Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hōlisa Mosebetsi oa Boboleli Moo Bokreste ba Pele bo Kileng ba Atleha Teng

Ho Hōlisa Mosebetsi oa Boboleli Moo Bokreste ba Pele bo Kileng ba Atleha Teng

Ho Hōlisa Mosebetsi oa Boboleli Moo Bokreste ba Pele bo Kileng ba Atleha Teng

ITALY, e leng hloahloa e atolohelang Leoatleng la Mediterranean e bōpehileng joaloka seeta se qalang tlhafung se nang le topo, ke sebaka seo ho sona liketsahalo tsa bolumeli le tsa moetlo li ’nileng tsa susumetsa histori ea lefatše. E hohela bahahlauli ba limilione ka lebaka la ponahalo e ntle ea libaka tsa eona tse fapa-fapaneng, mesebetsi ea eona e tummeng ea bonono le mokhoa oa eona oa ho pheha lijo tse lutlisang mathe. Naha ena e boetse e atleha haholo thutong ea Bibele.

E ka ’na eaba nakong eo Bajuda le basokolohi bao e neng e bile Bakreste ka Pentekonta ea 33 C.E. ba neng ba khutlela hae ba tsoa Jerusalema, ke nako eo ka eona Bokreste ba ’nete bo ileng ba fihla ka lekhetlo la pele motse-moholo oa seo ka nako eo e neng e le ’muso oa lefatše—e leng Roma. Hoo e ka bang ka 59 C.E., moapostola Pauluse o ile a etela Italy ka lekhetlo la pele. O ile a “fumana barab’abo rōna” tumelong motseng o pel’a leoatle oa Puteoli.—Liketso 2:5-11; 28:11-16.

Joalokaha Jesu le baapostola ba boletse esale pele, pele lekholo la pele la lilemo C.E. le fela, butle-butle lihlopha tsa bakoenehi li ile tsa kheloha Bokresteng ba ’nete. Leha ho le joalo, pele ho bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, barutuoa ba ’nete ba Jesu ba ntšelitse boboleli ba litaba tse molemo pele lefatšeng ka bophara—ho akarelletsa le Italy.—Matheu 13:36-43; Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:3-8; 2 Petrose 2:1-3.

Qalo e Nyahamisang

Ka 1891, Charles Taze Russell, ea neng a eteletse pele mosebetsi oa boboleli oa lefatše ka bophara oa Liithuti Tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo), o ile a etela metse e meng ea Italy ka lekhetlo la pele. O ile a tlameha ho lumela hore litholoana tsa mosebetsi oa hae li ne li nyahamisa: “Ha rea ka ra fumana letho le khothatsang le re fang tšepo ea hore ho na le se ka kotuloang Italy.” Ka nako ea selemo ea 1910, Mor’abo rōna Russell o ile a khutlela Italy eaba o fana ka puo ea Bibele sebakeng sa boikoetliso ba ’mele se bohareng ba Roma. Liphello e bile life? Ha a tlaleha o ile a re: “Ka kakaretso, seboka seo se ne se nyahamisa.”

Ha e le hantle, qalong, ho boleloa ha litaba tse molemo Italy ho ne ho tsoela pele butle, lebaka le leng ke hobane Lipaki Tsa Jehova li ne li hlorisoa ke puso ea khatello ea Bofasista. Nakong eo, ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse ka tlaase ho 150 naheng eo, ’me bongata ba tsona bo ne bo ithutile linnete tsa Bibele ho beng ka tsona le ho metsoalle e neng e lula linaheng tse ling.

Tsoelo-pele e Babatsehang

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha romeloa baromuoa ba bangata Italy. Empa ho ea ka mangolo a fumanoeng sebakeng sa ’Muso sa polokelo ea litlaleho, batho ba ka sehloohong sehlopheng se phahameng se busang sa bolumeli sa Vatican ba ile ba kōpa ’muso hore o leleke baromuoa bao. Ntle ho ba seng bakae, baromuoa bao ba ile ba tlameha ho tsoa naheng.

Ho sa tsotellehe litšitiso tseo, matšoele a batho Italy a ile a qala ho phallela ‘thabeng’ ea borapeli ba Jehova. (Esaia 2:2-4) Keketseho ea Lipaki e bile e tsotehang. Ka 2004 ho bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 233 527, e leng moahi a le mong bakeng sa ba bang le ba bang ba 248, ’me ba 433 242 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse 3 049 li ne li kopanela Liholong Tsa ’Muso tsa maemo a khotsofatsang. Morao tjena, ka ho khetheha ho bile le keketseho e khōlō lihlopheng tse itseng tsa baahi.

