Molimo o Buella Lerato la Hae ho Rōna
Molimo o Buella Lerato la Hae ho Rōna
“Mosa o sa tšoanelang o [tla] busa e le morena ka ho loka ka tebello ea bophelo bo sa feleng.”—BAR. 5:21.
1, 2. Re tla tšohla limpho life tse peli, ’me ke efe e khōlō?
“MPHO e khōlō ka ho fetisisa eo Baroma . . . ba neng ba e siela ba ba hlahlamang [e ne] e le molao oa bona le kutloisiso ea bona ea ho re batho ba lokela ho latela molao bophelong ba bona.” (Dr. David J. Williams oa Univesithi ea Melbourne, Australia) Leha ho le joalo, le hoja ho ka etsahala hore polelo ena ke ’nete, ho na le mpho ea bohlokoa ho feta eo. Mpho ena ke tokisetso ea Molimo e tla etsa hore batho ba amohelehe ho eena le hore a ba nke ba lokile ’me ba be le tšepo ea ho bolokeha le ea ho phela ka ho sa feleng.
2 Ka mantsoe a mang, tsela eo Molimo a faneng ka mpho ena ka eona e tsamaisana le molao. Khaolong ea 5 ea Baroma moapostola Pauluse ha aa ka a ngola lintlha tsena joalokaha ho ngoloa tokomane ea molao e sa thahaselliseng. Ho e-na le hoo, o ile a qala ka mantsoe ana a monate a kholisang: “Ho boletsoe hore re lokile ka lebaka la tumelo, [kahoo] a re thabeleng khotso le Molimo ka Morena oa rōna Jesu Kreste.” Ba fumanang mpho ea Molimo ba susumelletseha hore le bona ba mo rate. E mong oa bona ke Pauluse. O ile a re: “Lerato la Molimo le tšolletsoe ka lipelong tsa rōna ka moea o halalelang.”—Bar. 5:1, 5.
3. Ke ho utloahalang hore re ipotse lipotso life?
3 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Molimo a fane ka mpho ee e bontšang lerato? Molimo o ne a ka fana ka eona joang ka tsela e bontšang toka le e sa eeng ka leeme? Hona batho ba lokela ho etsa’ng e le hore ba e fumane? A re fumaneng likarabo tse khotsofatsang ’me re bone kamoo li bontšang bohlokoa ba lerato la Molimo kateng.
Lerato la Molimo ha le Bapisoa le Sebe
4, 5. (a) Jehova o ile a bontša lerato la hae ka tsela e khōlō joang? (b) Re ka utloisisa Baroma 5:12 ha re tseba taba efe?
4 Jehova o ile a bontša lerato le leholo ka ho romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore a tl’o thusa batho. Ha Pauluse a bua ka taba ena o itse: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Bar. 5:8) Nahana ka ntlha e ’ngoe e boletsoeng moo e reng: “Ha re sa ntse re le baetsalibe.” Batho bohle ba lokela ho tseba hore na ho tlile joang hore re be baetsalibe.
5 Ha Pauluse a bua ka taba ena o ile a qala ka ho re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Bar. 5:12) Re khona ho utloisisa taba ena kaha Molimo o ile a etsa hore ho ngoloe tlaleho ea hore na bophelo ba motho bo qalile joang. Jehova o ile a bōpa batho ba babeli, e leng Adama le Eva. ’Mōpi o phethahetse, ’me batho bao ba pele, e leng baholo-holo ba rōna, le bona ba ne ba phethahatse. Molimo o ile a ba fa molao o ba hanelang ka ntho e le ’ngoe feela ’me a ba bolella hore haeba ba ne ba ka o tlōla, kotlo ea bona e ne e tla ba lefu. (Gen. 2:17) Leha ho le joalo, ba ile ba khetha ho etsa ka mokhoa o senyang, ba tlōla molao oa Molimo o sa hatelleng, kahoo ba bontša hore ha ba mo nke e le Monehi-molao le ’Musi oa bona.—Deut. 32:4, 5.
