Keletso e Bohlale Mabapi le Bosoha le Lenyalo
Keletso e Bohlale Mabapi le Bosoha le Lenyalo
“Sena ke se bolela . . . ho le susumelletsa ho se tšoanelang le se bolelang ho sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.”—1 BAKOR. 7:35.
1, 2. Ke hobane’ng ha motho a lokela ho batla keletso ea Bibele mabapi le bosoha le lenyalo?
HA SE lintho tse ngata bophelong tse thabisang, tse ferekanyang le tse tšoenyang joaloka ho sebelisana le batho ba bong bo fapaneng. Kaha re batla ho atleha ha re sebetsana le maikutlo ao, re lokela ho batla tataiso ea Molimo, empa ho boetse ho na le mabaka a mang a etsang hore re e batle. Mokreste ea khotsofaletseng ho ba lesoha, a ka ’na a ikutloa eka ba lelapa labo kapa metsoalle, ba mo qobella hore a kene lenyalong. E ka ’na eaba motho e mong o batla ho kena lenyalong empa ha a e-s’o fumane molekane ea loketseng. Ba bang ba hloka tataiso ea hore na ba ka itokisetsa ho jara boikarabelo ba ho ba banna kapa basali joang. Bakreste ba masoha hammoho le ba lenyalong ba tobana le liteko mabapi le boitšoaro ba ho kopanela liphate.
2 Taba ena ha e ame thabo ea rōna feela empa e boetse e ama kamano ea rōna le Jehova Molimo. Khaolong ea 7 ea lengolo la hae la pele leo a neng a le ngoletse Bakorinthe, Pauluse o ile a fana ka keletso e mabapi le bosoha le lenyalo. Morero oa hae e ne e le ho susumelletsa batho bao a neng a ba ngolla “ho se tšoanelang le se bolelang ho sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.” (1 Bakor. 7:35) Ha u ntse u nahana ka keletso ea hae mabapi le taba ena ea bohlokoa—ebang u lesoha kapa u lenyalong—leka ho sebelisa boemo boo u leng ho bona ho sebeletsa Jehova ka botlalo.
Qeto e Boima eo Motho a Lokelang ho e Etsa
3, 4. (a) Ka linako tse ling ho hlaha mathata afe ha batho ba khathatsehile haholo ka metsoalle kapa beng ka bona ba e-s’o kene lenyalong? (b) Keletso ea Pauluse e ka thusa motho hore a be le maikutlo a nepahetseng ka lenyalo joang?
3 Joaloka Bajuda ba lekholong la pele la lilemo, litsong tse ngata kajeno batho ba hatella taba ea hore lenyalo ke ntho e molemo ka ho fetisisa. Haeba mohlankana kapa moroetsana a feta lilemo tse itseng a e-s’o kene lenyalong, metsoalle le beng ka eena ba khathatsehileng, ba ka ’na ba ikutloa eka ba tlameha ho mo eletsa. Ha ba qoqa le eena ba ka ’na ba mo khothalletsa hore a etse boiteko bo matla ba ho batla molekane. Ba ka ’na ba mo khothalletsa ka tsela e sa tobang hore na a shebe hokae. Ba ka ’na ba boela ba sebelisa mano ho etsa hore batho ba babeli ba sa nyalanang ba kopane. Ka linako tse ling liketso tsena li ka ’na tsa hlabisa batho ba bang lihlong, tsa senya setsoalle tsa ba tsa utloisa ba bang bohloko.
4 Ha ho mohla Pauluse a kileng a qobella ba bang hore ba kene lenyalong kapa ba lule e le masoha. (1 Bakor. 7:7) O ne a khotsofalletse ho sebeletsa Jehova a se na mosali, empa o ne a sa nyatse batho ba neng ba batla ho kena lenyalong. Kajeno Bakreste le bona ba na le tokelo ea ho ikhethela hore na ba kena lenyalong kapa ba lula e le masoha. Batho ba bang ha baa lokela ho ba qobella ho kena lenyalong kapa ho lula e le masoha.
Ho Atleha Nakong ea Bosoha
5, 6. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khothalletsa bosoha?
