Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Samuele oa Bobeli
Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Samuele oa Bobeli
NA HO ela hloko bobusi ba Jehova ho hloka hore re mamele ka ho phethahetseng? Na ka linako tsohle motho ea tšepahalang o etsa se nepahetseng mahlong a Molimo? Ke motho oa mofuta ofe eo Molimo oa ’nete a mo nkang e le “ea ratoang ke pelo ea hae”? (1 Samuele 13:14) Buka ea Bibele ea Samuele oa Bobeli e fana ka likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsena.
Samuele oa Bobeli e ngotsoe ke Gade le Nathane, e leng baprofeta ba babeli ba neng ba le haufi-ufi le Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo. * Buka ena e phethiloeng hoo e ka bang ka 1040 B.C.E., ho elella qetellong ea puso ea lilemo tse 40 ea borena ba Davida, e bua haholo ka Davida le ka kamano ea hae le Jehova. Tlaleho ena e susumetsang e hlalosa tsela eo ka eona sechaba se ruthuthiloeng ke ntoa se ileng sa fetoha ’muso o kopaneng o busoang ke morena oa mohlabani. Pale ena e monate e tletse maikutlo a batho a hlalositsoeng ka mantsoe a matla.
DAVIDA O “BA MOHOLO HAHOLO”
Tsela eo Davida a itšoarang ka eona ha a utloa litaba tsa lefu la Saule le la Jonathane e bontša boikutlo ba hae ka bona le ka Jehova. Ha a le Hebrone, Davida o khetheloa ho ba morena oa leloko la Juda. Mora oa Saule, e leng Ish-boshethe o etsoa morena oa Iseraele eohle. Davida o tsoela pele ho “ba moholo haholo,” ’me lilemo tse supileng le halofo hamorao o etsoa morena oa Iseraele eohle.—2 Samuele 5:10.
Davida o hapa Jerusalema matsohong a Bajebuse ’me o e etsa motse-moholo oa ’muso oa hae. Boiteko ba hae ba pele ba ho isa areka ea selekane Jerusalema bo fella ka tlokotsi. Leha ho le joalo, boiteko ba bobeli boa atleha, ’me Davida o tantša ke thabo. Jehova o etsa selekane le Davida bakeng sa ’muso. Davida o hlōla lira tsa hae kaha Molimo o tsoela pele ho ba le eena.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:18—Ke hobane’ng ha ho thoe Joabe le baena ba hae ba babeli ke bara ba bararo ba Tseruja, e leng ’m’a bona? Ka Mangolong a Seheberu, hangata meloko e ne e bitsoa ka ntate. E ka ’na eaba monna oa Tseruja o ile a shoa kapele kapa mohlomong o ile a nkoa a sa tšoanelehele ho kenngoa Tlalehong e Halalelang. Ho ka etsahala hore Tseruja o ile a thathamisoa hobane e ne e le khaitseli ea Davida kapa khaitseli ea hae ka motsoali a le mong. (1 Likronike 2:15, 16) Moo lebitso la ntat’a bona le hlahang teng feela ke moo le amanang le sebaka sa hae sa lepato se Bethlehema.—2 Samuele 2:32.
3:29—Ho boleloa’ng ha ho buuoa ka “monna ea tšoarang thupa e ohlang”? Ka tloaelo mosebetsi oa ho loha masela o ne o etsoa ke basali. Kahoo, polelo ena e ka ’na eaba e bua ka banna ba neng ba sa tšoanelehele mesebetsi e kang ea ntoa ’me kahoo ba tlameha ho etsa mosebetsi oo ho neng ho tloaetsoe o etsoa ke mosali.
5:1, 2—Davida o ile a etsoa morena oa Iseraele eohle nako e kae ka mor’a hore ho bolaoe Ish-boshethe? Ho bonahala e le ntho e utloahalang ho phetha ka hore Ish-boshethe o ile a qala puso ea hae ea lilemo tse peli nakoana ka mor’a lefu la Saule, hoo e batlang e le ka nako eo Davida a ileng a qala puso ea hae a le Hebrone. Davida o ile a busa Juda a le Hebrone ka lilemo tse supileng le halofo. Nakoana ka mor’a ho behoa morena oa Iseraele eohle, o ile a etsa Jerusalema motse-moholo oa hae. Kahoo, ho ile ha feta hoo e ka bang lilemo tse hlano ka mor’a lefu la Ish-boshethe pele Davida e e-ba morena oa Iseraele eohle.—2 Samuele 2:3, 4, 8-11; 5:4, 5.