Ho Bolela ka Lipuo Tse Ngata

Bajaki ba bangata ba tsoang Afrika, Asia le Europe Bochabela ba tla Italy ho tla batla mosebetsi kapa ho batla makhulo a matala kapa, maemong a mang, ba tla ka lebaka la ho balehela maemo a bohloko. Batho bana ba limilione ba ka thusoa joang moeeng?

Lipaki tse ngata tsa Italy li amohetse phephetso ea ho ithuta lipuo tse thata, tse kang Sealbania, Seamharike, Searabia, Sebengali, Sechaena, Sepunjabi, Sesinhala, le Setagalog. Ho qala ka 2001, ho ile ha tšoaroa lithupelo tsa ho ithuta puo bakeng sa ho ruta batho bana ba thahasellang ho paka ka lipuo lisele. Lilemong tse tharo tse fetileng, Lipaki tse 3 711 li bile teng lithupelong tse 79 tse neng li tšoeroe ka lipuo tse 17. Sena se entse hore ho thehoe ho be ho matlafatsoe liphutheho tse 146 le lihlopha tse 274 ka lipuo tse 25. Ka lebaka leo batho ba bangata ba tšepahalang ba utloile litaba tse molemo ’me ba qalile ho ithuta Bibele. Hangata liphello li ba ntle haholo.

E mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a bua ka Bibele le George, e leng monna ea buang Semalayalame ea tsoang India. Ho sa tsotellehe mathata a maholo a mosebetsi ao a neng a e-na le ’ona, George o ile a thabela ho amohela thuto ea Bibele. Matsatsi a seng makae hamorao, motsoalle oa George, e leng monna oa Moindia ea buang Sepunjabi, ea bitsoang Gil o ile a ea Holong ea ’Muso, ’me o ile a qala ho khanneloa thuto ea Bibele. Gil o ile a etsa hore Moindia e mong ea buang Setelugu ea bitsoang David, a tsebe Lipaki. Kapele David o ne a se a ithuta Bibele. Maindia a mang a mabeli ao mabitso a ’ona e leng Sonny le Shubash, ba ne ba lula ntlong e le ’ngoe le David. Bobeli ba bona ba ile ba kopanela thutong ea Bibele.

Ka mor’a libeke tse seng kae, Lipaki li ile tsa fumana mohala o tsoang ho Dalip, e leng monna ea buang Semarathi. O ile a re: “Ke motsoalle oa George. Na le ka nthuta Bibele?” Eaba ho latela monna e mong ea bitsoang Sumit ea buang Setamil. Qetellong, e mong oa metsoalle ea George o ile a letsa, a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele. Ka mor’a moo George o ile a tla le mohlankana e mong ea bitsoang Max Holong ea ’Muso. Le eena o ile a kōpa ho khanneloa thuto. Ho fihlela hona joale, ho khannoa lithuto tsa Bibele tse tšeletseng, ’me ho ntse ho etsoa litokisetso bakeng sa tse ling tse ’nè. Li tšoaroa ka Senyesemane, le hoja ho sebelisoa le likhatiso tsa Sehindi, Semalayalame, Semarathi, Sepunjabi, Setamile, Setelugu le Seurdu.

Ba sa Utloeng Litsebeng ba “Utloa” Litaba Tse Molemo

Ho na le batho ba 90 000 ba sa utloeng litsebeng Italy. Bohareng ba lilemo tsa bo-1970, Lipaki li ile tsa qala ho elelloa hore li lokela ho ba ruta ’nete ea Bibele. Qalong, Lipaki tse ling tse sa utloeng litsebeng li ile tsa ruta basebeletsi-’moho le tsona ba neng ba rata ho thusa tšimong ea tsona ea Puo ea Matsoho ea Setaliana. Joale batho ba eketsehileng ba sa utloeng litsebeng ba ile ba qala ho thahasella Bibele. Kajeno, batho ba fetang 1 400 ba buang Puo ea Matsoho ea Setaliana ba ba teng libokeng tsa Bokreste. Liphutheho tse 15 le lihlopha tse 52 li tšoara liboka ka Puo ea Matsoho ea Setaliana.

Qalong, ho pakela batho ba sa utloeng litsebeng ho ne ho itšetlehile haholo ka boiteko ba Paki ka ’ngoe. Empa ka 1978, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Italy e ile ea qala ho tšoara likopano tsa batho ba sa utloeng litsebeng. Ka May selemong seo, ho ile ha etsoa tsebiso ea hore kopanong e atamelang ea machaba Milan, ho ne ho tla ba le mananeo bakeng sa ba sa utloeng litsebeng. Kopano ea pele ea potoloho ea ba sa utloeng litsebeng e ile ea tšoareloa Holong ea Kopano ea Milan ka February 1979.