6. (a) Ke hobane’ng ha bana ba Adama ba ile ba shoa pele Molimo a fana ka Molao oa Moshe le ka morao ho moo? (b) Ke eng eo re ka e tšoantšang le lefu le futsitsoeng?
6 Adama o ile a ba le bana ka mor’a hore e be moetsalibe, kahoo o ile a fetisetsa sebe le liphello tsa sona ho bona kaofela. Ke ’nete hore ba ne ba sa tlōla molao oa Molimo joaloka Adama, kahoo ha baa ka ba behoa molato oa sebe seo, ebile ho ne ho e-s’o be le molao o behoang. (Gen. 2:17) Ho ntse ho le joalo bana ba Adama ba ile ba futsa sebe. Kahoo, sebe le lefu li ile tsa busa ho fihlela ha Molimo a fa Baiseraele molao oo ka ho hlakileng o ileng oa bontša hore ke baetsalibe. (Bala Baroma 5:13, 14.) Phello ea sebe seo re se futsitseng e ka ’na ea tšoantšoa le mafu a itseng ao re ka a futsang ho batsoali ba rōna. Le hoja bana ba bang ka lapeng ba ka futsa lefu le itseng ho batsoali ba bona, hase bana bohle lelapeng leo ba ka le futsang. Empa ha ho joalo tabeng ea sebe. Kaofela re futsitse sebe ho Adama, ka lebaka leo kaofela re tla shoa. Na re tla ke re lokolohe maqakabetsing aa?
Seo Molimo a se Lokiselitseng ka Jesu Kreste
7, 8. Tsela eo batho ba babeli ba phethahetseng ba ileng ba phela ka eona e ile ea hlahisa liphello tse fapaneng joang?
7 Ka lerato Jehova o ile a lokisetsa hore batho ba lokolohe sebeng seo ba se futsitseng. Pauluse o ile a hlalosa hore sena se ne se ka khoneha ka hore ho sebelisoe motho ea phethahetseng ea ileng a tla hamorao—eo ha e le hantle e leng Adama oa bobeli. (1 Bakor. 15:45) Empa tsela eo batho bana ba babeli ba phethahetseng ba ileng ba phela ka eona, e ile ea e-ba le liphello tse fapaneng haholo. Ka tsela efe?—Bala Baroma 5:15, 16.
8 Pauluse o ile a ngola a re: “Ka mpho ha ho joalokaha ho bile ka tšito.” Adama o ne a le molato oa tšito eo, ’me ka nepo o ile a fuoa kahlolo e bohloko—o ile a shoa. Leha ho le joalo, hase eena feela ea ileng a shoa. Bibele e re: “Ka tšito ea motho [eo] a le mong ba bangata ba ile ba shoa.” Ho latela litekanyetso tsa Molimo tsa toka, bana bohle ba Adama ba sa phethahalang ho akarelletsa Bar. 5:18.
le rōna, ba ne ba tšoaneloa ke kahlolo e tšoanang le ea Adama. Ho ntse ho le joalo, re khothatsoa ke ho tseba hore motho ea phethahetseng, e leng Jesu, o ne a ka hlahisa liphello tse fapaneng le tseo. Ke liphello life? Re fumana karabo ha Pauluse a bua ka “ho bolela hore [batho ba mefuta eohle] ba lokile bakeng sa bophelo.”—9. Baroma 5:16, 18 e re Molimo o bolela hore batho ba lokile. See se bolela’ng?
9 Moelelo oa mantsoe a Segerike a ka sehloohong lipoleloaneng tsee tse reng “phatlalatso ea ho loka “ le “ho bolela hore ba lokile” ke ofe? Mofetoleli e mong oa Bibele o ile a ngola ka taba eo a re: “Ke mokhabo-puo oa thehello o nang le moelelo oa lintlha tse itseng tsa molao. E bua ka phetoho e mabapi le kamano ea motho le Molimo, eseng ho fetoha ha hae . . . Mokhabo-puo ona oa thehello o bontša Molimo e le moahloli ea entseng qeto e emelang moqosuoa, eo ka puo ea tšoantšetso a tlisitsoeng ka pel’a lekhotla la Molimo a qosoa ka leeme. Empa Molimo o bolela hore moqusuoa ha a na molato.”
