‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’
‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’
“O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!”—BAR. 11:33.
1. Tokelo e khōlō ka ho fetisisa eo Bakreste ba kolobelitsoeng ba nang le eona ke efe?
KE TOKELO efe e khōlō ka ho fetisisa eo u kileng ua e fuoa? Qalong u ka ’na ua nahana ka mosebetsi o itseng oo u o filoeng kapa tlotla eo u bileng le eona. Leha ho le joalo, re le Bakreste ba kolobelitsoeng, tokelo e khōlō ka ho fetisisa eo re nang le eona ke hore ebe re lumelloa ho ba le kamano e haufi le Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova. Sena se entse hore re ‘tsejoe ke eena.’—1 Bakor. 8:3; Bagal. 4:9.
2. Ke hobane’ng ha ho tseba Jehova le ho tsejoa ke eena e le tokelo e khōlō hakaale?
2 Ke hobane’ng ha ho tseba Jehova le ho tsejoa ke eena e le tokelo e khōlō hakaale? Hobane hase feela hore ke Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng bohle empa hape ke Mosireletsi oa batho bao a ba ratang. Moprofeta Nahume o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Jehova o molemo, ke qhobosheane letsatsing la mahlomola. O ela hloko ba batlang setšabelo ho eena.” (Nah. 1:7; Pes. 1:6) Ha e le hantle, tšepo eo re nang le eona ea ho phela ka ho sa feleng e itšetlehile ka hore re tsebe Molimo oa ’nete le Mora oa hae, Jesu Kreste.—Joh. 17:3.
3. Ho tseba Molimo ho akarelletsa’ng?
3 Ho tseba Molimo ha ho bolele feela ho tseba lebitso la hae. Re lokela ho mo tseba e le Motsoalle, re utloisise seo a se ratang le seo a sa se rateng. Ha re phela tumellanong le tsebo eo, seo se boetse se phetha karolo ea bohlokoa haholo tabeng ea ho bontša hore re tseba Molimo hantle. (1 Joh. 2:4) Empa ho boetse ho na le ntho e ’ngoe e hlokahalang haeba re hlile re batla ho tseba Jehova. Ha rea lokela ho tseba feela seo a se entseng empa re boetse re lokela ho tseba hore na o se entse joang hona hobane’ng. Ha re utloisisa merero ea Jehova haholoanyane, re susumelletseha le ho feta hore re hlolloe ke ‘botebo ba bohlale ba Molimo.’—Bar. 11:33.
Molimo ea Nang le Morero
4, 5. (a) Ho ea kamoo le sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, lentsoe “morero” le bolela’ng? (b) Bontša hore na morero o ka finyelloa joang ka litsela tse ’maloa.
4 Jehova ke Molimo ea nang le morero, ’me Bibele e bua ka ‘morero oa hae oa ka ho sa feleng.’ (Baef. 3:10, 11) Hantle-ntle poleloana ee e bolela’ng? Ho ea kamoo lentsoe lena “morero,” le sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, le bolela pakane kapa sepheo se tobileng, se ka finyelloang ka litsela tse ’maloa.
5 Ka mohlala: Motho a ka ’na a batla ho ea sebakeng se itseng ka ho khetheha. Pakane kapa morero oa hae e ba ho fihla sebakeng seo. Ho ka ’na ha e-ba le mefuta e fapa-fapaneng ea lipalangoang eo a ka khethang ho e sebelisa le litsela tseo a ka khethang ho tsamaea ka tsona. Ha a ntse a tsamaea tseleng eo a e khethileng, a ka ’na a tobana le maemo a sa lebelloang a leholimo, tšubuhlellano ea sephethephethe le litsela tse koetsoeng, e leng se ka ’nang sa hloka hore a tsamaee ka tsela e ’ngoe. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ho hlokahala a etse liphetoho life, ha a fihlile sebakeng seo a eang ho sona, o tla be a ntse a finyeletse pakane ea hae.
6. Jehova o bontšitse joang hore o fetoha le maemo ha a phethahatsa morero oa hae?
Gen. 1:28) Na morero oo a neng a o boletse o ile oa nyopisoa ke borabele bo ileng ba e-ba teng serapeng sa Edene? Le hanyenyane! Hang-hang Jehova o ile a etsa ho hong ka boemo boo bo bocha ka ho sebelisa seo re ka reng ke tsela e ’ngoe hore a finyelle morero oa hae. O ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla hlaha “peō” e neng e tla lokisa tšenyo e bakiloeng ke marabele ao.—Gen. 3:15; Baheb. 2:14-17; 1 Joh. 3:8.
