“Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
“Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
‘Ba ile ba tlala moea o halalelang ’me ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.’—LIK. 4:31.
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ka matla hore re atlehe tšebeletsong ea rōna?
MATSATSI a mararo pele a e-shoa, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” Pele Jesu ea tsositsoeng bafung a nyolohela leholimong, o ile a laela balateli ba hae hore ba ‘etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, ba ba rute ho boloka lintho tsohle tseo a ba laetseng tsona.’ O ile a ba tšepisa hore o ne a tla ba le bona “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Mat. 24:14; 26:1, 2; 28:19, 20.
2 Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re ikakhela ka setotsoana mosebetsing o qalileng lekholong la pele la lilemo. Ha ho mosebetsi o mong oo e leng oa bohlokoa joaloka ona oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa, o pholosang bophelo. Kahoo, ruri ke habohlokoa hore re atlehe tšebeletsong ea rōna! Sehloohong sena, re tla bona hore na ho tataisoa ke moea o halalelang ho re thusa joang hore re bue ka sebete ha re le tšebeletsong. Lihloohong tse peli tse latelang ho tla bontšoa hore na moea oa Jehova o ka re tataisa joang hore re bontše boiphihlelo ha re ruta re be re bolele re sa phetse.
Ho Hlokahala Hore re be Sebete
3. Ke hobane’ng ha ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ho hloka hore motho a be sebete?
3 Mosebetsi oa ho phatlalatsa ’Muso oo re o Mat. 24:38, 39) Ntle le moo, ba bang baa re soma kapa baa re hanyetsa. (2 Pet. 3:3) Re ka ’na ra hanyetsoa ke ba boholong, bao re kenang sekolo le bona kapa bao re sebetsang le bona, esita le litho tse haufi tsa lelapa. Ho phaella moo, re na le mefokolo, e kang ho ba lihlong kapa ho tšaba ho khesoa. Ho na le lintho tse ngata tse re thatafalletsang “ho bua ka bolokolohi” le ho bua lentsoe la Molimo “ka sebete.” (Baef. 6:19, 20) Ho hlokahala hore re be sebete e le hore re phehelle ho bolela lentsoe la Molimo. Re ka thusoa ke’ng hore re be sebete?
filoeng ke Molimo ke tlotla e ke keng ea lekanngoa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha re o etsa re thulana le mathata. Le hoja batho ba bang ba amohela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo habonolo, ba bangata ba bontša hore ba tšoana le batho ba neng ba phela mehleng ea Noe. Jesu o ile a re ha baa ka “ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.” (4. (a) Sebete ke eng? (b) Moapostola Pauluse o ile a iteta sebete joang e le hore a bue le Bathesalonika?
4 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “sebete” le bolela “ho se hlathe koana le koana, ho toba taba, ho bua ka ho hlaka.” Lentsoe leo le fana ka maikutlo a “ho iteta sefuba, ho kholiseha, . . . ho hloka tšabo.” Ho ba sebete ha ho bolele ho bua ka ho hloka tlhompho kapa ho ba tala. (Bakol. 4:6) Le hoja re lokela ho ba sebete, re boetse re lokela ho ba le khotso le batho bohle. (Bar. 12:18) Ho feta moo, ha re ntse re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, re lokela ho bua ka sebete empa re le hlokolosi hore re se ke ra khopisa motho eo re buang le eena e se ka morero. Ka sebele, e le hore re be sebete, re lokela ho ba le litšobotsi tse ling tseo ho hlokahalang hore re sebetse ka thata hore re be le tsona. Ha re be le sebete sa mofuta ona hobane re itšepile. Ka mor’a hore moapostola Pauluse le metsoalle ea hae ba ‘nyelisoe Filipi,’ ba ile ba “iteta sebete” joang hore ba bue le batho ba Thesalonika? Pauluse o ile a ngola hore e bile “ka Molimo.” (Bala 1 Bathesalonika 2:2.) Jehova Molimo a ka felisa letsoalo la rōna a ba a etsa hore re be sebete joaloka bona.