8:2—Ho ile ha bolaoa Bamoabe ba bakae ka mor’a hore Baiseraele ba loane le bona? Ho ka ’na ha etsahala hore ebe palo ea bona ha ea ka ea baloa empa e ile ea lekanngoa. Ho bonahala Davida a ile a re Bamoabe ba paqame fatše ba bapile ba entse mela. Ho tloha moo, o ile a re mela eo e lekanngoe ka bolelele ba khoele. Kamoo ho bonahalang kateng, ho ile ha bolaoa mela e ’meli, e leng karolo ea bobeli ho tse tharo ea Bamoabe, eaba ho bolokoa mola o le mong, e leng karolo e le ’ngoe ho tse tharo.
Seo re Ithutang Sona:
2:1; 5:19, 23. Davida o ile a batla maikutlo a Jehova pele a lula Hebrone le pele a hlasela lira tsa hae. Le rōna re lokela ho batla tataiso ea Jehova pele re etsa liqeto tse amang bomoea ba rōna.
3:26-30. Boiphetetso bo ke ke ba hlahisa liphello tse monate.—Baroma 12:17-19.
3:31-34; 4:9-12. Davida o re behetse mohlala o motle oa ho hloka moea oa boiphetetso kapa ho koetlela motho lerumo.
5:12. Le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore Jehova o re rupetse ka litsela tsa hae a ba a re nolofalletsa ho ba le kamano e ntle le eena.
6:1-7. Le hoja Davida a ne a e-na le sepheo se setle, boiteko ba hae ba ho tsamaisa Areka ka koloi e ne e le ho tlōla taelo ea Molimo ’me bo ile ba hlōleha. (Exoda 25:13, 14; Numere 4:15, 19; 7:7-9) Hore ebe Uza o ile a tšoara Areka ho bontša hore ho ba le sepheo se setle ha ho fetole seo Molimo a batlang hore se etsoe.
6:8, 9. Ha Davida a ne a utloile bohloko, o ile a qala ka ho halefa, eaba oa tšoha—mohlomong a ba a beha Jehova molato ka lebaka la koluoa eo. Re tlameha ho ba hlokolosi hore re se ke ra beha Jehova molato ka lebaka la mathata a bakiloeng ke ho se tsotelle litaelo tsa hae.
7:18, 22, 23, 26. Litšobotsi tsa Davida tseo re lokelang ho li etsisa ke boikokobetso, boinehelo bo khethehileng ho Jehova le ho thahasella ho phahamisa lebitso la Molimo.
8:2. Boprofeta bo ileng ba boleloa lilemo tse ka bang 400 esale pele boa phethahala. (Numere 24:17) Ka linako tsohle lentsoe la Jehova lea phethahala.
9:1, 6, 7. Davida o ile a phethahatsa tšepiso ea hae. Le rōna re lokela ho phethahatsa litšepiso tsa rōna.
JEHOVA O HLAHISETSA MOTLOTSUOA OA HAE TLOKOTSI
Jehova o re ho Davida: “Bona! ke u hlahisetsa tlokotsi ka tlung ea hao; ke tla nka basali ba hao ka pel’a mahlo a hao ’me ke fane ka bona ho oa heno, ’me ka sebele o tla robala le basali ba hao mahlong a letsatsi lena.” (2 Samuele 12:11) Ke hobane’ng ha ho etsoa phatlalatso ee? Ke ka lebaka la sebe sa Davida le Bathe-sheba. Le hoja Davida a tšoaretsoe ka lebaka la ho baka, ha a qobisoe liphello tsa sebe sa hae.
Ntho ea pele, ngoana ea tsoetsoeng ke Bathe-sheba oa shoa. Joale morali oa Davida eo e sa ntseng e le moroetsana e leng Tamare o betoa ke Amnone, e leng khaitseli ea hae ka ntat’a bona. Khaitseli ea Tamare, e leng ngoan’a ’m’ae le ntat’ae, Absalome, o jela paate ’me o bolaea Amnone. Absalome o etsa ’mommori khahlanong le ntat’ae ’me o bolela hore ke morena oa
Hebrone. Davida o tlameha ho baleha Jerusalema. Absalome o robala le lirethe tsa ntat’ae tse leshome tseo a li siileng hore li ’ne li hlokomele ntlo. Davida o khutlela boreneng ba hae feela ka mor’a hore Absalome a bolaoe. Bofetoheli ba Mobenjamine ea bitsoang Sheba bo fella ka hore a bolaoe.Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
14:7—Ke eng e tšoantšetsoang ke “ho hlena ha mashala a ka”? Ho hlena ha mashala a tukang butle ho tšoantšetsa bana ba sa ntsaneng ba phela.
