Takatso ea Motho ea ho Phela ka ho sa Feleng
Takatso ea Motho ea ho Phela ka ho sa Feleng
E SA le ho tloha khale batho ba lakatsa ho phela ka ho sa feleng. Empa, takatso eo e ntse e e-s’o phethahale—ha ho na motho ea fumaneng mokhoa oa ho felisa lefu. Leha ho le joalo, haufinyane tjena bafuputsi ba tsa bongaka ba tsositse tšepo ea hore ho hlile ho ka khoneha hore ho lelefatsoe nako ea bophelo ba motho. Nahana ka se ntseng se etsoa ntlheng ena mafapheng a fapa-fapaneng a liphuputso tsa saense.
Litsebi tsa baeloji li ntse li etsa liteko ka motsoako o bitsoang telomerase o potlakisang tšebetso ea lik’hemik’hale ’meleng e le ho leka ho eketsa makhetlo ao lisele li inchafatsang ka ’ona. Bo-rasaense baa tseba hore lisele tsa khale, tse ntseng li tsofala, lia shoa ’me li nkeloa sebaka ke tse ncha. Ha e le hantle, karolo e khōlō ea ’mele e inchafatsa hangata feela bophelong ba motho. Kamoo bafuputsi ba nahanang kateng, haeba ho inchafatsa hoo ha lisele ho ne ho ka lelefatsoa, “’mele oa motho o ne o ka inchafatsa ka nako e telele haholo—esita le ka ho sa feleng.”
Lefapha le tsositseng lipuo-puo la liphuputso le ntseng le leka ho phekola maloetse ka ho etsa lisele tse ncha ka lisele tse ling, le bolela hore le ka thusa hore bakuli ba kenngoe libete, liphio, kapa lipelo tseo ’mele ea bona e li amohelang hantle. Litho tsena li ne li tla etsoa ka lisele tse ling tsa mokuli ka boeena.
Bafuputsi ba lintho tse nyenyane hoo li ke keng tsa bonoa ntle ho mochine o hōlisang ponahalo ea lintho, ba lepa hore ho tla ba le nako eo ka eona lingaka li tla kenya liroboto tse lekanang le sele maling tse tla fumana libaktheria tse kotsi le lisele tsa kankere ebe lia li bolaea. Ba bang ba lumela hore lefapha lena la saense, hammoho le la ho phekola ka liphatsa tsa lefutso, qetellong le tla etsa hore ’mele oa motho o ikahe ka ho sa feleng.
Ba tšehetsang mokhoa oa ho hoamisa litopo ba li boloka li hatselitsoe ka ho fetisisa. Khopolo ke hore li bolokoe ho fihlela lingaka li fumana mokhoa oa ho phekola maloetse, oa ho etsolla botsofali, le oa ho tsosa bafu le ho ba folisa. The American Journal of Geriatric Psychiatry e re khopolo ena “e tšoana le mokhoa oa Egepeta ea boholo-holo oa ho tlotsa litopo ka metsoako ho li thibela ho bola.”
Takatso e sa feleng eo motho a nang le eona ea ho se shoe e bontša kamoo ho leng thata kateng hore a lumele hore oa shoa. Na ka sebele ho ka khoneha hore moloko oa batho o fumane bophelo bo sa feleng? Bibele e re’ng ka taba ee? Likarabo li tla fanoa sehloohong se latelang.