5 Ntho eo re e hlokomelang ka mantsoe a Pauluse lengolong leo a neng a le ngoletse Bakorinthe, ke hore o ne a e-na le maikutlo a matle ka bosoha. (Bala 1 Bakorinthe 7:8.) Le hoja Pauluse a ne a sa nyala, ha aa ka a iphahamisetsa batho ba neng ba nyetse, joalokaha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba sa nyaleng ba etsa. Ho e-na le hoo, moapostola Pauluse o ile a bua ka melemo eo baboleli ba bangata ba litaba tse molemo ba masoha ba e thabelang. Melemo eo ke efe?
Bar. 11:13) Bala Liketso khaolo ea 13 ho ea ho ea 20, ’me ka tsela ea tšoantšetso u tsamaee le Pauluse hammoho le barumuoa-’moho le eena ha ba qala ho sebetsa tšimo e ncha le ha ba theha liphutheho sebakeng se seng ka mor’a se seng. Ha a le tšebeletsong ea hae, Pauluse o ile a mamella mathata ao e leng batho ba seng bakae feela kajeno ba tla thulana le ’ona. (2 Bakor. 11:23-27, 32, 33) Empa ka lebaka la thabo eo a neng a e fumana ha a thusa batho ba bangata hore e be barutuoa, mathata ao a ileng a thulana le ’ona e ne e se letho. (1 Bathes. 1:2-7, 9; 2:19) Na a ka be a ile a finyella lintho tseo a ileng a li etsa haeba a ne a nyetse kapa a e-na le lelapa? Mohlomong a ka be a sa li finyella.
6 Hangata Mokreste oa lesoha o na le bolokolohi ba ho amohela likabelo tseo a li fuoang tšebeletsong ea Jehova tseo ho ke keng ha e-ba bonolo hore motho ea lenyalong a li etse. Pauluse o ile a fuoa tlotla e ikhethang ea ho ba “moapostola ho lichaba.” (7. Fana ka mohlala oa Lipaki tsa masoha tse ileng tsa sebelisa maemo a tsona ho bolela ka ’Muso.
7 Bakreste ba bangata ba masoha ba sebelisa maemo ao ba leng ho ’ona hona joale ho finyella mosebetsi o mongata oa ’Muso. Sara le Limbania, bao e leng bo-pula-maliboho ba masoha ba Bolivia, ba ile ba fallela motseng oo ka lilemo tse ngata batho ba neng ba sa ka ba fumana bopaki. Na taba ea hore ho ne ho se na motlakase sebakeng seo e ne e tla ba tšoenya? Ba ile ba re: “Ha ho na motho ea nang le seea-le-moea kapa TV, kahoo, ha ho na letho le sitisang batho ho bala, e leng mokhoa oo ba ikhathollang ka oona.” Baahi ba bang ba ile ba bontša bo-pula-maliboho bao lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova tseo ba neng ba ntse ba li bala tseo e seng e le khale li sa hatisoe. Kaha barali bao babo rōna ba ile ba fumana batho ba thahasellang hoo ekabang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, ho ile ha e-ba thata hore ba finyelle ntlo e ’ngoe le e ’ngoe tšimong eo. Nkhono e mong o ile a re ho bona: “E tlameha ebe bofelo bo haufi hobane ke mona qetellong Lipaki Tsa Jehova li fihlile ho rōna.” Ho e-s’o ee kae ba bang motseng oo ba ne ba e-ba teng libokeng tsa phutheho.
8, 9. (a) Pauluse o ne a nahanne ka eng ha a ne a re bosoha bo molemo? (b) Bakreste ba seng lenyalong ba na le menyetla efe?