5. Jehova o ile a fa Petrose, Johanne le barutuoa ba bang sebete joang?
5 Ha moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ne ba qholotsoa ke “babusi [ba sechaba] le banna ba baholo le bangoli,” ba ile ba re: “Hore na ho lokile mahlong a Molimo ho mamela lōna ho e-na le Molimo, le ikahlolele. Empa ha e le rōna, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Ho e-na le hore ba rapelle hore Molimo a felise mahloriso, bona hammoho le balumeli-’moho le bona ba ile ba etsa thapeli, ba re: “Jehova, lebisa tlhokomelo litšokelong tsa bona, ’me u etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” (Lik. 4:5, 19, 20, 29) Jehova o ile a araba kōpo ea bona joang? (Bala Liketso 4:31.) Jehova o ile a ba thusa ka moea oa hae hore ba itete sebete. Moea oa Molimo o ka etsa hore le rōna re itete sebete. Joale, re ka fumana moea oa Molimo joang o be o re tataise tšebeletsong ea rōna?
E-ba Sebete
6, 7. Tsela e tobileng ka ho fetisisa eo ka eona re ka fumanang moea o halalelang oa Molimo ke efe? Fana ka mehlala.
6 Tsela e tobileng ka ho fetisisa eo ka eona re ka fumanang moea o halalelang oa Molimo, ke ka ho o kōpa. Jesu o ile a re ho bamameli ba hae: “Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:13) Ka sebele, re lokela ho rapella moea o halalelang re sa phetse. Haeba likarolo tse itseng tsa tšebeletso, tse kang ho etsa bopaki ba seterateng, ho paka ka mokhoa o sa reroang, kapa ho sebetsa tšimo ea khoebo li re tšosa, re ka rapela Jehova hore a re fe moea oa hae re be re kōpe hore a re thuse ho ba le sebete se hlokahalang.—1 Bathes. 5:17.
7 Ke sona seo mosali e mong oa Mokreste ea bitsoang Rosa a ileng a se etsa. * Ka letsatsi le leng ha Rosa a ne a le mosebetsing, tichere eo a sebetsang le eona e ne e ntse e bala tlaleho e tsoang sekolong se seng e buang ka tšoaro e mpe ea bana. Tichere eo e ile ea tšoenngoa ke seo e neng e se bala hoo e ileng ea hoeletsa ea re, “Ho etsahala’ng ka lefatše lee?” Rosa o ne a ke ke a tlohela monyetla oo oa ho fana ka bopaki. O ile a etsa’ng e le hore a itete sebete hore a bue? Rosa o re: “Ke ile ka rapela Jehova ’me ka kōpa hore moea oa hae o nthuse.” O ile a khona ho fana ka bopaki bo botle a ba a etsa litokisetso tsa hore ba tle ba boele ba qoqe hape. Hape nahana ka mohlala oa ngoanana ea lilemo li hlano ea bitsoang Milane, ea lulang New York City. Milane o re: “Pele ke e-ea sekolong, ’na le ’Mè oa ka re rapela Jehova kamehla.” Ba rapella eng? Ba rapella hore Milane a be sebete sa hore a eme a tiile a be a bue ka Molimo oa hae! ’Mè oa hae o re: “Sena se thusitse Milane hore a hlalose boemo ba hae mabapi le matsatsi a tsoalo le a phomolo ’me a qobe ho kopanela ha ho ketekoa liketsahalo tse joalo.” Na mehlala ee ha e bontše hore thapelo ea sebetsa mabapi le ho iteta sebete?
8. Re ka ithuta’ng ho moprofeta Jeremia mabapi le ho ba sebete?
8 Hape, nahana ka se ileng sa thusa moprofeta Jeremia hore a be sebete. Ha Jehova a ne a khetha Jeremia hore e be moprofeta lichabeng, Jeremia o ile a araba a re: “Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” (Jer. 1:4-6) Leha ho le joalo, ka mor’a nako Jeremia o ne a phehella a bile a le matla mosebetsing oa hae oa boboleli hoo batho ba bangata ba neng ba nka hore e ne e le motho ea phatlalatsang tlokotsi feela. (Jer. 38:4) Ka lilemo tse fetang 65, o ile a bolela likahlolo tsa Jehova ka sebete. O ne a tsebahala haholo Iseraele ka ho bolela a sa tšabe le ka sebete hoo lilemo tse ka bang 600 hamorao ha Jesu a ne a bua ka sebete, batho ba bang ba neng ba nahana hore Jeremia o tsohile bafung. (Mat. 16:13, 14) Moprofeta Jeremia eo qalong a neng a tsilatsila, o ile a hlōla lihlong tsa hae joang? O re: “Ka pelong ea ka [lentsoe la Molimo] la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka; ka khathala ke ho le tiisetsa, ’me ke ne ke sa khone ho le mamella.” (Jer. 20:9) Ka sebele, lentsoe la Jehova le ile la matlafatsa Jeremia ’me la mo susumelletsa hore a bue.
