Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Falimehe”

“Le Falimehe”

“Le Falimehe”

“Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. . . . Le falimehe mabapi le lithapelo.”—1 PET. 4:7.

1. Ntho e ka sehloohong eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e le efe?

HA Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, ntho e ka sehloohong eo a neng a ruta ka eona e ne le ’Muso oa Molimo. Jehova o tla sebelisa ’Muso oo ho tlosa qoso bobusing ba hae ba bokahohleng le ho halaletsa lebitso la hae. Kahoo, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ha ba rapela Molimo ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Mat. 4:17; 6:9, 10) Haufinyane ’Muso oo o tla felisa lefatše la Satane ebe o laola ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng lohle. Joalokaha Daniele a boletse esale pele, ’Muso oa Molimo “o tla silakanya o felise mebuso ena [ea kajeno] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Dan. 2:44.

2. (a) Balateli ba Jesu ba ne ba tla tseba joang hore o ne a le teng e le morena oa ’Muso? (b) Pontšo e ne e tla boela e bontše eng?

2 Kaha ho tla ha ’Muso oa Molimo e ne e le ntho ea bohlokoa ho balateli ba Jesu, ba ile ba mo botsa ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Mat. 24:3) Ho ne ho tla ba le pontšo e bonahalang ka lebaka la hore ho ba teng ha Kreste e le morena oa ’Muso ho ne ho sa tl’o bonahala ho batho ba lefatše. Pontšo eo e ne e tla ba le likarolo tse fapa-fapaneng tse boletsoeng esale pele ka Mangolong. Kahoo, balateli ba Jesu ba neng ba tla be ba phela ka nako eo ba ne ba ka hlokomela hore o qalile ho busa a le leholimong. E ne e tla boela e tšoaee ho qaleha ha nako eo Bibele e reng ke ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso e khopo ea lintho e busang lefatše hona joale.—2 Tim. 3:1-5, 13; Mat. 24:7-14.

Le Falimehe Matsatsing Ana a ho Qetela

3. Ke hobane’ng ha ho ne ho tla hlokahala hore Bakreste ba falimehe?

3 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe mabapi le lithapelo.” (1 Pet. 4:7) Balateli ba Jesu ba ne ba tla lokela hore ba falimehe, ba ele hloko liketsahalo tsa lefatše tse bontšang hore o ne a tla be a se a qalile ho busa e le morena oa ’Muso. Ha bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo ntse bo atamela ba ne ba tla lokela ho falimeha le ho feta. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le lule le lebetse, kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng [ho tla phethahatsa kahlolo lefatšeng la Satane].”—Mar. 13:35, 36.

4. Bontša phapang e teng pakeng tsa maikutlo a batho ba lefatše la Satane le bahlanka ba Jehova. (Akarelletsa le lebokose.)

4 Batho ka kakaretso ba busoa ke Satane, ’me ha baa falimehela se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše. Ha ba hlokomele ho ba teng ha Kreste e le morena oa ’Muso. Empa balateli ba Kreste ba ’nete ba ’nile lula ba falimehile ’me ba hlokometse se boleloang ke lintho tse etsahetseng lekholong le fetileng la lilemo. Ho tloha ka 1925, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hlokomela hore Ntoa ea I ea Lefatše le liketsahalo tse ileng tsa latela ke sesupo se tiileng sa hore Kreste o qalile ho busa a le leholimong ka 1914. Ka lebaka leo, matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea Satane e khopo ea lintho a ne a se a qalile. Le hoja batho ba bangata ba seli ba sa tsebe hore na lintho tsena li bolela’ng, baa a hlokomela hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa nako ea pele ho Ntoa ea I ea Lefatše le ho tloha ka mor’a eona.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng  “Ho Ile ha Qaleha Mehla ea Pherekano.”

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re falimehile?