10. Jesu o ile a etsa’ng e ileng ea rala motheo oa hore batho ba boleloe ba lokile?
10 “Moahloli [ea lokileng] oa lefatše lohle” o ne a ka bolela hore motho ea sa lokang ha a na molato a ipapisitse le eng? (Gen. 18:25) Molimo o ile a rala motheo oa sena ka hore ka lerato a romele Mora oa hae ea ’notši lefatšeng. Jesu o ile a etsa thato ea Ntate oa hae ka tsela e phethahetseng, ho sa tsotellehe liteko, ho songoa ka ho feteletseng le ho hlekefetsoa. O ile a lula a tšepahala ho fihlela a shoela thupeng ea tlhokofatso. (Heb. 2:10) Ka hore Jesu a tele bophelo ba hae bo phethahetseng e le motho, o fane ka thekollo e ka ’nang ea lokolla kapa ea rekolla bana ba Adama sebeng le lefung.—Mat. 20:28; Bar. 5:6-8.
11. Thekollo e thehiloe linthong life tse lekanang?
11 Lengolong le leng, Pauluse o ile a re seo ke “thekollo e lekanang.” (1 Tim. 2:6) Ke lintho life tse neng li lekana? Adama o tliselitse bana ba hae ba libilione ho se phethahale le lefu. Ke ’nete hore Jesu joaloka motho ea phethahetseng e ka be e bile ntate oa bana ba libilione ba phethahetseng. * Kahoo, kutloisiso e ne e le hore bophelo ba Jesu le ba bana ba phethahetseng bao a ka beng a bile le bona e ile ea e-ba sehlabelo se neng se ka lekana ho rekolla Adama le bana ba hae ba sa phethahalang libeng tsa bona. Leha ho le joalo, Bibele ha e re bana bao Jesu a ka beng a bile le bona e bile karolo ea thekollo. Baroma 5:15-19 e bontša hore lefu la “motho a le mong” feela le lokolotse batho. Ke ’nete hore bophelo ba Jesu bo phethahetseng bo ne bo lekana le ba Adama. Motho eo re lokelang ho ameha ka eena ke Jesu Kreste feela. Ka lebaka la “ketso e le ’ngoe [ea Jesu] ea tokafatso,” ho mamela ha hae le ho tšepahala ho isa lefung, batho ba mefuta eohle ba fumane mpho e sa lefelloang le bophelo. (2 Bakor. 5:14, 15; 1 Pet. 3:18) Ho tlile joang hore see se etsahale?
Ho Lokolloa ka Lebaka la Thekollo
12, 13. Ke hobane’ng ha ba boleloang ba lokile ba hloka mohau oa Molimo le lerato?
12 Jehova Molimo o ile a amohela sehlabelo sa thekollo se entsoeng ke Mora oa hae. (Baheb. 9: 24; 10:10, 12) Ho ntse ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba lefatšeng ho akarelletsa le baapostola ba hae ba tšepahalang ba ile ba lula ba sa phethahala. Le hoja ba ne ba leka ka matla hore ba qobe ho etsa liphoso, hase kamehla ba neng ba atleha. Hobane’ng? Hobane ba ne ba futsitse sebe. (Bar. 7:18-20) Empa Molimo o ne a ka etsa ho hong ka seo ’me o ile a fela a ho etsa. O ile a amohela “thekollo e lekanang” ’me o ne a ikemiselitse ho e sebelisa molemong oa bahlanka ba hae ba batho.
13 Ha ho bolele hore Molimo o ne a tlamehile ho sebelisa thekollo molemong oa baapostola le batho ba bang hobane ba ne ba entse lintho tse itseng tse molemo. Ho e-na le hoo Molimo o ile a sebelisa thekollo molemong oa bona ka lebaka la mohau oa hae le lerato la hae le leholo. O ile a khetha hore a se ke a ahlola baapostola le ba bang, a nka hore ba lokolotsoe molatong oa sebe seo ba se futsitseng. Pauluse o ile a hlakisa sena ha a re: “Ka mosa ona o sa tšoanelang, le pholositsoe ka tumelo; ’me sena hase ka lebaka la lōna, ke mpho ea Molimo.”—Baef. 2:8.