9. Ke hobane’ng ha lentsoe la Molimo le ka re susumetsa ka tsela eo le ileng la susumetsa Jeremia ka eona?
9 Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena lengolong leo a neng a le ngoletse Baheberu: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Molaetsa kapa lentsoe la Molimo le ka re susumetsa ka tsela eo le ileng la susumetsa Jeremia ka eona. Hopola hore le hoja ho sebelisitsoe batho hore ba ngole Bibele, Bibele hase pokello ea bohlale ba batho, kaha e bululetsoe ke Molimo. Petrose oa Bobeli 1:21, e re: “Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” Ha re ipha nako ea ho ithuta Bibele ka tsela e molemo, likelello tsa rōna li tlala molaetsa o bululetsoeng ka moea o halalelang. (Bala 1 Bakorinthe 2:10.) Molaetsa oo o ka ba “joaloka mollo o tukang” ka hare ho rōna, hoo re ke keng ra khona ho o mamella.
10, 11. (a) Re lokela ho ithuta joang e le hore re ka bua ka sebete? (b) Bolela bonyane mohato o le mong oo u rerang ho o nka e le hore u ntlafatse tsela eo u ithutang ka eona thutong ea hao ea botho.
10 E le hore thuto ea botho ea Bibele e re susumetse ka matla, e lokela ho etsoa ka tsela eo ka eona molaetsa oa Bibele o tlang ho fihla botebong ba pelo, ’me o ame seo re leng sona ka hare. Ka mohlala, moprofeta Ezekiele o ile a bontšoa pono eo ho eona a ileng a kōptjoa hore a je moqolo oa buka e neng e e-na le molaetsa o matla o neng o lokela ho bolelloa batho ba neng ba sa o amohele. Ezekiele o ne a lokela ho amohela molaetsa oo ka botlalo ’me o thophothele ho eena. Ho etsa joalo ho ne ho tla etsa hore mosebetsi oa ho phatlalatsa molaetsa oo o be monate—o latsoehe joaloka mahe a linotši.—Bala Ezekiele 2:8–3:4, 7-9.
11 Le rōna re boemong bo kang boo Ezekiele a neng a le ho bona. Kajeno, batho ba bangata ha ba batle ho utloa letho ka seo Bibele e se buang. E le hore re ka phehella ho bolela lentsoe la Molimo, ke habohlokoa hore re ithute Mangolo ka tsela e re thusang hore re amohele molaetsa oa ’ona ka botlalo. Re lokela ho ithuta kamehla—eseng ngope’a-setšoha. Re lokela ho ba le takatso e kang eo mopesaleme a neng a e-na le eona ha a ne a bina a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika la ka le Molopolli oa ka.” (Pes. 19:14) Ruri ke habohlokoa hore re iphe nako ea ho thuisa ka seo re se balang, e le hore linnete tsa Bibele li thophothele botebong ba lipelo tsa rōna! Ka sebele, re lokela ho leka ka matla hore re ntlafatse tsela eo re ithutang ka eona thutong ea rōna ea botho. *
12. Ke hobane’ng ha liboka tsa Bokreste li re thusa hore re tataisoe ke moea o halalelang?
12 Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang hore re rue molemo moeeng o halalelang oa Jehova, ke hore re ‘nahanelane, re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle le hore re se ke ra tlohela ho bokana ha rōna.’ (Baheb. 10:24, 25) Ho ikitlaelletsa ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste, ho mamela ka hloko, le ho sebelisa seo re ithutang sona, ke tse ling tsa litsela tseo moea o re tataisang ka tsona. Etsoe, na moea oa Jehova ha o re tataise ka phutheho?—Bala Tšenolo 3:6.
Melemo ea ho ba Sebete
13. Re ka ithuta’ng ho seo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba se finyella mosebetsing oa boboleli?
13 Moea o halalelang ke matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng, ’me o ka matlafatsa batho hore ba etse thato ea Jehova. Ka tšusumetso ea oona, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba finyella mosebetsi oa boboleli o moholo haholo. Ba ile ba bolela litaba tse molemo “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:23) Ha re nahana hore boholo ba bona “e ne e le batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng,” hoa hlaka hore ho na le matla a maholo a neng a ba susumetsa.—Lik. 4:13.
