Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha—Hlōlang Khatello ea Lithaka

Bacha—Hlōlang Khatello ea Lithaka

Bacha—Hlōlang Khatello ea Lithaka

‘Seo le se buang e be se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.’—BAKOL. 4:6.

1, 2. Bacha ba bangata ba ikutloa joang ka ho ba mekhelo, hona hobane’ng?

HA HO pelaelo hore u kile ua utloa mantsoe a reng “khatello ea lithaka” ebile uena ka bouena u kile ua thulana le eona. Mohlomong ka nako e ’ngoe motho e mong o kile a u khothalletsa hore u etse ntho eo u tsebang hore e fosahetse. Ha seo se etsahala u ikutloa joang? Christopher ea lilemo li 14, o re: “Ka linako tse ling ke ee ke utloe eka nka re lefatše ngamoha ke kene kapa ho seng joalo ke tšoane le bana bao ke kenang sekolo le bona e le hore ke se ke ka ba mokhelo.”

2 Na lithaka tsa hao li u susumetsa haholo? Haeba ho joalo, ke hobane’ng? Na ebe mohlomong ke hobane u batla hore li u amohele? Hase hore kamehla ho ba le takatso e joalo ho fosahetse. Ha e le hantle, le batho ba baholo ba ntse ba batla ho amoheloa ke lithaka tsa bona. Ha ho na motho ea ratang ho khesoa—ebang ke motho e moholo kapa ke mocha. Leha ho le joalo, ’nete ke hore hase kamehla batho ba tla u rorisa ha u emela se nepahetseng. Jesu le eena o ile a tobana le seo. Ho ntse ho le joalo, kamehla Jesu o ne a etsa se nepahetseng. Ba bang ba ile ba latela Mora oa Molimo ’me ea e-ba barutuoa ba hae, empa ba bang ba ile ba mo khesa ’me ba “mo nka e se oa bohlokoa.”—Esa. 53:3.

Khatello ea ho Batla ho Tšoana le Lithaka Tsa Hao e Matla Hakae?

3. Ke hobane’ng ha e le phoso hore u phele ho latela melao ea lithaka tsa hao?

3 Ka linako tse ling u ka ’na ua lekeha hore u phele ho latela melao ea lithaka tsa hao e le hore li se ke tsa u nyatsa. Eo e ka ba phoso. Bakreste ha ea lokela ho ba “bana, ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu.” (Baef. 4:14) Bana ba banyenyane ba ka ’na ba susumetsoa habonolo ke batho ba bang. Leha ho le joalo, joaloka mocha, u se u le haufi le ho ba motho e moholo. Ka lebaka leo, haeba u lumela hore melao ea Jehova e tla u tsoela molemo, e ka ba hantle hore u phele tumellanong le seo u se lumelang. (Deut. 10:12, 13) Haeba u sa etse joalo u tla be u re batho ba bang ba laole bophelo ba hao. Bonneteng, ha u inehela ha lithaka li u hatella, u fetoha popoiki ea tsona.—Bala 2 Petrose 2:19.

4, 5. (a) Arone o ile a inehela khatellong ea lithaka joang, ’me seo se u ruta’ng? (b) Lithaka tsa hao li ka ’na tsa sebelisa mekhoa efe ho leka ho u hatella?

4 Ka lekhetlo le leng, moholoane oa Moshe e leng Arone o ile a inehela ha a ne a hatelloa ke lithaka. Ha Baiseraele ba ne ba mo phehella hore a ba etsetse molimo, o ile a etsa joalo. Arone o ne a se boi. Pejana o ile a ema le Moshe ha ba ne ba bua le Faro, monna ea neng a le matla ka ho fetisisa Egepeta. Ka nako eo, Arone o ile a bua ka sebete, a phatlalatsa molaetsa oa Molimo. Empa ha Baiseraele ba habo ba ne ba mo hatella, Arone o ile a inehela. Ruri khatello ea lithaka ke ntho e matla haholo! Arone o ile a nolofalloa ke ho tobana le morena oa Egepeta ho feta ho tobana le lithaka tsa hae.—Ex. 7:1, 2; 32:1-4.