6 Ka tsela e tšoanang, Jehova o bontšitse hore o fetoha le maemo haholo ha a phethahatsa morero oa hae oa ka ho sa feleng. Kaha o nahanela boikhethelo ba libōpuoa tsa hae tse bohlale, habonolo feela o fetola tsela eo a phethang morero oa hae ka eona. Ka mohlala, a re ke re hlahlobeng kamoo Jehova a phethahatsang morero oa hae kateng mabapi le Peō e tšepisitsoeng. Qalong, Jehova o ile a re ho batho ba pele ba babeli: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (7. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a itlhalosang ka eona joalokaha ho tlalehiloe ho Exoda 3:14?
7 Bokhoni ba Jehova ba ho ikamahanya le maemo a macha ha a ntse a phethahatsa morero oa hae bo lumellana le tsela eo a ileng a itlhalosa ka eona. Ha Moshe a ne a bolella Jehova lintho tse neng li ka ’na tsa mo sitisa ho phetha mosebetsi oo a neng a mo file oona, Jehova o ile a mo tiisetsa ka ho re: “‘Ke tla ba seo ke tla ba sona.’ Eaba oa eketsa: ‘Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, “Ke tla ba o nthomile ho lōna.”’” (Ex. 3:14) Ka sebele, Jehova o khona ho ba eng kapa eng eo a batlang ho ba eona e le hore a phethahatse morero oa hae ka ho feletseng! Moapostola Pauluse o entse papiso e ntle ea sena khaolong ea 11 ea buka ea Baroma. Ho eona o bua ka sefate sa mohloaare sa tšoantšetso. Ho hlahloba papiso ena ho tla etsa hore re utloisise botebo ba bohlale ba Jehova le ho feta, ebang tšepo ea rōna ke ho ea leholimong kapa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng mona.
Morero oa Jehova Mabapi le Peō e Boletsoeng Esale Pele
8, 9. (a) Ke lintlha life tse ’nè tsa motheo tse tla re thusa ho utloisisa papiso ea sefate sa mohloaare? (b) Ke karabo ea potso efe e bontšang kamoo Jehova a fetohang le maemo kateng mabapi le ho phethahatsa morero oa hae?
8 Pele re ka utloisisa papiso ea sefate sa mohloaare, re lokela ho tseba lintlha tse ’nè mabapi le ho tsoela pele ha morero oa Jehova mabapi le peō e boletsoeng esale pele. Ea pele, Jehova o ile a tšepisa Abrahama hore “ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše [li ne] li tla itlhohonolofatsa” ka peō kapa litloholo tsa hae. (Gen. 22:17, 18) Ea bobeli, sechaba sa Iseraele se ileng sa tsoa ho Abrahama se ile sa fuoa tšepiso ea ho hlahisa “’muso oa baprista.” (Ex. 19:5, 6) Ea boraro, ha bongata ba Baiseraele ba tlhaho bo ne bo sa amohele Mesia, Jehova o ile a nka mehato e meng ea ho hlahisa “’muso oa baprista.” (Mat. 21:43; Bar. 9:27-29) Ea ho qetela, le hoja Jesu e le karolo e ka sehloohong ea peō ea Abrahama, ba bang le bona ba fuoa tokelo ea ho ba karolo ea peō eo.—Bagal. 3:16, 29.
9 Ho phaella lintlheng tsena tse ’nè tsa motheo, bukeng ea Tšenolo re ithuta hore ke batho ba 144 000 ka kakaretso ba tla busa le Jesu e le marena le baprista leholimong. (Tšen. 14:1-4) Batho bana ba boetse ba hlalosoa e le “bara ba Iseraele.” (Tšen. 7:4-8) Empa na batho baa ba 144 000 kaofela ke Baiseraele ba tlhaho kapa Bajuda? Karabo ea potso eo e bontša kamoo Jehova a fetohang le maemo kateng ha a phethahatsa morero oa hae. Joale a re boneng hore na lengolo leo moapostola Pauluse a neng a le ngoletse Baroma le re thusa joang hore re fumane karabo.