14, 15. Molimo o ile a tšepisa bao a ba bolelang ba lokile moputso ofe, empa ba ne ba sa ntse ba lokela ho etsa’ng?
14 Nahana hore na ke mpho e molemo hakaakang ha Ea Matla ’Ohle a tšoarela motho sebe seo a se futsitseng hammoho le liphoso tseo a li entseng! U ke ke ua khona ho bala libe tseo batho ba li entseng pele e e-ba Bakreste; empa Molimo a ka ba tšoarela libe tseo ka lebaka la thekollo. Pauluse o ile a re: “Ho tsoa litšitong tse ngata mpho e ile ea fella ka phatlalatso ea ho loka.” (Bar. 5:16) Baapostola le batho ba bang ba amohelang mpho ena e fanoang ka lerato (ea hore ba boleloe ba lokile) ba ne ba tla lokela ho tsoela pele ho sebeletsa Molimo oa ’nete ka tumelo. Ba lebeletse hore ba tla fumana moputso ofe nakong e tlang? “Ba amohelang bongata ba mosa o sa tšoanelang le ba mpho e sa lefelloeng ea ho loka ba tla busa . . . e le marena bophelong ka motho a le mong, Jesu Kreste.” Ka sebele mpho ea ho loka e na le phello e fapaneng le ea sebe sa Adama. Mpho ena e tlisetsa batho bophelo.—Bar. 5:17; bala Luka 22:28-30.
15 Kaha batho ba amohelang mpho eo ba boleloa ba lokile, ba fetoha bara ba Molimo ba moea. Kaha ke majalefa hammoho le Kreste, ba na le tšepo ea ho tsosetsoa leholimong e le bara ba moea ba sebele ba tla “busa . . . e le marena” le Jesu Kreste.—Bala Baroma 8:15-17, 23.
Molimo o Bontša Lerato la Hae ho ba Bang
16. Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba amohela mpho ka tsela efe?
16 Hase bohle ba bontšang tumelo ’me ba sebeletsa Molimo e le Bakreste ba tšepahalang, ba lebeletseng ho “busa . . . e le marena” le Kreste leholimong. Ba bangata ba na le tšepo e thehiloeng Bibeleng e tšoanang le ea bahlanka ba Molimo ba pele ho Bokreste. Ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Na le hona joale ba ka amohela mpho e lerato ho Molimo ’me ba nkoe e le ba lokileng, ba e-na le tšepo ea ho phela lefatšeng? Motheong oa seo Pauluse a ileng a se ngolla Baroma, karabo e kholisang ea potso ena ke e!
17, 18. (a) Ka lebaka la tumelo eo Abrahama a neng a e-na le eona, Molimo o ile a mo talima joang? (b) Ho tlile joang hore Jehova a nke hore Abrahama o lokile?
17 Pauluse o buile ka mohlala o hlaheletseng oa monna ea neng a e-na le tumelo, e leng Abrahama ea phetseng pele Jehova a fa Baiseraele molao ebile e le nako e telele pele Kreste a bulela batho monyetla oa ho phela leholimong. (Baheb. 10:19, 20) O ile a re: “E ne e se ka molao Abrahama kapa peō ea hae a ileng a ba le tšepiso ea hore e ne e tla ba mojalefa oa lefatše, empa e ne e le ka ho loka ka tumelo.” (Bar. 4:13; Jak. 2:23, 24) Kahoo Molimo o ile a etsa qeto ea hore Abrahama ea tšepahalang o lokile.—Bala Baroma 4:20-22.