5 Joalokaha mohlala oa Arone o bontša, hase bacha feela ba thulanang le khatello ea lithaka, ebile hase bothata ba batho ba sekametseng bobeng feela. Khatello ea lithaka e ka ama le batho ba batlang ho etsa se nepahetseng e le kannete, ho akarelletsa le uena. Lithaka tsa hao li ka ’na tsa leka ho u qobella hore u etse ntho e fosahetseng ka ho u phephetsa, ho u qosa ka ntho e itseng kapa hona ho u soma. Ho sa tsotellehe hore na khatello ea lithaka ke ea mofuta ofe, ha ho bonolo ho e hlōla. E le hore u e hlōle, ho hlokahala hore u qale pele ka ho kholiseha ka seo u se lumelang.

“Le ’ne le Leke Seo le Leng Sona”

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u kholisehe ka lintho tseo u li lumelang, hona u ka fumana kholiseho e joalo joang? (b) U ka ipotsa lipotso life e le ho matlafatsa kholiseho eo u nang le eona?

6 E le hore u hlōle khatello ea lithaka, u lokela hore u kholisehe pele hore lintho tseo u li lumelang le melao eo u phelang ka eona li nepahetse. (Bala 2 Bakorinthe 13:5.) Ha u kholisehile, seo se tla u thusa hore u be sebete le haeba u le motho ea lihlong ka tlhaho. (2 Tim. 1:7, 8) Empa le haeba ka tloaelo motho a le sebete, ho ka ’na ha e-ba thata hore a emele ntho eo a sa kholisehang ka eona. Kahoo, e ka ba hantle hore u ikholise hore lintho tseo u li rutiloeng Bibeleng e fela e le ’nete. Qala ka lintho tsa motheo. Ka mohlala, u lumela hore Molimo o teng ’me u ’nile ua utloa ba bang ba bolela hore na ke hobane’ng ha ba lumela hore o teng. Joale, ak’u ipotse, ‘’Na ke kholisoa ke eng hore Molimo o teng?’ Morero oa potso ena hase ho tsosa lipelaelo empa ke ho matlafatsa tumelo ea hao. Ka tsela e tšoanang, ipotse, ‘Ke tseba joang hore Mangolo a bululetsoe ke Molimo?’ (2 Tim. 3:16) ‘Ke eng e nkholisang hore aa ke “matsatsi a ho qetela”?’ (2 Tim. 3:1-5) ‘Ke eng e etsang hore ke lumele hore melao ea Jehova e tla ntsoela molemo?’—Esa. 48:17, 18.

7 U ka ’na ua ba leqe ho ipotsa lipotso tseo u nahana hore u ke ke ua fumana likarabo tsa tsona. Leha ho le joalo, haeba u etsa joalo, ho ne ho tla tšoana le ho qeaqea ho sheba lenaka la peterole la koloi ea hao, hobane u tšaba hore le tla u bontša hore e felile! Haeba ho se na peterole ka koloing, u lokela ho tseba e le hore u nke bohato bo hlokahalang. Ka tsela e tšoanang, ho molemo hore u nke bohato haeba u hlokomela hore ho na le ntho eo u sa kholisehang ka eona.—Lik. 17:11.

8. Hlalosa hore na u ka matlafatsa kholiseho eo u nang le eona joang tabeng ea hore molao oa Molimo oa hore batho ba balehele bohlola o bohlale.