5 E se e ka ba lilemo tse lekholo joale ho e-na le lintho tse tšosang tse etsahalang lefatšeng lohle tse bontšang hore re phela matsatsing a ho qetela. Ho setse nako e khutšoanyane pele Jehova a laela Kreste hore a etelle pele mabotho a matla a mangeloi hore a futuhele lefatše la Satane. (Tšen. 19:11-21) Bakreste ba ’nete ba bolelloa hore ba lule ba falimehile. Kahoo, ho potlakile hore re lule re falimehile ha re ntse re lebeletse bofelo ba tsamaiso ena. (Mat. 24:42) Re lokela ho lula re falimehile ’me re phetha mosebetsi o khethehileng lefatšeng lohle, re tataisoa ke Kreste.

Mosebetsi o Etsoang Lefatšeng Lohle

6, 7. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o hatetse pele joang matsatsing a ho qetela?

6 Ho ile ha boleloa esale pele hore mosebetsi oo bahlanka ba Jehova ba lokelang ho o etsa, e ne e tla ba karolo ea letšoao le nang le likarolo tse ngata le bontšang hore re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena e khopo ea lintho. Jesu o ile a hlalosa mosebetsi ona o etsoang lefatšeng lohle ha a ne a thathamisa lintho tse sa tšoaneng tse neng li tla etsahala nakong ea bofelo. Boprofeta boo ba hae bo ne bo akarelletsa polelo ena ea bohlokoa e reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Mat. 24:14.

7 Nahana ka lintho tse ling tse ’nileng tsa etsahala mabapi le boprofeta boo ba Jesu. Palo ea batho ba neng ba bolela litaba tse molemo e ne e fokola haholo ha matsatsi a ho qetela a ne a qala ka 1914. Hona joale palo eo e se e eketsehile haholo. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse fetang 7 000000 tse bolelang litaba tse molemo lefatšeng lohle ’me li hlophisitsoe ka liphutheho tse fetang 100 000. Batho ba bang ba 10 000 000 ba ile ba bokana le Lipaki Tsa Jehova ka 2008 Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ha ho bapisoa le selemong se fetileng eo e bile keketseho khōlō.

8. Ke hobane’ng ha khanyetso e sa thibele mosebetsi oa rōna oa ho bolela hore o atlehe?

8 Ho fanoa ka bopaki bo matla hakaakang ka ’Muso oa Molimo lichabeng tsohle pele tsamaiso ee e fela! Sena se etsahala ho sa tsotellehe taba ea hore Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakor. 4:4) Mekhatlo eohle ea lipolotiki, ea bolumeli le ea khoebo ea lefatše lena hammoho le mecha ea lona ea phatlalatso e susumetsoa ke eena. Ebe Joale ke eng e etsang hore mosebetsi oa ho paka o atlehe ka tsela e tsotehang hakaale? E tlameha ebe o tšehelitsoe ke Jehova. Kahoo, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o tsoela pele ka tsela e babatsehang ho sa tsotellehe boiteko ba Satane ba ho o thibela.

9. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ho tsoela pele ha rōna moeeng ke mohlolo?

9 Hore ebe mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa atleha le hore ebe batho ba Jehova baa eketseha ebile ba tsoela pele moeeng, ho ka boleloa hore lintho tsena ke mohlolo. Ntle ho thuso ea Molimo, e akarelletsang ho tataisa batho ba hae le ho ba sireletsa, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ne o ke ke oa khoneha. (Bala Matheu 19:26.) Re ka kholiseha hore kaha moea o halalelang oa Molimo o sebetsa lipelong tsa batho ba falimehileng ba ikemiselitseng ho sebetsa, mosebetsi ona oa ho bolela o tla phethoa ka katleho, “joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” Nako eo e atamela ka potlako.