“’Muso oa Baprista”
10. Sechaba sa Iseraele se ne se e-na le monyetla ofe o khethehileng?
10 Joalokaha ho boletsoe pejana, sechaba sa Iseraele se ne se filoe monyetla o khethehileng oa hore e be sona se hlahisang litho tse tla etsa “’muso oa baprista le sechaba se halalelang.” (Bala Baroma 9:4, 5.) Empa ho ne ho tla etsahala’ng ha Peō e tšepisitsoeng e fihla? Na sechaba sa Baiseraele ba tlhaho se ne se tla hlahisa palo e feletseng ea Baiseraele ba moea ba 144 000, bao e neng e tla ba karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama?
11, 12. (a) Ho khethoa ha ba neng ba tla bōpa ’Muso o leholimong ho ile ha qala neng, hona Bajuda ba bangata ba neng ba phela ka nako eo ba ile ba etsa’ng? (b) Jehova o ile a phetha “palo e feletseng” ea bao e neng e tla ba karolo ea peō ea Abrahama joang?
11 Bala Baroma 11:7-10. Sechaba sa Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ha sea ka sa amohela Jesu. Kahoo monyetla oa ho hlahisa peō ea Abrahama ha ea ka ea hlola e e-ba oa sona feela. Leha ho le joalo, ha ho ne ho qaloa ho khethoa bao e neng e tla ba “’muso oa baprista” leholimong ka Pentekonta ea 33 C.E., ho na le Bajuda ba bang ba lipelo li ntle ba ileng ba amohela memo eo. Kaha ba ne ba le likete tse seng kae feela, ba ne ba tšoana le “masala” feela ha ba ne ba bapisoa le sechaba sohle sa Bajuda.—Bar. 11:5.
12 Leha ho le joalo, Jehova o ne a tla phetha “palo e feletseng” ea bao e neng e tla ba karolo ea peō ea Abrahama joang? (Bar. 11:12, 25) Hlokomela karabo eo moapostola Pauluse a fanang ka eona: “Ha ho joalokaha eka lentsoe la Molimo le ne le hlōlehile. Etsoe hase bohle ba hlahang ho Iseraele [ea tlhaho] bao ka sebele e leng ‘Baiseraele.’ Kapa hore kahobane e le peō [bana] ea Abrahama kaofela ke bana [karolo ea peō ea Abrahama] . . . Ke hore, bana nameng ha e hlile hase bana ba Molimo, empa bana ka tšepiso ba baloa e le peō.” (Bar. 9:6-8) Kahoo, Jehova ha a hloke hore batho bao e tla ba karolo ea peō e be litloholo tsa Abrahama ka tlhaho.
Sefate sa Mohloaare sa Tšoantšetso
13. Ke eng e tšoantšetsoang ke (a) sefate sa mohloaare, (b) motso oa sona, (c) kutu ea sona le (d) makala a sona?
13 Moapostola Pauluse o tsoela pele ho bapisa bao e bang karolo ea peō ea Abrahama le makala a sefate sa mohloaare sa tšoantšetso. * (Bar. 11:21) Sefate sena sa mohloaare se lenngoeng se emela ho phethahala ha morero oa Molimo mabapi le selekane sa Abrahama. Motso oa sefate seo oa halalela ’me o emela Jehova kaha ke eena ea phelisang Baiseraele ba moea. (Esa. 10:20; Bar. 11:16) Kutu e tšoantšetsa Jesu kaha ke karolo e ka sehloohong ea peō ea Abrahama. Makala kaofela a tšoantšetsa “palo e feletseng” ea ba akarelletsoang karolong ea bobeli ea peō ea Abrahama.
14, 15. Ke bo-mang ba ileng ba “khethuloa” sefateng sa mohloaare se lenngoeng, hona ke bo-mang ba ileng ba hlomathiseletsoa ho sona?