8 Nahana ka mohlala ona. Bibele e u phehella hore u ‘balehele bohlola.’ Ipotse, ‘Ke hobane’ng ha taelo eo e le bohlale?’ Nahana ka mabaka ’ohle ao lithaka tsa hao li etsang boitšoaro boo ka ’ona. Hape, nahana ka mabaka a sa tšoaneng a hore na ke hobane’ng ha motho ea etsang bohlola a “siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakor. 6:18) Joale, hlahloba mabaka ao ebe ua ipotsa: ‘Ke tsela efe eo ho leng molemo ho phela ka eona? Na ho etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ho molemo?’ Nahanisisa ka taba ena le ho feta ka ho ipotsa, ‘Ke ne ke tla ikutloa joang haeba ke ne nka inehela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate?’ Ka mor’a ho etsa joalo, lithaka tsa hao li ka ’na tsa u amohela, empa u tla ikutloa joang hamorao, ha u e-na le batsoali ba hao kapa Bakreste-’moho le uena Holong ea ’Muso? U tla ikutloa joang ha u leka ho rapela Molimo? Na u hlile u ikemiselitse ho tela kamano e ntle le Molimo molemong feela oa ho khahlisa bana bao u leng tlelaseng e le ’ngoe le bona?

9, 10. Ha u kholisehile ka seo u se lumelang, seo se tla u thusa joang hore u be sebete ha u e-na le lithaka tsa hao?

9 Haeba u mocha, u lilemong tseo “matla a [hao] a ho nahana” a hōlang ho feta neng kapa neng. (Bala Baroma 12:1, 2.) Sebelisa nako ena ho nahanisisa ka hore na ho ba Paki ea Jehova ho bolela’ng ho uena. Ho nahanisa ka tsela eo ho tla u thusa hore u matlafatse kholiseho ea hao linthong tseo u li lumelang. Joale, ha u thulana le khatello ea lithaka u tla tseba ho araba kapele u bile u le sebete. U tla ikutloa joaloka moroetsana e mong oa Mokreste ea ileng a re: “Ha ke emela seo ke se lumelang, ke mpa feela ke batla hore ba bang ba tsebe seo ke leng sona. Hona hase bolumeli feela tjee. Ke mokokotlo oa seo ke se nahanang, lipakane tseo ke ipehelang tsona, tsela eo ke itšoarang ka eona le eo ke phelang ka eona.”

10 Ka sebele, ho emela ka tieo seo u tsebang hore se nepahetse, ho hloka boiteko. (Luka 13:24) U ka ’na ua ipotsa hore na seo ehlile se molemo. Empa hopola: Haeba ho bonahala eka seo u se lumelang se u hlabisa lihlong, bana ba bang ba tla hlokomela seo ’me ba ka ’na ba u hatella le ho feta. Leha ho le joalo, haeba u bua ka kholiseho, u ka ’na ua makatsoa ke kamoo lithaka tsa hao li tla khaotsa ka potlako kateng ho u tšoenya.—Bapisa le Luka 4:12, 13.

‘Thuisa e le Hore U Arabe’

11. Ho itokisetsa khatello ea lithaka ho ka u tsoela molemo joang?

11 Mohato o mong oa bohlokoa oo u lokelang ho o nka e le hore u hlōle khatello ea lithaka ke hore u itokise. (Bala Liproverbia 15:28.) Ho itokisa ho bolela ho nahana esale pele hore na u ka ’na ua thulana le maemo afe. Ka linako tse ling ho nahana esale pele ka se ka ’nang sa etsahala ho ka u thusa hore u qobe ho hohlana le ba bang. Ka mohlala, ha u tla le mane, u bona bana ba bang ba sekolo ba entse seqhoqho ba bile ba ntse ba tsuba. Na ba ka ’na ba leka ho u tsubisa? Ha u nahanne ka bothata boo esale pele, u ka etsa’ng? Liproverbia 22:3 e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” Haeba u tsamaea ka tsela esele, u ka ’na ua qoba ho thulana le boemo boo ka ho feletseng. Hoo hase ho ba boi; ke ho bontša hore u bohlale.