‘Matšoenyeho a Maholo’

10. Jesu o ile a hlalosa matšoenyeho a maholo a tlang joang?

10 Bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo tla tla nakong ea ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:14) Bibele ha e re bolelle hore na a tla nka nako e kae, empa Jesu o ile a re: “Nakong eo ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Mat. 24:21) Ha re nahana ka matšoenyeho ao lefatše lena le seng le bile le ’ona, a kang Ntoa ea II ea Lefatše moo ho ileng ha shoa batho ba ka bang limilione tse 50 ho ea ho tse 60, mahlomola a maholo a tlang a tla ba mabe haholo. A tla fihla sehlohlolong ka ntoa ea Armagedone. Sena se tla etsahala ha Jehova a lokolla mabotho a hae a bolaeang hore a timetse mosaletsa o mong le o mong oa tsamaiso ea lefatše ea Satane.—Tšen. 16:14, 16.

11, 12. Ke ketsahalo efe e tla bontša ho qala ha matšoenyeho a maholo?

11 Boprofeta ba Bibele ha bo re bolelle hore na karolo e qalang ea matšoenyeho a maholo e tla qala ka letsatsi lefe, leha ho le joalo, e re bolella hore na ke ketsahalo efe e sa tloaelehang e tla re bontša ha a qala. Ketsahalo eo ke ho felisoa ha bolumeli bohle ba bohata ke mebuso ea lipolotiki. Boprofeteng ba Bibele bo ho Tšenolo khaolo ea 17 le ea 18, bolumeli ba bohata bo tšoantšoa le seotsoa se ’nileng sa kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate le mekhatlo ea lipolotiki ea lefatše. Tšenolo 17:16 e bontša hore haufinyane mekhatlo ena ea lipolotiki e ‘tla hloea seotsoa ’me e tla se ripitla le ho se hlobolisa, e tla ja linama tsa sona ’me e tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.’

12 Ha nako ea hore seo se etsahale e fihla, Molimo o tla ‘ho kenya ka lipelong tsa bona [babusi ba lipolotiki] ho phetha monahano oa hae’ oa ho felisa bolumeli bohle ba bohata. (Tšen. 17:17) Kahoo, ho ka boleloa hore ke Molimo ea bo felisang. Ke kahlolo eo ka eona Molimo a ahlolang bolumeli ba boikaketsi boo ka nako e telele bo ileng ba ruta lithuto tse khahlanong le thato ea hae le bo ileng ba hlorisa bahlanka ba hae. Lefatše ka kakaretso ha lea lebella timetso ena ea bolumeli e tlang. Empa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova bona ba e lebeletse. Kahoo, matsatsing ana a ho qetela, ba ’nile ba bolella batho ka timetso eo.

13. Ke eng e bontšang hore bolumeli ba bohata bo tla felisoa ka potlako?

13 Batho ba tla tšoha haholo ha ba bona bolumeli ba bohata bo felisoa. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore mabapi le timetso eo, esita le “marena [a mang] a lefatše” a tla re: “Ho malimabe, ho malimabe, . . . hobane kahlolo ea hao e fihlile ka hora e le ’ngoe!” (Tšen. 18:9, 10, 16, 19) Poleloana ena ea Bibele e reng ka “hora e le ’ngoe,” e bontša hore ketsahalo ena e tla etsahala ka potlako.

14. Qetellong ha lira tsa Molimo li hlasela bahlanka ba hae, Jehova o tla nka bohato bofe?

14 Rea hlokomela hore nakoana ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo timetsoe, bahlanka ba Jehova ba ’nileng ba bolela melaetsa ea hae ea kahlolo, ba tla hlaseloa. (Ezek. 38:14-16) Ha tlhaselo eo e qala, batho ba hlaselang ba tla loana le Jehova, ea tšepisang hore o tla sireletsa batho ba hae ba tšepahalang. Jehova o re: “Chesehong ea ka, mollong oa khalefo ea ka, ke tla lokela ho bua, . . . ’me li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.” (Bala Ezekiele 38:18-23.) Lentsoeng la hae Molimo o re: “Ea le amang [bahlanka ba hae ba tšepahalang] o ama leihlo la ka.” (Zak. 2:8) Kahoo, ha lira tsa hae li qala ho hlasela bahlanka ba hae lefatšeng lohle, Jehova o tla nka khato. O tla nka khato e tla qala karolo ea ho qetela ea matšoenyeho a maholo ao sehlohlolo sa ’ona e leng Armagedone. Ka taelo ea Kreste, mabotho a matla a mangeloi a tla phethahatsa kahlolo ea Jehova khahlanong le lefatše la Satane.

