Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘U Tle le Meqolo, Haholo-holo ea Matlalo’

‘U Tle le Meqolo, Haholo-holo ea Matlalo’

‘U Tle le Meqolo, Haholo-holo ea Matlalo’

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a bua mantsoe ana, ha a ne a phehella Timothea eo e neng e le moromuoa hammoho le eena hore a mo tlisetse meqolo. Pauluse o ne a bua ka meqolo ea matlalo ea mofuta ofe? Ke eng e ileng ea mo susumelletsa hore a bue mantsoe aa? Hona re ka ithuta’ng ho seo a ileng a se kōpa?

Bohareng ba lekholo la pele la lilemo C.E., ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ao, libuka tse 39 tsa Mangolo a Seheberu li ne li arotsoe ka libuka tse 22 kapa tse 24, tseo ho ka etsahalang hore ebe boholo ba tsona li ne li ngolletsoe meqolong e arohaneng. Moprofesa Alan Millard o ile a hlokomela hore le hoja theko ea meqolo ena e ne e le boima, ‘batho ba batlang ba eme hantle licheleteng ba ne ba khona ho ba le eona.’ Ba bang ba ne ba khona ho ba le bonyane o le mong. Ka mohlala, leqhalaha la Moethiopia le ne le e-na le moqolo koloing ea lona ’me le ne le ntse le “balla holimo moprofeta Esaia.” Le ne le ‘le pusong tlas’a Kandase mofumahali oa Baethiopia, ’me le okametse letlotlo lohle la hae.’ E tlameha ebe le ne le ruile hoo le neng le ka khona ho ba le likarolo tse itseng tsa Mangolo.—Lik. 8:27, 28.

Pauluse o ile a kōpa Timothea a re: “Ha u tla, u tle le seaparo sa ka holimo seo ke ileng ka se siea Troase ho Karpase, le meqolo, haholo-holo [ea] matlalo.” (2 Tim. 4:13) Sena se fana ka maikutlo a hore Pauluse o ne a e-na le libuka tse ’maloa. Har’a libuka tsohle tseo Pauluse a neng a e-na le tsona, Lentsoe la Molimo ke lona leo e neng e le la bohlokoa ka ho fetisisa. Mabapi le poleloana ‘meqolo ea matlalo’ e sebelisitsoeng temaneng ena, setsebi sa Bibele A. T. Robertson se ile sa re: “Ho ka etsahala hore ebe meqolo ena ea matlalo e ne e le libuka tsa Testamente ea Khale, kaha matlalo a ne a le theko e boima ho feta loli.” Ho tloha ha Pauluse a sa le mocha, o ile a ‘ruteloa maotong a Gamaliele,’ ea neng a ruta Molao oa Moshe ’me a hlomphuoa ke batho bohle. Kahoo, hoa utloahala hore Pauluse o ne a e-na le meqolo ea hae ea Lentsoe la Molimo.—Lik. 5:34; 22:3.

Kamoo Bakreste ba Neng ba Sebelisa Meqolo

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ne ba se na meqolo ea Mangolo a Halalelang. Kahoo, Bakreste ba bangata mehleng eo ba ne ba ithuta Lentsoe la Molimo hokae? Lengolo leo Pauluse a ileng a le ngolla Timothea pejana le re fa leseli. O ile a ngola a re: “Ha ke ntse ke tla, u tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.” (1 Tim. 4:13) Ho bala phatlalatsa e ne e le karolo ea lenaneo la liboka tsa liphutheho tsa Bokreste, e leng mokhoa oo batho ba Molimo ba neng ba o tloaetse ho tloha mehleng ea Moshe.—Lik. 13:15; 15:21; 2 Bakor. 3:15.

Kaha Timothea e ne e le moholo, o ne a lokela ho ‘ikitlaelletsa’ ho bala ka lentsoe le phahameng, e leng se neng se tla tsoela batho ba neng ba se na meqolo ea Mangolo molemo. Ke ’nete hore nakong eo Lentsoe la Molimo le neng le baloa phatlalatsa, batho bohle ba ne ba mamela ka hloko e le hore ba utloe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me e tlameha ebe ha batsoali le bana ba le hae, ba ne ba tšohla se baliloeng libokeng.

Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia o tsebahalang haholo, o ka ba bolelele ba limithara tse 7,3. Moqolo o ne o e-ba boima kaha o ne o kentsoe lithupa mahlakoreng ’me hangata o ne o kenngoa ka har’a ntho e o sireletsang. Ho ka etsahala hore Bakreste ba bangata ba ne ba sa nke e mengata ha ba e-ea boboleling. Le haeba Pauluse o ne a e-na le meqolo e ’maloa ea Mangolo eo a neng a e sebelisa, ho ka etsahala hore ebe o ne a ke ke a e nka kaofela ha a ne a nka maeto. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a siea e meng ho motsoalle oa hae Karpase, motseng oa Troase.

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?

Ha Pauluse a ne a kentsoe chankaneng Roma ka lekhetlo la bobeli, nakoana pele a kōpa Timothea hore a mo tlele le seaparo le meqolo, o ile a ngola a re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong . . . Ho tloha nakong ena ho ea pele ke boloketsoe moqhaka oa ho loka.” (2 Tim. 4:7, 8) Ho ka etsahala hore ebe o ngotse mantsoe ana hoo e ka bang ka 65 C.E., nakong ea mahloriso a Nero. Ka nako eo ho ne ho le boima haholo chankaneng. Ha e le hantle, o ile a hlokomela hore o ne a le haufi le ho bolaoa. (2 Tim. 1:16; 4:6) Hoa utloahala hore ebe Pauluse o ile a bolela hore o ne a labalabela ho fumana meqolo ea hae. Le hoja a ne a kholisehile hore o ne a loanne ntoa e ntle ho fihlela qetellong, o ne a labalabela ho tsoela pele a imatlafatsa ka ho ithuta Lentsoe la Molimo.

Ho ka etsahala hore ebe Timothea o ne a ntse a le Efese ha Pauluse a ne a mo kōpa hore a mo tlele le seaparo le meqolo. (1 Tim. 1:3) Ho tloha Efese ho ea Roma ka tsela ea Troase, ke lik’hilomithara tse ka bang 1 600. Lengolong lona leo, Pauluse o ile a kōpa Timothea ka tieo a re: “Etsa sohle se matleng a hao hore u fihle pele ho mariha.” (2 Tim. 4:21) Bibele ha e bolele hore na Timothea o ile a fumana sekepe se neng se tla mo fihlisa Roma ka nako eo Pauluse a neng a lakatsa hore a fihle ka eona.

Taba ea hore ebe Pauluse o ile a kōpa “meqolo, haholo-holo [ea] matlalo” e re ruta’ng? O ile a lula a e-na le tabatabelo ea Lentsoe la Molimo nakong ena e thata ka ho fetisisa bophelong ba hae. Na ua hlokomela hore see ke sona se ileng sa mo thusa hore a atamele haufi le Jehova, a be mafolofolo tšebeletsong ea Hae le hore a khothatse ba bang?

Ruri re lehlohonolo kajeno haeba re e-na le Bibele e feletseng! Ba bang ba rōna ba bile ba na le liphetolelo tse ’maloa hammoho le Libibele tse ’maloa. Joaloka Pauluse, re lokela ho loanela ho ba le tabatabelo ea ho utloisisa Mangolo ka botebo. Mangolong a 14 a bululetsoeng ao Pauluse a ileng a ba le tokelo ea ho a ngola, lengolo la bobeli leo a ileng a le ngolla Timothea e ne e le la ho qetela. Ke ho ella qetellong ea buka eo moo a ileng a kōpa ho tlisetsoa lintho tseo a neng a li hloka. Ha e le hantle, e ’ngoe ea lintho tsa ho qetela tse tlalehiloeng tseo Pauluse a ileng a li kōpa, ke hore Timothea a ‘tle le meqolo, haholo-holo ea matlalo.’

Na u ikemiselitse ho loana ntoa e ntle ea tumelo ho fihlela qetellong feela joalokaha Pauluse a entse? Na u labalabela ho lula u le mafolofolo tšebeletsong ea Jehova ebile u ikemiselitse ho etsa mosebetsi oa ho fana ka bopaki ha feela Morena a ntse a batla hore re o etse? Kahoo, e ka ba hantle hore u etse seo Pauluse a khothalelitseng Bakreste hore ba se etse. “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao” ka hore u labalabele ho ithuta Bibele kamehla, e leng buka eo hona joale batho ba bangata ho feta leha e le neng pele ba nang le eona le e bileng e hatisoang ka tsela e balehang habonolo ho feta meqolo.—1 Tim. 4:16.

[’Mapa/Litšoantšo tse maqepheng a 18, 19]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Efese

Troase

Roma