Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le Itokise!

Le Itokise!

Le Itokise!

“Le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.”—MAT. 24:44.

1, 2. (a) Ke liketsahalo life tse boletsoeng esale pele ka Bibeleng tse ka bapisoang le ho hlasela ha nkoe? (b) Tlhaselo e tlang e u ama joang?

MOTHO e mong ea neng a thabisa matšoele ea neng tsebahala, o ile a qeta lilemo tse ngata a a thabisa ka ho bapala ka khotso le linkoe tsa Bengal tse koetlisitsoeng. O ile a re: “Ha phoofolo e u tšepa, u ikutloa eka u filoe mpho e ntle ka ho fetisisa.” Empa ka la 3 October, 2003, tšepo eo e ile ea fela. Ntle ho lebaka, e ’ngoe ea liphoofolo tseo tsa hae, e leng nkoe e tšoeu e boima ba lik’hilograma tse 172, e ile ea mo hlasela. Ho hang ha ho motho ea neng a lebeletse hore nkoe eo e ka hlasela, ’me mokoetlisi oa eona o ne a sa itokisa.

2 Hoa thahasellisa ho tseba hore Bibele e bolela esale pele hore “sebata” se tla hlasela ’me re lokela ho lula re itokisitse. (Bala Tšenolo 17:15-18.) Sebata see se hlasela mang? Ha lintho li fetoha ka tšohanyetso, lefatše la Diabolose lea arohana. Sebata se ’mala oa sekareleta se emela Machaba a Kopaneng, ’me “linaka tse leshome” li emela mebuso eohle ea lipolotiki. Mebuso ena e tla fetohela Babylona e Moholo ea kang seotsoa, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ’me e o timetse ka mabifi. See se tla etsahala neng? Ha re tsebe letsatsi le hora. (Mat. 24:36) Rea tseba hore e tla ba ka hora eo re sa e lebellang le hore nako e setseng pele ho tlhaselo ena e fokotsehile. (Mat. 24:44; 1 Bakor. 7:29) Kahoo, ke habohlokoa hore re lule re itokisitse moeeng e le hore ha tlhaselo eo e etsahala ’me Kreste a tla e le Mophethahatsi oa kahlolo e tle e boele e be Mopholosi oa rōna! (Luka 21:28) E le hore re lule re itokisitse ka tsela eo, re ka ithuta ho bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ileng ba lula ba itokisitse ’me eaba ba bona ha litšepiso tsa Molimo li phethahala. Na re tla nahana ka botebo ka mehlala ee ea sebele?

Itokise—Joaloka Noe

3. Ke maemo afe a ileng etsa hore Noe a thatafalloe ho sebeletsa Molimo ka botšepehi?

3 Ho sa tsotellehe maemo a mabe a neng a le teng mehleng ea Noe, o ile a lula a itokisitse e le hore a ka bona ha tšepiso ea Molimo e phethahala. Nahana feela hore na Noe o ile a thulana le mathata a makaakang ha mangeloi a marabele a ne a apara ’mele ea batho ’me a inkela basali ba batle hore a lule le bona! Manyalo ana ao e seng a tlhaho a ile a etsa hore ba be le bana ba lifonthoane, “ba matla” ba neng ba sebelisa matla a bona ho hatella batho ba bang. (Gen. 6:4) Nahana feela hore na lifonthoane tsena li ne li hlohlelletsa mabifi a makaakang hohle moo li neng li e-ea teng. Ka lebaka leo, bokhopo bo ne bo atile ’me menahano ea batho e ne e silafetse haholo hammoho le boitšoaro ba bona. Joale, ’Musi Morena Jehova o ile a beha nako eo ka eona batho bao ba khopo ba neng ba tla timetsoa.—Bala Genese 6:3, 5, 11, 12. *

4, 5. Maemo a mehleng ea rōna a tšoana le a mehleng ea Noe ka litsela life?