14 Papisong ea sefate sa mohloaare, Bajuda Bar. 11:17) Ka lebaka leo, ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa ho ba karolo ea peō ea Abrahama. Empa ba ne ba tla nkeloa sebaka ke bo-mang? Karabo e ne e tla ba eo Bajuda ba tlhaho, ba neng ba ikotla sefuba ka hore e ne e le litloholo tsa tlhaho tsa Abrahama, ba neng ba sa e lebella ho hang. Empa Johanne Mokolobetsi o ne a se a ba lemositse hore haeba Jehova a rata, o ne a ka hlahisetsa Abrahama bana le ka majoe.—Luka 3:8.
ba tlhaho ba sa kang ba amohela Jesu ba tšoantšoa le makala a mohloaare a ileng a “khethuloa.” (15 Joale, Jehova o ile a etsa’ng ho phethahatsa morero oa hae? Pauluse o hlalosa hore makala a sefate sa mohloaare sa naheng a ile a hlomathiseletsoa sefateng sa mohloaare se lenngoeng e le ho nka sebaka sa makala a khethutsoeng. (Bala Baroma 11:17, 18.) Ka hona, Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba lichaba, joaloka ba bang ba neng ba le phuthehong ea Roma, ba ile ba hlomathiseletsoa ka tsela ea tšoantšetso sefateng sena sa mohloaare sa tšoantšetso. Ka tsela ena, e ile ea e-ba karolo ea peō ea Abrahama. Qalong, ba ne ba le joaloka makala a sefate sa mohloaare sa naheng, ba se na monyetla oa ho ba karolo ea selekane sena se khethehileng. Empa Jehova o ile a ba bulela tsela ea hore e be Bajuda ba moea.—Bar. 2:28, 29.
16. Moapostola Petrose o ile a hlalosa ho thehoa ha sechaba se secha sa moea joang?
16 Moapostola Petrose o hlalosa boemo ka tsela ena: “Ka hona, [Jesu Kreste] ke oa bohlokoa ho lōna [Baiseraele ba moea, ho akarelletsa le Bakreste ba Balichaba], hobane le balumeli; empa ho ba sa lumeleng, ‘lejoe le tšoanang leo lihahi li ileng tsa le lahla e bile hlooho ea sekhutlo,’ le ‘lejoe le khopang le lefika la tšitiso.’ . . . Empa le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang. Etsoe ka nako e ’ngoe le ne le se sechaba, empa joale le sechaba sa Molimo; le 1 Pet. 2:7-10.
ne le sa bontšoa mohau, empa joale le bontšitsoe mohau.”—17. Seo Jehova a ileng a se etsa se ne se le “khahlanong le tlhaho” joang?
17 Jehova o ile a etsa ntho eo batho ba bangata ba neng ba tla nka hore ha ea lebelloa ho hang. Pauluse o hlalosa se ileng sa etsahala e le se “khahlanong le tlhaho.” (Bar. 11:24) Ho ne ho tlile joang? Ho ne ho ka bonahala ho sa tloaeleha ebile e se ha tlhaho hore lekala la sefate sa naheng le hlomathiseletsoe sefateng se lenngoeng serapeng; leha ho le joalo, ke sona seo balemi ba bang ba neng ba se etsa lekholong la pele la lilemo. * Ka tsela e tšoanang, Jehova o ile a etsa ntho e sa tloaelehang. Ho ea ka Bajuda, Balichaba ba ne ba ke ke ba khona ho hlahisa litholoana tse amohelehang. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba etsa hore e be karolo ea “sechaba” se ileng sa hlahisa litholoana tsa ’Muso. (Mat. 21:43) Ho tloha ka ho kolobetsoa ha Korneliase—mosokolohi oa pele oa Molichaba ea sa bollang—ka 36 C.E., batho ba sa bollang, bao e seng Bajuda ba ile ba buleloa monyetla oa ho hlomathiseletsoa sefateng sena sa mohloaare sa tšoantšetso.—Lik. 10:44-48. *
18. Bajuda ba tlhaho ba ile ba ba le monyetla ofe ka mor’a 36 C.E.?
18 Na see se bolela hore ka mor’a 36 C.E., ho ne ho se ho se na monyetla oa hore Bajuda ba tlhaho e be karolo ea peō ea Abrahama? Che. Pauluse o hlalosa tjena: “Le bona [Bajuda ba tlhaho], haeba ba sa lule ho hlokeng tumelo ha bona, ba tla hlomathiseletsoa; etsoe Molimo o khona ho ba hlomathiseletsa hape. Etsoe haeba u ile ua pongoa sefateng sa mohloaare seo e leng sa naheng ka tlhaho ’me ua hlomathiseletsoa sefateng sa mohloaare sa serapeng khahlanong le tlhaho, ho e-na le hoo bana bao e leng ba tlhaho ba tla hlomathiseletsoa sefateng sa bona sa mohloaare haholo hakaakang!” *—Bar. 11:23, 24.