14. Re ka thusoa ke’ng hore re ‘chesehe moeeng’?
14 Ho phela ka tsela e lumellang moea o halalelang hore o tataise bophelo ba rōna, le hona ho ka re susumelletsa hore re phethe tšebeletso ea rōna ka sebete. Ha melemo ea ho rapella moea o halalelang re sa phetse, ea ho khothalla ho ithuta Bibele ka tsela e molemo, le ea ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste e kopana, e ka re thusa hore re ‘chesehe moeeng.’ (Bar. 12:11) Mabapi le “Mojuda ea itseng ea bitsoang Apolose, letsoalloa la Alexandria, monna ea kheleke puong, [ea ileng] a fihla Efese,” Bibele e re: “Kaha o ne a cheseha moeeng, [o ile] a qala ho bua le ho ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu.” (Lik. 18:24, 25) Ha re “cheseha moeeng,” re ka ba sebete haholo tšebeletsong ea rōna ea ntlo le ntlo le ha re paka ka mokhoa o sa reroang.—Bar. 12:11.
15. Ha re bua ka sebete haholoanyane seo se re tsoela molemo joang?
15 Ha re le sebete haholoanyane ha re paka, seo se re tsoela molemo. Pono ea rōna ea ntlafala hobane re utloisisa ka botlalo hore mosebetsi oa rōna ke oa bohlokoa ebile o molemo. Re ba mafolofolo haholo kaha thabo ea rōna ea eketseha ha re atleha tšebeletsong. Cheseho ea rōna e ba matla kaha re hlokomela le ho feta hore mosebetsi oa boboleli o potlakile.
16. Re lokela ho etsa’ng haeba cheseho ea rōna tšebeletsong e se e fokotsehile?
16 Re ka etsa’ng haeba re se re feletsoe ke cheseho tšebeletsong kapa re se re sa chesehe joaloka pele? Joale ho hlokahala hore re itlhahlobe ka botšepehi. Pauluse o ile a ngola a re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.” (2 Bakor. 13:5) Ipotse: ‘Na ke sa ntse ke cheseha moeeng? Na ke rapela Jehova hore a mphe moea oa hae? Na lithapelo tsa ka li bontša hore ke itšetleha ka eena hore ke etse thato ea hae? Na li bontša hore ke ananela tšebeletso eo re filoeng boikarabelo ba hore re e etse? Mekhoa ea ka ea thuto ea botho e joang? Ke sebelisa nako e kae ke thuisa ka seo ke se balang le seo ke se utloang? Ke ikakhela ka setotsoana hakae libokeng tsa phutheho?’ Ho nahanisisa ka lipotso tse kang tsena, ho ka u thusa hore u hlokomele likarolo tseo u fokolang ho tsona u be u lokise boemo.
Lumella Moea oa Molimo Hore o U fe Sebete
17, 18. (a) Mosebetsi oa boboleli o etsoa ka sekhahla se sekae kajeno? (b) Re ka bua ka “bolokolohi bo boholo” joang ha re phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo?
17 Ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Mosebetsi o qalileng nakong eo o etsoa ka sekhahla se seholo ka ho fetisisa kajeno. Lipaki Tsa Jehova tse ka bang limilione tse supileng li phatlalatsa molaetsa oa ’Muso linaheng tse fetang 230, ’me li qeta lihora tse ka bang libilione tse 1,5 ka selemo tšebeletsong. Ruri hoa thabisa ho kopanela ka mafolofolo mosebetsing ona o ke keng oa hlola o phetoa!
18 Joaloka lekholong la pele la lilemo, mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle kajeno o etsoa ka tataiso ea moea oa Molimo. Haeba re mamela tataiso eo moea o fanang ka eona, re tla bua “ka bolokolohi bo boholo” tšebeletsong ea rōna. (Lik. 28:31) Ka lebaka leo, e se eka re ka tataisoa ke moea ka hohle-hohle ha re ntse re phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 7 Mabitso a fetotsoe.
^ ser. 11 E le hore u rue molemo ka ho fetisisa ha u ithuta Bibele le ha u etsa thuto ea botho, sheba buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, khaolong e nang le sehlooho se reng “Ikitlaelletse ho Bala” le se reng “Ho Ithuta Hoa Putsa,” leqepheng la 21-32.
U Ithutile Eng?
• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be sebete ha re bolela lentsoe la Molimo?
• Barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba thusoa ke’ng hore ba bue ka sebete?
• Re ka ba sebete joang?
• Ho ba sebete ho re tsoela molemo joang?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba be sebete?
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Thapelo e khutšoanyane e ka u thusa hore u be sebete tšebeletsong