Hona joale ofisi ea lekala e se e ela hloko haholoanyane phepo ea moea ea ba sa utloeng litsebeng ka ho khothalletsa palo e ntseng e hōla ea baevangeli hore e ntlafatse tsebo ea eona ea puo ena. Ho tloha ka 1995, ho ile ha romeloa bo-pula-maliboho ba khethehileng (baevangeli ba nako e tletseng) lihlopheng tse itseng hore ba koetlisetse Lipaki tse sa utloeng litsebeng tšebeletso le ho tšoara liboka tsa Bokreste. Liholong tse Tharo tsa Likopano ho kentsoe thepa e tsoetseng pele haholo ea video ho etsa hore ho be bonolo ho shebella lenaneo. Ho phaella moo, ho na le likhatiso tsa Bokreste tse fumanehang ka lik’hasete tsa video bakeng sa ho fepa batho ba sa utloeng litsebeng lijo tsa moea.

Bashebelli ba hlokometse hore Lipaki li hlokomela hantle litlhoko tsa moea tsa batho ba sa utloeng litsebeng. P@role & Segni, e leng makasine e hatisoang ke Mokhatlo oa ba sa Utloeng Litsebeng oa Italy, e qotsitse mantsoe a lengolo le rometsoeng ke mobishopo e mong ea ka sehloohong oa K’hatholike a reng: “Ho se utloe litsebeng ho bohloko ka kutloisiso ea hore motho ea sa utloeng litsebeng o hloka tlhokomelo ka linako tsohle. Ka mohlala, a ka itlela kerekeng a le mong ntle ho bothata, empa o hloka thuso ea toloko hore a tsamaisane le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntseng e baloa, e buuoa, kapa e binoa ha tšebeletso e ntse e tsoela pele.” Makasine ena e ile ea phaella ka ho re “mobishopo enoa oa lumela hore ka masoabi, kereke ha e-s’o itokisetse ho sebetsana le bokooa bona, ’me o bolela hore batho ba bangata ba sa utloeng litsebeng ba hlokomeloa hantle Liholong Tsa ’Muso tsa Lipaki Tsa Jehova ho feta kerekeng ea parishe.”

Batšoaruoa ba Bolelloa Litaba Tse Molemo

Na motho a ka lokoloha empa a ntse a le chankaneng? E, a ka lokoloha hobane Lentsoe la Molimo le na le matla a ho “lokolla” ba le amohelang le ho le sebelisa bophelong ba bona. Molaetsa oo Jesu a neng a o bolella “baholehuoa” e ne e le oa ho lokolloa sebeng le bolumeling ba bohata. (Johanne 8:32; Luka 4:16-19) Italy ho fumanoa litholoana tse ntle haholo ka ho bolela lichankaneng. ’Muso o ’nile oa lumella Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 400 ho etela batšoaruoa e le hore li ba thuse moeeng. Lipaki Tsa Jehova e bile tsona mokhatlo oa pele oo eseng oa Mak’hatholike o ileng oa kōpa oa ba oa fuoa tumello e joalo.

Molaetsa oa Bibele o ka hasoa ka litsela tse sa lebelloang. Batšoaruoa ba bua le batšoaruoa-’moho le bona ka mosebetsi oa thuto ea Bibele oa Lipaki Tsa Jehova. Ka lebaka leo, ba bang ba batšoaruoa ba kōpile hore Paki e ba etele. Kapa litho tsa lelapa tse qalileng ho ithuta Bibele li khothalletsa batšoaruoa ho kōpa Lipaki hore li ba etele. Batšoaruoa ba bang ba ahloletsoeng ho hlola bophelo bohle chankaneng ka lebaka la ho bolaea kapa litlōlo tse ling tse khōlō tsa molao ba bakile ’me ba entse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona. Sena se ba lokisetsa ho inehela ho Jehova Molimo le ho kolobetsoa.

Lichankaneng tse ngata, ho entsoe litokisetso tsa hore ho fanoe ka lipuo tsa phatlalatsa tse buang ka litaba tsa Bibele, ho keteka Sehopotso sa lefu la Jesu le ho bontša lik’hasete tsa video tsa mananeo a Bibele a hlahisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Hangata batšoaruoa ba bangata ba ba teng libokeng tsena.

Ho thusa batšoaruoa ka litsela tse molemo, Lipaki li tsamaisitse haholo limakasine tse buang ka litaba tse tla thusa batšoaruoa. Makasine e ’ngoe e joalo e bile Tsoha! ea May 8, 2001, e neng e tšohla taba e reng “Na Boitšoaro ba Batšoaruoa bo ka Fetoloa?” Tokollo ea April 8, 2003, e ne e tšohla taba e reng “Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi ka Lapeng—Ke Eng Seo U ka se Etsang?” Ho ile ha tsamaisetsoa batšoaruoa likopi tse likete. Ka lebaka leo, ho tšoaroa lithuto tse makholo tsa Bibele. Balebeli ba bang ba chankana le bona ba bontšitse thahasello molaetseng oa Bibele.