18 Seo ha se bolele hore Abrahama ha aa ka a etsa sebe ha a ntse a sebeletsa Jehova ka lilemo tse mashome. Ho ne ho sa boleloe seo ha ho thoe o lokile. (Bar. 3:10, 23) Leha ho le joalo, ka lebaka la bohlale ba hae bo se nang moeli, Jehova o ile a nahana ka tumelo ea Abrahama e ikhethang le ka mesebetsi eo a neng a e etsa ka lebaka la tumelo eo. Abrahama o ile a bontša tumelo ‘peōng’ e tšepisitsoeng e neng e tla tsoa lelokong la hae. Ho ile ha totobala hore Peō eo ke Mesia, kapa Kreste. (Gen. 15:6; 22:15-18) Ka lebaka leo, Molimo e leng eena Moahloli o khona ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng a ipapisitse le “thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.” Kahoo, Abrahama le banna ba bang ba neng ba e-na le tumelo ba phetseng pele Bokreste bo thehoa ba na le tšepo ea ho tsosoa bafung.—Bala Baroma 3:24, 25; Pes. 32:1, 2.
Thabela ho Nkoa U Lokile Hona Joale
19. Ke hobane’ng ha tsela eo Molimo a neng a talima Abrahama ka eona e lokela ho khothatsa batho ba bangata kajeno?
19 Hore ebe Molimo ea lerato o ile a nka hore Abrahama o lokile ho lokela ho khothatsa Bakreste ba ’nete kajeno. Jehova ha aa ka a bolela hore o lokile ka kutloisiso e tšoanang le ea bao a ba tlotsang ka moea hore e be “majalefa hammoho le Kreste.” Palo e fokolang ea sehlopha seo ke ea ba “bitselitsoeng ho ba bahalaleli” ’me ba amoheloa e le “bara ba Molimo.” (Bar. 1:7; 8:14, 17, 33) Empa Abrahama eena e ile ea e-ba “motsoalle oa Jehova” ’me seo se etsahetse pele sehlabelo sa thekollo se etsoa. (Jak. 2:23; Esa. 41:8) Ho tla etsahala’ng ka Bakreste ba ’nete ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng la Paradeise e tsosolositsoeng?
20. Molimo o lebeletse’ng ho bao kajeno a nkang hore ba lokile joaloka Abrahama?
20 Batho bana ha baa amohela “mpho e sa lefelloeng ea ho loka” e ba fang tšepo ea ho phela leholimong “e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.” (Bar. 3:24; 5:15, 17) Leha ho le joalo, ba bontša tumelo e matla ho Molimo le litokisetsong tsa hae, ’me ba bontša tumelo ea bona ka mesebetsi e metle. O mong oa mesebetsi eo ke oa ho ‘bolela ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste.’ (Lik. 28:31) Ka lebaka leo, Jehova a ka nka hore batho bana ba lokile ka tsela e tšoanang le ea Abrahama. Mpho eo batho bao ba e amohelang—e leng botsoalle le Molimo—ha e tšoane le “mpho e sa lefelloeng” eo batlotsuoa ba e fumanang. Empa, ha e le hantle ke mpho eo ba e amohelang ka kananelo e khōlō.
21. Ke melemo efe e hlahisoang ke lerato le toka ea Jehova?
21 Haeba u e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, u lokela ho hlokomela hore ha ua fumana monyetla ona ka lebaka la maikutlo a feto-fetohang a ’musi oa motho. Empa sena ke ka lebaka la morero o bontšang bohlale oa ’Musi oa Pōpo Eohle. Jehova o nkile mehato e tsoelang pele e le hore a phethe morero oa hae. Mehato ena e ’nile ea lumellana le toka ea ’nete. Ho feta moo, e bontšitse hore Molimo o na le lerato le leholo. Pauluse o hlalositse sena hantle ha a re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.”—Bar. 5:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 11 Ka mohlala taba eo e mabapi le bana e hlaha ho Insight on the Scriptures, Buka ea 2, leqepheng la 736, serapeng sa 4 le sa 5.
Na U sa Hopola?
• Bana ba Adama ba futsitse eng, ’me phello e ile ea e-ba efe?
• Thekollo e lekanang e ile ea fanoa joang, ’me ke ka kutloisiso efe e neng e lekana?
• Mpho ea ho boleloa u lokile e u file tšepo efe?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Motho ea phethahetseng Adama o ile a etsa sebe. Motho ea phethahetseng Jesu o fane ka “thekollo e lekanang”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ruri ke litaba tse molemo hore ka Jesu re ka boleloa re lokile!