19:29—Ke hobane’ng ha Davida a ile a bua joalo ha a utloa tlhaloso ea Mefiboshethe? E tlameha ebe Davida ha a utloa Mefiboshethe, o ile a hlokomela hore o entse phoso ka ho lumela mantsoe a Tsiba a sa ka a a netefatsa pele. (2 Samuele 16:1-4; 19:24-28) E lokela ebe sena se ile sa khopisa Davida ’me o ne a se a sa batle ho utloa letho ka taba eo.
Seo re Ithutang Sona:
11:2-15. Tlaleho e hlokang leeme ea liphoso tsa Davida e tiisa ’nete ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.
11:16-27. Ha re etsa sebe se tebileng, ha rea lokela ho se pata joaloka Davida. Ho e-na le hoo, re lokela ho bolella Jehova sebe sa rōna ’me re batle thuso ea baholo ka phuthehong.—Liproverbia 28:13; Jakobo 5:13-16.
12:1-14. Nathane o ile a behela baholo ka phuthehong mohlala o motle. Ba lokela ho thusa ba oelang sebeng e le hore ba lokise tsela ea bona. Baholo ba lokela ho phetha boikarabelo bona ka masene.
12:15-23. Hore ebe Davida o ile a ba le boikutlo bo nepahetseng ka se ileng sa mo hlahela, ho ile ha mo thusa ho itšoara ka tsela e nepahetseng ha a hlaheloa ke mathata.
15:12; 16:15, 21, 23. Ha ho ne ho bonahala eka Absalome o ne a tla hloella teroneng, boikhohomoso le ho rata maemo li ile tsa etsa hore Akitofele e leng moeletsi ea bohlale a fetohe moeki. Ho ba bohlale motho a se na boikokobetso le botšepehi e ka ba leraba.
19:24, 30. Mefiboshethe o ne a ananela mosa o lerato oa Davida e le kannete. Ka boithatelo, o ile a ikokobelletsa qeto ea morena e mabapi le Tsiba. Kananelo bakeng sa Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng e lokela ho re susumelletsa ho ipeha tlaase.
20:21, 22. Bohlale ba motho a le mong bo ka qobisa ba bangata tlokotsi.—Moeklesia 9:14, 15.
E-RE RE OELE “LETSOHONG LA JEHOVA”
Ho ba le tlala ea boja-likata ka lilemo tse tharo ka lebaka la molato oa mali o bakiloeng ke Saule ka ho bolaea Bagibeone. (Joshua 9:15) E le ho phetetsa molato oo oa mali, Bagibeone ba kōpa bara ba supileng ba Saule hore ba ba bolaee. Davida o ba fa Bagibeone ’me komello ea fela ka hore ho ne pula ea litloebelele. Liqhenqha tse ’nè tsa Bafilista li “oa ka letsoho la Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.”—2 Samuele 21:22.
Davida o etsa sebe se tebileng ka ho laela hore ho baloe batho e se ka molao. Oa baka o bile o khetha hore a “oele letsohong la Jehova.” (2 Samuele 24:14) Ka lebaka leo, ba 70 000 ba bolaoa ke lefu la seoa. Davida o latela taelo ea Jehova ’me koluoa eo ea khaotsa.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
21:8—Ke hobane’ng ha ho thoe morali oa Saule e leng Mikale o ne a e-na le bara ba bahlano ha 2 Samuele 6:23 e bontša hore o shoele a se na bana? Tlhaloso e amohelehang ka ho fetisisa ke ea hore bao e ne e le bara ba moholoane oa Mikale, e leng Merabe, ea neng a nyetsoe ke Adriele. Ho bonahala eka Merabe o ile a shoa kapele eaba Mikale ea se nang bana o hōlisa bashanyana bao.