Re Lokela ho Ameha Joang?

15. Ho tseba hore bofelo ba tsamaiso ee bo haufi ho lokela ho re ama joang?

15 Ho tseba hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo atamela ka potlako ho lokela ho re ama joang? Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo”? (2 Pet. 3:11) Mantsoe ao a totobatsa hore na ke habohlokoa hakae hore re lule re falimehile e le hore re tiise hore boitšoaro ba rōna bo lumellana le seo Molimo a se hlokang le hore tsela eo re phelang ka eona e akarelletsa mesebetsi ea boinehelo ba bomolimo, e bontšang hore re rata Jehova. Liketso tseo li akarelletsa hore re etse sohle seo re ka se khonang ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso pele bofelo bo tla. Petrose o ile a boela a ngola a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. . . . Le falimehe mabapi le lithapelo.” (1 Pet. 4:7) Re atamela ho Jehova ebile re bontša hore rea mo rata ka hore nako le nako re ipiletse ho eena ka thapelo, re mo kōpe hore a re tataise ka moea oa hae o halalelang le ka phutheho ea hae e lefatšeng lohle.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela keletso ea Molimo ka hloko?

16 Matsatsing ana a mahlonoko, re lokela ho mamela ka hloko keletso ea Lentsoe la Molimo e reng: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baef. 5:15, 16) Haesale, ha ho e-s’o ka ho e-ba le bokhopo bo bokana. Satane o qapile lintho tse ngata e le hore a thibele batho ho etsa thato ea Jehova kapa ho ba sitisa ho e etsa. Kaha re bahlanka ba Molimo, re tseba sena ebile ha re batle ho lumella ntho leha e le efe ho etsa hore re se ke ra tšepahala ho Molimo. Re boetse rea tseba hore na haufinyane ho tla etsahala eng ’me re tšepa Jehova le merero ea hae.—Bala 1 Johanne 2:15-17.

17. Hlalosa hore na ke sefe se tla etsoa ke ba pholohileng Armagedone ha batho ba tsosoa bafung.

17 Ho tla phethahala tšepiso e babatsehang eo Molimo a e entseng ea hore o tla tsosa bafu, hobane “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:15) Hlokomela tsela e sa tsilatsileng eo tšepiso ena e fanoang ka eona ha ho thoe: “Ho tla ba le tsoho”! Ha ho pelaelo hore sena se tla phethahala kaha Jehova o boletse! Esaia 26:19 e etsa tšepiso ena: “Bafu ba hao ba tla phela. . . . Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng! . . . Lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.” Mantsoe ao a ile a phethahatsoa ka lekhetlo la pele ha batho ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba khutlisetsoa naheng ea habo bona, e leng se re kholisang hore sena se tla phethahala ka tsela ea sebele lefatšeng le lecha. E tla ba thabo e khōlō hakaakang ha batho ba tsosoang bafung ba boela ba kopanngoa le barutuoa ba bona! Ka sebele, bofelo ba lefatše la Satane bo haufi ’me lefatše le lecha la Molimo le haufi haholo. Ke habohlokoa hakaakang hore re lule re falimehile!

Na U sa Hopola?

• Ntho e ka sehloohong eo Jesu a neng a ruta ka eona e ne e le efe?

• Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o atile hakae kajeno?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re falimehe?