4 Jesu o ile a profeta hore maemo a mehleng ea rōna a ne a tla tšoana le a mehleng ea Noe. (Mat. 24:37) Ka mohlala, le rōna re khathatsoa ke meea e khopo. (Tšen. 12:7-9, 12) Mangeloi ana a bademona a ile a apara ’mele ea nama mehleng ea Noe. Le hoja hona joale a thibetsoe hore a apare ’mele ea batho, a ikitlaetsa ho laola batho bohle, ba baholo le ba banyenyane ka tsela e tšoanang. Ka sekhukhu, bademona bana ba hlanyetsang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ba thabela liketso tse mpe le tse litšila tsa batho bao ba ka ba silafatsang lefatšeng.—Baef. 6:11, 12.

5 Lentsoe la Molimo le hlalosa Diabolose e le “’molai” ’me le re o na le “mokhoa oa ho baka lefu.” (Joh. 8:44; Baheb. 2:14) Matla a hae a lekanyelitsoe mabapi le ho baka lefu ka ho toba. Leha ho le joalo, moea ona o mabifi o khothalletsa bolotsana le ho khelosa. O susumetsa likelello le lipelo tsa batho hore ba batle ho bolaea batho ba bang. Ka mohlala, ngoana a le 1 ho ba 142 ba hlahang United States, o tla bolaoa. Ha ho bolaea batho ntle ho lebaka ho atile hakaale, na u nahana hore Jehova a ke ke a ho ela hloko joalokaha a ile a ho ela hloko mehleng ea Noe? Na o tla hlōleha ho nka khato?

6, 7. Noe le lelapa la hae ba ile ba bontša tumelo joang le hore ba ne ba tšaba Molimo?

6 Hamorao, Noe o ile a bolelloa ka qeto eo Molimo a neng a e entse ea ho tlisa moroallo oa metsi lefatšeng, e leng se ileng sa felisa nama eohle. (Gen. 6:13, 17) Jehova o ile a laela Noe hore a hahe areka e tšoanang le lebokose le leholo. Noe le lelapa la hae ba ile ba kena khabong. Ke eng e ileng ea ba thusa hore ba mamele ba be ba bontše hore ba itokisitse ha kahlolo ea Molimo e fihla?

7 Ho ba le tumelo e matla le ho tšaba Molimo ho ile ha susumetsa Noe le lelapa la hae hore ba latele litaelo tsa Molimo. (Gen. 6:22; Baheb. 11:7) Kaha e ne e le hlooho ea lelapa, Noe o ile a lula a falimehile moeeng eaba o qoba ho kenya letsoho liketsong tse mpe tsa batho bao a neng a phela har’a bona. (Gen. 6:9) O ne a tseba hore lelapa la hae le ne le lokela ho itebela hore le se ke la tšoaetsoa ke boitšoaro bo mabifi le boikutlo ba ho tella ba batho bao ba neng ba phela har’a bona. E ne e le habohlokoa hore ba se ke ba phathahana haholo ka litaba tsa letsatsi le letsatsi tsa bophelo. Molimo o ne a e-na le mosebetsi oo ba neng ba lokela ho o etsa, kahoo e ne e le habohlokoa hore mosebetsi oo o tle pele bophelong ba litho tsohle tsa lelapa leo.—Bala Genese 6:14, 18.

Noe le ba Lelapa la Hae ba ne ba Itokisitse

8. Ke eng e bontšang hore litho tsa lelapa la Noe li ne li e-na le boinehelo ba bomolimo?

8 Tlaleho ea Bibele e lebisa tlhokomelo ho Noe joaloka hlooho ea lelapa, empa mosali oa Noe le bara ba hae hammoho le basali ba bona le bona e ne e le barapeli ba Jehova. Moprofeta Ezekiele o ile a tiisa sena. O ile a re hoja Noe o ne phela mehleng ea Ezekiele, bana ba hae ba ka be ba sa ka ba lopolloa feela ka lebaka la ho loka ha ntate oa bona. Ba ne ba le baholo ho lekana hore ba mamele kapa ba se ke ba mamela. Kahoo, ka bobona ba ile ba bontša hore ba rata Molimo le litsela tsa hae. (Ezek. 14:19, 20) Lelapa la Noe le ile la mamela litaelo tsa hae, la lumela seo a se lumelang la ba la se ke la lumella tšusumetso ea batho ba bang hore e le sitise ho etsa mosebetsi oo le neng le o filoe ke Molimo.