12. U ka ’na ua araba joang ha u thulana le khatello ea lithaka?

12 Haeba teng u ka be se u re ptjangptjang le boemo bo itseng u tla etsa’ng? A re re thak’a hao e u botsa e maketse e re, “Na u tiile ha u e-s’o kopanele liphate?” Taba ea bohlokoa ke hore u latele keletso e ho Bakolose 4:6: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” Joalokaha lengolo lena le bontša, taba ea hore na u araba potso eo joang, e tla itšetleha ka maemo. Mohlomong ha ho hlokahale hore u hlalosetse lithaka tsa hao ka Bibele nako e telele. Mohlomong karabo e bonolo feela e tiileng e tla be e lekane. Ka mohlala, haeba u araba potso ea hore na ha u e-s’o kopanele liphate, u ka ’na ua re feela, “Ehlile,” kapa ua re, “Eo ke taba ea botho.”

13. Ke hobane’ng ha u hloka masene ha u araba thak’a hao e u somang?

13 Hangata Jesu o ne a araba ka bokhutšoanyane haeba ho bua haholo ho ne ho ke ke ha thusa hakaalo. Ha e le hantle, ha Heroda a ne a mo botsa lipotso, Jesu ha aa ka a mo araba. (Luka 23:8, 9) Hangata tsela e molemo ea ho sebetsana le lipotso tse sa bontšeng tlhompho ke ho se li arabe. (Liprov. 26:4; Moek. 3:1, 7) Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua hlokomela hore motho e mong ea makalitsoeng ke tsela eo u itšoarang ka eona—mohlomong mabapi le litaba tsa ho kopanela liphate—o u botsa a tiile, le haeba mohlomong qalong a buile le uena ka ho nyefola. (1 Pet. 4:4) Boemong bo joalo, e ka ’na ea e-ba ho loketseng hore u mo hlalosetse ka botlalo seo u se lumelang se thehiloeng Bibeleng. Haeba ho le joalo, u se ke ua tšaba ho mo bolella. Kamehla u lule u “loketse ho ikarabella.”—1 Pet. 3:15.

14. Maemong a mang, ka bohlale u ka etsa joang hore lithaka tsa hao e be tsona tse bang tlas’a khatello?

14 Maemong a mang, le uena u ka beha lithaka tsa hao tlas’a khatello. Leha ho le joalo, u lokela ho etsa sena ka bohlale. Ka mohlala, haeba ngoana eo u kenang sekolo le eena a u phephetsa hore u nke sakerete, u ka re, “Kea leboha” ebe u phaella ka ho re, “Na u tiile ua tsuba? Ke ne ke nahana hore u bohlale!” Na ua hlokomela hore na u mo beha tlas’a khatello joang? Ho e-na le hore e be uena ea hlalosang hore na ke hobane’ng ha u sa tsube, u qobella thak’a hao hore e nahane hore na ke hobane’ng ha e tsuba. *

15. Ke neng ha ho loketse hore u itsamaele haeba lithaka tsa hao li u hatella hore u etse ntho, hona hobane’ng?

15 U lokela ho etsa joang haeba ho sa tsotellehe boiteko boo u bo entseng, khatello e ntse e tsoela pele? Boemong boo ho molemo ho itsamaela. Haeba u lula nako e telele, u ka ’na ua inehela ka tsela e itseng. Kahoo, tloha sebakeng seo. U ka etsa joalo ho sa hlokahale hore u utloe u hlōtsoe. Ha e le hantle, u ile ua laola boemo. Ha ua ka ua ba popoiki ea lithaka tsa hao, ’me u thabisitse pelo ea Jehova.—Liprov. 27:11.

