela leholimong. Ka mor’a hore leru le tlose Jesu mahlong a barutuoa Liketso 1:9-11.
bao, mangeloi ao a ile a re: “Jesu enoa ea amohetsoeng leholimong a tloha ho lōna o tla tla ka mokhoa o tšoanang le oo le boneng a e-ea leholimong ka oona.”—21. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
21 Ke balateli ba tšepahalang ba Jesu feela ba ileng ba mo bona ha a tloha. Ho tšoana le ponong ea ho fetoha sebōpeho, o ne a sa bonahale ho batho bohle; lefatše ka kakaretso le ne le bile le sa tsebe hore na ho etsahetse’ng. Ho tla etsahala se tšoanang ha Kreste a khutla e le Morena oa ’Muso. (Johanne 14:19) Ke barutuoa ba hae ba tšepahalang feela ba tla lemoha ho ba teng ha hae e le morena. Sehloohong se latelang, re tla bona kamoo temohisiso eo e neng e tla ba le liphello tse tebileng kateng ho bona, le ho fihla tlhōrōng ka ho bokelloa ha batho ba limilione bao e neng e tla ba bafo ba Jesu ba lefatšeng.—Tšenolo 7:9, 14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 5 Kamoo ho bonahalang kateng, ha Jesu a kolobetsoa, ke Johanne feela ea ileng a utloa lentsoe la Molimo. Bajuda bao Jesu a buang le bona ha baa ka ba ‘utloa lentsoe la [Molimo] ka nako leha e le efe kapa ba bona sebōpeho sa hae.’—Johanne 5:37.
Na U sa Hopola?
• Ha Jesu a ne a qosoa ka hore o tlōtse Sabatha le ka hore oa nyefola, o ile a fana ka bopaki bofe ho bontša hore e ne e le Mesia?
• Barutuoa ba pele ba Jesu ba ile ba rua molemo joang ponong ea ho fetoha sebōpeho?
• Jesu o ne a bolela’ng ha a re Johanne o ne a tla sala ho fihlela eena a e-tla?
• Ka 1914, ke pono efe e ileng ea phethahala?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Jesu o ile a fana ka bopaki ba hore e ne e le Mesia
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Pono ea ho fetoha sebōpeho e ne e matlafatsa tumelo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Johanne o ne a tla sala ho fihlela Jesu a ‘e-tla’