9. Re ka fana ka mehlala efe ea mehleng ee e bontšang tumelo e tšoanang le ea Noe?

9 Kajeno ke ho khothatsang hakaakang ho bona hore ka hare ho mokhatlo oa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ho na le lihlooho tsa malapa tse lekang ka hohle hore li etsise Noe! Lia elelloa hore ha hoa lekana hore feela li hlokomele malapa a tsona ka lijo, liaparo, bolulo le thuto. Li boetse li lokela ho hlokomela malapa a tsona ka seo a se hlokang moeeng. Ha li etsa joalo, li bontša hore li itokiselitse seo Jehova a tla se etsa haufinyane.

10, 11. (a) E tlameha ebe Noe le ba lelapa la hae ba ne ba ikutloa joang ha ba le ka arekeng? (b) E ka ba hantle hore kaofela ha rōna re ipotse potso efe?

10 Ho ka etsahala hore ebe Noe, mosali oa hae, bara ba hae le basali ba bona, ba ile ba sebetsa ka thata ho haha areka ka lilemo tse ka bang 50. Ho ka etsahala hore ha ba ntse ba haha areka ba ile ba kena le ho tsoa ka har’a eona ka makhetlo a mangata-ngata. Ba ile ba tiisa hore ha e kenele metsi, ba bokella lijo ka har’a eona ba ba ba kenya le liphoofolo. Nahana ka sena. Qetellong letsatsi le lebeletsoeng lea fihla. Ke la 17 khoeling ea bobeli ka selemo sa 2370 B.C.E., ’me ba kena ka arekeng. Jehova o koala monyako, ’me pula e qala ho na. Ona hase moroallo oa sebakeng se le seng feela. Likhoro tsa leholimo lia buleha, ’me pula ea litloebelele e khahlela holim’a areka. (Gen. 7:11, 16) Batho ba ka ntle ho areka baa shoa, athe ba ka arekeng baa pholoha. Ho ka etsahala hore ebe ba lelapa la Noe ba ne ba ikutloa joang? Ruri e tlameha ebe ba ne ba leboha Molimo haholo. Ha ho pelaelo hore ba ile ba nahana, ‘Ruri rea thaba hore ebe re ile ra tsamaea le Molimo oa ’nete eaba re lula re itokisitse!’ (Gen. 6:9) Nahana feela u se u fetile Armagedone, ’me pelo ea hao e tletse kananelo e joalo!

11 Ha ho letho le ka thibelang Molimo ea Matla ’Ohle ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa tsamaiso ena ea lintho ea Satane. Ipotse, ‘Na ke kholisehile ka hohle hore ha ho tšepiso ea Molimo le e ’ngoe e ke keng ea phethahala, esita le linthong tse nyenyane ka ho fetisisa, le hore kaofela ha tsona li tla phethahala ka nako eo a e behileng?’ Haeba ho joalo, itokise ka hore u lule u hopola “letsatsi la Jehova” le atamelang ka potlako.—2 Pet. 3:12.

Moshe o ile a Lula a Itokisitse

12. Ke eng e neng e ka ’na ea foufatsa Moshe moeeng?

12 A re ke re tšohleng mohlala o mong. Ho motho ea shebang lintho ka tsela ea nama, ho ne ho bonahala Moshe a e-na le menyetla e metle haholo naheng ea Egepeta. Kaha o ne a hōlisoa ke morali oa Faro, ho ka etsahala hore o ne a nkeloa holimo, a e-ja limenyemenye, a apara hantle a bile a phela mabothobothong. O ne a rutehile haholo. (Bala Liketso 7:20-22.) Ho ka etsahala hore ebe o ne a tla fumana lefa le leholo.

