“E-ea U Itlhatsoe ka Letamong la Siloame”
“E-ea U Itlhatsoe ka Letamong la Siloame”
KA MOR’A ho phekola monna ea foufetseng ka seretse se lubiloeng, Jesu o ile a re ho eena: “E-ea u itlhatsoe ka letamong la Siloame.” Monna eo o ile a etsa joalo eaba “o khutla a bona.” (Johanne 9:6, 7) Letamo lee la Siloame le ne le le hokae? Lintho tseo baepolli ba lintho tsa khale ba sa tsoa li sibolla li re fa boitsebiso bo bocha mabapi le hore na le ne le le hokae.
Bahahlauli ba bangata ba ’nile ba etela Jerusalema sebakeng se bitsoang Letamo la Siloame, ka tumelo ea hore ke lona le boletsoeng ho Johanne 9:7. Sebaka sena se qetellong ea kotopo ea Ezekiase—e leng kotopo ea metsi e bolelele ba limithara tse 530 e hahiloeng lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, letamo lena ke la lekholong la bone la lilemo C.E. Le ile la etsoa ke batho ba ipitsang Bakreste ba Byzantium bao ka phoso ba neng ba nka hore e tlameha ebe letamo le boletsoeng Kosepeleng ea Johanne le ne le le qetellong ea kotopo ena.
Leha ho le joalo, ka 2004, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana ntho eo ba ileng ba phetha ka hore ke Letamo la Siloame kamoo le neng le le kateng ha Jesu a le lefatšeng. Le limithara tse ka bang 100 ka boroa-bochabela ho sebaka seo ka phoso ho neng ho nahanoa hore ke Letamo la Siloame. Ba ile ba le fumana joang? Ho ne ho hlokahala hore ba boholong motseng oo ba lokise phaephe ea likhoerekhoere sebakeng seo, eaba ba romela basebetsi moo ka mechine e meholo. Moepolli e mong oa lintho tsa khale ea neng a sebetsa haufi le moo o ile a shebella ha ho ntse ho epuoa ’me a bona ho hlaha litepisi tse peli. Mosebetsi o ile oa emisoa, eaba Lefapha la Lintho Tsa Boholo-holo la Iseraele le fana ka tumello ea hore ho
epuoe sebakeng seo. Ho se ho ntse ho epuoe karolo e ’ngoe ea letamo leo, e ka bang bolelele ba limithara tse 70, le likhutlo tse ling tse peli.Lichelete tse ling tsa tšepe tse fumanoeng ha ho ntse ho epuoa, ke tse neng li sebelisoa selemong sa bobeli, sa boraro le sa bone seo Bajuda ba ileng ba fetohela Roma ka sona. Seo se ile sa etsahala pakeng tsa 66 le 70 C.E. Lichelete tseo tsa tšepe li fana ka bopaki ba hore letamo leo le ne le sebelisoa ho fihlela ka 70 C.E. ha Jerusalema e timetsoa ke Baroma. Biblical Archaeology Review e re: “Ka lebaka leo letamo lena le ne le sebelisoa ho fihlela qetellong ea phetohelo, ’me ka mor’a moo la khaotsa ho sebelisoa. Sebaka sena, se tlaase ka ho fetisisa Jerusalema, ha sea ka sa boela sa e-ba le baahi ho fihlela mehleng ea Byzantium. Selemo se seng le se seng lipula tsa mariha tse neng li phalla phuleng ena li ile tsa tlatsa letamo leo seretse. ’Me ka mor’a hore Roma e timetse motse oo, letamo leo ha lea ka la hlola le hloekisoa. Ho theosa le makholo a lilemo seretse se sengata se ile sa bokellana ’me sa qetella se katile letamo lena ho fihlela le sa bonahale. Libakeng tse ling baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba le fumana le koahetsoe ke seretse se botebo ba limithara tse ka bang tharo.”
Ke hobane’ng ha liithuti tse tšepahalang tsa Bibele li thahasella hore na Letamo la Siloame le ne le le hokae? Hobane sena se li thusa ho utloisisa hantle hore na libaka tsa Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo, tseo ho buuoang ka tsona khafetsa litlalehong tsa Kosepele tsa bophelo le tšebeletso ea Jesu, li ne li le joang.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Letamo la Siloame le sa tsoa sibolloa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 2003 BiblePlaces.com