8 Ke ’nete hore Bakreste ba lenyalong le bona ba beha litholoana tse molemo ha ba bolela litaba tse molemo masimong ao ho leng thata ho sebetsa ho ’ona. Empa likabelo tse ling tse ka etsoang ke bo-pula-maliboho ba masoha li ka ’na tsa e-ba boima ho batho ba lenyalong kapa ba nang le bana. Pauluse o ile a nahana ka menyetla eo a neng a e bona ea ho ntšetsa pele ho boleloa ha litaba tse molemo liphuthehong tsa sebakeng
seo a neng a le ho sona. O ne a batla hore batho bohle ba thabe joaloka eena. Ka lebaka leo, o ile a re ho sebeletsa Jehova e le lesoha e ne e le ntho e molemo.9 Morali e mong oabo rōna oa United States eo e leng pula-maliboho ea lesoha o ile a ngola a re: “Batho ba bang ba na le maikutlo a hore batho ba seng lenyalong ba ke ke ba thaba. Empa ke hlokometse hore se etsang hore motho a lule a thabile ke setsoalle seo a nang le sona le Jehova. Le hoja ho ba lesoha ho hloka boitelo, e ka ba mpho e babatsehang haeba motho a bo sebelisa hamolemo.” Ha a ne a bua ka ho fumana thabo, o ile a re: “Bosoha bo ka etsa hore motho a thabe ho e-na le hore bo mo sitise ho thaba. Kea tseba hore ha ho na motho eo Jehova a mo timang lerato la hae le mofuthu, ebang ke lesoha kapa o lenyalong.” Hona joale o thabile haholo ’me o sebeletsa naheng eo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea bahoeletsi ba ’Muso. Haeba u lesoha, na u ka sebelisa bolokolohi ba hao ho eketsa mosebetsi oa hao oa ho ruta ba bang ’nete? Le uena u ka ’na ua hlokomela hore bosoha ke mpho ea bohlokoa haholo e tsoang ho Jehova.
Masoha a Batlang ho Kena Lenyalong
10, 11. Jehova o tšehetsa batho ba batlang ho kena lenyalong empa ba e-s’o ka ba fumana molekane ea loketseng joang?
10 Bahlanka ba Jehova ba bangata ba tšepahalang, ka mor’a hore ba qete nako e seng kae e le masoha ba etsa qeto ea ho batla molekane oa lenyalo. Kaha baa hlokomela hore ba hloka tataiso, ba kōpa Jehova hore a ba thuse ho fumana molekane ea loketseng.—Bala 1 Bakorinthe 7:36.
11 Haeba u batla ho kena lenyalong le motho ea nang le takatso e tšoanang le ea hao ea ho sebeletsa Jehova ka moea oohle, bolella Jehova taba ena ka thapelo. (Bafil. 4:6, 7) Ho sa tsotellehe hore na u lokela ho ema nako e kae, u se ke ua nyahama. Tšepa hore Molimo oa rōna ea lerato o tla u thusa ’me o tla u tšehetsa maikutlong ho ea ka seo u se hlokang.—Baheb. 13:6.
12. Ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho nahana ka botebo haeba a ferehoa ke motho e mong?
12 Mokreste oa lesoha ea batlang ho kena lenyalong a ka ’na a ferehoa ke motho ea sa tsitsang moeeng kapa eo eseng Mokreste. Haeba seo se ka etsahala ho uena, hopola hore bohloko boo u ka bo utloang ka lebaka la ho khetha molekane oa lenyalo ea sa lokelang, bo ka ba boholo ho feta boo motho a bo utloang ka lebaka la ho jeoa ke bolutu ha e ntse e le lesoha. Ha u se u kene lenyalong, u tlameletsoe ho molekane oa hao bophelo ba hao bohle, thabong le bohlokong. (1 Bakor. 7:27) U se ke ua etsa qeto ea ho kena lenyalong hobane feela u nahana hore ha u sa tla ba le monyetla o mong, kaha hamorao u ka ikoahlaela qeto eo.—Bala 1 Bakorinthe 7:39.
Itokisetse Lenyalo
13-15. Ke lintho life tse ka bakang matšoenyeho lenyalong tseo ba leng leferehong ba lokelang ho buisana ka tsona?
13 Le hoja Pauluse a ile a khothalletsa hore batho ba sebeletse Jehova e le masoha, o ne a sa khelle fatše batho ba ileng ba etsa qeto ea ho kena lenyalong. Ho e-na le hoo, keletso ea hae e bululetsoeng e thusa banyalani hore ba tsebe ho sebetsana le lintho tse etsahalang lenyalong ’me ba etse hore tlamahano ea bona e tšoarelle ka ho sa feleng.