E-ba le ‘Merero e Tlisang Molemo’

16. Batho ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste ba ka ’na ba u hatella joang?

16 Ka linako tse ling, u ka ’na ua hatelloa ke bacha ba bang ba ipolelang hore ke bahlanka ba Jehova hore u etse ntho e fosahetseng. Ka mohlala, u tla etsa’ng ha u fihla ’mokeng o hlophisitsoeng ke motho ea joalo ’me u fumana hore ha ho na motho e moholo ea tla beng a behile lintho leihlo? Kapa u tla etsa’ng haeba mocha ea ipolelang hore ke Mokreste a e-tla le joala ’mokeng empa uena le bana ba bang ba teng ho oona le e-s’o fihle lilemong tsa molao tsa hore le ka noa? Ho ka ’na ha hlaha maemo a mangata ao ho ’ona u tla lokela ho mamela letsoalo la hao le koetlisitsoeng ke Bibele. Mocha e mong oa Mokreste o re: “’Na le moena oa ka re ile ra tsoa filiming e neng e e-na le batho ba rohakanang haholo. Ba bang bao re neng re e-na le bona ba ile ba khetha ho sala. Batsoali ba rōna ba ile ba re babatsa ka lebaka la seo re ileng ra se etsa. Leha ho le joalo, ba bang bao re neng re e-na le bona ba ne ba re halefetse hobane re ile ra ba hlahisa hampe.”

17. Ha u ile ’mokeng, ke mehato efe e molemo eo u ka e nkang e le hore u latele melao ea Molimo?

17 Joalokaha phihlelo e boletsoeng ka holimo e bontša, ho latela letsoalo la hao le koetlisitsoeng ke Bibele ho ka ’na ha u beha ka mosing. Leha ho le joalo, u lokela ho emela seo u lumelang hore se nepahetse. Itokise. Haeba u e-ea ’mokeng, itokisetse hore na u tla tsoa joang haeba lintho li sa tsamaee ka tsela eo u neng u e lebeletse. Bacha ba bang ba lumellana le batsoali ba bona hore ha ba ba letsetsa feela, ba ba late. (Pes. 26:4, 5) ‘Merero e joalo e tlisa molemo.’—Liprov. 21:5.

‘Thabela Bocha ba Hao’

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o batla hore u thabe? (b) Molimo o ikutloa joang ka batho ba hlōlang khatello ea lithaka?

18 Jehova o u bōpile u e-na le bokhoni ba ho thabela bophelo ebile o batla hore u thabe. (Bala Moeklesia 11:9.) Hopola hore seo boholo ba lithaka tsa hao bo se utloang, e mpa e le feela ho ‘thabela sebe ka nakoana.’ (Baheb. 11:25) Molimo oa ’nete o batla hore u fumane se molemo haholo ho feta seo. O batla hore u thabe ka ho sa feleng. Kahoo, ha u lekeha hore u etse ntho eo u tsebang hore e fosahetse mahlong a Molimo, hopola hore qetellong, kamehla seo Jehova a reng u se etse se tla u tsoela molemo.

19 Joaloka mocha, u lokela ho hlokomela hore le haeba u ne u ka amoheloa ke lithaka tsa hao, ka mor’a lilemo tse seng kae ho tloha joale boholo ba tsona bo ke ke ba hopola le lebitso la hao. Empa ha u hlōla khatello ea lithaka, Jehova oa hlokomela ebile le ka mohla a ke ke a u lebala kapa hona ho lebala botšepehi ba hao. O tla u ‘bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me a u tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.’ (Mal. 3:10) Ho feta moo, o u fa moea o halalelang ka seatla se bulehileng, ho u tlatsetsa moo e ka ’nang eaba u haelloa teng hona joale. Ka sebele, Jehova a ka u thusa hore u hlōle khatello ea lithaka tsa hao!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Sheba chate e nang le sehlooho se reng, “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka” bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, leqepheng la 132 le la 133.

Na U sa Hopola?

• Khatello ea lithaka e matla hakae?

• Kholiseho e phetha karolo efe hore motho a hlōle khatello ea lithaka?

• U ka itokisetsa ho tobana le khatello ea lithaka joang?

• U tseba joang hore Jehova o nka botšepehi ba hao e le ba bohlokoa?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ke hobane’ng ha Arone a ile a lumela ho etsa namane ea khauta?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Itokise—etsa qeto esale pele hore na u tla re’ng