13. Ke joang Moshe a ileng a lula a tsepamisitse mohopolo litšepisong tsa Molimo?

13 Kamoo ho bonahalang kateng, koetliso eo Moshe a ileng a e fuoa ke batsoali ba hae ha a ne a sa le monyenyane e ile ea mo thusa hore a elelloe booatla ba borapeli ba litšoantšo ba Baegepeta. (Ex. 32:8) Tsamaiso ea thuto ea Egepeta le matletsetletse a lintho tse bonahalang tsa ntlong ea borena ha lia ka tsa etsa hore Moshe a lahle borapeli ba ’nete. E tlameha ebe o ile a nahana ka botebo ka litšepiso tseo Molimo a neng a li tšepisitse baholo-holo ba hae hape o ne a labalabela ho bontša hore o itokiselitse ho etsa thato ea Molimo. Ka lebaka leo, Moshe o ile a re ho bara ba Iseraele: “Jehova . . . Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna.”—Bala Exoda 3:15-17.

14. Tumelo ea Moshe le sebete sa hae li ile tsa lekoa joang?

14 Ho fapana le litšoantšo tsohle tse neng li emela melimo e sa pheleng ea Egepeta, Jehova, Molimo oa ’nete, e ne e le oa sebele ho Moshe. O ne a phela joalokaha eka o bona “Ea sa bonahaleng.” Moshe o ne a e-na le tumelo ea hore batho ba Molimo ba ne ba tla lokolloa, empa o ne a sa tsebe hore na seo se ne se tla etsahala neng. (Baheb. 11:24, 25, 27) O ile a bontša hore o ne a e-na le takatso e matla ea hore Baheberu ba lokolloe ha a ne a sireletsa lekhoba la Moiseraele le neng le hlekefetsoa. (Ex. 2:11, 12) Leha ho le joalo, e ne e e-s’o be nako ea Jehova, kahoo Moshe e ile ea e-ba mophaphathehi a ea lula naheng e hōle. Ha ho pelaelo hore ho ne ho le boima hore a tlohe mabothobothong a lelapeng la borena Egepeta ebe o il’o phela lefeelleng. Ho ntse ho le joalo, Moshe o ile a lula a itokisitse ka hore a ele hloko taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a ileng a mo fa eona. Kahoo, Molimo o ne a ka mo sebelisa hore a lopolle barab’abo ka mor’a hore a qete lilemo tse 40 Midiane. Moshe o ile a mamela taelo ea Molimo eaba o khutlela Egepeta. Nako e ne e fihlile ea hore Moshe a phethe taelo ea Molimo a be a etse mosebetsi oa Molimo ka tsela ea Molimo. (Ex. 3:2, 7, 8, 10) Ha a se a khutletse Egepeta, Moshe ea neng a le “bonolo haholo ho feta batho bohle,” o ne a hloka tumelo le sebete e le hore a ka hlaha ka pel’a Faro. (Num. 12:3) Ha aa ka a hlaha ka pel’a hae hanngoe feela, empa o ile a etsa joalo nako le nako ha likotlo li ntse li tsoela pele, a sa tsebe hore na ka mor’a kotlo e ’ngoe le e ’ngoe o tla boela a hlaha ka pel’a Faro ka makhetlo a makae.

15. Ho sa tsotellehe litšitiso, ke eng e ileng ea susumetsa Moshe hore a lule a batla menyetla ea ho tlotla Ntate oa hae ea leholimong?

15 Ka lilemo tse latelang tse 40, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea ho 1473 B.C.E., Moshe o ile a thulana le lintho tse ileng tsa mo soetsa. Leha ho le joalo, o ile a batla menyetla ea hore a tlotle Jehova ’me ka pelo ea hae eohle, o ile a khothatsa Baiseraele ba habo hore le bona ba etse joalo. (Deut. 31:1-8) Hobane’ng? Hobane o ne a rata lebitso la Jehova le bobusi ba Hae ho feta ho iketsetsa lebitso. (Ex. 32:10-13; Num. 14:11-16) Ho sa tsotellehe ho soetseha kapa litšitiso, le rōna re lokela ho tsoela pele re tšehetsa bobusi ba Molimo, re kholisehile hore tsela eo a etsang lintho ka eona e bohlale, ke eona e lokileng ebile e molemo ho feta efe kapa efe. (Esa. 55:8-11; Jer. 10:23) Na eo ke tsela eo u ikutloang ka eona?