Ka mor’a ho fumana tumello e khethehileng ho ba boholong, motšoaruoa e mong ea bitsoang Costantino o ile a kolobetsoa Holong ea ’Muso ea San Remo, ’me ho ne ho e-na le Lipaki tse 138 tsa sebaka seo. Costantino ea neng a bonahala a anngoe ke ketsahalo eo o ile a re: “Ke iIe ka ikutloa ke hlile ke ratoa.” Koranta ea sebaka seo e ile ea tlaleha mantsoe a molebeli e mong oa chankana ea ileng a re: “Re ile ra thabela . . . ho fana ka tumello ena. Re lokela ho nahana ka ntho leha e le efe e ka ntlafatsang kamano ea motšoaruoa le batho ba bang, ea ba ea ntlafatsa bophelo ba hae le boemo ba hae ba moea.” Mosali oa Costantino le morali oa hae ba ile ba hlolloa ke tsela eo ka eona tsebo e nepahetseng ea Bibele e neng e amme bophelo ba Costantino: “Re motlotlo ka liphetoho tseo a li entseng. E se e le motho ea ratang khotso, ’me tsela eo a re tsotellang ka eona e ntse e hōla. Joale re boetse rea mo tšepa le ho mo hlompha.” Le bona ba qalile ho ithuta Bibele le ho ba teng libokeng tsa Bokreste.

Sergio, ea neng a tšoaretsoe ho utsoa, bosholu ba likhoka, ho mokola lithethefatsi le polao, o ile a ahloleloa ho hlola chankaneng ho fihlela ka 2024. Ka mor’a ho hlahloba Mangolo ka lilemo tse tharo le ho fetola bophelo ba hae, Sergio o ile a etsa qeto ea ho kolobetsoa. Ke motšoaruoa oa bo15 chankaneng ea Porto Azzurro, e sehlekehlekeng se senyenyane sa Elba, ea ileng a kolobetsoa hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a kolobeletsoa letangoaneng le jaroang le neng le entsoe mabaleng a lipapali a chankana, ’me batšoaruoa-’moho le eena ba ’maloa ba ne ba le teng.

Leonardo, ea sebeletsang kahlolo ea chankana ea lilemo tse 20, o ile a fumana tumello e khethehileng ea ho kolobetsoa Holong ea ’Muso ea Parma. Ha koranta ea sebaka seo e buisana le eena, Leonardo o ile a re o ne a batla “ho etsa hore ho hlake hore o entse qeto ea ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, eseng ho fumana tsela ea ho tsoa chankaneng, empa ho khotsofatsa tlhoko e tebileng ea moea.” Leonardo o ile a re: “Ke entse liphoso tse ngata bophelong, empa ha ke sa li etsa. Ke fetohile, empa seo ha sea etsahala ka ho panya ha leihlo. Ke tla lokela ho tsoela pele ke etsa se lokileng.”

Salvatore, ea ileng a tšoareloa polao, o chankaneng e sirelelitsoeng ka thata-thata ea Spoleto. Kolobetso ea hae e ileng ea etsetsoa chankaneng, e ile ea siea ba bangata ba maketse. Molebeli oa moo oa chankana o ile a re: “Re lokela ho khothalletsa khetho e etsang hore batho ba itšoare hantle hobane ke ea bohlokoa sechabeng, e molemo bakeng sa basebeletsi ba chankana le bakeng sa sechaba ka kakaretso.” Ka lebaka la liphetoho tseo Salvatore a li entseng, hona joale mosali oa hae le morali oa hae ba ba teng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Motšoaruoa eo Salvatore a ileng a mo pakela o ile a kolobetsoa hore e be mohlanka ea inehetseng oa Jehova.

Karolo e ’ngoe ea khōlo le keketseho ea Bokreste ba pele e etsahetse Italy. (Liketso 2:10; Baroma 1:7) Nakong ena ea kotulo, khōlo le keketseho ea moea li tsoela pele libakeng tseo ho tsona Pauluse le Bakreste-’moho le eena ba ileng ba sebetsa ka thata ho bolela litaba tse molemo.—Liketso 23:11; 28:14-16.

[’Mapa o leqepheng la 13]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ITALY

Roma

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Holo ea Kopano ea Bitonto le phutheho ea Puo ea Matsoho ea Setaliana e Roma

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Batšoaruoa ba ‘lokolloa’ ke ’nete ea Bibele

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Khōlo ea moea e ntse e tsoela pele moo Bokreste ba pele bo kileng ba atleha teng