14 Banyalani ba bang ba lokela ho fetola menahano ea bona ka lintho tseo ba li lebeletseng lenyalong. Nakong ea lefereho batho ba babeli ba ka bona eka lerato la bona lea ikhetha, ke le sa tloaelehang, le hore le ba tiisetsa hore ba tla lula ba thabile lenyalong. Ba kena lenyalong ba e-na le litoro tsa hore ha ho na letho le ka senyang thabo ea bona. Monahano o joalo ha o utloahale. Lerato leo banyalani ba le bontšanang lenyalong lea thabisa, empa hase lona feela le ka thusang monyali le monyaluoa hore ba sebetsane le matšoenyeho a bang teng lenyalong le leng le le leng.—Bala 1 Bakorinthe 7:28. *
15 Banyalani ba bangata ba bacha baa makala ebile baa soetseha ha balekane ba bona ba sa lumellane le bona litabeng tsa bohlokoa. Ba ka ’na ba se ke ba lumellana ka hore na ba sebelise chelete joang le hore na ba ikhatholle joang, hore na ba tla lula hokae le hore na ba tla etela ba bohali le ba bohoeng hakae. Hape, molekane ka mong o
na le botho bo ka khopisang e mong. Nakong ea lefereho ho bonolo ho nka litaba tseo tsa bohlokoa habobebe, empa hamorao li ka tlisa mathata a maholo lenyalong. Ke hantle hore batho ba leferehong ba rarolle lintho tseo ba amehileng ka tsona pele ba kena lenyalong.16. Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho lumellana ka hore na ba tla sebetsana le mathata a lenyalo joang?
16 E le hore banyalani ba ka atleha ’me ba thaba, ba lokela ho tšoarisana ha ba sebetsana le mathata. Ba lokela ho lumellana ka hore na ba tla khalemela bana ba bona joang le hore na ba tla hlokomela batsoali ba bona ba seng ba hōlile joang. Likhatello tse bakoang ke mathata a lelapa ha lia lokela ho baka lekhalo pakeng tsa banyalani. Ha ba sebelisa keletso ea Bibele, ba tla rarolla mathata a mangata, ba mamelle ao ba sa khoneng ho a rarolla ba be ba lule ba thabile.—1 Bakor. 7:10, 11.
17. Banyalani ba ka lebella hore ba tla tšoenyeha ka ‘lintho life tsa lefatše’?
17 Pauluse o bua ka ntho e ’ngoe e etsahalang lenyalong ho 1 Bakorinthe 7:32-34. (E bale.) Batho ba lenyalong ba “tšoenyeha ka lintho tsa lefatše,” tse kang lijo, liaparo, bolulo le lintho tse ling tseo e seng tsa moea. Hobane’ng? Hobane ho ka etsahala hore ebe ha mor’abo rōna e ne e sa le lesoha, o ne a ikakhela ka setotsoana tšebeletsong. Empa ha a se a nyetse, o hlokomela hore o lokela ho sebelisa nako e ’ngoe le matla hore a hlokomele mosali oa hae e le hore a ka fumana kamohelo ea hae. Mosali le eena o etsa se tšoanang mabapi le monna oa hae. Kaha Jehova o bohlale, oa hlokomela hore sena sea hlokahala. Oa tseba hore e le hore lenyalo le atlehe, hangata banyalani ba lokela ho sebelisa nako le matla ao pele ba neng ba a sebelisa tšebeletsong ea Hae ha e ne e sa le masoha, ho matlafatsa lenyalo la bona.
18. Ke liphetoho life tseo ba bang ba ka ’nang ba lokela ho li etsa mabapi le boithabiso ka mor’a hore ba kene lenyalong?
18 Empa seo re ithutang sona hase felle moo. Haeba banyalani ba ka sebelisa nako e ’ngoe le matla ao ba neng ba a sebelisa ho etsa tšebeletso Baef. 5:31.
ea Molimo e le hore ba hlokomelane, na ha baa lokela ho etsa se tšoanang ka matlotlo ao ba neng ba a sebelisa boithabisong ha e ne e sa le masoha? Mosali a ka ikutloa joang haeba monna oa hae a qeta nako e ngata le metsoalle ea hae lipapaling? Kapa monna a ka ikutloa joang haeba mosali oa hae a lula a qeta nako e ngata a etsa lintho tseo a itlosang bolutu ka tsona le metsoalle ea hae? Ho e-s’o ee kae molekane ea hlokomolohuoang a ka ’na a ikutloa a jeoa ke bolutu, a sa thaba a bile a sa ratoe. Sena se ka qojoa haeba banyalani ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho matlafatsa tlamahano ea bona e le monna le mosali.—Jehova o Batla Hore Batho ba be le Boitšoaro bo Hloekileng
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha ho ke ke ha boleloa hore batho ba lenyalong ba ke ke ba lekeha hore ba kopanele boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate? (b) Banyalani ba ipeha kotsing efe haeba ba qeta nako e telele ba se ’moho?