• Tšepiso e ho Liketso 24:15 e u khothatsa joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

 HO ILE HA QALEHA MEHLA EA PHEREKANO

The Age of Turbulence: Adventures in a New World ke sehlooho sa buka ea 2007 ea Alan Greenspan. Hoo e ka bang ka lilemo tse 20, e ne e le molula-setulo oa Boto ea Banka e Khōlō ea United States, e okametseng tsamaiso eohle ea libanka naheng eo. Greenspan o totobatsa phapang e khōlō e teng pakeng tsa boemo ba lefatše pele ho 1914 le ka mor’a moo:

“Litlaleho tsohle tsa pele ho 1914 li bontša hore pele ho selemo seo, lefatše le ne le bonahala le tsoela pele hoo le ke keng la khutlela boemong ba lona ba pele, ka kakaretso batho ba ne ba hlomphana ’me ho ne ho e-na le tsoelo pele sechabeng le linthong tsa theknoloji. Thekiso e hlabisang lihlong ea makhoba e ne e felisitsoe lekholong la lilemo la leshome le metso e robong. Mabifi a etsang hore batho ba hloke botho a ne a bonahala a ntse a fokotseha. . . . Tsela eo theknoloji ea lefatše e ’nileng ea tsoela pele ka eona lekholong la lilemo la leshome le metso e robong, e entse hore ho be le liporo, lithelefono, mabone a motlakase, libaesekopo, limotokara le lintho tse nolofatsang bophelo ba lelapa tse se nang palo. Tsebo litabeng tsa meriana, phepo e nepahetseng le ho etsa hore ho be le metsi a hloekileng ka bongata, li ile tsa eketsa lilemo tseo batho ba li phelang . . . Batho kaofela ba ne ba nahana hore tsoelo-pele ena e ke ke ea emisa.”

Empa . . . “Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea senya tlhomphano eo batho ba neng ba e-na le eona le tsoelo pele sechabeng le theknolojing ho feta Ntoa ea II ea Lefatše e ileng ea baka tšenyo e khōlō e bonahalang: ntoa ea pele e ile ea senya maikutlo ana ao ba neng ba e-na le ’ona. Ke sitoa ho lebala lilemo tseo tsa pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, ha ho ne ho bonahala batho ba tsoela pele ka potlako le ka mokhoa o sa thijoeng ke letho. Kajeno tsela eo re shebang lintho ka eona e fapane hōle le tsela eo re neng re li sheba ka eona lilemong tse lekholo tse fetileng empa ho bonahala hona joale re sheba lintho ka tsela eo li hlileng Ii leng ka eona. Na tšabo, ho futhumala ha lefatše, kapa lipolotiki tse emelang maikutlo a bongata tse lulang li boea sekoele, li tla etsa hore mehleng ea kajeno ho be le seo Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea se etsa mehleng e fetileng? Ha ho na motho ea ka reng e hlile o tseba karabo.”

Greenspan o hopola mantsoe ana a Moprofesa oa Tsa Moruo Benjamin M. Anderson (1886-1949), ao a ileng a a bua ha Greenspan e ne e sa le ngoan’a sekolo: “Batho ba neng ba hōlile ka ho lekaneng hore ba hopole ba be ba utloisise seo lefatše le neng le le sona pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, ba hopola litaba tsa nako eo ka tlholohelo e khōlō. Ka nako eo batho ba ne ba ikutloa ba sireletsehile ho feta neng kapa neng.”—Economics and the Public Welfare.

G  J. Meyer, bukeng ea hae ea A World Undone, e hatisitsoeng ka 2006, o fihlela qeto e tšoanang. Rea bala: “Hangata ho ee ho boleloe hore liketsahalo tsa histori li ‘fetotse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’ Sena e boetse ke ’nete tabeng ea Ntoa e Khōlō [ea 1914-1918]. Ntoa eo e ile ea fela ea fetola ntho e ’ngoe le e ’ngoe: eseng meeli feela, eseng mebuso le qetello ea lichaba feela, empa le tsela eo batho ba ’nileng ba sheba lefatše ka eona le eo ba ’nileng ba icheba ka eona ho tloha ka nako eo. E ile ea e-ba nako ea bofokoli, e ileng ea etsa hore ka mor’a ntoa, lefatše e be le sa sireletsehang joaloka pele.”

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ka Armagedone, Jehova o tla lokolla mabotho a matla a mangeloi