Lula U Falimehile!

16, 17. Ke hobane’ng ha Mareka 13:35-37 e le ea bohlokoa hakaale ho uena?

16 “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.” (Mar. 13:33) Jesu o ile a fana ka temoso ena ha a ne a tšohla letšoao le neng le tla tšoaea qetello ea tsamaiso ena e khopo ea lintho. Nahana ka mantsoe a lihelang likhala a boprofeteng bo boholo ba Jesu bo tlalehiloeng ke Mareka, a reng: “Le lule le lebetse, kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng, ebang ke ha e se e le mantsiboea kapa har’a mp’a bosiu kapa ha mokōkō o lla kapa hoseng haholo; e le hore ha a fihla ka tšohanyetso, a se ke a fumana le robetse. Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.”—Mar. 13:35-37.

17 Khothatso ena ea Jesu e etsa hore re nahane ka botebo. O ile a bua ka linako tse ’nè tsa ho lebela bosiu. Ho ne ho tla ba boima hore motho a lule a falimehile nakong ea ho qetela ea ho lebela kaha e ne e qala ka hora ea boraro mesong ho fihlela ha letsatsi le chaba. Litsebi tsa ntoa li nka hore ena ke nako e ntle ka ho fetisisa ea ho hlasela ba lireng kaha ho na le monyetla oa hore ba ka fumanoa ba “robetse.” Ka tsela e tšoanang, nakong ena eo lefatše le ileng le sephume sa boroko ka tsela ea tšoantšetso, le rōna re ka ’na ra thatafalloa haholo ho lula re falimehile. Ha ho pelaelo hore re lokela ho ‘lula re falimehile’ re be re ‘lule re talimile’ mabapi le bofelo bo boletsoeng esale pele le topollo ea rōna.

18. Ke tlotla efe e ke keng ea lekanngoa eo rōna Lipaki Tsa Jehova re nang le eona?

18 Mokoetlisi oa liphoofolo eo ho builoeng ka eena sethathong o ile a pholoha tlhaselo eo ea nkoe ea Bengal. Empa ka nepo boprofeta ba Bibele bo bolela hore bolumeli ba bohata le tsamaiso ena e khopo, li ke ke tsa pholoha timetso e ntseng e atamela. (Tšen. 18:4-8) E se eka bahlanka bohle ba Molimo, ba baholo le ba banyenyane ba ka bona bohlokoa ba hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho lula ba itokiselitse letsatsi la Jehova joalokaha Noe le ba lelapa la hae ba ile ba etsa. Re phela lefatšeng le sa hlompheng Molimo leo ho lona baruti ba bolumeli ba bohata hammoho le batho ba belaellang boteng ba Molimo kapa bao ho hang ba sa lumeleng hore o teng, ba somang ’Mōpi ka lipuo tsa bona. Empa ha re batle ho ipeha kotsing ea hore lintho tsena li re hahlamele. A re nahanisiseng ka mehlala eo re buileng ka eona sehloohong sena ’me re batle menyetla ea ho emela Jehova le ho mo tlotla kaha ke “Molimo oa melimo,” ka sebele ke “Molimo e moholo, ea matla le ea tšabehang.”—Deut. 10:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Mabapi le “lilemo tse lekholo le mashome a mabeli” tse boletsoeng ho Genese 6:3, sheba Molula-Qhooa oa December 15, 2010, leqepheng la 30.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Noe a etelletse litlhoko tsa moea tsa lelapa la hae pele?

• Mehla eo re phelang ho eona e tšoana joang ka tsela e ikhethang le ea Noe?

• Ho sa tsotellehe ho soetseha, ke hobane’ng ha Moshe a ile a lula a tsepamisitse mahlo a hae litšepisong tsa Jehova?

• Ke boprofeta bofe ba Bibele bo u susumetsang hore u lule u falimehile moeeng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Noe le ba lelapa la hae ba ile ba lula ba tsepamisitse maikutlo mosebetsing oa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Litšepiso tsa Molimo tse tiileng li ile tsa thusa Moshe hore a lule a falimehile