21:9, 10—Rizpa o ile a nka nako e kae a lebetse bara ba hae ba babeli le bao e neng e le litloholo tsa Saule ba neng ba bolailoe ke Bagibeone? Bara bana ba supileng ba ile ba fanyehoa “matsatsing a pele a kotulo”—ka bo-March kapa April. Litopo tsa bona li ile tsa sala li pepesitsoe thabeng. Rizpa o ile a lebela litopo tseo tse supileng bosiu le motšehare ho fihlela Jehova a bontša hore khalefo ea hae e bōbile ka hore a felise komello. Ha ho utloahale hore ho ne ho ka ba le pula leha e le efe ea litloebelele pele kotulo ea selemo e fela ka October. Kahoo, e ka ’na eaba Rizpa o lebetse litopo tseo ka likhoeli tse hlano kapa tse tšeletseng. Kahoo, Davida o ile a re masapo a banna bao a patoe.
24:1—Ke hobane’ng ha e bile sebe se tebileng hore e be Davida o ile a bala sechaba? Ho bala sechaba ka bohona ho ne ho sa thibeloa ke Molao. (Numere 1:1-3; 26:1-4) Bibele ha e bolele hore na Davida o balile sechaba ka sepheo sefe. Leha ho le joalo, 1 Likronike 21:1 e bontša hore Satane o ile a mo susumelletsa ho etsa joalo. Hore na ho etsahetse’ng, molaoli oa mabotho a hae, Joabe, o ne a tseba hore qeto ea Davida ea ho ngolisa sechaba e ne e fosahetse ’me o ile a leka ho eletsa Davida hore a se etse qeto eo.
Seo re Ithutang Sona:
22:2-51. Pina ea Davida e bua hantle hakaakang ka Jehova e le Molimo oa ’nete ea tšoaneloang ke hore re mo tšepe ka ho feletseng!
23:15-17. Davida o ne a e-na le tlhompho e tebileng bakeng sa molao oa Molimo ka bophelo le mali hoo ketsahalong ena a ileng a hana ho etsa esita le ntho e neng e tšoantšetsa ho tlōla molao oo. Re lokela ho hlaolela boikutlo bo tšoanang ka litaelo tsohle tsa Molimo.
24:10. Letsoalo la Davida le ile la mo susumelletsa ho baka. Na matsoalo a rōna a sebetsa hantle hoo a ka re susumelletsang ho etsa se tšoanang?
24:14. Davida o ne a tseba hantle hore Jehova o mohau ho feta batho. Na le rōna re kholisehile ka tsela eo?
24:17. Davida o ile a ikoahlaela hore ebe sebe sa hae se entse hore sechaba kaofela se be mahlomoleng. Mofosi ea bakileng o lokela ho ikoahlaea ka lebaka la thohako eo e ka ’nang eaba ketso ea hae e e tliselitse phutheho.
Ha ho Thata ho ‘Ratoa ke Pelo ea Molimo’
Morena oa bobeli oa Iseraele e bile ‘monna ea ratoang ke pelo ea Jehova.’ (1 Samuele 13:14) Le ka mohla Davida ha aa ka a sola litekanyetso tsa Jehova tse lokileng, ’me ha aa ka a leka ho phehella bophelo ba ho ipusa kantle ho Molimo. Ka linako tsohle ha Davida a ne a entse phoso, o ne a lumela sebe sa hae, a amohela taeo ebe o lokisa litsela tsa hae. Davida e ne e le monna ea tšepahalang. Na re tla be re sa etse ka bohlale ha re mo etsisa, haholo-holo ha re entse phoso?
Pale ea bophelo ba Davida e bontša ka ho hlaka hore ho ela hloko bobusi ba Jehova ke taba ea ho amohela litekanyetso tsa Hae tsa se nepahetseng le se fosahetseng le ho loanela ho phela ka tsona joaloka baboloki ba botšepehi. Ena hase ntho e thata. Ruri rea leboha ka lithuto tseo re ithutileng tsona bukeng ea Samuele oa Bobeli! Ka sebele, molaetsa oa eona o bululetsoeng, oa phela ’me o fana ka matla.—Baheberu 4:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Esita le hoja Samuele a sa ka a ba le seabo ho ngoloeng ha buka ena, e bitsoa ka lebitso la hae hobane qalong libuka tse peli tsa Samuele e ne e le moqolo o le mong oa mangolo a halalelang a Seheberu. Samuele o ile a ngola karolo e khōlō ea Samuele oa Pele.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho hopola hore na ke mang ea neng a mo tiisitse ka thata e le morena ho ile ha thusa Davida
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
“Ke u hlahisetsa tlokotsi ka tlung ea hao”
Bathe-sheba
Tamare
Amnone