19 Bahlanka ba Jehova ba ikemiselitse ho lula ba hloekile boitšoarong. Ba bang ba etsa qeto ea ho kena lenyalong e le hore ba qobe mathata tabeng ena. Leha ho le joalo, ha ho itlele feela hore lenyalo le sireletse motho boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, motse o neng o sirelelitsoe ka thata o ne o sireletsa batho ha feela ba ne ba lula ka har’a marako a oona. Haeba motho a ne a ka tsoela ka ntle nakong eo linokoane le bafutuhi ba neng ba ntse ba solla ka ntle ho motse o ne a ka tlatlapuoa kapa a bolaoa. Ka ho tšoanang, banyalani ba sireletseha boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate haeba ba lula ka har’a meeli ea ho kopanela liphate eo Moqapi oa lenyalo a ba behetseng eona.
20 Pauluse o hlalositse meeli eo ho 1 Bakorinthe 7:2-5. Mosali o na le tokelo ea ho kopanela liphate le monna oa hae feela; ka ho tšoanang monna le eena o na le tokelo ea ho kopanela liphate le mosali oa hae feela. Ho lebeletsoe hore e mong le e mong oa bona a fe e mong “tokelo” ea lenyalo, kapa ho kopanela liphate hoo motho ea lenyalong a nang le tokelo ea hona. Leha ho le joalo, banna le basali ba bang ba qeta nako e telele ba se ’moho—ha ba ee phomolong hammoho kapa ba qeta nako ba se ’moho ka lebaka la mosebetsi oa boipheliso, ’me kahoo ba hanelana ka “tokelo” eo. Nahana hore na e ka ba ntho e bohloko hakaakang haeba ka lebaka la “ho hloka boitšoaro,” motho a ka inehela khatellong ea Satane eaba oa feba. Jehova o hlohonolofatsa lihlooho tsa malapa tse hlokomelang malapa a tsona li sa behe manyalo a tsona kotsing.—Pes. 37:25.
Melemo ea ho Mamela Keletso ea Bibele
21. (a) Ke hobane’ng ha ho le boima ho etsa qeto e mabapi le bosoha le lenyalo? (b) Ke hobane’ng ha keletso e ho 1 Bakorinthe khaolo ea 7 e le molemo?
21 Qeto ea hore na motho a lule e le lesoha kapa a kene lenyalong, ke e ’ngoe ea liqeto tse boima ka ho fetisisa tseo motho a lokelang ho li etsa. Ho se phethahale ho ama batho bohle ’me ke sesosa sa boholo ba mathata litšebelisanong tsa batho. Kahoo, esita le batho ba ratoang le ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova ba tla ’ne ba soetsehe, ebang ke masoha kapa ba lenyalong. Haeba u sebelisa keletso e bohlale e ho 1 Bakorinthe khaolo ea 7, u ka fokotsa mathata a joalo. Mahlong a Jehova u tla “etsa hantle,” ebang u lesoha kapa u lenyalong. (Bala 1 Bakorinthe 7:37, 38.) Pakane e khōlō ka ho fetisisa eo u ka e finyellang ke hore u amoheloe ke Molimo. Ka mohau oa hae, u tla tsoela pele u hahamalla bophelo lefatšeng la hae le lecha. Lefatšeng leo, ho ke ke ha hlola ho e-ba le likhatello tse atileng kajeno tseleng eo banna le basali ba sebelisanang ka eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 14 Sheba Lekunutu la Thabo ea Lelapa, khaolo ea 2, serapeng sa 16-19.
Na U ka Araba?
• Ke hobane’ng ha motho a sa lokela ho qobella e mong hore a kene lenyalong?
• Joaloka mohlanka oa Jehova oa lesoha u ka sebelisa nako ea hao ha molemo joang?
• Batho ba leferehong ba ka itokisetsa mathata a lenyalo joang?
• Ke hobaneng ha ho sa itlele feela hore lenyalo le sireletse motho boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Bakreste ba masoha ba sebelisang nako ea bona ho eketsa tšebeletso ea bona ba tla thaba
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ke liphetoho life tseo ba bang ba ka ’nang ba li etsa ka mor’a ho nyalana?