“Baiseraele Bohle ba Tla Pholosoa”
19, 20. Jehova o finyella eng joalokaha ho tšoantšetsoa ke sefate sa mohloaare sa tšoantšetso?
19 Ka sebele, morero oa Jehova mabapi le “Iseraele ea Molimo” o phethahala ka tsela e tsotehang. (Bagal. 6:16) Joalokaha Pauluse a boletse, “Baiseraele bohle ba tla pholosoa.” (Bar. 11:26) Ka nako e loketseng ea Jehova, “Baiseraele bohle”—ka mantsoe a mang, palo e feletseng ea Baiseraele ba moea—ba tla sebeletsa e le marena le baprista leholimong. Ha ho letho le ka nyopisang morero oa Jehova!
20 Joalokaha ho boletsoe esale pele, peō ea Abrahama—e leng Jesu Kreste hammoho le ba 144 000—e tla tlisetsa “batho ba lichaba” mahlohonolo. (Bar. 11:12; Gen. 22:18) Ka tsela ena, batho bohle ba Molimo ba rua molemo tokisetsong ena. Ka sebele, ha re ntse re nahana ka ho phethahala ha morero oa Jehova oa ka ho sa feleng, re hlolloa ke “botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo.”—Bar. 11:33.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 13 Ho hlakile hore sefate sa mohloaare hase tšoantšetse Baiseraele ba tlhaho. Le hoja Baiseraele ba tlhaho ba ile ba hlahisa marena le baprista, sechaba seo ha sea ka sa fetoha ’muso oa baprista. Molao o ne o thibela marena a Iseraele hore e be baprista. Ka lebaka leo, Baiseraele ba tlhaho e ne e se sefate sa mohloaare. Pauluse o bontša kamoo morero oa Molimo oa ho hlahisa “’muso oa baprista” o phethahalang kateng mabapi le Baiseraele ba moea. Taba ena e lokisa e neng e hatisitsoe Molula-Qhooeng oa February 1, 1984, leqepheng la 12-17.
^ ser. 17 Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Ke Hobane’ng ha ho Hlomathiseletsoa Makala a Mohloaare oa Naheng?”
^ ser. 17 Sena se etsahetse qetellong ea lilemo tse tharo le halofo tsa monyetla o ileng oa fuoa Bajuda ba tlhaho, oa hore e be karolo ea sechaba se secha sa moea. Boprofeta bo mabapi le libeke tse 70 tsa lilemo bo ile ba bolela ketsahalo ena esale pele.—Dan. 9:27.
^ ser. 18 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘serapa’ ho Baroma 11:24 le tsoa lentsoeng le bolelang “e ntle, e babatsehang” kapa “e phethang morero oo e o etselitsoeng.” Haholo-holo le sebelisetsoa lintho tse phethang morero oo li o etselitsoeng.
Na U sa Hopola?
• Re ithuta’ng ka Jehova tseleng eo a phethahatsang morero oa hae ka eona?
• Ho Baroma khaolo ea 11, ke eng e tšoantšetsoang ke . . .
sefate sa mohloaare?
motso oa sona?
kutu ea sona?
makala a sona?
• Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho hlomathiseletsa o ne o le “khahlanong le tlhaho”?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ke Hobane’ng ha ho Hlomathiseletsoa Makala a Mohloaare oa Naheng?
▪ Lucius Junius Moderatus Columella e ne e le lesole la Roma le molemi ea neng a phela lekholong la pele la lilemo C.E. O tsebahala haholo ka libuka tse 12 tseo a ileng a li ngola mabapi le bophelo ba mahaeng le temo.
Bukeng ea hae ea bohlano, o qotsa maele ana a boholo-holo: “Motho ea lemang lifate tsa mohloaare, o li kōpa hore li mo fe litholoana; motho ea li tšelang monontša, o li qeka hore li behe litholoana; motho ea li faolang, o li qobella hore li behe litholoana.”
Ka mor’a ho hlalosa lifate tse tlokomang empa li sa behe litholoana, o khothalletsa hore motho a etse tjena: “E ka ba hantle ho li phunya ka boro ebe u kenya lehlomela le sa ntseng le le letala la sefate sa mohloaare oa naheng lesobeng leo; seo se tla etsa hore sefate se kentsoeng letlobo le behang, se behe haholo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Na u utloisisa papiso ea sefate sa mohloaare sa tšoantšetso?